‘Ho Fumanela Meea ea Lōna Khatholoho’
“Tlohong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng le ba imetsoeng, . . . ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Hobane joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—MATTHEU 11:28-30, “NW.”
1, 2. Boemo ba lelapa la motho e bile bofe ka makholo a lilemo, ’me see se fapane joang le seo Molimo o neng o se rerile qalehong?
“REA tseba hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” Seo ke seo monna e mong a ileng a se ngolla metsoalle ea hae Roma makholong a lilemo a fetileng. (Ba-Roma 8:22) Lilemong tsa ka morao ho moo, ho feheloa le ho ba tsietsing ha lelapa la motho ka kakaretso ho ’nile ha eketseha. Leeme, bofuma, tlōlo ea molao, le tlala li entse tšenyo e tšabehang hohle. Tsamaiso ea moruo e hlokang toka e qobella ba limillione ho tsoa mesebetsing esita le matlong a bona, ’me litšusumetso tsa bosatane li fokolisa boiteko ba ho hōlisetsa bana tseleng eo ba lokelang ho e tsamaea.
2 Empa mohlomong bohloko bo boholo ka ho fetisisa bo hlaha ha ho kula, boloetse, kapa botsofali li qeta matla a batho ’me li ba amoha seriti sa bona kaha ba fokola ho fihlela ba setse e se e le likhaketlana feela tsa seo ba neng ba le sona pele. Bohloko bo boholo le mahlomola, ao hangata a bang teng ka libeke, likhoeli, kapa ka linako tse ling esita le lilemo, a utloisa lipelo bohloko ’me a etsa hore ho phalle linōka tsa likhapha. Ke tlhaloso e soabisang hakaakang ka bophelo! Mabapi le tlokotsi ea motho, morena ea bohlale oa khale koana o itse: “Matsatsi ’ohle a hae ke a nang le mahloko, ’me mosebetsi oa hae ke o nang le masoabi.” (Moeklesia 2:23; 4:1) Ka sebele kajeno bophelo ha bo ka tsela eo Molimo o neng o rerile hore bo be ka eona qalong!—Genese 2:8, 9.
3. Molimo o bōpile motho a e-na le matla afe, ’me hona joale ke joang a sebelisoang ka tekanyo e fokolang?
3 Jehova Molimo o bōpile motho a phethahetse, a e-na le matla a hore kannete a thabele bophelo. (Deuteronoma 32:4, 5) Ak’u nahane feela ka thabo ea ho latsoa lijo tse monate, ho phefumoholoha moea o monate o hloekileng, kapa ho talima ho likela ha letsatsi ho hotle haholo! Morena eena eo oa khale o hlokometse: “Ke lemohile mesebetsi eo Molimo o e neileng bana ba batho hore ba ikhathatse ka eona. O entse tsohle li le ntle nakong ea tsona; . . . Ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, ha e se ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.”—Moeklesia 3:10-13.
4. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ke liphihlelo tsa Jesu, boemo bo bohloko boo ba bangata ba leng ho bona ke bofe? (b) Jesu o etsa memo efe e thabisang, ’me see se phahamisa lipotso life?
4 Empa, ke ba fokolang hakaakang ba khonang ho thabela lintho tse ntle tseo Molimo o neng o li rerile bakeng sa rōna! Jesu Kreste o ile a hlokomela boemo ba batho ba ho sohlokeha, bo hlomolang. Bibele e re: “Matšoele a mangata a tla ho eena, a tlisa lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu.” Jesu o ne a qenehela batho ba malimabe joalo hakaakang! (Mattheu 9:36; 15:30) Ka lekhetlo le leng, o ile a etsa memo e thabisang: “Tlohong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, hobane ke na le mamello ’me ke pelo-nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Mattheu 11:28, 29, NW) Ka sebele, ana ke mantsoe a fanang ka tšepo! Empa Jesu o ne a bua ka khatholoho efe? Hona re ka e fumana joang?
’Nete e Khathollang
5. Jesu o ile a supa tsela e isang tokolohong ea ’nete le khatholohong ea meea ea rōna joang?
5 Ha Jesu a ne a le Moketeng oa Metlotloane hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng pele ho lefu la hae, o ile a supa tsela ea ho lokoloha e le hore motho a fumane khatholoho ea ’nete. Ha a bua le ba neng ba lumetse ho eena, o itse: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Jesu o ne a bua ka ’nete efe? E tla re lokolla ho eng? Ke ka tsela efe bamameli ba hae e neng e le bahlanka?
6. (a) Bahanyetsi ba bolumeli ba ile ba phahamisa khanyetso efe, hona hobane’ng? (b) Ke ka tsela efe kaofela ha rōna re leng bahlanka?
6 Bahanyetsi ba bolumeli ba ile ba kena Jesu hanong, ba pheha khang: “Re leloko la Abrahama, ha re e-so ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; u bolela joang, ha u re: Le tla lokolloa?” Bahanyetsi bao ba Bajode ba ne ba ikhantša ka leloko la bona. Esita le hoja sechaba seo se ne se ’nile sa busoa ke lichaba tse ling hangata, Bajode ba ne ba hana ho bitsoa bahlanka. Empa Jesu o ile a bontša hore na e ne e le bahlanka ka tsela efe, a re: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: E mong le e mong ea etsang sebe, ke mohlanka oa sebe.” E, bamameli ba hae kaofela e ne e le ‘ba etsang sebe,’ joaloka rōna kaofela kajeno. Lebaka la sena ke hore kaofela ha rōna re futsitse sebe ho batsoali ba rōna ba pele. Empa Jesu o tšepisitse: “Ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotsoe ka sebele.”—Johanne 8:33-36; Ba-Roma 5:12.
7. Tokoloho ea ’nete e ka finyelloa joang, ’me ke ’nete efe e re lokollang?
7 Ka hona tokoloho ea ’nete e ka finyelloa feela ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste, ea faneng ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le sehlabelo sa topollo. Ke sehlabelo sena se re lokollang sebeng se bolaeang ’me se etsa hore re khone ho thabela bophelo bo sa feleng bo phethahetseng ka thabo lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo. (Johanne 3:16; 1 Johanne 4:10) Ka hona, ’nete e re lokollang ke ’nete e mabapi le Jesu Kreste le karolo ea hae phethahatsong ea merero ea Molimo. ’Muso, ka Kreste e le Morena, ke oona o tla phethahatsa thato ea Molimo bakeng sa lefatše, ’me Jesu o ile a paka ka ’nete ena a sa khaotse.—Johanne 18:37.
Kamoo ’Nete e Khathollang
8. Tsela eo ka eona ’nete e fanang ka khatholoho e ka ’na ea tšoantšoa joang?
8 Tsela eo ’nete e fanang ka khatholoho ka eona e ka ’na ea tšoantšoa ka mosali ea bolelletsoeng hore o na le mofuta oa kankere e namang ka potlako. Boima ba ho tseba seo boa mo sithabetsa kaha o nahana ka liphello tse bohloko, tse nang le matla a senyang. Leha ho le joalo, ka mor’a nako o ea ngakeng e ’ngoe ’me o tsoela pele ho hlahlojoa. Ha liphetho tsa litlhahlobo li senola hore e tlameha e be tlhahlobo ea pele e ne e fosahetse kapa o folile ka ho tsotehang, u ka inahanela boikutlo bo hlollang ba ho lopoloha boo a bo utloang. E tlameha e be ho khatholla moea oa hae hakaakang!
9. Ke joang Jesu a ileng a fana ka topollo ka ho ruta batho ’nete?
9 Ka ho tšoanang, ha Jesu a e-tla lefatšeng, batho ba ne ba imetsoe ke litsamaiso tsa lineano tse sa thuseng ka letho tsa mehleng eo. Mabapi le bangoli le Bafarisi ba neng ba ikarabella, Jesu o itse: “Ba bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho li sisinya le ka monoana.” (Mattheu 23:4; Mareka 7:2-5) E ile ea e-ba topollo e kaakang ha Jesu a fa batho ’nete e neng e ba lokolla lineanong tse joalo tse neng li etsa batho makhoba! (Mattheu 15:1-9) Ha hoa fapana kajeno.
10. Ke meroalo efe e amohang batho thabo eo ba bangata ba e nkileng, ’me motho a ka ikutloa joang ha meroalo ee e tlosoa ka baka la ho ithuta ha hae ’nete?
10 Mohlomong u e mong eo, ka baka la moroalo o boima oa lithuto tsa bohata tsa bolumeli, a neng a phela ka tšabo ea ho hlokofatsoa mollong oa lihele kapa pelekatoring ka mor’a lefu. Kapa ha moratuoa oa hao a e-shoa, e ka ’na eaba u ile ua sithabetseha ha moruti a u bolella hore Molimo o nkile lesea la hao leo u le ratang hobane O ne o hloka lengeloi le leng—joalokaha eka Molimo o ne o hloka ngoan’a hao ho feta kamoo u neng u mo hloka kateng. Ka linako tse ling baruti ba boetse ba bolella batho ba hlokofatsoang ke lefu le itseng hore hona ke thohako e tsoang ho Molimo. Na kannete ho ithuta linnete tsa Bibele tse lopollang motho mashanong a boima joalo a bolumeli hase ho khathollang? See se tlisa boikutlo ba topollo e kaakang!—Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4; Johanne 9:2, 3.
11. (a) O mong oa meroalo e meholo ka ho fetisisa ke ofe, hona o ka tlosoa joang? (b) Jesu o ile a tlisetsa baetsalibe khatholoho efe ha a ntse a le lefatšeng?
11 O mong oa meroalo e meholo ka ho fetisisa oo re ka o nkang ke boikutlo ba ho ba molato bo tlisoang ke libe tseo re li entseng. Ke ho lopollang ho tseba hore ka baka la molemo oa sehlabelo sa topollo sa Kreste, libe tsena li ka tlosoa. Bibele ea re tiisetsa: ‘Mali a Jesu a re hlatsoa sebe sohle.’ (1 Johanne 1:7) Ho sa tsotellehe lintho leha e le life tse tšabehang tseo e ka ’nang eaba re li entse, haeba kannete re bakile ’me re fetotse litsela tsa rōna, re ka thabela topollo e khathollang ea letsoalo le hloekileng le tiisetso ea hore Molimo o ke ke oa hlola o hopola libe tsa rōna. (Pesaleme ea 103:8-14; 1 Ba-Korinthe 6:9-11; Ba-Heberu 10:21, 22) Kreste o tliselitse ba neng ba imetsoe ke sebe khatholoho e kaakang, ba kang liotsoa le balekhetho ba kang Zakea! Jesu o ne a ba tšelisa ka linnete tsa Bibele ha a ntse a e-ja le bona.—Luka 5:27-32; 7:36-50; 19:1-10.
12. (a) Jesu o ile a tlisa khatholoho ho batho ba neng ba le maemong afe a tepelletsang? (b) Lekholong la pele la lilemo, ke bo-mang bao Jesu a ileng a ba bontša ka tsela e hlollang hore ke eena “tsela, le ’nete, le bophelo”?
12 Batho ba bang ba bangata ba jere meroalo e boima ea ho kula le boloetse, ho tepella haholo, le mesarelo e meholo e tlisoang ke lefu la moratuoa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a tlisa khatholoho ho bohle ba joalo ba “khathetseng le ba imetsoeng.” (Mattheu 4:24; 11:28, 29, NW) O ile a phekola mosali e mong ea neng a batlile thuso ho lingaka ka lilemo tse 18 empa a sa ka a atleha. Hape Jesu o ile a folisa monna ea neng a kutse ka lilemo tse 38, le e mong ea neng a tsoetsoe e le sefofu. Na u ka inahanela hore na ba ile ba ikutloa ba lopolohile hakaakang ha Jesu a ba folisa? (Luka 13:10-17; Johanne 5:5-9; 9:1-7) ’Nete ke hore bohle ba neng ba e-tla ho Jesu ka tumelo ba ne ba e-tla mohloling oa ’nete, khatholoho ea sebele, le bophelo. Ka sebele Jesu o ile a paka ka tsela e hlollang hore ke eena “tsela, le ’nete, le bophelo” ho mohlolohali ea ileng a amohela mor’a hae ea mong tsohong ea bafu le batsoali bao morali oa bona ea lilemo li 12 ea neng a shoele a ileng a khutlisetsoa ho bona a phela.—Johanne 14:6; 17:3; Luka 7:11-17; 8:49-56.
13. Jesu o re rutile hore re retelehele ho mang bakeng sa thuso, ’me ke eng se etsahalang ha re sebelisa keletso ea hae?
13 Ha ho pelaelo hore ho na le linako tseo ka tsona u thulanang le mathata a maholo ho feta ao u ka a jarang ka bouena. Jesu o re rutile hore re retelehele ho Jehova bakeng sa thuso, joalokaha eena ka boeena a ne a ho etsa. (Luka 22:41-44; Ba-Heberu 5:7) Ha re retelehela ho Molimo ka thapelo ka mehla, re ba le maikutlo a tšoanang le a mopesaleme ea ngotseng: “Ho rorisoe Jehova, ea re nkelang mojaro letsatsi le letsatsi, Molimo oa ’nete oa poloko ea rōna.” (Pesaleme ea 55:22; 68:19, NW) E, kannete ho tseba ’nete hoa khatholla. Ho re atametsa ho Jehova ’me ho re thusa ho ananela hore ka thuso ea hae re ka khona ho sebetsana ka katleho esita le maemo a thata ka ho fetisisa bophelong.
Ho Khatholloa ke Tšepo ea ’Muso
14. Ke eng e ileng ea matlafatsa Jesu litekong tsa hae, ’me ke eng eo e leng ea bohlokoahali hore re tle re fumanele meea ea rōna khatholoho?
14 Ho fumanela meea ea rōna khatholoho ea ’nete, re tlameha ho ba le tšepo e matla. Ke tšepo e ileng ea matlafatsa Jesu. Bibele e re: “Ke eena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahlōkō a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlolloa ka sona, ’me joale o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Ba-Heberu 12:2, TLP) Tšepo e thabisang e ileng ea matlafatsa Jesu e ne e le ea ho tlatsetsa ho halaletsoeng ha lebitso la Ntat’ae ka ho boloka botšepehi, hammoho le ho ipaka a tšoaneleha ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ho boloka pono e hlakileng ea tšepo ea rōna, e bang ke ho ba ’musi hammoho le Kreste leholimong kapa ho ba e mong oa bafo ba hae ba tla phela lefatšeng la Paradeise, le hona ho tla re matlafatsa tšebeletsong ea Molimo. Ka sebele, tšepo eo ke ea bohlokoahali bakeng sa ho fumanela meea ea rōna khatholoho.—Ba-Roma 12:12.
15. Litebello tsa rōna tsa bophelo ke life ka ntle ho tšepo ea ’Muso?
15 Nahana ka litebello tsa rōna tsa bophelo ka ntle ho tšepo ea ’Muso. Nako e tloaelehileng ea bophelo ke lilemo tse 70 feela kapa mohlomong tse 80. ’Me litšiu tseo li feta kapele, joalokaha mang kapa mang ea tsofalang a tla u bolella! E, Bibele e bua ’nete ha e re ka bophelo: “Bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.” (Pesaleme ea 90:10) Empa, re batla hore litšiu tsa rōna li ’ne li eketsehe. Re batla ho phela. Ho na le ho hongata haholo hoo re ka ho etsang le hoo re ka ho thabelang.
16. Ho fumanela meea ea rōna khatholoho, ho hlokahala hore re etse eng?
16 Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re tle ho “Jesu Kreste, tšepo ea rōna” ka tumelo! (1 Timothea 1:1) Joalokaha a boletse: “Ho ratoang ke ea nthomileng ke hore, e mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:40, 51) Na re lumela seo? Ho fumanela meea ea rōna khatholoho, joang kapa joang re tlameha ho se lumela. Re ke ke ra atleha ka ntle le ho etsa joalo. Ka sebele, re tlameha ho roala “heleme ea tšepo ea poloko.” (1 Ba-Thessalonika 5:8; bapisa Ba-Heberu 6:19.) Tšepo eo e tlameha ho lebela likelello tsa rōna, monahano oa rōna. Ntle le moo, re tla imeloa ke meroalo le mathata hoo re tla khathala ’me re lahleheloe ke bophelo bo sa feleng. Ka hona, e le hore u thabele khatholoho bakeng sa moea oa hao, tiisa hore u boloka tšepo ea hao ea ’Muso e le matla.
Khatholoho e Tlisoang ke ho Etsa Mosebetsi oa Molimo
17. (a) Ho fumana khatholoho, ho hlokahala eng, hona ke hobane’ng ha see se se boima haholo bakeng sa rōna? (b) Ho amohela joko ea Kreste ho akarelletsa eng?
17 Empa hore re fumane khatholoho, ho hlokahala ho hongata ho feta ho tla ho Jesu feela. O ile a phaella: “Jarang joko ea ka [kapa, “Kenang le ’na tlas’a joko ea ka”] ’me le ithute ho ’na, hobane ke na le mamello ’me ke pelo-nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Hobane joko ea ka e mosa ’me mojaro oa ka o bobebe.” (Mattheu 11:29, 30, New World Translation Reference Bible, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ho jara joko ho tšoantšetsa mosebetsi. Empa hlokomela hore Jesu ha a re kōpe hore re jare joko ’me re etse mosebetsi oohle re le bang. Re lokela ho kena tlas’a joko hammoho le eena. Ntlheng ena, ho amohela joko eo Kreste a fanang ka eona ho akarelletsa ho inehela ho Molimo, ho tšoantšetsa sena ka kolobetso ea metsing, e be joale motho o nka boikarabelo ba ho ba morutuoa oa Kreste. Empa joko e joalo ea ho ba morutuoa e ka tlisa khatholoho joang?
18. (a) Ke hobane’ng ha ho amohela joko ea Kreste ho tlisa khatholoho? (b) Mosebetsi oa ho bolela o re tlisetsa thabo le khatholoho joang?
18 Ho amohela joko ea Kreste ho tlisa khatholoho hobane Jesu o mosa ’me o pelo-nolo. Kaha ke motho ea nahanelang, ho sebetsa le eena tlas’a joko e le ’ngoe hoa khatholla. O nahanela likhaello le mefokolo ea rōna. Joalokaha a boletse, “Joko ea ka e mosa.” Ke ’nete hore joko ea ho ba morutuoa e akarelletsa mosebetsi, mosebetsi oa ho bolela le oa ho ruta o tšoanang le oo Jesu a neng a o etsa le oo a ileng a koetlisetsa balateli ba hae ba pele ho o etsa. (Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Empa, ho bolella ba bang ka Molimo oa rōna o lerato, Mora oa oona, le ’Muso ke mosebetsi o khathollang hakaakang! Ho khatholla hakaakang ho bolella batho hore na ke joang ba ka phelang ka ho sa feleng Paradeiseng! ’Me ha ba arabela molaetseng oa ’Muso o fanang ka bophelo ’me ba ikopanya le rōna ho sebeletsa Jehova Molimo, thabo ea rōna e ba e khōlō hakaakang!—1 Timothea 4:16.
19. Ke hobane’ng ha keletso ea mohoe oa Moshe e lokela ho eloa hloko ke baholo ba phutheho kajeno?
19 Lilemong tsa morao tjena, ho na le ba limillione ba tlileng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ba hlokang ho thusoa ho amohela joko ea Kreste, ’me sena se eketsa boima ba mosebetsi oa baboleli ba ’Muso le ba ba lisitseng. Ho balisa ba moea ba joalo, keletso eo moprofeta Moshe a ileng a e fumana ho mohoe oa hae e lokela ho eloa hloko, ka ho khethehileng. O ile a neha Moshe keletso ena: “Taba eo u e etsang ha e molemo. U tla khathala ruri, uena le sechaba sena se nang le uena, hobane mosebetsi o ea u imela, u ka sitoa ho o phetha u ’notši.” Kahoo o ile a eletsa Moshe hore a khethe banna ba bang ba tšoanelehang ho kopanela mosebetsing oa ho lisa batho. Ho latela keletso ena ho ile ha ipaka e le ho tlisang katleho. (Exoda 18:17-27) Kajeno, koetliso e tsoelang pele e tla hlahisa banna ba bangata ba tšoanelehang, “limpho tsa banna,” ba ka kopanelang boliseng ba mohlape e le hore baholo ba phutheho ba se ke ba khathala.—Ba-Efese 4:8, 16, NW.
20. Jesu Kreste le Ntat’ae ba hloka eng ho rōna?
20 Le hoja Kreste a ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba ikitlaetse ka matla, eena kapa Ntat’ae ha ba batle hore ofe kapa ofe oa rōna a etse ho fetang ho itekanetseng. Ka lekhetlo le leng, ha ba bang ba ne ba nyatsa Maria khaitseli ea Lazaro ka seo a neng a leka ho se etsa lebitsong la Jesu, o ile a ba khalemela, a re: “Mo leseng; . . . O entse seo a neng a ka se etsa.” (Mareka 14:6-8; Luka 13:24) ’Me seo ke sona sohle se lebelletsoeng ho rōna—ho etsa seo re ka khonang ho se etsa. Mosebetsi o joalo oa Bokreste hase moroalo empa ke ntho e khathollang. Hobane’ng? Hobane o tlisa khotsofalo ea ’nete hona joale le tšepo e tiileng ea melemo e sa feleng ka moso.
21. (a) Phahlo ea Kreste e bobebe ke eng, ’me ke eng eo hangata e thatafatsang mosebetsi oa ho bolela? (b) Boikemisetso ba rōna bo tiileng e lokela ho ba bofe, hona e le ka tebello efe e tiileng?
21 Ke ’nete hore Satane o tla etsa hore re hlorisoe, joalokaha Jesu Kreste, eo re keneng jokong le eena, a ile a hlorisoa. (Johanne 15:20; 2 Timothea 3:12) Empa hopola hore hase mojaro o bobebe oa Kreste o leng boima. Ho e-na le hoo, ke khanyetso ea Satane le mahlahana a hae eo hangata e thatafatsang mosebetsi oa rōna haholo. Mojaro oa Kreste o akarelletsa feela ho phelela se hlokoang ke Molimo, ’me sena ha se boima. (1 Johanne 5:3) Joale, e se eka re ka tsoela pele ho lula tlas’a joko ea Jesu Kreste hammoho le eena, re ikitlaetse mosebetsing oa ho bolela le ho ruta, joalokaha a entse. Joalokaha a tšepisitse, ka ho etsa joalo re tla ‘fumanela meea ea rōna khatholoho.’
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ho latela Ba-Roma 8:22, boemo ba batho e bile bofe?
◻ Ho tseba ’nete ho tlisa khatholoho ka litsela life?
◻ Ke hobane’ng ha tšepo ea ’Muso e khatholla hakaale?
◻ Joko ea Jesu ke eng, ’me ke hobane’ng ha e le mosa?
◻ Ke ho nka phahlo efe ho tla re tlisetsa khatholoho?