Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/15 maq. 24-26
  • Matšoele a Ne a Utloa Jesu Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšoele a Ne a Utloa Jesu Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlo Hahlaule Leoatleng la Galilea!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Genesarethe—‘E-ea Babatseha ’me e Ntle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • A7-D Lintho Tse Etsahetseng Bophelong ba Jesu ha a le Lefatšeng—Tšebeletso e Kholo ea Jesu ha a le Galilea (Karolo ea 2)
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Ile ba Phethahala
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/15 maq. 24-26

Matšoele a Ne a Utloa Jesu Joang?

TLALEHO ea Molaetsa ea ..Mattheu e tlaleha hore ka lekhetlo le leng Jesu Kreste “a kena sekepaneng, a lula teng; bongata bohle ba ema lebopong. Eaba, o ba bolella litaba tse ngata ka litšoantšo.” (Mattheu 13:1-35; Mareka 4:1-9) Bukeng ea bona Come See the Place: The Holy Land Jesus Knew, Robert J. Bull le B. Cobbey Crisler ba phahamisa lipotso tse ling tse thahasellisang mabapi le tlaleho ena, Baa botsa: “Motho o ne aka khona joang ho utluoa ke ‘letšoele le leholo’ ntle le ho sebelisa mofuta o mong o itseng oa sehōlisa-lentsoe? Le hore na ho ka etsahala hore ho fetisa molumo ntle le ho sebelisa libuela-hōle se neng se ka hlahisa ho hōlisa ho joalo ha lentsoe?” Mohlomong le uena u ’nile ua ipotsa sena.

Koana, hlokomela karabelo ea bona: “Har’a liphula tse ’maloa tse bōpehileng ka mokhoa oo e kang li khakelelitse tse haufi le Kapernauma, ho na le e ’ngoe e sa tsoa fumanoa e e-na le litšobotsi tsona tseo hantle tsa molumo tsa lebala la tlhaho la lipapali leo ho lona libapali li shebeloang tlaase. Sebakeng sena ho ’nile ha etsoa litlhahlobo tsa ho fetisa molumo ho sa sebelisoe libuela-hōle ho bontša hore ‘letšoele le leholo’ la batho ba ka bang likete tse hlano ho isa ho likete tse supileng, ba bokaneng mona, ka sebele ba ne ba ka bona ba ba ba utloa ka ho hlaka motho ea huang a le sekepaneng se lutseng tulong e haufi le bohare ba phula eo e bōpehileng ka mokhoa eo e kang e khakelelitse.” Empa litlhahlobo tsee tsa ho fetisa molumo ntle le ho sebelisa libuela-hōle li, ne li etsoa joang? Virginia Bortin, mongoli oa litaba tsa ho epolloa ha lintho tsa khale oa hlalosa ho The San Juan Star, koranta ea Puerto Rico.

Ho latela Bortin, moepolli oa lintho tsa khale B. Cobbey Crisler, eo e neng e le mongoli-’moho le eena oa buka e boletsoeng kaholimo, le enjeniere ea mahlale a ho hlahisa molumo ntle le ho sebelisa libuela-hōle Mark Myles ba ile ba etsa litlhahlobo “haufi le Tell Hum, moo e neng e le Kapernauma ea boholo-holo.” Mono “naha e etsa moepa o nyolohang butle ho tloha Leoatleng la Galilea ho ea fihla ’mileng oa kajeno o bohōle bo fetang ba lebala la papali ea bolo ea maoto.” Crisler o ile a kena kahare ho phula eo e bōpehileng ka mokhoa oo e kang e khakelelitse ’me a ema holim’a lefika le leholo moo. Eaba o bulula libalune tse lekanang ka boholo e le hore li ka hlahisa molumo o tšoanang ’me a phunya e ’ngoe le e’ngoe ea tsona kamor’a ho etsa khefu e lekanang. Myles a sebelisa mochine o sebelisang leshala o methang molumo, a tlaleha bophahamo ba molumo ha a ntse a nyolosa ho leba ’mileng. Eaba Crisler o tla lebopong ’me a boela a phunya libalune moo. Phello? Boholo ba molumo bo ne bo phahame haholo ha motho a le kahare ho phula eo e bōpehileng ka mokhoa oo e kang e khakelelitse ho feta ha a le lebōpong! Ka ho thahasellisang, ha Crisler a ntse a le kahare ho phula eo e bōpehileng ka mokhoa oo e kang e khakelelitse, likoloi tse ’maloa tsa bahahlaoli li ile tsa emisa ’mileng o kaholimo ho eena. O ile a khona ho utloa ka ho hlaka ha motho e mong a botsa: “O etsa’ng tlaase moo?” ’Me e mong a arabela: “Ha ke tsebe. O eme mono feela o tšoere libalune tse khubelu.”

Ka ho hlakileng, ha batho ba eme kapa ba lutse kaofela sebakeng sa bophahamo bo lekanang, ’mele, moriri, liphahlo, limela, le sebaka se senang letho li nka molumo oa lentsoe le buelang holimo. Leha ho le joalo, haeba ba le leralleng kapa letsoapong haufi le Kapernauma, sebui, se leng sebakeng se loketseng tlaase se bile se le thōko le bona, se ka utluoa, kaha lentsoe la sona le tla be le hōlisitsoe haholo. Hape, ha rea lokela ho lebala kamoo matšoele a mametseng a neng a theetsa tsebe ka mokhoa o matla, o khutsitseng kateng ka nako eo le ho ba sieo ha marata a mehleng ea kajeno a pota-potileng a lifofane tsa jet, likoloi, literaka, le tse ling.

Empa ho thoe’ng ka makhetlo a mang ao ka ’ona Bibele e tlalehang hore Jesu o ne a bua le matšoele a maholo? Crisler le Myles ba fana ka tlhaloso ea hore Jesu le batho ba bang ba ka Bibeleng ba neng ba bua le matšoele a maholo ka boikemisetso ba ne ba ee ba hle ba “batle libaka tse bulehileng tse tsebahalang ka ho hōlisa ha tsona mantsoe ka tsela ea tlhaho ’me ba li sebelisa bakeng sa ho bua le batho ba bangata haholo.”

Crisler le Myles ba ile ba boela ba etsa lipatlisiso “ho fumana hore na ke batho ba bakae ba neng ba ka utloa Jesu ka ho hlaka tsatsing leo a neng a bua moo ka lona.” Ba nka hore e ne e le letsatsi le khanyang, le hlakileng, ba ile ba hakanya hore “letšoele la ba 5 000 le ba 7 000 le ne le ka utloa Jesu le ho ’mona ha a bua a le lebōpong.” Sena se ile sa etsa hore mongoli oa koranta Bortin a etse qeto ea hore “sena se tšehetsa Litlaleho tsa Melaetsa tsa batho ba bangata haholo ba tsoang Palestina eohle ba neng ba phuthehela Galilea ho tla bona ka mahlo motho ea folisang ka mokhoa oa mohlolo ha a bua le bona ka lipapiso. Ka sebele sebaka seo Kapernauma e leng ho sona ka lebala la sona la lipapali la tlhaho leo ho lona libapali li shebeloang tlaase le ne le nea e mong le e mong monyetla oa hore a ’mone ka ho hlaka.”

Ke ’nete hore ho ke ke ha boleloa ka tieo hore Crisler le Myles ba hlile ba fumane sebaka seo Jesu a neng a rutela ho sona lebōpong la leoatle. Empa hoa thahasellisa ho hlokomela hore sebaka seo ho hakanngoang hore e ka ba sona ke sebaka se nang le lihlahla tse ngata le mafika a mangata, le lipalesa tse tšehla tsa mosetareda li ntse li hōla kahare ho tsona. Kahona hore e be Jesu o ile a li sebelisa ka mokhoa o hlahelletseng litšoantšong tsa hae ho ne ho ka tlatsetsa thutong ea hae. Sebakeng seo se hōlisang lentsoe ka mokhoa o motle ntle le libuela—hōle, taelo ea Jesu ea ho ‘mamela’ le eona e ne e tla ba e loketseng ka ho fetisisa. (Mareka 4:3) Ka ho tšoanang, ho sebelisa ha hae lentsoe “litsebe” le mefuta e mengata ea ketso e bolelang “ho utloa” ho ne ho ka ananeloa habobebe ke bamameli ba hae kaofela sebakeng se joalo. E, bohle baneng ba le teng moo “lebaleng la lipapali la tlhaho leo ho lona libapali li shebeloang tlaase” ba ne ba ke ke ba utloa le ho bona Jesu ka ho hlaka feela empa hape ba ne ba ka fumana moelelo o feletseng oa litšoantšo tsa hae ka hore feela ba talime se ba potileng.

[’Mapa o leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Moo e neng e le:

1. Kapernauma

2. Phula ea Genezarethe

3. Tiberiase

4. Moo Nōka ea Jordane e tsoelang ka boroa teng

5. Thaba ea Thabore

Leoatle la Galilea

Galilea

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

E theiloe ’mapeng o hatisitsoeng ke Polokelo ea Litšoantšo (Near Eastern History) Est. le Tlhahlobo ea Iseraele

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho talima leboea bochabela ho iphaphatha ka Leoatle la Galilea malebana le Kapernauma; ho talimiloe ho tloha qetellong ea Phula ea Genezarethe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Polokelo ea Litšoantšo (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kou e ka leboea bophirimela ea Leoatle la Galilea. Mohlomong, e ne e le haufi le Kapernauma moo Jesu a neng a bua le bongata a le sekepaneng teng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Polokelo ea Litšoantšo (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela