Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 11/8 maq. 16-18
  • Ke Joang Nka Pholohang Karohano ea Batsoali ba ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Nka Pholohang Karohano ea Batsoali ba ka?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fetola Pono ea Hao
  • E-ea ho ba Bang
  • E-ba le Kemiso ea Lintho tsa Moea
  • Batsoali ba ka Baa Arohana—Ke Eng Seo ke Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobaneng ha ’Mè le Ntate ba Arohane?
    Tsoha!—1988
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 11/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Joang Nka Pholohang Karohano ea Batsoali ba ka?

“Ka mor’a hore batsoali ba ka ba arohane, re ile ra tlameha ho falla. Re ne re se na koloi, kahoo ’Mè o ne a tlameha ho sebelisa bese bakeng sa ho tsamaea le ho re siea ho mohlokomeli oa bana. Joale re ne re bona liphetoho ka tlung. Ntate o ne a lebelletsoe ho lefa litšenyehelo tsa bana, empa hangata o ne a sa li lefe, kahoo ’Mè o ile a tlameha ho li lefella. Qetellong ha a ka a hlola a li lefa.”—Anne.a

KA MOR’A lilemo tse 14, batsoali ba Anne ba ntse ba arohane empa ha baa hlalana. Haeba u fetile phihlelong e bohloko ea ho shebella batsoali ba hao ha ba arohana, u ka tseba hantle kamoo a ikutloang ka teng. Mohlomong ho se ho fetile libeke, likhoeli, kapa lilemo tse ngata hore ebe pherekano eo u bileng le eona qalong e felile. Empa ka linako tse ling u ka ’na ua ipotsa hore na u tla khona joang ho tsoela pele u phela ka tsela ena. Ho ntse ho se tlhalo kapa poelano; ho se tiisehe ho ntse ho hlahisa lefifi la hona le tšoenyang bophelong ba hao.

Bolutu le bona bo ka ’na ba u tšoara. Ka mor’a karohano ea batsoali ba Brad, ’m’ae o ne a e-na le mesebetsi e ’meli ’me a ba a ea sekolong sa mosebetsi. Brad o ne a mo hloloheloa haholo. Oa hopola: “Bosiung bo bong ke ile ka ipata ka koloing hore ke tle ke ee le eena mosebetsing. Empa hang ha ke le moo, ke ne ke le moroalo. Motho e mong o ne a tlameha ho nkhutlisetsa hae.” Ruri, bana ba bangata ba batsoali ba arohaneng ba ikutloa eka karohano e ba amohile batsoali ka bobeli. Ho joalokaha mocha e mong ea bitsoang Mike, o re: “Re ile ra lahleheloa ke ntat’a rōna ka hore a lule le mosali e mong, joale re lahlehetsoe ke ’mè ka lebaka la mesebetsi ea hae.”

Bolutu, ho se tiisehe le boemo ba moruo bo fetohileng—haeba batsoali ba hao ba arohane, ho hlokahala hore u sebetsane le mathata a joalo. U ka ba le katamelo e ntle joang?

Ho Fetola Pono ea Hao

Ntoa ena, joaloka tse ling tse ngata, e qala kelellong le pelong ea hao. U ka ’na ua tloaela ho nahana ka karohano ea batsoali ka linako tsohle, ua tšoenyeha ka eona ka ho felletseng esita le ho oela tloaelong ea ho ikutloela bohloko eo ho leng thata ho e phonyoha. Leha ho le joalo, u ka itšireletsa tlhaselong ea ho apareloa ke lipelaelo.

Sehloohong se fetileng letotong lena, re tšoantšitse ho pholoha karohano ea batsoali ba hao le ho feta har’a sefefo bophelong ba hao.b Ka ho thahasellisang Bibele e re bolella kamoo moapostola Petrose a kileng a thulana le sefefo sa sebele leoatleng. Ha sefefo se befile ka ho fetisisa, o ile a bona Jesu Kreste a tsamaea holim’a metsi a sa tsoe kotsi! Jesu a ba a mema Petrose hore a tle ho eena a tsamaea holim’a metsi a leoatle. Empa Petrose ha a ka a tsamaea sebaka se se lelele pele a qala ho teba. Hobane’ng?

Mattheu 14:30 (NW), e re: “Empa ha a bona sefefo sa moea, [Petrose] o ile a tšoha ’me . . . [o ile] a qala ho teba.” Seo Petrose a neng a se hloka e ne e le tumelo, eseng tšabo. Empa eare ha a lemoha sefefo, le maqhubu a sona a lumang, le ho sututsoa ke moea, o ile a tšoha. Ha a ka a isa tlhokomelo ea hae ho Jesu, ea neng a ka mo thibela ho teba. Ho ka ba joalo le ka uena. Ha u ntse u nahana haholo ka mathata a hao, a tla bonahala e le a tšosang haholoanyane. Ho e-na le hoo, nahana ka litharollo.

Meg, eo batsoali ba hae ba arohaneng, o beha taba ka tsela ena: “U nahana haholo ka boemo bo sa tsoa etsahala. U ke ke ua bo fetola.” Randy o bua mantsoe a tšoanang: “Ha u nahana ka mokhoa o fosahetseng, u kena qhafutsong ena ha u nahanisisa ka mehopolo e tšoanang ka linako tsohle, joaloka teraka e qailoeng seretseng.” U ka qaoloha joang?

E-ea ho ba Bang

Meg o re: “Buisana le e mong ea nang le phihlelo ebile a hōlile moeeng, motho ea ka u thusang hore u bone lintho ka mokhoa o hlakileng.” Motsoalle ea joalo a ka u thusa hore u nahane ka lintho tse nepahetseng haholoanyane. Ho joalokaha Liproverbia 17:17 e bolela: “Ka mehla metsoalle e bontšana lerato. Baena ke ba ho etsa eng haese ho bolellana likhathatso?” (Today’s English Version) Kahoo ha u ntse u loantšana le karohano ea batsoali ba hao, haholo-holo bolutu bo e latelang, u ka ’na ua lakatsa ho ea ho metsoalle ea hao le ho itšetleha ka eona ho feta kamoo u kileng ua etsa pele.

Leha ho le joalo, hlokomela. Hase metsoalle eohle e tla u thusa hore u tsoe bothateng bona. E meng e tla u bakela mathata a eketsehileng. Mike oa hopola: “Ka mor’a hore batsoali ba ka ba arohane, ke ne ke e-na le lerato leo eseng la tlhaho ho metsoalle ea ka. Re ne re bapala hammoho, empa hangata re ne re kena likhathatsong hammoho—likhathatsong tse kang tsa lithethefatsi le ho loana. Ka nakoana ke ile ka nahana hore haeba ke lahleheloa ke metsoalle ea ka, ke tla lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hoo e ne e le ho ithetsa, hamorao ke ile ka fumana hore e ne e hlile e sa tšepahale. E ile ea mphetohela. E mong oa bona o ile a ba a iketsa ’na ha mapolesa a ne a mo tšoara a senya mohaho oa sekolo.”

Che, hase metsoalle eohle eo e leng ea ’nete. Ho joalokaha Liproverbia 18:24 e bolela: “Ho na le metsoalle e meng e isang motho tšenyehong, e meng e khomarela motho ho feta ngoan’abo.” (The Jerusalem Bible) Ka lehlohonolo, hamorao Mike o ile a fumana mofuta o nepahetseng oa metsoalle. O hopola e mong ka ho khethehileng: “Ho ’na o ne a le joaloka moholoane oa ka. O ile a ithuta Bibele le ’na, ’me o bile a etsa lintho tse ling le ’na. O ne a bile a sebetsa le ’na. ’Me ha a ka a etsa hore ke ikutloe sena e le mosebetsi o tenang. Ho fihlela kajeno kea tseba hore sena se ile sa ama bophelo ba ka. Haeba ke ne ke sa ka ka kopana le eena, ha ke tsebe hore na nka be ke le eng hona joale.”

Ke hokae moo u ka fumanang motsoalle ea joalo? Jesu o ile a tšepisa hore phutheho ea Bokreste e ne e ka fa motho “banab’abo, le likhaitseli, le bo-’m’ae, le bana,” ha a se na bona. (Mareka 10:30) Ka hona, Mike o ile a fumana metsoalle libokeng tsa Lipaki tsa Jehova.

Tom le eena o ile a e fumana. Oa hopola: “Moena e mong ka phuthehong o ile a ntšoara joalokaha eka ke mor’a hae e moholo. ’Me khaitseli e mong ea hōlileng o ile a ba joaloka nkhono oa rōna. Ka mehla phutheho e ne e hlile e re rata, ’me hoa makatsa hore na hona ho u etsetsa ho hongata hakae.” Kahoo Tom o re: “Haeba u se na ntate, iphumanele e mong ka phuthehong. Lekhatheng lena, boloka likamano tsa lelapa tseo u nang le tsona, ’me le atamelane haufi-ufi.” Banab’eno, likhaitseli, bo-nkhono le bo-ntate moholo, le beng ka uena ba bang kaofela e ka ba metsoalle ea hao e tšepahalang.—Liproverbia 13:20.

Empa botsoalle bo boholo ka ho fetisisa boo u ka bo etsang, ke boo u ka bo etsang le ’Mōpi oa hao, Jehova. Ha batsoali ba arohana, tšepiso e ho Jakobo 4:8 ke e tšelisang ka ho khethehileng: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.”

E-ba le Kemiso ea Lintho tsa Moea

Ho ea libokeng tsa Bokreste ka mehla ho tla u thusa hore u etse seo—ho atamela Molimo, ka ho ithuta ka ’ona. Liboka li tla boela li u thuse ho fumana metsoalle e mecha. (Ba-Heberu 10:24, 25) Empa liboka le mesebetsi e meng ea Bokreste li ka etsa hore bophelo ba hao bo hlophisehe ’me bo be le kemiso. Seo ke sa bohlokoa haholo-holo haeba karohano e bakile pherekano kemisong ea lelapa leno, ’me e tlatsitse bophelo ba hao ka ho hloka botsitso.

Ruri, hona joale u ka ’na ua susumelletseha hore u hanyetse likemiso tsohle tse hlophisitsoeng. Ka ho khethehileng sekolo se ka bonahala e le mojaro. Mike oa hopola: “Ke ile ka ba le boikutlo ba ho ‘ho se tsotelle.’ Ke ile ka qala ho sebetsa hampe sekolong, ’me ke ile ka nahana hore, ‘haeba ’mè le ntate ba sa tsotelle ho kopanya lelapa, le ’na ha ke tsotelle.’ Karohano ea bona ke lebaka la ka la ho se etse boiteko.”

Empa u se ke ua etsa phoso ea ho sebelisa karohano e le lebaka la ho hlokomoloha lintho tse tla u thusa ka ho fetisisa. Buka Surviving the Breakup e re bakeng sa bana ba batsoali ba hlalaneng “sekolo se ile sa ba molemo haholo-holo hobane se ile sa ba fa motheo . . . Ho ne ho hlakile hore bana ba bangata ba ne ba tšehelitsoe ke sekolo ka mokhoa ona oa motheo, ho sa tsotellehe boleng ba tšebetso ea bona lithutong tsa sekolo le litšebelisanong tsa bona le ba bang sekolong.”

Sekolo se ka u thusa hape le ho haha litšobotsi le tsebo le taeo tse ka u thusang bophelong bohle ba hao—esita le ho u etsa ea tšoanelehang haholoanyane mosebetsing. Haeba lelapa leno le ile la ba le mathata a lichelete ka baka la karohano, joaloka a mangata, mohlong u ka bona molemo oa ho itokisetsa hona joale ho fumana mosebetsi o tla u thusa hore u tle u hlokomele litlhoko tsa hao nakong e tlang.

Leha ho le joalo, bokamoso ba hao, hase bo ke keng ba laoleha. U ka pholoha karohano ea batsoali ba hao. U hlomelletsoe hamolemo hore u etse sena. Bafuputsi ba tlhalo ba hlokometse hore bacha ba bangata ba pholoha karohano ea batsoali ba bona ba sa tsoa kotsi. Ba bangata ba bile ba ithuta ka liphoso tsa batsoali ba bona ’me ba ntlafatsoa ka litsela tse ling ke phihlelo ea batsoali ba bona.c

Bokamoso ba hao ha boa tlameha ho ba bo sa tsitsang. Ha boa tlameha ho ba bolutu. Haeba u ea ho metsoalle e nepahetseng, khomarela kemiso e hlophisitsoeng ea lintho tsa moea, ’me u hanele ho lula u nahana ka ho fetelletseng ka bothata ba hao, bokamoso ba hao e ka ba bo tsitsitseng. Ha ho pelaelo hore e ka ba bo bolelele le bo thabileng.—Liproverbia 3:1, 2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Batsoali ba ka Baa Arohana—Ke Eng Seo ke Lokelang ho se Etsa?” se tokollong ea Tsoha! ea September 8, 1990, se hlahloba tse ling tsa lifi tse lokelang ho qojoa, tse kang ho inehela moeeng oa ho halefa, le oa ho iphetetsa.

c Sehlooho “Bacha ba Botsa . . . Na Tlhalo ea Batsoali ba ka e tla Senya Bophelo ba ka?” Tokollong ea January 8, 1988, ea Tsoha! se bontša hore ha u nyatsuoe ka hore u ka pheta liphoso tsa batsoali ba hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Haeba batsoali ba hao ba arohana, u ka ’na ua ikutloa u hloka metsoalle ho feta leha e le neng pele. U ka fumana metsoalle e nepahetseng kae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela