Khaolo ea Bobeli
Baprofeta Bao Melaetsa ea Bona e ka re Amang
1. Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella baprofeta ba 12 ba ngotseng libuka tsa ho qetela Mangolong a Seheberu?
NA U ka rata ho tseba baromuoa ba 12 ba Molimo? Banna bana ba 12 ba phetse pele Jesu a tla lefatšeng, kahoo u ke ke ua ba bona ka seqo. Leha ho le joalo, u ka ba tseba, ua ithuta kamoo ba ileng ba lula ba hopola “letsatsi le leholo la Jehova” kateng. ’Me seo u tla ithuta sona ke sa bohlokoa haholo ho Mokreste e mong le e mong eo ka nepo a lekang ka hohle hore a lule a hopola letsatsi le leholo la Jehova.—Sofonia 1:14; 2 Petrose 3:12.
2, 3. Lintho tseo re li bonang mehleng ee li tšoana joang le tsa mehleng ea baprofeta ba 12?
2 Ka Mangolong ho na le banna ba bangata ba bitsoang baprofeta—’me libuka tse ngata tsa Bibele li reheletsoe ka bona. Joaloka baprofeta ba bang, banna ba 12 bao re tla bua ka bona ba ile ba beha mohlala o motle oa ho tšepahala le ho ba sebete. Ba bang ba bona ba ile ba thaba ha ba bona molaetsa oa bona o fetola lipelo le likelello tsa batho ’me o etsa hore ba khutlele ho Molimo. Ba bang ba ile ba nyahama haholo ha ba bona ba babe ba tlōla melao ea Jehova ba bile ba etsa se khahlanong le thato ea hae. Baprofeta ba bang ho bana ba 12 ba ile ba ferekana ha ba bona batho ba ipolelang hore ke barapeli ba Jehova ba sa tsotelle letho ba bile ba ichebile bobona.
3 Baprofeta bana ba 12 ba ne ba tšoana le rōna hobane ba ne ba phela har’a merusu e bakoang ke lipolotiki, ho ne ho e-na le merusu sechabeng ’me boemo ba bolumeli bo ne bo mpefetse. Kaha e ne e le batho ba “nang le maikutlo a joaloka a rōna,” e tlameha ebe ho ne ho ntse ho e-na le lintho tse ba tšosang ba bile ba kopana le mathata. (Jakobo 5:17) Leha ho le joalo, ba ile ba re behela mohlala o motle, ’me re lokela ho nka melaetsa ea bona ka botebo joalokaha e tlalehiloe ‘mangolong a boprofeta’ molemong oa rōna “bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.”—Baroma 15:4; 16:26; 1 Bakorinthe 10:11.
BAPROFETA BA 12 MEHLENG EA BONA
4. U hlokometse’ng ka tatellano ea nako eo baprofeta ba 12 ba phetseng ka eona, hona Jehova o ile a khetha bafe pele hore ba lemose ba be ba khothatse batho ba hae?
4 Ha u sheba tatellano ea libuka tsena Bibeleng ea hao, ho tloha ho Hosea ho ea ho Malakia, u ka ’na ua nahana hore e bontša hore na ke ofe ho baprofeta bana ea phetseng pele le hore na ba ile ba latelana joang. Empa ha ho joalo. Ka mohlala, baprofeta bana: Jonase, Joele, Amose, Hosea le Mikea kaofela ba phetse lilemong tsa bo-800 le bo-700 B.C.E.a Nakong eo, marena a mangata a ’muso o ka boroa oa Juda le ’muso o ka leboea oa Iseraele a ne a sa tšepahale. Le sechaba se ne se sa tšepahale, e leng se ileng sa etsa hore Molimo a se halefele. Hona nakong ena Baassyria ba ne ba etsa matsapa a ho busa lefatše, ’me hamorao Bababylona le bona ba ile ba etsa se tšoanang. Baiseraele ba ne ba sa hlokomele hore Jehova o ne a tla sebelisa mebuso ena e ’meli ea lefatše ho phethisa kahlolo ea hae! Leha ho le joalo, u hopole hore khafetsa Molimo o ne a ile a sebelisa baprofeta ba tšepahalang ho lemosa Baiseraele le Bajuda.
5. Ke sehlopha sa baprofeta bafe se ileng sa bolela kahlolo ea Jehova nakong ea ha Juda le Jerusalema li le haufi le ho etsoa lesupi?
5 Ha nako ea hore a ahlole Juda le Jerusalema e ntse e atamela, Jehova o ile a hlahisa sehlopha se seng sa babuelli ba matla. Ke bo-mang ba neng ba le sehlopheng see? Ke baprofeta bana: Sofonia, Nahume, Habakuke le Obadia. Kaofela ba ile ba profeta ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-600 B.C.E. Liketsahalo tse sisimosang mehleng eo e bile ha Jerusalema e timetsoa ke Bababylona ka 607 B.C.E. le ha Bajuda ba isoa kholehong. Ho ile ha fela ha e-ba joalokaha Molimo a ne a lemositse boprofeteng bo ileng ba boleloa ke ba bang ba banna bana bao a neng a ba romile hore e be babuelli ba hae. Ba ne ba lekile ho hlokomelisa batho lintho tse mpe tse kang botahoa le pefo, empa batho ba ne ba sa ikemisetsa ho fetoha.—Habakuke 1:2, 5-7; 2:15-17; Sofonia 1:12, 13.
6. Jehova o ile a khothatsa masala a khutlileng botlamuoeng joang?
6 Ka mor’a hore batho ba Molimo ba khutle botlamuoeng, ba ne ba hloka baeta-pele ba matla esita le matšeliso le likeletso e le hore ba lule ba tseparetse borapeli ba ’nete. Sehlopha se seng sa baprofeta—Hagai, Zakaria le Malakia—e ile ea fela ea e-ba baeta-pele ba joalo. Ba ile ba profeta lilemong tsa bo-500 le bo-400 B.C.E. Ha u ntse u ithuta haholoanyane ka banna bana ba 12 ba ileng ba emela bobusi ba Jehova ka sebete u bile u ithuta ka mosebetsi oa bona, u tla lemoha lithuto tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang tšebeletsong ea hao nakong ena e mahlonoko eo re phelang ho eona. Joale a re ke re hlahlobeng baprofeta bana ka tatellano ho ea ka nako eo ba ileng ba profeta ka eona.
HO LOANELA HO LOPOLLA LICHABA TSE MANGANGA
7, 8. Lintho tse ileng tsa hlahela Jonase li ka re khothatsa joang hore re loantše ho felloa ke tšepo?
7 Na u kile ua felloa ke tšepo, mohlomong u nahana hore tumelo ea hao ea fokola? Haeba ho joalo, se ileng sa hlahela Jonase ke sa bohlokoa haholo ho uena. Jonase o phetse lilemong tsa bo-800 B.C.E. Mohlomong ua tseba hore Molimo o ile a roma Jonase Ninive, e leng motse-moholo oa ’Muso oa Assyria o neng o ntse o ipha matla. Jonase o ne a lokela ho nyatsa bokhopo ba Baninive. Leha ho le joalo, ho e-na le ho ea moo a romiloeng teng—lik’hilomithara tse ka bang 900 ka leboea-bochabela ho Jerusalema—Jonase o ile a kena sekepeng se lebang koung e itseng, mohlomong ea Spain. E, o ile a ikela hosele, lik’hilomithara tse 3 500! U ikutloa joang ka see? Na ebe Jonase o ne a balehisoa ke tšabo, ho fokolloa ke tumelo ka nakoana, kapa hona ho hlonamisoa ke hore Baninive ba ne ba ka ’na ba baka ebe ka mor’a moo ba hlasela Baiseraele? Bibele ha e re bolelle ka ho toba. Empa re ka hlokomela hore na ke hobane’ng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra lumella monahano oa rōna hore o khelohe.
8 Ua tseba hore na Jonase o ile a ikutloa joang ha Molimo a mo khalemela. Ha Jonase a le ka har’a “tlhapi e khōlō” e ileng ea mo metsa, o ile a lumela hore “poloko ke ea Jehova.” (Jonase 1:17; 2:1, 2, 9) Ha Jonase a qeta ho pholosoa ka tsela ea mohlolo, o ile a phetha thōmo ea hae, empa nakoana ka mor’a moo o ile a nyahama haholo ha Jehova a sa timetse Baninive kahobane ba ile ba amohela molaetsa oa hae ’me ba baka. Ka lerato Jehova o ile a boela a khalemela moprofeta enoa ea neng a bontšitse boithati. ’Me le hoja ba bang ba ka ’na ba bua haholo ka liphoso tsa Jonase, Molimo o ile a mo nka e le mohlanka oa bohlokoa ea mamelang le ea tšepahalang.—Luka 11:29.
9. U ka rua melemo efe molaetseng oa Joele oa boprofeta?
9 Na u kile ua nyahama kahobane ba bang ba re molaetsa oo u o tšoereng o thehiloeng Bibeleng o tšosa batho ho sa hlokahale? Batho ba habo moprofeta Joele eo lebitso la hae le bolelang “Jehova ke Molimo,” ba ne ba nka molaetsa oa hae joalo. Ho bonahala eka o ile a tlaleha boprofeta ba hae Juda hoo e ka bang ka 820 B.C.E., mehleng ea Morena Uzia. Ho bonahala eka Joele le Jonase ba kile ba profeta ka nako e tšoanang. Joele o ile a bua ka seoa sa litsie tse senyang tse neng li tla futuhela naha ka makhetlo li be li e etse lesupi. E, letsatsi la Molimo le tšosang le ne le le haufi haholo. Leha ho le joalo, u tla hlokomela hore molaetsa oa Joele e ne e se oa mahlomola feela. Hoa thabisa hore ebe o ile a bolela hore ba tšepahalang ‘e ne e tla ba baphonyohi.’ (Joele 2:32) Ba bakileng ba ka thabela hore ebe Jehova oa ba hlohonolofatsa ebile oa ba tšoarela. Le rōna re lokela ho tsoha molota hakaakang ha re hopola hore re ntse re bolela molaetsa o tšoanang! Joele o ile a bolela esale pele hore matla a sebetsang a Molimo, e leng moea oa hae o halalelang, a ne a tla tšolleloa holim’a “nama ea mofuta o mong le o mong.” Na ua bona hore na u ameha joang boprofeteng boo? Joele o ile a bontša tsela e le ’ngoe feela ea ho bolokeha ha a re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Joele 2:28, 32.
10. Jehova o ile a sebelisa motho feela ea hiretsoeng ho sebetsa ka linako tse itseng tsa selemo joang?
10 U ka utloela Amose bohloko haeba ka linako tse ling u e-ba le boikutlo ba hore molaetsa oo re lokelang ho o phatlalatsa ke oa bohlokoa haholo empa hangata batho bao re ba bolellang oona ha ba o natse. Amose e ne e se mora oa moprofeta, ebile e ne e se e mong oa baprofeta; ho e-na le hoo, o ne a hlokomela linku a bile a hiretsoe ho sebetsa ka linako tse itseng tsa selemo. O ile a profeta mehleng ea Morena Uzia oa Juda, ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-800 B.C.E. Le hoja e ne e le motho ea tlaase, Amose (eo lebitso la hae le bolelang “Ho ba Moroalo; Ho Jara Moroalo”) o ne a e-na le melaetsa ea bohlokoa bakeng sa Juda, Iseraele le lichaba tse haufi. Na ha u khothale ha u utloa hore Jehova a ka etsa hore motho feela ea tloaelehileng a etse mosebetsi oa bohlokoa joalo?
11. Hosea o ne a ikemiselitse ho etsa eng hore a etse thato ea Molimo?
11 Na u kile ua ipotsa, ‘Ke ikemiselitse ho tela lintho life hore ke etse thato ea Jehova?’ Ak’u nahane ka Hosea ea phetseng hoo e ka bang nakong ea Esaia le Mikea, ’me a profeta ka lilemo tse ka bang 60. Jehova o ile a laela Hosea hore a nyale Gomere, “mosali oa bohlola.” (Hosea 1:2) Baneng ba bararo bao Gomere a ileng a ba le bona hamorao, ho bonahala oa Hosea a ne a le mong feela. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka re motho a mamelle mahlabisa-lihlong a ho ba le molekane ea sa tšepahaleng? Jehova o ne a ruta thuto ea botšepehi le ho tšoarela. ’Muso o ka leboea o ne o sa tšepahale ho Molimo ka tsela e tšoanang le eo mosali ea febang a sa tšepahaleng ho monna oa hae ka eona. Ho sa tsotellehe sena, Jehova o ile a bontša batho ba hae lerato ’me a leka ho ba thusa hore ba bake, ’me ka sebele rea thaba ha re nahana ka sena.
12. Ho ithuta ka mohlala oa Mikea le se ileng sa etsahala ka mor’a hore a profete ho ka u ruisa molemo joang?
12 Na ua lumela hore linako tsa kajeno tse mahlonoko li u thatafalletsa ho ba sebete le ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng? Haeba u bontša litšobotsi tsena, u tla tšoana le Mikea. Mikea o phetse ka nako e tšoanang le Hosea le Esaia, ’me o ile a bolela melaetsa e nyatsang sechaba sa Juda le sa Iseraele nakong ea puso ea Jothame, Akaze le Ezekiase, bao e neng e le marena a Juda lilemong tsa bo-700 B.C.E. Boitšoaro bo hlephileng le borapeli ba litšoantšo bo ne bo silafalitse ’muso o ka leboea oa Iseraele haholo, o ileng oa timetsoa ha Samaria e hlōloa ke Baassyria ka 740 B.C.E. Ho sa tsotellehe lintho tsena tse neng li tla fella ka tlokotsi, Mikea o ile a tšeliseha ha a bona ka nakoana molaetsa oo a o filoeng ke Molimo o thibela Bajuda ho tetebela tšenyehong ea moea le tlokotsing e neng e tla tla qetellong. Ha re bona ba bang ba amohela molaetsa oa rōna oa poloko, see se re tšelisa hakaakang!
BA BONA TLOKOTSI E TLANG E SA LE HŌLE
13, 14. (a) Mohlala oa Sofonia o ka u thusa joang borapeling ba hao? (b) Mosebetsi oa Sofonia o ile oa etsa hore ho be le liphetoho life linthong tsa moea?
13 Ha ’muso oa lefatše oa Egepeta le oa Assyria e ntse e felloa ke matla, Babylona eona e ne e ntse e ipha matla. Ho phahama ha eona ho ne ho tla tloha ho ama sechaba sa Juda haholo. Baprofeta ba Molimo e ne e le malala-a-laotsoe ho lemosa le ho eletsa barapeli ba Jehova. Ak’u nahane ka ba bang ba baprofeta bana u ntse u hopola hore kajeno Bakreste ba bolela molaetsa o lemosang o tšoanang le oa bona.
14 Haeba u ile ua lokela ho khaotsa ho etsa meetlo ea lelapa hore u etse thato ea Jehova, u tla utloisisa boemo ba Sofonia hantle. Mohlomong e ne e le setloho-tloholoana sa Morena Ezekiase hape a amana le Morena Josiase—e leng hore e ne e le setho sa lelapa la borena Juda. Leha ho le joalo, Sofonia o ile a mamela ’me a bolela molaetsa o nyatsang baeta-pele ba babe ba Juda. Lebitso la hae le bolela “Jehova o Patile.” O ile a re ke ka mohau oa Molimo feela motho a ka ‘patoang letsatsing la bohale ba Jehova.’ (Sofonia 2:3) Se thabisang ke hore molaetsa oa Sofonia o neng o hloka hore a be sebete o ile oa ba le liphello tse ntle. Morena Josiase e monyenyane o ile a etella pele ka ho etsa liphetoho linthong tsa moea, a tlosa litšoantšo tse rapeloang, a lokisa tempele a ba a tsosolosa borapeli bo hloekileng. (2 Marena, khaolo ea 22-23) E tlameha ebe Sofonia le baprofeta ba habo (Nahume le Jeremia) e ne e le bathusi ba ka sehloohong ba morena kapa baeletsi ba hae. Ka masoabi, boholo ba Bajuda ha boa ka ba baka ka ho feletseng. Ka mor’a hore Josiase a shoele ntoeng, ba ile ba boela ba rapela litšoantšo. Ka mor’a lilemo tse seng kae feela, ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona.
15. (a) Ke hobane’ng ha Ninive e ne e tšoaneloa ke molaetsa o bohloko oa Nahume? (b) Ke eng seo u ka ithutang sona ho se ileng sa hlahela Ninive?
15 U ka ’na ua nka hore ha u motho oa bohlokoa, ha ua hlahella. Le hoja Bakreste ba e-na le tlotla e khōlō ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo,” ba bangata ha baa hlahella. (1 Bakorinthe 3:9) Ka ho tšoanang, ha re tsebe letho ka moprofeta Nahume haese feela hore o ne a tsoa motseng o monyenyane oa Elkoshe, oo mohlomong o neng o le Juda. Leha ho le joalo, molaetsa oa hae o ne o le matla e bile e le oa bohlokoa. Joang? Boprofeteng ba hae, Nahume o ile a nyatsa Ninive, motse-moholo oa ’Muso oa Assyria. Le hoja baahi ba oona ba ile ba amohela molaetsa oa Jonase, ka mor’a nako e seng kae ba ile ba khutlela mekhoeng ea bona ea pele. Mengolo e fatiloeng majoeng sebakeng seo Ninive ea boholo-holo e neng e le ho sona e bontša hore joalokaha Nahume a ne a boletse, e ne e le “motse oa tšollo ea mali.” (Nahume 3:1) Mengolo eo e bontša hore batšoaruoa ba ntoa ba ne ba tšoaroa ka sehlōhō. Ka tsela e qaqileng, Nahume o ile a bolela esale pele hore Ninive e ne e tla etsoa lesupi. Seo a se boletseng se ile sa phethahala, feela joalokaha le molaetsa oo re o bolelang kajeno o tla phethahala.
16, 17. Haeba lintho tseo re neng re li lebeletse mabapi le bofelo ha li e-s’o phethahale ka ho feletseng, ke eng seo re ka ithutang sona tabeng ea Habakuke?
16 Ka lilemo tse makholo, lintho tseo babali ba bang ba Bibele ba neng ba li lebeletse mabapi le letsatsi la Jehova ha lia ka tsa phethahala. Ba bang ba ka ’na ba nyahamisoa ke hore ho bonahala eka kahlolo ea Molimo ea lieha. Uena u ikutloa joang? Habakuke o ne a tšoenyehile ka mabaka a utloahalang ha a botsa: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe? . . . Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka?”—Habakuke 1:2, 3.
17 Habakuke o ile a profeta nakong eo ka eona ho neng ho e-na le mathata a mangata Juda, ka mor’a puso ea Morena Josiase ea molemo empa pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Ho ne ho tletse ho hloka toka le pefo. Habakuke o ile a lemosa hore leha Bajuda ba ka ikopanya le Baegepeta, seo se ne se ke ke sa ba pholosa ho Bababylona ba mabifi. O ile a ngola ka tsela e hlakileng le e matla, ’me a ba tšelisa ka ho ba bolella hore “ea lokileng, o tla ’ne a phele ka botšepehi ba hae.” (Habakuke 2:4) Mantsoe ana ke a bohlokoa haholo ho rōna, kaha moapostola Pauluse o ile a a qotsa libukeng tse tharo Mangolong a Segerike a Bakreste. (Baroma 1:17; Bagalata 3:11; Baheberu 10:38) Ho feta moo, Jehova o sebelisa Habakuke ho re khothatsa ka mantsoe a reng: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng . . . E ke ke ea siuoa ke nako.”—Habakuke 2:3.
18. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a laela Obadia hore boprofeteng ba hae a nyatse Edomo?
18 Se khethollang moprofeta Obadia ke hore o ile a ngola buka e khutšoanyane ka ho fetisisa Mangolong a Seheberu—e nang le litemana tse 21 feela. Sohle seo re se tsebang ka eena ke hore boprofeteng ba hae o ile a nyatsa Edomo. Baedomo ba ne ba e-tsoa lelokong la moholoane oa Jakobo, kahoo, e ne e le ‘barab’abo’ Baiseraele. (Deuteronoma 23:7) Empa Baedomo ha baa ka ba tšoara batho ba Molimo joaloka barab’abo bona. Ka 607 B.C.E., hoo e ka bang ha Obadia a ngola buka ea hae, eitse ha Bajuda ba baleha Bababylona bao e neng e le lira tsa bona, eaba Baedomo ba ba thibella litsela ’me ba nehelana ka bona ho lira tseo. Jehova o ile a bolela esale pele hore Edomo e ne e tla felisoa ka ho feletseng, ’me boprofeta bona bo ile ba phethahala. Joalokaha re sa tsebe hakaalo ka Nahume, ha re tsebe hakaalo ka Obadia, empa ho khothatsa hakaakang ho hlokomela hore Molimo a ka sebelisa batho feela ba bonahalang eka hase ba bohlokoa hore e be manģosa a Hae!—1 Bakorinthe 1:26-29.
MELAETSA E KHOTHATSANG, E TŠELISANG LE E LEMOSANG
19. Hagai o ile a matlafatsa batho ba Molimo joang?
19 Hagai ke moprofeta oa pele ho baprofeta ba bararo ba ileng ba profeta ka mor’a hore masala a tšepahalang a khutle botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E. Ho ka etsahala hore ebe Hagai o ne a le sehlopheng sa pele se ileng sa khutla. A e-na le ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Joshua hammoho le moprofeta Zakaria, Hagai o ile a leka ho khothatsa Bajuda hore ba se ke ba nyahamisoa ke ho hanyetsoa ke batho ba lichaba tse ling le hore ba hlōle boikutlo ba bona ba ho se tsotelle ho bakoang ke ho rata lintho tse bonahalang. Ba ne ba lokela ho etsa seo ba neng ba khutletse ho tla se etsa: e leng ho tsosa tempele ea Jehova. Melaetseng e mene e sa hlatheng koana le koana, eo a ileng a e bolela ka 520 B.C.E., Hagai o ile a bua haholo-holo ka lebitso la Jehova le bobusi ba hae. Ha u bala buka ea hae, u tla fumana polelo e reng “Jehova oa mabotho” ka makhetlo a 14. Melaetsa ea Hagai e matla e ile ea susumetsa batho hore ba qalelle ho haha tempele. Na le uena ha u matlafatsoe ke ho tseba hore Jehova o na le matla ’ohle joalokaha e le ’Musi Morena le hore o laola mabotho a maholo a libōpuoa tsa moea?—Esaia 1:24; Jeremia 32:17, 18.
20. Zakaria o ile a loantša boikutlo bofe bo neng bo atile?
20 Ka linako tse ling u ka ’na ua nyahamisoa ke hore ba bang ba kileng ba sebeletsa Molimo ha ba sa cheseha. Haeba ho joalo, u tla utloisisa tsela eo Zakaria a neng a ikutloa ka eona. Joaloka Hagai, eo a phetseng ka nako e tšoanang le eena, o ne a e-na le mosebetsi o boima oa ho khothatsa barapeli-’moho le eena hore ba tiisetse mosebetsing ho fihlela tempele e phethoa. Zakaria o ile a sebetsa ka thata ho matlafatsa batho hore ba etse mosebetsi oo o boima. Ho sa tsotellehe hore batho ba bang ba ne ba ichebile bobona, o ile a phehella ho ba khothalletsa ho ba le tumelo e matla le ho e bontša ka liketso. O ile a atleha. Zakaria o ile a tlaleha boprofeta bo bongata bo buang ka Kreste. Le rōna re ka matlafatsoa ke molaetsa oa hore “Jehova oa mabotho” a ke ke a lebala batho ba batlang mohau oa hae.—Zakaria 1:3.
HO LEBELLA MESIA
21. (a) Ke hobane’ng ha molaetsa oa Malakia o ne o hlokahala haholo? (b) Buka ea Malakia e phetha Mangolo a Seheberu ka tšepiso efe?
21 Malakia ke moprofeta oa ho qetela ho bana ba 12, ’me o ile a phelela lebitso la hae le bolelang “Lenģosa la ka.” Ha re tsebe hakaalo ka moprofeta enoa ea phetseng hoo e ka bang ka 450 B.C.E. Leha ho le joalo, ha re bala boprofeta ba hae ha re na pelaelo ea hore e ne e le ’muelli ea sebete ea neng a khalemela batho ba Molimo ka libe tsa bona le boikaketsi ba bona. Maemo ao Malakia a ileng a a hlalosa a tšoana haholo le a boletsoeng ke Nehemia, eo mohlomong ba phetseng ka nako e tšoanang. Ke hobane’ng ha molaetsa oa Malakia o ne o hlokahala haholo? Batho ba ne ba feletsoe ke cheseho le mafolofolo tseo moprofeta Zakaria le moprofeta Hagai ba neng ba ba khothalelitse hore ba li bontše lilemong tse mashome pele ho moo. Boemo ba moea ba Bajuda bo ne bo le bobe haholo. Ka sebete Malakia o ile a nyatsa baprista ba baikhohomosi le ba baikaketsi, a ba a nyatsa batho ka lebaka la borapeli le mahlabelo a neng a sa etsoe ka pelo eohle. Leha ho le joalo, joalokaha Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore re tla ba le bokamoso bo botle, Malakia o ile a bolela esale pele hore Johanne Mokolobetsi o ne a tla etella Mesia pele, ’me hamorao ho tle Kreste ka boeena. Molaetsa oa Malakia o phetha Mangolo a Seheberu ka mantsoe a monate a re tšepisang hore “letsatsi la ho loka le tla khanya” bakeng sa ba tšabang lebitso la Molimo.—Malakia 4:2, 5, 6.
22. U hlokometse’ng ka botho ba baprofeta ba 12 le molaetsa oa bona?
22 Ua hlokomela hore banna ba ileng ba ngola libuka tse 12 tse qetellang Mangolo a Seheberu ba ne ba e-na le tumelo ba bile ba kholisehile. (Baheberu 11:32; 12:1) Re ka ithuta lithuto tsa bohlokoa mohlaleng oa bona le molaetseng oa bona ha re ntse re lebeletse “letsatsi la Jehova” ka thahasello e khōlō. (2 Petrose 3:10) Joale ak’u hlahlobe kamoo melaetsa eo ea boprofeta e ka amang bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa sena le chate e bontšang tatellano ea liketsahalo e leqepheng la 20 le la 21. Chateng ena u tla bona hore ka mohlala, Mikea le Hosea ba ile ba profeta ha Esaia e ne e le moprofeta oa Molimo Jerusalema.
LIBUKA TSEE LI KA U TSOELA MOLEMO JOANG?
• U hlokometse eng ka tsela eo baprofeta ba 12 ba latellanang ka eona ka Bibeleng?
• U ka rua molemo joang linthong tse ileng tsa hlahela baprofeta ba kang Jonase le Amose?—Baheberu 11:32, 33, 39, 40.
• Hosea o ne a ikemiselitse ho etsa eng hore a etse thato ea Jehova?—Matheu 16:24.
LINTLHA TSEO U KA LI SEBELISANG
• Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Sofonia, bahlanka ba Molimo ba ka ama batho ba bang joang?
• Ke hobane’ng ha molaetsa oa Habakuke o re ama ka ho khetheha kajeno?—2 Petrose 3:12.
• Mohau oa Jehova ho batho ba tlaase o ile oa bonahala joang ho baprofeta ba bang?—Pesaleme ea 113:1, 6, 7; Esaia 57:15.
[Chate e leqepheng la 20, 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Baprofeta ba Ba Bang ba
Baprofeta Kileng ba Kileng ba
Phela ka Phela ka
ba 12 Nako Nako Marena a Marena a
e Tšoanang e Tšoanang Judab Iseraelec
Amazia
850 B.C.E.
Jeroboame II
1. JONASE
Uzia
(Azaria)
825
2. JOELE
3. AMOSE
4. HOSEA
Zakaria
800
Menaheme
Esaia
Peka
5. MIKEA
Jothame
Akaze
Hoshea
750
Ezekiase
Ho oa ha Samaria, ka 740
725
Manase
700
675
6. SOFONIA
Josiase
7. NAHUME
650
Jeremia
Timetso ea Ninive, ka 632
8. HABAKUKE
Jojakime
Daniele
9. OBADIA
Ezekiele
Tsedekia
Timetso ea Jerusalema, ka 607
600
575
550
Daniele
Ho oa ha Babylona, ka 539
Ho Khutla ha Batlamuoa, ka 537
525
10. HAGAI
11. ZAKARIA
Ho Tsosolosoa ha Tempele, ka 515
500
Esdrase
Nehemia
Ho Tsosoa ha Marako, ka 455
450
12. MALAKIA
425
400
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Marena a ileng a busa ka lilemo tse fetang tse peli
c Marena a ileng a busa ka lilemo tse fetang tse peli
[’Mapa o leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)
Damaseka
’Muso o ka Leboea oa Iseraele (Efraime kapa Samaria)
EFRAIME
Sidone
Sarepta
Tyre
Dane
BASHANE
Leoatle la Galilea
Thaba ea Karmele
Thaba ea Tabore
Megido
Jezriele
Hadadrimone
SAMARIA
Shikeme
GILEADE
Mizpa
Gilgale
Raba
Bethele
Shitime
Nōka ea Jordane
’Muso o ka Boroa oa Juda (Juda le Benjamine)
JUDA
Ashdode
Ashkelone
Gaza
Ekrone
Gathe
Moreshethe
Lakishe
Adulame
Akzibe
Maresha
Shafire
Bethlehema
Tekooa
JERUSALEMA (SIONE)
Gibea
Rama
Gilgale
Rimone
Beerseba
AMMONE
MOABE
Leoatle la Letsoai
Sodoma?
EDOMO
Bozra
[’Mapa o leqepheng la 22]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GREECE
KRETA
ASSYRIA
Ninive
BABYLONIA
Babylona
SYRIA
Hamathe
Damaseka
AMMONE
MOABE
EDOMO
Thaba ea Horebe
EGEPETA
Memfise
Sidone
Tyre
Raba
JERUSALEMA
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
JONASE
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
JOELE
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
AMOSE
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
HOSEA
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
MIKEA
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
SOFONIA
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
NAHUME
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
HABAKUKE
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
OBADIA
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
HAGAI
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
ZAKARIA
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
MALAKIA