E-bang Sebete ka ho Feletseng!
“E-bang sebete ka ho feletseng ’me le re: ‘Jehova ke mothusi oa ka.’”—BA-HEBERU 13:6, NW.
1. Ke ho se tšabe hofe ho ileng ha bonahatsoa ke ba ileng ba ithuta ’nete ea Molimo lekholong la pele la lilemo C.E.?
ENE e le lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Messia ea ’nileng a leteloa ka nako e telele o ne a se a tlile. O ne a rutile barutuoa ba hae hamolemo ’me o ne a se a qalisitse mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolela. E ne e le nako ea hore batho ba utloe litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kahoo, banna le basali ba neng ba se ba ithutile ’nete ba ne ba bolela molaetsa oo o babatsehang ba sa tšabe letho.—Mattheu 28:19, 20.
2. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li be sebete kajeno?
2 ’Muso o ne o e-s’o thehoe nakong eo. Empa Morena ea Khethiloeng, Jesu Kreste, o ne a profetile ka ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng matleng a ’Muso nakong e tlang. Ho ne ho tla tšoauoa ka lintho tse kang ntoa eo ho seng e kileng ea tšoana le eona, litlala, mafu a akaretsang, litšisinyeho tsa lefatše le ho boleloa ha litaba tse molemo lefatšeng lohle. (Mattheu 24:3-14, NW; Luka 21:10, 11, NW) Joaloka Lipaki tsa Jehova, ho hlokahala hore re be sebete e le hore re ka sebetsana ka katleho le maemo ana le mahloriso ao re tobanang le ’ona. Kahoo, ho tla ba molemo ho hlahloba litlaleho tsa Bibele tse buang ka baboleli ba ’Muso ba sebete ba lekholong la pele la lilemo C.E.
Sebete sa ho Etsisa Kreste
3. Ke mang ea behang mohlala o molemohali oa sebete, ’me ho itsoe’ng ka eena ho Ba-Heberu 12:1-3?
3 Jesu Kreste o beha mohlala o molemohali oa sebete. Ka mor’a ho bua ka ‘leru le leholo’ la lipaki tsa Jehova tse sebete tsa pele ho Bokreste, moapostola Pauluse o lebisa tlhokomelo ea hae ho Jesu ha a re: “Ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tšoasang feela, ’me re ke re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng, re ntse re talimile Jesu, [“Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna,” NW], ea mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo. Le fele le lemohe ea mameletseng khanyetso e kalo ea baetsalibe, le tle le se ke la khathala ke ho felloa ke lipelo.”—Ba-Heberu 12:1-3.
4. Jesu o ile a bonahatsa sebete ka tsela efe ha a ne a lekoa ke Satane?
4 Ka mor’a kolobetso ea hae le matsatsi a 40 a ho thuisa, ho rapela le ho itima lijo lefeelleng, ka sebete Jesu o ile a hanyetsa Satane. Ha a lekoa ke Diabolose hore a fetole majoe bohobe, Jesu o ile a hana hobane ho ne ho fosahetse hore a etse mohlolo ka morero oa ho khotsofatsa takatso ea hae ea botho. Jesu o itse, “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” Ha Satane a mo phephetsa hore a itihele tlhōrōng ea tempele, Jesu o ile a hana hobane e ne e tla ba sebe se seholo ho leka Molimo hore a mo sireletse ho hoo e neng e ka ba ho ipolaea. Kreste o ile a re: “Ho ngoliloe hape, ho thoe: U se ke ua leka Morena, Molimo oa hao.” Satane o ile a tšepisa ho mo neha mebuso eohle ea lefatše bakeng sa ‘ketso e itseng ea borapeli,’ empa Jesu o ne a ke ke a koeneha eaba u tšehetsa phephetso ea Diabolose ea hore batho ba ke ke ba tšepahala ho Molimo tlas’a teko. Kahoo, Jesu a re: “Tloha, Satane, hobane ho ngoliloe, ho thoe: Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” Ka mor’a karabo eo, Moleki a ‘mo lesa ho fihlela ka nako e ’ngoe e loketseng.’—Mattheu 4:1-11; Luka 4:13.
5. Re ka thusoa ke eng hore re hanyetse moleko?
5 Jesu o ne a ikokobeletsa Jehova ’me a hanyetsa Satane. Haeba ka ho tšoanang ‘re ikokobeletsa Molimo ’me re hanyetsa Diabolose, o tla re balehela.’ (Jakobo 4:7) Joaloka Jesu, ka sebete re ka mamella teko haeba re sebetsa tumellanong le Mangolo, mohlomong re bile re a qotsa nakong eo re lekoang hore re etse sebe. Na ho ka etsahala hore re inehele molekong oa ho utsoa haeba ka nako eo re ikhopotsa molao oa Molimo o reng: “U se ke ua utsoa”? Na Bakreste ba babeli ba ka inehela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali haeba esita leha a le mong oa bona ka sebete a qotsa mantsoe aa: “U se ke ua feba”?—Ba-Roma 13:8-10; Exoda 20:14, 15.
6. Jesu o hlōtse lefatše ka sebete joang?
6 Joaloka Bakreste ba hloiloeng ke lefatše lena, re ka qoba moea oa lona le boitšoaro ba boetsalibe. Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo [“le be sebete,” NW]; ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) O ile a hlōla lefatše ka ho se tšoane le lona. Mohlala oa hae joaloka mohlōli le phello ea tsela ea hae ea ho boloka botšepehi o ka re tlatsa ka sebete sa ho mo etsisa ka ho lula re arohile lefatšeng lena ’me re sa silafatsoa ke lona.—Johanne 17:16.
Sebete sa ho Tsoela Pele re Bolela
7, 8. Ke’ng se ka re thusang hore re tsoele pele re bolela ho sa tsotellehe mahloriso?
7 Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba tšepa Molimo bakeng sa sebete sa ho tsoela pele ba bolela ho sa tsotellehe mahloriso. A sa tšabe Kreste o ile a phetha tšebeletso ea hae ho sa tsotellehe mahloriso, ’me ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., balateli ba hae ba neng ba hlorisoa ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le hoja baeta-pele ba bolumeli ba Bojode ba ne ba leka ho ba thibela. (Liketso 4:18-20; 5:29) Barutuoa ba ile ba rapela: “Morena, bona litšokelo tsa bona, ’me u nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentsoe la hao, ba sa tšabe letho.” ’Me ho ile ha etsahala eng? “Eitse hobane ba rapele, ng̀alo eo ba phuthehetseng ho eona ea sisinyeha, ’me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba bolela lentsoe la Molimo ka matla [“ba sa tšabe letho,” NW].”—Liketso 4:24-31.
8 Kaha batho ba bangata kajeno ha ba amohele litaba tse molemo, hangata ho hlokahala hore re se be le tšabo e le hore re ka tsoela pele ho ba bolella. Haholo-holo ha ba hlorisoa, bahlanka ba Jehova ba hloka sebete sa Bomolimo e le hore ba ka beha bopaki ka tsela e feletseng. (Liketso 2:40; 20:24) Kahoo ’moleli oa ’Muso ea sebete Pauluse o ile a bolella mosebetsi-’moho le eena e mocha, ea se nang phihlelo: “Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello. Ka baka leo, u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki ba Morena oa rōna, leha e le ka ’na ke leng moholehuoa oa hae, empa u inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Molimo.” (2 Timothea 1:7, 8) Haeba re rapella sebete, re tla khona ho tsoela pele re bolela, ’me esita le mahloriso a ke ke a re amoha thabo ea rōna re le baboleli ba ’Muso.—Mattheu 5:10-12.
Sebete sa ho Nka Lehlakore la Jehova
9, 10. (a) Bajode le Balichaba ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa’ng hore e be balateli ba Kreste ba kolobelitsoeng? (b) Ke hobane’ng ha sebete se ne se hlokahala bakeng sa ho ba Bakreste?
9 Bajode ba bangata ba lekholo la pele la lilemo le Balichaba ka sebete ba ile ba tlohela litloaelo tseo e seng tsa mangolo e le hore e ka ba balateli ba kolobelitsoeng ba Kreste. Nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., “barutuoa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha lumela le baprista ba bangata.” (Liketso 6:7) Bajode bao ba ne ba na le sebete sa ho khaola litlamo tsa bolumeli le ho amohela Jesu e le Messia.
10 Ho tloha ka 36 C.E., Balichaba ba bangata ba ile ba fetoha balumeli. Ha Kornele, litho tsa lelapa la hae le Balichaba ba bang ba utloa litaba tse molemo, ba ile ba li amohela hang-hang, ba amohela moea o halalelang, ’me ba “kolobetsoa ka lebitso la Jesu Kreste.” (Liketso 10:1-48, NW) Filippi molebeli oa teronko oa Molichaba le lelapa la hae ba amohela Bokreste ka potlako, ’me “eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa ka ntle ho tieho.” (Liketso 16:25-34, NW) Ho nka bohato bo joalo ho ne ho hloka sebete hobane Bakreste e ne e le sehlopha se senyenyane se sa tloaelehang, se hlorisoang. Le hona joale ho ntse ho le joalo. Empa haeba ha u e-s’o inehele ho Molimo le ho kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, na ena hase nako ea hore u nke mehato ena e bonahatsang sebete?
Sebete Malapeng a Arohaneng
11. Eunice le Timothea ba ile ba beha mohlala ofe o motle oa sebete?
11 Eunice le mor’a hae Timothea ba behile mohlala o motle oa tumelo e nang le sebete lelapeng le arohaneng bolumeling. Le hoja Eunice a ne a na le monna oa mohetene, o ile a ruta mora oa hae “Mangolo a Halalelang” ho tloha boseeeng. (2 Timothea 3:14-17) Ha a fetoha Mokreste, o ile a bonahatsa ‘tumelo e se nang boikaketsi.’ (2 Timothea 1:5) Hape o bile le sebete sa ho fetisetsa thuto ea Bokreste ho Timothea ha a ntse a bontša tlhompho bakeng sa bohlooho ba monna oa hae ea sa lumelang. Ruri, tumelo ea hae le sebete li ile tsa putsoa ha mora oa hae ea koetlisitsoeng hantle a khetheloa ho tsamaea le Pauluse maetong a boromuoa. Sena se ka khothatsa batsoali ba Bakreste ba iphumanang ba le maemong a tšoanang le ao hakaakang!
12. Timothea o ile a fetoha motho oa mofuta ofe, ’me hona joale ke bo-mang ba ipakang ba tšoana le eena?
12 Le hoja Timothea a ne a phela lelapeng le arohaneng bolumeling, ka sebete o ile a amohela Bokreste ’me a fetoha motho oa moea eo Pauluse a neng a ka re ka eena: “Ke tšepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le [Bafilippi] romele Timothea, ke tle ke khothahale, ha ke utloa kamoo taba tsa lōna li lutseng kateng. Hobane ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, leha e le ea hlokomelang taba tsa lōna ka sebele joale ka eena. . . . le tseba liketso tsa hae, kamoo a ntšebelelitseng Evangeling, joale ka ngoana ha a sebeletsa ntat’ae.” (Ba-Filippi 2:19-22) Kajeno, bashemane ba bangata le banana malapeng a arohaneng bolumeling ba amohela Bokreste ba ’nete ba sa tšabe. Joaloka Timothea ba ipaka ka liketso, ’me re thaba hakaakang hore ebe ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova!
Sebete sa ho ‘Beha Bophelo ba Rōna Kotsing’
13. Akila le Priscilla ba ile ba bonahatsa sebete ka tsela efe?
13 Akila le mosali oa hae, Priscilla (Prisca), ba behile mohlala ka hore ka sebete ‘ba behe bophelo ba bona kotsing’ bakeng sa molumeli-’moho le bona. Ba ile ba amohela Pauluse lehaeng la bona, ba sebetsa le eena mosebetsing oa ho etsa litente, ’me ba mo thusa ho haha phutheho e ncha Korinthe. (Liketso 18:1-4) Nakong ea botsoalle ba bona ba lilemo tse 15, ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la hae ka tsela e sa boleloang. Ba ne ba lula Roma ha a ne a bua le Bakreste ba moo a re: “Ntumelisetseng Priscilla le Akila, batlatsi ba ka ho Jesu Kreste; ba kileng ba ntella lihloho tsa bona ho mpholosa; ’me hase ’na feela ke ba lebohang, ba lebohuoa le ke likereke tsohle tsa ba-lichaba.”—Ba-Roma 16:3, 4.
14. Ke molao ofe oo Akila le Prisca ba neng ba sebetsa tumellanong le oona ka ho beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la Pauluse?
14 Ka ho beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa Pauluse, Akila le Prisca ba ile ba sebetsa tumellanong le mantsoe a Jesu: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” (Johanne 13:34) Molao ona o ne o le “mocha” hobane o ne o fetela ka ’ng̀ane ho seo Molao oa Moshe o neng o se hloka hore motho a rate oa habo joalokaha a ithata. (Levitike 19:18) O ne o hloka lerato la boitelo le ka eang bohōleng ba hore motho a telle ba bang bophelo ba hae, joalokaha Jesu a ile a etsa. Mongoli Tertullian oa lekholo la bobeli le la boraro la lilemo C.E. o ile a qotsa mantsoe a batho ba lefatše mabapi le Bakreste ha a ngola: “Ba re, ‘bonang kamoo ba ratanang ka teng . . . le kamoo ba ikemiselitseng ho shoelana ka teng.’” (Apology, khaolo XXXIX, 7) Haholo-holo har’a mahloriso e se e ka re ka ikemisetsa ho bonahatsa lerato la boena ka hore ka sebete re behe bophelo ba rōna kotsing e le hore re qobe ho pepesetsa balumeli-’moho le rōna tšoaro e sehlōho kapa lefu matsohong a sera.—1 Johanne 3:16.
Sebete se Tlisa Thabo
15, 16. Joalokaha ho bontšitsoe ho Liketso khaolo 16, sebete le thabo li ka amahanngoa joang?
15 Pauluse le Silase ba fana ka bopaki ba hore ho bonahatsa sebete nakong ea liteko ho ka tlisa thabo. Ka taelo ea bo-’maseterata ba ’muso motseng oa Filippi, ba ile ba shapuoa ka lithupa phatlalatsa ’me maoto le matsoho a bona a kenngoa metšoasong ea teronko. Leha ho le joalo ha baa ka ba nyahama le ho thothometsoa ke tšabo. Ho sa tsotellehe maemo a bona a lekang, ba ne ba ntse ba na le sebete sa bomolimo le thabo eo se e tlisang ho Bakreste ba tšepahalang.
16 Hoo e ka bang har’a bosiu, Pauluse le Silase ba ne ba rapela le ho rorisa Molimo ka pina. Ka tšohanyetso, tšisinyeho ea lefatše ea thothometsa teronko, ea tlamolla mahlaahlela a bona, ’me ea bula mamati. Molebeli oa teronko ea tšohileng le lelapa la hae ba ile ba fuoa bopaki bo bonahatsang sebete bo ileng ba lebisa kolobetsong ea bona e le bahlanka ba Jehova. Eena ka boeena “a thaba kahobane a lumetse ho Molimo hammoho le ba ntlo ea hae kaofela.” (Liketso 16:16-34) E tlameha ebe sena se ile sa thabisa Pauluse le Silase hakaakang! Ha re se re hlahlobile mohlala ona le e meng ea Mangolo ea sebete, ke joang re ka lulang re le sebete joaloka bahlanka ba Jehova?
Tsoela Pele ho ba Sebete
17. Joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 27, ho tšepa Jehova ho amana joang le sebete?
17 Ho tšepa Jehova ho tla re thusa ho lula re le sebete. Davida o ile a bina: “U itšepele Jehova, u be matla [“sebete,” NW], pelo ea hao e tiee! U itšepele Jehova.” (Pesaleme ea 27:14) Pesaleme ea 27 e bontša hore Davida o ile a tšepa Jehova joaloka “qhobosheane” ea bophelo ba hae. (Temana 1) Ha a se a bone kamoo Molimo a sebetsaneng le lira tsa Davida nakong e fetileng o ile a ba sebete. (Temana 2, 3) Lebaka le leng e bile kananelo bakeng sa setsi sa Jehova sa borapeli. (Temana 4) Ho tšepa thuso ea Jehova, tšireletso, le ho lokolla ha hae le hona ho ile ha matlafatsa sebete sa Davida. (Temana 5-10) Ntho e ’ngoe e ileng ea mo thusa ke koetliso e tsoelang pele ea melao-motheo ea tsela ea Jehova e lokileng. (Temana 11) Thapelo e tiileng bakeng sa ho lokoloha lireng tsa hae, hammoho le tumelo le tšepo, li ile tsa thusa Davida hore a be sebete. (Temana 12-14) Re ka matlafatsa sebete sa rōna ka litsela tse tšoanang, kahoo re bontša hore ruri re ‘tšepa Jehova.’
18. (a) Ke’ng se bontšang hore ho kopanela ka mehla le barapeli ba Jehova ’moho le rōna ho ka re thusa ho lula re le sebete? (b) Liboka tsa Bokreste li phetha karolo efe tabeng ea ho matlafatsa sebete?
18 Ho kopanela ka mehla le barapeli ba Jehova ’moho le rōna ho ka re thusa ho lula re le sebete. Ha Pauluse a ipiletsa ho Cesare ’me a ea Roma, balumeli-’moho le eena ba ile ba kopana le eena Lepatlelong la Appiuse le Matlong a Phapohelo a Mararo. Tlaleho e re: “Eare ha Pauluse a ba bona, a leboha Molimo, a beta pelo.” (Liketso 28:15) Ha re ntse re kopanela libokeng tsa Bokreste ka mehla, re ela hloko keletso ea Pauluse: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Ho khothatsana ho bolela’ng? Ho khothatsa ho bolela “ho susumetsa ka sebete moea kapa tšepo.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Re ka etsa ho hongata ho susumetsa Bakreste ba bang ka sebete, ’me ka ho tšoanang khothatso ea bona e ka haha tšoaneleho ena ka ho rōna.
19. Mangolo le lingoliloeng tsa Bokreste li amana joang le hore re lule re le sebete?
19 Ho lula re le sebete, re tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mehla le ho sebelisa keletso ea lona bophelong ba rōna. (Deuteronoma 31:9-12; Joshua 1:8) Thuto ea rōna ea ka mehla e lokela ho akareletsa lingoliloeng tsa Bokreste tse theiloeng Mangolong, hobane keletso e utloahalang e fanoang ka tsela eo e tla re thusa ho tobana le liteko tsa tumelo ka sebete sa Bomolimo. Litlalehong tsa Bibele re bone kamoo bahlanka ba Jehova ba ’nileng ba ba sebete maemong a sa tšoaneng. Hona joale, re ka ’na ra se tsebe kamoo boitsebiso bo joalo bo ka re thusang ka teng, empa Lentsoe la Molimo le na le matla, ’me seo re ithutang sona ho lona se ka re tsoela molemo ka mehla. (Ba-Heberu 4:12) Ka mohlala, haeba tšabo ea motho e ka qala ho ama tšebeletso ea rōna, re ka hopola kamoo Henoke a neng a na le sebete sa ho fetisetsa molaetsa oa Molimo ho batho ba sa rateng Molimo.—Juda 14, 15.
20. Ke hobane’ng ha ho boleloa hore thapelo ea hlokahala e le hore re ka lula re le bahlanka ba Jehova ba sebete?
20 E le hore re ka lula re le sebete joaloka bahlanka ba Jehova, re tlameha ho tiea thapelong. (Ba-Roma 12:12) Jesu o ile a mamella liteko tsa hae ka sebete hobane o ile a “lebisa thapeli le likōpo tse matla ho Ea neng a ka mo pholosa lefung, ka mehoo e matla le meokho, ’me o ile a utluoa ka baka la tšabo ea hae ea bomolimo.” (Ba-Heberu 5:7, NW) Ka ho atamelana le Molimo thapelong, ha re n’o tšoana le maoatla a lefatše ao qetello ea ’ona e tla ba “lefu la bobeli” leo ho seng tsoho ho lona. (Tšenolo 21:8) Tšireletso ea Molimo le bophelo lefatšeng le lecha la Molimo li tla fumanoa ke bahlanka ba hae ba sebete.
21. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang li ka ba sebete?
21 Joaloka Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang, ha ho hlokahale hore re tšabe lira tsa bademona le batho, hobane re tšehelitsoe ke Molimo le mohlala oa Jesu oa sebete joaloka ea hlōtseng lefatše. Ho kopana le batho ba Jehova ho hahang moeeng le hona ho re thusa hore re be sebete. Hape sebete sa rōna se matlafatsoa ke tataiso le keletso ea Mangolo le lingoliloeng tsa Bokreste. ’Me litlaleho tsa Bibele tsa bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng li re thusa ho tsamaea litseleng tsa hae ka sebete. Kahoo, mehleng ena ea qetello e mahlonoko, a re tsoeleng pele re sa tšabe tšebeletsong e halalelang. E, e se eka batho bohle ba Jehova ba ka ba sebete ka ho feletseng!
U ka Araba Joang?
◻ Mohlala oa Jesu o ka re tlatsa ka sebete joang?
◻ Ke’ng se ileng sa fa Jesu le barutuoa ba hae sebete sa ho tsoela pele ba bolela?
◻ Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Bajode le Balichaba ba be sebete e le hore ba ka ema le Jehova?
◻ Eunice le Timothea ba behile mehlala efe ea sebete?
◻ Ke bopaki bofe bo leng teng ba hore sebete se tlisa thabo esita le har’a mahloriso?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Joaloka Jesu, re ka hanyetsa moleko haeba re sebelisa Mangolo re bile re a qotsa