Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bm karolo 16 leq. 19
  • Mesia oa Fihla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mesia oa Fihla
  • Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba ne ba Lebeletse Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
bm karolo 16 leq. 19

Karolo 16

Mesia oa Fihla

Jehova o tsebahatsa hore Jesu oa Nazaretha ke Mesia eo e leng khale a tšepisitsoe

NA Jehova o ne a tla thusa batho hore ba tsebe Mesia eo ea tšepisitsoeng? Ka sebele o ne a tla etsa joalo. Hlokomela seo a ileng a se etsa lilemo tse ka bang makholo a mane ka mor’a hore ho ngoloe Mangolo a Seheberu. Motseng oa Nazaretha o karolong e ka leboea ea Galilea, moroetsana ea bitsoang Maria o ile a eteloa ke motho ea sa mo lebellang ho hang. Lengeloi le bitsoang Gabriele le ile la fihla ho eena ’me la mo bolella hore Jehova o tla sebelisa matla a hae, e leng moea o halalelang ho etsa hore a tsoale mora, le hoja e ne e le moroetsana. Mora enoa e ne e tla ba Morena eo e leng khale a tšepisitsoe, ea neng a tla busa ka ho sa feleng! Ngoana enoa e ne e tla ba Mora oa Molimo, ’me Molimo o ne a tla mo tlosa maholimong ebe o etsa hore a hōlele pōpelong ea Maria.

Ka boikokobetso, Maria o ile a lumela hore a sebelisoe ka tsela eo e hlomphehang. O ne a lebelelitsoe ke ’metli ea bitsoang Josefa, ’me o ile a mo nyala ka mor’a hore lengeloi le mo kholise hore na ho tlile joang hore Maria a ime. Empa na boprofeta bo reng Mesia o tla tsoalloa Bethlehema bo ile ba phethahala? (Mikea 5:2) Motsana oo o ne o le lik’hilomithara tse ka bang 140 ho tloha Nazaretha.

’Musi oa Roma o ile a laela hore ho baloe sechaba. Motho e mong le e mong o ne a lokela ho ea ngolisoa motseng oa habo. Ho bonahala eka ha habo Josefa le Maria eo e neng e le moimana e ne e le Bethlehema, kahoo, ba ile ba leba teng. (Luka 2:3) Maria o ile a belehela setaleng, e leng sebaka sa boemo bo tlaase, eaba o robatsa ngoana ka sejelong. Ka mor’a moo, Molimo o ile a romela letšoele la mangeloi ho ea bolella balisa ba leralleng hore ngoana ea sa tsoa tsoaloa ke Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste.

Hamorao, ba bang le bona ba ile ba paka hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng. Moprofeta Esaia o ne a profetile hore ho ne ho tla hlaha motho ea neng a tla hleka tsela bakeng sa mosebetsi oa bohlokoa oa Mesia. (Esaia 40:3) Motho eo e ne e le Johanne Mokolobetsi. Ha a bona Jesu, o ile a re: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” Barutuoa ba bang ba Johanne ba ile ba latela Jesu hang-hang. E mong oa bona o ile a re: “Re fumane Mesia.”—Johanne 1:29, 36, 41.

Ho ile ha e-ba le bopaki bo eketsehileng. Ha Johanne a kolobetsa Jesu, Jehova o ile a bua a le leholimong. O ile a tlotsa Jesu ka moea o halalelang hore e be Mesia, eaba o re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:16, 17) Mesia eo e leng khale a tšepisitsoe o ne a fihlile!

See se etsahetse neng? Se etsahetse ka selemo sa 29 C.E., hantle feela ha ho fela lilemo tse 483 tseo Daniele a buileng ka tsona esale pele. Ka sebele bona ke karolo ea bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Jesu ke Mesia, kapa Kreste. Empa o ne a tla phatlalatsa molaetsa ofe ha a le lefatšeng?

​—E thehiloe ho Matheu khaolo ea 1 ho ea ho 3; Mareka khaolo ea 1; Luka khaolo ea 2; Johanne khaolo ea 1.

◼ Jehova o ile a laela mangeloi hore a etse’ng ho tsebahatsa hore Jesu ke Mesia?

◼ Ke ka tsela efe Jehova a ileng a etsa hore Johanne Mokolobetsi a bontše hore Jesu ke Mesia?

◼ Jehova o ile a re’ng e ileng ea bontša hore Mora oa hae ke Mesia?

[Lebokose le leqepheng la 19]

HO BOLELOA’NG HA HO THOE KE MOR’A MOLIMO?

Molimo ke Ntate oa Jesu—empa eseng ka tsela e tšoanang le eo banna e bang bo-ntate ka eona. Jesu ha aa emoloa ka hore monna le mosali ba kopane—o bōpiloe ke Molimo ka ho toba. Ha e le hantle, ke eena motho oa pele ea bōpiloeng ke Molimo. (Bakolose 1:15-17) Molimo o bitsoa Ntate oa Jesu hobane ke eena ea mo bōpileng. Ka mor’a hore a bōpe Mora enoa oa moea, o ile a mo sebelisa e le “mosebetsi ea hloahloa” hore a bōpe lintho tse ling tsohle, ho akarelletsa le leholimo le lefatše.—Liproverbia 8:30.

[Chate e leqepheng la 19]

Genese

Exoda

Levitike

Numere

Deuteronoma

Joshua

Baahloli

Ruthe

1 Samuele

2 Samuele

1 Marena

2 Marena

1 Likronike

2 Likronike

Esdrase

Nehemia

Esthere

Jobo

Lipesaleme

Liproverbia

Moeklesia

Sefela sa Lifela

Esaia

Jeremia

Lillo Tsa Jeremia

Ezekiele

Daniele

Hosea

Joele

Amose

Obadia

Jonase

Mikea

Nahume

Habakuke

Sofonia

Hagai

Zakaria

Malakia

Matheu ●

Mareka ●

Luka ●

Johanne ●

Liketso

Baroma

1 Bakorinthe

2 Bakorinthe

Bagalata

Baefese

Bafilipi

Bakolose

1 Bathesalonika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela