Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/15 maq. 9-14
  • “Le Lule le Lebetse”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Lule le Lebetse”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala o Lemosang
  • Ho Iphapanyetsa Baprofeta ba Molimo
  • Ho Etsa Setšoantšo se Bontšang Tlhokahalo ea ho Lebela
  • Lintlha Tse Tšeletseng Tsa Bopaki
  • Ke Eng e Larileng Kapele?
  • Lula U Lebeletse Bofelo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jehova a ke ke a Lieha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/15 maq. 9-14

“Le Lule le Lebetse”

“Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—MATHEU 24:42.

1. Bao e leng khale e le bahlanka ba Jehova ba ikutloa joang ka lilemo tse ngata tseo ka tsona ba inehetseng tšebeletsong? Fana ka mohlala.

BA BANGATA bao e leng khale e le bahlanka ba Jehova ba ithutile ’nete esale bahlankana le baroetsana. Joaloka mohoebi ea ileng a fumana perela ea theko e phahameng eaba o rekisa tsohle tseo a nang le tsona hore a e reke, liithuti tseo tse chesehang tsa Bibele li ile tsa itatola ’me tsa nehela bophelo ba tsona ho Jehova. (Matheu 13:45, 46; Mareka 8:34) Li ikutloa joang ka hore ebe li ile tsa tlameha ho leta nako e telele ho feta eo e ka ’nang eaba li ne li e lebeletse e le hore li bone ha merero ea Molimo ka lefatše e phethahala? Ha li ikoahlaee! Li lumellana le Mor’abo rōna A. H. Macmillan, eo ka mor’a lilemo tse ka bang 60 a inehetse tšebeletsong ea Molimo a ileng a re: “Ho feta leha e le neng pele ke ikemiselitse hore ke tšoarelle tumelong ea ka. E entse hore bophelo e be ba bohlokoa ho ’na. E ntse e nthusa hore ke tobane le bokamoso ntle le tšabo.”

2. (a) Jesu o file balateli ba hae keletso efe e nakong? (b) Re tla tšohla lipotso life sehloohong see?

2 Ho thoe’ng ka uena? Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, nahana ka mantsoe ana a Jesu: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Matheu 24:42) Polelo eo e bonolo e fupere ’nete e tebileng. Ha re tsebe hore na Morena o tla tla ka letsatsi lefe ho tla liha kahlolo tsamaisong ena e khopo, ’me ha ho hlokahale hore re tsebe. Empa re lokela ho phela ka tsela eo etlare ha a fihla, re ke keng ra ikoahlaea. Tabeng ena, re fumana mehlala efe ka Bibeleng e tla re thusa hore re lule re lebetse? Jesu o ile a tšoantša tlhokahalo ee le eng? Hona re na le bopaki bofe kajeno ba hore re phela matsatsing a ho qetela a lefatše lee le sa tšabeng Molimo?

Mohlala o Lemosang

3. Batho ba bangata kajeno ba tšoana le ba mehleng ea Noe joang?

3 Maemong a mangata, batho ba kajeno ba tšoana le banna le basali ba mehleng ea Noe. Mehleng eo, lefatše le ne le tletse pefo ’me tšekamelo ea pelo ea motho e ne e le “mpe feela ka linako tsohle.” (Genese 6:5, NW) Ba bangata ba ne ba tšoarehile ka ho feletseng mesebetsing ea letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, pele Jehova a tlisa Moroallo o moholo, o ile a fa batho bao monyetla oa ho baka. O ile a roma Noe hore a bolele, ’me Noe o ile a mamela—ea e-ba “’moleli oa ho loka” lilemo tse ka bang 40 kapa 50, mohlomong le ho feta. (2 Petrose 2:5) Leha ho le joalo, batho ba ile ba iphapanyetsa molaetsa o lemosang oa Noe. Ba ne ba sa lebela. Ka lebaka leo, qetellong ke Noe le ba lelapa la hae feela ba ileng ba pholoha kahlolong eo Jehova a ileng a e liha.—Matheu 24:37-39.

4. Ke ka kutloisiso efe ho ka thoeng mosebetsi oa Noe o ile oa atleha, hona ho ka boleloa se tšoanang joang ka mosebetsi oa hao oa ho bolela?

4 Na mosebetsi oa Noe o ile oa atleha? U se ke ua fihlela qeto u itšetlehile ka palo e fokolang ea ba ileng ba arabela. Ka sebele boboleli ba Noe bo ile ba finyella morero oa bona ho sa tsotellehe karabelo e ileng ea e-ba teng. Hobane’ng? Hobane bo ile ba fa batho monyetla o moholo oa ho khetha hore na ba batla ho sebeletsa Jehova kapa che. Ho thoe’ng ka tšimo eo u bolelang ho eona? Esita le haeba ho e-na le karabelo e fokolang e ntle, u atleha haholo. Hobane’ng? Hobane ka ho bolela, u phatlalatsa temoso ea Molimo, ka hona, u phethahatsa thōmo eo Jesu a e fileng balateli ba hae.—Matheu 24:14; 28:19, 20.

Ho Iphapanyetsa Baprofeta ba Molimo

5. (a) Ke maemo afe a neng a atile Juda mehleng ea Habakuke, ’me batho ba ile ba arabela joang molaetseng oa hae oa boprofeta? (b) Batho ba Juda ba bontšitse bora joang ho baprofeta ba Jehova?

5 Lilemo tse makholo ka mor’a Moroallo, ’muso oa Juda o ile oa tobana le maemo a mabe haholo. Borapeli ba litšoantšo, leeme, khatello hammoho le polao li ne li jele setsi. Jehova o ile a hlahisa Habakuke hore a lemose batho hore haeba ba sa bake, ba tla oeloa ke tlokotsi matsohong a Bakalde, kapa Bababylona. (Habakuke 1:5-7) Empa batho ba ile ba hana ho mamela. Mohlomong ba ile ba ipehela lebaka lena, ‘Ao, lilemo tse fetang lekholo tse fetileng moprofeta Esaia o ne a ntse a phatlalatsa eona temoso ena, empa ha ho letho le etsahetseng!’ (Esaia 39:6, 7) Hase feela hore ba bangata ba neng ba le boholong Juda ba ne ba iphapanyetsa molaetsa ona, empa ba ne ba boetse ba tletse bora ho ba o bolelang. Ketsahalong e ’ngoe ba ile ba leka ho bolaea moprofeta Jeremia, ’me hoja Akikame a se ke a kenella, ba ka be ba ne ba atlehe. Ka lebaka la ho halefisoa ke molaetsa o mong oa boprofeta, Morena Jojakime o ile a bolaea moprofeta Uria.—Jeremia 26:21-24.

6. Jehova o ile a matlafatsa Habakuke joang?

6 Molaetsa oa Habakuke le oona o ne o le matla, ’me o ne o bile o sa ratehe hantle feela joaloka oa Jeremia ea neng a bululetsoe ke Molimo, hore a bolele esale pele ka timetso ea Juda ea lilemo tse 70. (Jeremia 25:8-11) Ka hona, re ka utloisisa mahlomola ao Habakuke a neng a le ho ’ona ha a hoeletsa: “Jehova, ke tla hooeletsa ho le hokae, u sa nkutloe? Ke tla bitsa ho uena ho le hokae ka baka la ho tsoheloa matla, u sa mpholose?” (Habakuke 1:2) Ka mosa, Jehova o ile a araba Habakuke ka mantsoe ana a matlafatsang tumelo: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, hape e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” (Habakuke 2:3, NW) Kahoo, Jehova o na le “nako e behiloeng” ea ho felisa ho hloka toka le khatello. Haeba ho ne ho bonahala eka e-ea lieha, Habakuke o ne a sa tšoanela ho nyahama kapa hona ho khoehlisa. Ho e-na le hoo, o ne a lokela ho ‘lula a e lebeletse,’ letsatsi le letsatsi a phele a e-na le boikutlo ba ho potlaka. Letsatsi la Jehova le ne le ke ke la lieha!

7. Ke hobane’ng ha Jerusalema e ile ea tšoaeloa timetso hape lekholong la pele la lilemo C.E.?

7 Lilemo tse ka bang 20 ka mor’a hore Jehova a bue le Habakuke, motse-moholo oa Juda, e leng Jerusalema, o ile oa ripitloa. Hamorao o ile oa tsosolosoa, ’me liphoso tse ngata tse neng li nyahamisitse Habakuke li ile tsa lokisoa. Leha ho le joalo, lekholong la pele la lilemo C.E., motse oo o ile oa boela oa tšoaeloa timetso ka lebaka la ho se tšepahale ha baahi ba oona. Ka mohau, Jehova o ile a lokisetsa hore ba lipelo li lokileng ba pholohe. Lekhetlong lena ha aa ka a sebelisa moprofeta ea tlaasana, o ile a sebelisa Jesu Kreste hore a fane ka molaetsa. Ka 33 C.E., Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.”—Luka 21:20, 21.

8. (a) E ka ’na eaba ho ile ha etsahala joang ka Bakreste ba bang ha nako e ntse e feta ka mor’a lefu la Jesu? (b) Mantsoe a Jesu a boprofeta bo mabapi le Jerusalema a ile a phethahala joang?

8 Ha lilemo li ntse li feta, e ka ’na eaba Bakreste ba bang ba Jerusalema ba ile ba ipotsa hore na joale boprofeta ba Jesu bo tla phethahala neng. Etsoe u ka hl’a inahanela boitelo boo ntle ho pelaelo ba bang ba bona ba neng ba ile ba bo etsa. Mohlomong ba ile ba hana menyetla e ba bulehetseng ea ho ba le khoebo e atlehileng kaha ba ne ba ikemiselitse ho lula ba lebetse. Na ba ile ba khathala matla ha nako e ntse e feta? Na ba ile ba etsa qeto ea hore ba itšenyetsa nako, ba ipehela lebaka la hore mantsoe a Jesu a ne a tla phethahala molokong o tlang, eseng ho oa bona? Ka 66 C.E., boprofeta ba Jesu bo ile ba qala ho phethahala ha mabotho a Roma a lika-liketsa Jerusalema. Ba ileng ba lula ba lebetse ba ile ba lemoha pontšo, ba baleha motseng ’me ba sireletseha ha Jerusalema e etsoa lesupi.

Ho Etsa Setšoantšo se Bontšang Tlhokahalo ea ho Lebela

9, 10. (a) U ka akaretsa setšoantšo sa Jesu sa makhoba a ileng a letela monghali oa ’ona hore a khutle moketeng oa lenyalo la hae joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe ho ne ho le boima hore makhoba aa a letele monghali oa ’ona? (c) Ke hobane’ng ha ho ne ho le molemo hore makhoba aa a be le mamello?

9 Ha Jesu a hatisa hore ho lebela hoa hlokahala, o ile a tšoantša barutuoa ba hae le makhoba a letetseng hore monghali oa ’ona a khutle moketeng oa lenyalo la hae. A ne a tseba hore o ne a tla khutla bosiung bo itseng—empa ka hora efe? Tebelong ea pele ea bosiu? Ea bobeli? Ea boraro? A ne a sa tsebe. Jesu o itse: “Haeba [monghali] a fihla tebelong ea bobeli, esita le haeba e le ho ea boraro, ’me a a fumana a le joalo [a lebetse], ho thaba ’ona!” (Luka 12:35-38) Inahanele feela tebello eo makhoba ana a neng a e-na le eona. Ha ho pelaelo hore molumo o mong le o mong oo a o utloang, seriti leha e le sefe se sisinyehang li ne li tla totisa tebello ea ’ona ebe a re: ‘Na ebe hase eena monghali oa rōna eo?’

10 Ho thoe’ng haeba monghali a ne a fihla tebelong ea bobeli ea bosiu, e neng e qala ka hora ea borobong ho fihlela ka khitla? Na makhoba ’ohle, ho akarelletsa le a neng a ile a sebetsa ka thata ho tloha ka li-ea-lla, a ne a tla be a loketse ho mo lumelisa, kapa na ebe a mang a ne a tla be a robetse? Teng ho thoe’ng haeba monghali a ne a ka khutla tebelong ea boraro ea bosiu—ho tloha ka khitla ho fihlela hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng? Na ebe makhoba a mang a ne a tla be a se a nyahame, mohlomong a bile a tenehile ke ho letela monghali oa ’ona eo ho bonahalang a lieha?a Ke feela a ileng a fumanoa a lebetse ha monghali a fihla ao ho neng ho tla boleloa hore a thabile. Ka sebele mantsoe a Liproverbia 13:12, (NW) a ne a tla sebetsa ho ’ona ha a re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo, empa ntho e lakatsehang ke sefate sa bophelo ha e fela e tla.”

11. Thapelo e ka re thusa joang hore re lule re lebetse?

11 Nakong eo ho bonahalang eka oa lieha, ke eng e neng e tla thusa balateli ba Jesu hore ba lule ba lebetse? Ha Jesu a le serapeng sa Gethsemane pelenyana a tšoaroa, o ile a bolella baapostola ba hae ba bararo: “Lulang le lebetse ’me le rapele ka ho tsoelang pele, e le hore le se ke la kena molekong.” (Matheu 26:41) Lilemo hamorao, Petrose ea neng a le teng ketsahalong eo o ile a fa Bakreste-’moho le eena keletso e tšoanang. O ngotse tjena: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe mabapi le lithapelo.” (1 Petrose 4:7) Ka ho hlakileng, ho rapela ka tieo e lokela ho ba karolo ea bophelo ba rōna ba Bokreste. Ka sebele, re lokela ho kōpa Jehova re sa khaotse hore a re thuse ho lula re lebetse.—Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:17.

12. Phapang ke efe lipakeng tsa ho inehela tebellong le ho lebela?

12 Hlokomela hore Petrose o ile a boela a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” Bo atametse hakae? Batho ha ba na mokhoa oa ho qolla letsatsi le hora tse nepahetseng. (Matheu 24:36) Empa ho na le phapang lipakeng tsa ho inehela tebellong, e leng seo Bibele e sa se khothalletseng, le ho lula re lebeletse bofelo, e leng seo e se khothalletsang. (Bapisa le 2 Timothea 4:3, 4; Tite 3:9.) Tsela e ’ngoe eo re ka lulang re lebeletse bofelo ka eona ke efe? Ke ka ho ela hloko haholoanyane bopaki ba hore bofelo bo atametse. Ka hona, a re hlahlobeng lintlha tse tšeletseng tse pakang hore re phela matsatsing a ho qetela a lefatše lena le sa tšabeng Molimo.

Lintlha Tse Tšeletseng Tsa Bopaki

13. Boprofeta ba Pauluse bo tlalehiloeng ho 2 Timothea khaolo ea 3 bo u kholisa joang hore re phela “matsatsing a ho qetela”?

13 Ntlha ea pele, re bona ka ho hlakileng ho phethahala ha boprofeta ba moapostola Pauluse mabapi le ‘matsatsi a ho qetela.’ Pauluse o ile a ngola: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle. Empa batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1-5, 13) Na ha re bone ho phethahala ha boprofeta boo mehleng ea rōna? Ke ba iphapanyetsang ’nete feela ba ka hanang!b

14. Mantsoe a ho Tšenolo 12:9 mabapi le Diabolose a phethahala joang kajeno, ’me haufinyane ho tla etsahala eng ka eena?

14 Ntlha ea bobeli, re bona liphello tsa ho lelekoa ha Satane le bademona ba hae leholimong, phethahatsong ea Tšenolo 12:9. Teng rea bala: “Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.” Sena se tliselitse lefatše bomalimabe bo boholo. Ruri ho ’nile ha e-ba le bomalimabe bo bongata molokong oa batho, haholo-holo ho tloha ka 1914. Empa boprofeta ba Tšenolo bo phaella ka hore ha Diabolose a liheloa lefatšeng, oa tseba hore “o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Nakong ena, Satane o loantša balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng. (Tšenolo 12:17) Ka sebele re ’nile ra bona liphello tsa tlhaselo ena ea hae nakong ea rōna.c Leha ho le joalo, haufinyane Satane o tla koalloa mohohlong e le hore ‘a se ke a hlola a khelosa lichaba.’—Tšenolo 20:1-3.

15. Tšenolo 17:9-11 e fana ka bopaki bofe ba hore re phela mehleng ea bofelo?

15 Ntlha ea boraro, re phela mehleng ea “morena” oa borobeli, e bile e le oa ho qetela ea boletsoeng boprofeteng bo tlalehiloeng ho Tšenolo 17:9-11. Mona moapostola Johanne o bua ka marena a supileng, a emelang mebuso e supileng ea lefatše—Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece, Roma le ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika. O boetse o bona “morena oa borobeli” a ‘hlaha ho a supileng.’ Morena enoa oa borobeli—e leng oa ho qetela ea bonoang ke Johanne ponong—hona joale o emela Machaba a Kopaneng. Johanne o re morena enoa oa borobeli o “ea timetsong,” ’me ka mor’a moo ha ho sa na marena a lefatše ao ho buuoang ka ’ona.d

16. Linnete tse bontšang ho phethahala ha toro ea Nebukadnezare ea setšoantšo li bontša joang hore re phela mehleng ea bofelo?

16 Ntlha ea bone, re phela mehleng e ileng ea tšoantšetsoa ke maoto a setšoantšo seo Nebukadnezare a ileng a se bona torong. Moprofeta Daniele o ile a hlalosa toro ena e makatsang ea setšoantšo se seholohali se kang motho. (Daniele 2:36-43) Likarolo tse ’nè tsa tšepe setšoantšong seo li tšoantšetsa mebuso e fapaneng ea lefatše, ho qala ka hlooho (’Muso oa Babylonia) ho fihlela maotong le menoaneng (mebuso e busang kajeno). Mebuso eohle ea lefatše e emeloang setšoantšong seo e bile teng. Re phela mehleng e tšoantšetsoang ke maoto a setšoantšo seo. Ha hoa boleloa hore ho sa na le mebuso e meng eo e leng hona e tlang.e

17. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso o fana ka bopaki bofe bo eketsehileng ba hore re phela mehleng ea bofelo?

17 Ntlha ea bohlano, re bona ha mosebetsi oa boboleli o etsoa lefatšeng lohle, e leng mosebetsi oo Jesu a ileng a re o tla etsoa pele ho bofelo ba tsamaiso ena. Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Kajeno, boprofeta boo bo phethahala ka tekanyo eo ho seng mohla bo kileng ba phethahala ka eona. Ke ’nete hore ho ntse ho e-na le libaka tse e-s’ong ho finyelloe, ’me ho ka etsahala hore ebe ka nako e tšoanetseng ea Jehova, monyako o moholo o isang tšebeletsong e khōloanyane o tla buleha. (1 Bakorinthe 16:9) Leha ho le joalo, Bibele ha e re Jehova o tla ema ho fihlela motho e mong le e mong ea leng lefatšeng a fumana bopaki ka ho toba. Ho e-na le hoo, litaba tse molemo li lokela ho boleloa ho fihlela Jehova a khotsofetse. Joale bofelo bo tla tla.—Bapisa le Matheu 10:23.

18. Ka ho hlakileng, ho tla etsahala eng ka ba bang ba batlotsuoa ha matšoenyeho a maholo a qala, ’me see se ka lekanyetsoa joang?

18 Ntlha ea botšelela, palo ea barutuoa ba Kreste bao ka sebele e leng batlotsuoa e-ea fokotseha, le hoja ho hlakile hore ba bang ba tla be ba ntse ba le teng lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala. Masala a mangata a se a hōlile haholo lilemong, ’me ha lilemo li ntse li feta palo ea bao ka sebele e leng batlotsuoa e ntse e qepha. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re mabapi le matšoenyeho a maholo: “Hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” (Matheu 24:21, 22) Ka hona, ho hlakile hore ba bang ba “bakhethoa” ba Kreste ba tla be ba ntse ba le teng lefatšeng ha matšoenyeho a maholo a qala.f

Ke Eng e Larileng Kapele?

19, 20. Ke hobane’ng ha hona joale ho potlakile ho feta leha e le neng pele hore re lule re lebetse?

19 Bokamoso bo re tšoaretse eng? Linako tse thabisang ke hona li tlang. Pauluse o lemositse hore “letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu.” Ha a bua ka batho ba bonahalang ba le bohlale ho ea ka pono ea lefatše, o re: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.” Ka hona, Pauluse o phehella babali ba hae: “A re se keng ra tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala, empa a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.” (1 Bathesalonika 5:2, 3, 6) Ka sebele, ba lebeletseng hore mekhatlo ea batho e tlise khotso le tšireletseho ba iphoufaletsa ’nete. Batho ba joalo ba khalehile thuoe!

20 Timetso ea tsamaiso ena ea lintho e tla tla ka tšohanyetso. Ka hona, lulang le lebeletse letsatsi la Jehova. Molimo ka boeena o ile a bolella Habakuke: “E ke ke ea siuoa ke nako”! Ka sebele, ha ho mohla ho lula re lebetse e kileng ea e-ba ho potlakileng hakana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Monghali o ne a sa behelana nako e itseng le makhoba a hae. Ka hona, o ne a sa tlameha ho bolella makhoba a hae hore na o tla tla neng le hore na o tla tsamaea neng, leha e le hona hore o ne a tlamehile ho hlalosetsa makhoba a hae hore na ke hobane’ng ha ho bonahala eka oa lieha.

b Bona khaolo ea 11 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le boprofeta bona.

c Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona leqephe la 180-6 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

d Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 251-4.

e Bona khaolo ea 4 bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

f Setšoantšong sa linku le lipōli, Mor’a motho o fihla khanyeng ea hae nakong ea matšoenyeho a maholo ’me o lula setulong sa kahlolo. O ahlola batho a itšetlehile ka hore na ba ne ba tšehetsa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng. Mokhoa ona oa kahlolo o ne o sa tl’o utloahala haeba nakong ea kahlolo, bara bohle babo Kreste e ne e tla be e le khale ba tlohile lefatšeng.—Matheu 25:31-46.

Na U sa Hopola?

• Ke mehlala efe ea Mangolo e ka re thusang hore re lule re lebetse?

• Jesu o ile a tšoantšetsa tlhokahalo ea ho lebela ka eng?

• Ke lintlha life tse tšeletseng tse pakang hore re phela mehleng ea bofelo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

A. H. Macmillan o sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ka bang mashome a tšeletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Jesu o ile a tšoantša barutuoa ba hae le makhoba a lutseng a lebetse

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela