Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 6/15 maq. 22-25
  • Jesu ’Musi “Ea Bileng Teng ho Tloha Tšimolohong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu ’Musi “Ea Bileng Teng ho Tloha Tšimolohong”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Tloha Tšimolohong”
  • ’Muelli oa Jehova
  • Boikokobetso bo Tšepahalang
  • Khanya ea Pele e E-ba Motho oa Nama le ea ha e se e le Motho oa Nama
  • Mesia oa Hlaha
  • Ho Tšepahala ho Tloha “Tšimolohong”
  • Mangolo a Re’ng ka “Bomolimo ba Jesu”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Hlompha Mora, Moemeli ea ka Sehloohong oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Jehova—Molimo ea Rutang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 6/15 maq. 22-25

Jesu ’Musi “Ea Bileng Teng ho Tloha Tšimolohong”

THABO ea eketseha ha u ntse u letetse hore mong ka uena eo e leng khale u qetetse ho mo bona a fihle. Qetellong, u kopana le eena ’me u mo lumelisa ka mofuthu. U mamela ka hloko ha a ntse a u bolella hore na ke hobane’ng ha ntate oa hae a mo rometse hore a u etele. Joale nako ea hore a khutlele hae e fihla ka potlako. U mo lumelisa ka masoabi. Boikutlo ba tahlehelo boo u nang le bona ha a tsamaea, boa fokotseha ha u utloa hore o fihlile hae a sireletsehile.

Hamorao, ha u ntse u batla litokomaneng tsa khale, u hlokomela mangolo ao ka bokhutšoanyane a buang ka liketso tsa mong ka uena tsa khale haholo pele a u etela. Seo mangolo ao a u bolellang sona se u fa temoho e thahasellisang mabapi le semelo sa hae ’me se eketsa kananelo ea hao bakeng sa ketelo ea hae le mosebetsi oo a o etsang ka nako eo.

“Ho Tloha Tšimolohong”

Litokomaneng tsa khale tse neng li fumaneha ho Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ho ne ho e-na le mangolo a moprofeta oa Molimo Mikea, a ngotsoeng lilemong tse fetileng tse ka bang makholo a supileng. A bolela sebaka seo Mesia a tsoaletsoeng ho sona. “Uena, Bethlehema-Efrata, leha u baloa u le monyenyane har’a meloko ea Juda, ho uena ho tla ntsoela eo e tla ba morena oa Iseraele, e leng eena ea leng teng e sa le tšimolohong, e sa le mehleng e sa qaleng.” (Mikea 5:2, NW) Tumellanong le mantsoe ana, Jesu o hlahetse motsaneng oa Judea oa Bethlehema ka nako eo hona joale ho thoeng ke selemo sa 2 B.C.E. Empa o ne a ka ba teng joang “ho tloha tšimolohong”?

Jesu o bile teng pele e e-ba motho oa nama. Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Kolose, moapostola Pauluse o ile a hlalosa Jesu e le “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng, letsibolo la pōpo eohle.”—Bakolose 1:15.

Jehova, Mohloli oa bohlale, o ile a bōpa Mora oa hae oa letsibolo e le ‘ntho ea pele eo a e finyeletseng,’ ha re sebelisa polelo e bululetsoeng e tlalehiloeng ke Morena Solomone bukeng ea Liproverbia. Ka mor’a hore Jesu a be teng ka nakoana lefatšeng le ka mor’a hore a khutlele leholimong, o ile a paka hore ka sebele e ne e le “tšimoloho ea pōpo ea Molimo.” E le bohlale bo mothofalitsoeng, Jesu pele e e-ba motho oa nama o ile a re: “Ha [Jehova] a etsa maholimo ke ne ke le teng.”—Liproverbia 8:22, 23, 27, NW; Tšenolo 3:14.

Ho tloha qalong, Mora oa Molimo o ile a fumana kabelo e khethehileng, ea ho ba “mosebetsi ea ka sehloohong” haufi le Ntate oa hae. See se ile sa tlisetsa Jehova thabo e kaakang! “Ke bile eo [Jehova] a neng a mo rata haholo letsatsi le letsatsi,” ho rialo Liproverbia 8:30 (NW), ea eketsa, “ke thabile pel’a hae ka linako tsohle.”

Hamorao Jehova o ile a mema Mora oa hae oa letsibolo ho kopanela le eena pōpong ea moloko oa batho. O ile a re: “A re [etse] motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna.” (Genese 1:26) Phello e bile hore ho be le lerato le leng le leholo. Jesu pele e e-ba motho oa nama o ile a hlalosa: “Lintho tseo ke neng ke li rata haholo, e ne e le bara ba batho.” (Liproverbia 8:31, NW) Qalong ea Kosepele ea hae, moapostola Johanne o ile a lumela karolo ea Jesu pōpong pele e e-ba motho oa nama: “Lintho tsohle li bile teng ka eena, ’me ka ntle ho eena ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.”—Johanne 1:3.

’Muelli oa Jehova

Mantsoe a Johanne a hulela tlhokomelo tokelong e ’ngoe eo Mora oa Molimo a neng a e thabela ea ho ba ’muelli. Ho tloha qalong, o ile a sebeletsa e le Lentsoe. Kahoo, ha Jehova a ne a bua le Adama, ’me hamorao a bua le Adama hammoho le Eva, ho ka etsahala hore o ne a etsa seo ka Lentsoe. ’Me ke mang ea tšoanelehang haholoanyane bakeng sa ho fetisa litaelo tsa Molimo bakeng sa boiketlo ba moloko oa batho ho feta ea neng a ba rata?—Johanne 1:1, 2.

E tlameha ebe ho ile ha utloisa Lentsoe bohloko hakaakang ha a bona Eva e ntan’o ba Adama ba sa mamele ’Mōpi oa bona! ’Me e tlameha ebe o ile a lakatsa hakaakang ho rarolla mathata ao ho se mamele ha bona ho ileng ha a tlisetsa bana ba bona! (Genese 2:15-17; 3:6, 8; Baroma 5:12) Ha a bua le Satane, ea neng a ile a khothalletsa Eva ho ba mofetoheli, Jehova o ile a re: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae.” (Genese 3:15) Lentsoe ha a se a bone se etsahetseng Edene, o ile a hlokomela hore e le karolo e ka sehloohong ea “peo” ea mosali, e ne e tla ba phofu ea lehloeo le matla. O ne a tseba hore Satane ke ’molai.—Johanne 8:44.

Ha Satane hamorao a belaella botšepehi ba Jobo ea tšepahalang, e tlameha ebe Lentsoe o ile a ikutloa a halefisitsoe ke liqoso tsa bohata tse neng li tobisitsoe ho Ntate oa hae. (Jobo 1:6-10; 2:1-4) Ka sebele, karolong ea hae e le arekangeloi, Lentsoe o tsebahala e le Mikaele, eo lebitso la hae le bolelang “Ke mang ea tšoanang le Molimo?” ’me le bontša kamoo a loelang Jehova ho bohle ba lakatsang ho nka bobusi ba Molimo ka likhoka.—Daniele 12:1; Tšenolo 12:7-10.

Ha histori ea Iseraele e ntse e phutholoha, Lentsoe o ile a hlokomela boiteko ba Satane ba ho furallisa batho borapeli bo hloekileng. Ka mor’a hore Baiseraele ba falle Egepeta, Molimo o ile a re ho bona ka Moshe: “Ke roma lengeloi la ka, hore le u etelle pele, le tle le u boloke tseleng, le u ise nģalong, eo ke e lokisitseng. U ke u itise ka baka la lona, u mamele lentsoe la lona. U se ke ua ikhantšetsa lona, hobane le ke ke la u tšoarela boikhantšo ba hao, etsoe lebitso la ka le le ho lona.” (Exoda 23:20, 21) Lengeloi lee e ne e le mang? Ho ka etsahala hore e ne e le Jesu pele e e-ba motho oa nama.

Boikokobetso bo Tšepahalang

Moshe o ile a shoa ka 1473 B.C.E., ’me setopo sa hae se ile sa patoa “naheng ea Moabe, sekhutlong se lebaneng le Bethe-Peore.” (Deuteronoma 34:5, 6) Kamoo ho bonahalang kateng, Satane o ne a batla ho sebelisa setopo seo, mohlomong bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba litšoantšo. Mikaele o ne a le khahlanong le sena empa ka boikokobetso a tlohella taba matleng a ho laela a Ntate oa hae, Jehova. ‘A sa itete sefuba ho tlisa kahlolo khahlanong le Satane ka mantsoe a nyefolang,’ Mikaele o ile a lemosa Satane: “E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.”—Jude 9.

Ka mor’a moo Baiseraele ba ile ba qala ho hapa Naha e Tšepisitsoeng ea Kanana. Pel’a motse oa Jeriko, Joshua o ile a tiisetsoa hape hore Lentsoe o ne a tla tsoela pele ho alosa sechaba sena. Sebakeng seo o ile a kopana le monna ea nkileng sabole e tsomutsoeng. Joshua o ile a nyolohela ho motho enoa eo a neng a sa mo tsebe ’me a botsa: “Na u oa rōna, kapa u oa lireng tsa rōna na?” Inahanele ho makala ha Joshua ha motho enoa eo a sa mo tsebeng a senola hore na ke mang, a re: “Che, empa ke tlile joale, ke le molaoli oa makhotla a Jehova.” Ha ho makatse hore ebe Joshua o ile a oa ka sefahleho ka pel’a moemeli enoa ea phahameng oa Jehova, eo ntle ho pelaelo e neng e le Jesu pele e e-ba motho oa nama, eo hamorao e neng e tla ba “Mesia Moeta-pele.”—Joshua 5:13-15; Daniele 9:25, NW.

Ho ile ha e-ba le khohlano e ’ngoe le Satane mehleng ea moprofeta oa Molimo Daniele. Lekhetlong lena Mikaele o ile a tšehetsa lengeloi la habo ha khosana ea Persia ea ledemona ‘e ne e le hanyetsa’ ka libeke tse tharo. Lengeloi lena le ile la hlalosa: “Bonang, Mikaele, khosana e ’ngoe e kholo, o tlile ho nthusa, ’me ke hlōtse ho marena a ba-Persia.”—Daniele 10:13, 21.

Khanya ea Pele e E-ba Motho oa Nama le ea ha e se e le Motho oa Nama

Ka 778 B.C.E., e leng selemo seo Morena Oziase oa Judea a ileng a shoa ka sona, Esaia, moprofeta oa Molimo, o ile a bona pono ea Jehova a le teroneng ea hae e phahameng. Jehova o ile a botsa: “Ke tla roma mang? Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Esaia o ile a ithaopa, empa Jehova o ile a mo lemosa hore Baiseraele ba habo ba ne ba sa tl’o arabela liphatlalatsong tsa hae. Moapostola Johanne o ile a bapisa Bajuda ba sa lumelang ba lekholong la pele la lilemo le batho ba mehleng ea Esaia, ’me a re: “Esaia o ile a bua lintho tsena hobane o ile a bona khanya ea hae.” Khanya ea mang? Ea Jehova le ea Jesu pele e e-ba motho oa nama a le haufi le eena sebakeng sa bolulo sa leholimo.—Esaia 6:1, 8-10; Johanne 12:37-41.

Makholo a lilemo hamorao Jesu o ile a fumana kabelo e khōlō ka ho fetisisa ho fihlela ka nako eo. Jehova o ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae ea ratoang leholimong a bo fetisetsa pōpelong ea Maria. Ka mor’a likhoeli tse robong o ile a tsoala ngoana oa moshanyana, e leng Jesu. (Luka 2:1-7, 21) Ho latela mantsoe a moapostola Pauluse: “Ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae, ea ileng a tsoa ho mosali.” (Bagalata 4:4) Moapostola Johanne le eena o ile a lumela: “Lentsoe o ile a fetoha nama ’me a lula har’a rōna, ’me re ile ra bona khanya ea hae, khanya e joaloka ea mora ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate; ’me o ne a tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete.”—Johanne 1:14.

Mesia oa Hlaha

Bonyane ha a le lilemo li 12, Jesu e monyenyane o ne a se a utloisisa hore o lokela ho tšoareha ho etseng mosebetsi oa Ntate oa hae oa leholimo. (Luka 2:48, 49) Lilemo tse ka bang 18 hamorao, Jesu o ile a tla ho Johanne Mokolobetsi Nōkeng ea Jordane ’me a kolobetsoa. Ha Jesu a ntse a rapela, maholimo a ile a buloa, ’me moea o halalelang oa theohela ho eena. Inahanele mehopolo e mengata e ileng ea tla kelellong ha a ne a hopola lilemo tse likete tse se nang palo tseo ka tsona a sebelelitseng haufi le Ntate oa hae e le mosebetsi ea ka sehloohong, ’muelli, khosana ea lebotho la ntoa la Molimo, ebile e le arekangeloi, Mikaele. Eaba ho tla thabo ea ho utloa lentsoe la Ntate oa hae ha a bolella Johanne Mokolobetsi: “Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng.”—Matheu 3:16, 17; Luka 3:21, 22.

Ka sebele Johanne Mokolobetsi ha aa ka a belaella bophelo ba Jesu ba pele e e-ba motho. Ha Jesu a mo atamela, Johanne o ile a re: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” ’Me o ile a eketsa: “Enoa ke eena eo ke itseng ka eena, Ka mor’a ka ho tla monna ea tlileng ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.” (Johanne 1:15, 29, 30) Moapostola Johanne le eena o ile a tseba ka bophelo ba Jesu ba pele e e-ba motho oa nama. O ile a ngola: “Ea tsoang holimo o ka holim’a ba bang kaofela,” hape a re: “Ea tsoang leholimong o ka holim’a ba bang kaofela. Seo a se boneng le ho se utloa, o paka ka sena.”—Johanne 3:31, 32.

Hoo e ka bang ka selemo sa 61 C.E., moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Baheberu ho utloisisa bohlokoa bo feletseng ba ho fihla ha Mesia lefatšeng le mosebetsi oa hae e le Moprista ea Phahameng. Ha a lebisa tlhokomelo karolong ea Jesu e le ’Muelli, Pauluse o ile a ngola: “Molimo . . . bofelong ba matsatsi ana o buile le rōna ka Mora . . . eo ka eena a ileng a etsa litsamaiso tsa lintho.” Ebang sena se bua ka karolo ea Jesu e le “mosebetsi ea ka sehloohong” pōpong kapa ho ameheng ha hae litokisetsong tsa Molimo tse tsoelang pele bakeng sa poelano le batho, mona Pauluse o eketsa bopaki ba hae ba bophelo ba Jesu ba pele e e-ba motho oa nama.—Baheberu 1:1-6; 2:9.

Ho Tšepahala ho Tloha “Tšimolohong”

Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba Filippi ba lekholong la pele la lilemo ka mantsoe ana: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me ea e-ba ea tšoanang le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” (Bafilippi 2:5-8) Jehova ka lerato o ile a arabela tseleng ea Jesu ea botšepehi ka ho mo tsosa le ho mo amohela hae leholimong. Ke mohlala o ikhethang hakaakang oa botšepehi ho pholletsa le lilemo-lemo oo Jesu a re sietseng oona!—1 Petrose 2:21.

Re leboha hakaakang ka mahlaseli aa a leseli ao Bibele e fanang ka ’ona a bophelo ba Jesu ba pele e e-ba motho oa nama! Ka sebele a matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho etsisa mohlala oa hae oa ho sebeletsa ka botšepehi, haholo-holo hona joale ha a se a busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa Bomesia. A re thoholetseng “Morena oa khotso,” Kreste Jesu, ’Musisi le ’Musi oa rōna “ea bileng teng ho tloha tšimolohong”!—Esaia 9:6; Mikea 5:2.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Bopaki ba Bophelo ba Pele e e-ba Motho oa Nama

Mantsoe a Jesu ka boeena, joalokaha a bontšoa ka tlaase mona, a fana ka bopaki bo bongata ba bophelo ba hae ba pele e e-ba motho oa nama:

◻ “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mora oa motho.”—Johanne 3:13.

◻ “Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong, empa Ntate o hlile o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong. Etsoe bohobe ba Molimo ke ea theohang leholimong ’me a fa lefatše bophelo. . . . Ke theohile leholimong ho tla etsa, eseng thato ea ka, empa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:32, 33, 38.

◻ “Bona ke bohobe bo theohang leholimong, e le hore leha e le mang a ka bo ja ’me a se ke a shoa. Ke ’na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong; haeba leha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”—Johanne 6:50, 51.

◻ “Ka hona, ho thoe’ng haeba le ka bona Mora oa motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?”—Johanne 6:62.

◻ “Bopaki ba ka ke ’nete, hobane kea tseba hore na ke tlile ke tsoa hokae le hore na ke ea hokae. . . . Lōna le tsoa libakeng tse tlaase; ’na ke tsoa libakeng tse holimo. Lōna le tsoa lefatšeng lena; ’na ha ke tsoe lefatšeng lena.”—Johanne 8:14, 23.

◻ “Haeba Molimo e ne e le Ntate oa lōna, le ka be le nthata, kaha ke tlile ke tsoa ho Molimo ’me ke mona. Hape ho hang ha kea tla e le ho itsoelang ho ’na, empa Eo o nthomile.”—Johanne 8:42.

◻ “Kannete-nete ke re ho lōna, Pele Abrahama a e-ba teng, ke bile teng.”—Johanne 8:58.

◻ “Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng. Ntate, ha e le ka seo u mphileng sona, ke lakatsa hore, moo ke leng teng, le bona ba ka ba le ’na, e le hore ba bone khanya ea ka eo u mphileng eona, hobane u nthatile pele lefatše le thehoa.”—Johanne 17:5, 24.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Joshua o kopana le khosana ea mabotho a ntoa a Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela