Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/15 maq. 24-27
  • Tlhokomelo ea Lelapa—E Atolohela Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhokomelo ea Lelapa—E Atolohela Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali le Bana
  • “Ho Buseletsa”
  • Ho Lokisetsoe Eng? Neng?
  • Qoba Khopolo ea Bafarisi
  • Ho Etsa Bohle Hantle
  • Ho Sebelisa Borapeli Ho Batsoali ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ke Hobane’ng ha Nkhono le Ntate-moholo ba Lula le Rōna?
    Tsoha!—1992
  • Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/15 maq. 24-27

Tlhokomelo ea Lelapa—E Atolohela Hokae?

SENGOLI sa Monigeria S. A. Jegede, se itse: “Moetlo oa Maafrika o mpolella hore ke mohlokomeli oa ngoan’eso. Moetlo oa Maafrika o hloka hore motho a hlomphe a be a hlokomele batsoali ba hae.” E, Afrika le likarolong tse ling tsa lefatše, ho thusa litho tsa lelapa ke mokhoa oa bophelo.

Leha ho le joalo, hangata “lelapa” ho nahanoa hore le akarelletsa bo-’m’angoane le bo-rakhali, bo-malome le bo-rangoane, bo-motsoala le bana ba bana babo motho—haesita le batho ba motse o le mong! Empa ha malapa a Maafrika a tloha metsaneng ho ea metseng e meholo bakeng sa mosebetsi, litho tseo tse ngata-ngata tsa lelapa li fetohile mohloli oa mathata. Seng sena sa makhomeletso se atisa ho iphumana se tlakiloe ke seng se batlang chelete kapa bolulo. Leha ho le joalo, ka lebaka la litlhoko tse ikhethang tsa bophelo ba metseng e meholo, ho thusa batho bao u sa amaneng le bona haufi-ufi kapa batho ba tsoang motseng oa heno hangata ho thata, haeba ho se boima.

Bibele e re: “Ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, molao-motheo oa tlhokomelo ea lelapa o atolohela hokae? Na tlas’a maemo ’ohle Mokreste o tlamehile ho thusa bahabo bao a sa amaneng le bona haufi-ufi? Kapa na ho joalo kaha sengoli se boletsoeng ka holimo sa Monigeria se tiisa hore: “Ho sebelisa hampe kamano e seng haufi-ufi ha ho amohelehe ho hang meetlong ea Maafrika ka Bibeleng”?

Batsoali le Bana

Kamano ea batho ba sa tsoalaneng haufi-ufi e ne e le teng mehleng ea Bibele. Empa, ka ho tlama Mokreste ho ‘baballa bahabo,’ ha ho moo Bibele e bontšang hore hona ho hloka hore ho akarelletsoe seng sohle le bohle ba lelapa la makhomeletso.

Ka ho khethehileng Bibele e hatisa tlamo ea batsoali ho bana. Mabapi le thuso eo phutheho e neng e mo etselitse eona, moapostola Pauluse o ile a ngola: ‘Hase bana ba tšoanetseng ho bokellela bo-ntat’a bona, empa e le bo-ntat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.’ (2 Ba-Korinthe 12:14) H. B. Clark, setsebi se tummeng sa molao, o ile a hlalosa: “Tlamo ea tlhaho le ea botho e itšetlehile ka hore ntate a lokisetse bana ba hae.” E le hlooho e khethiloeng ke Molimo tsamaisong ea lelapa, ntate o na le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho ba mofepi. Hangata mosali o thusa ka ho hlokomela lelapa ka masene, a sebelisa lichelete ka bohlale, haesita le ho sebetsa ka ntle ho lelapa ha maemo a ho hloka.—Bapisa Liproverbia 31:10-31.

Leha ho le joalo, hlokomela hore batsoali ba khothaletsoa ho etsa ho fetang ho fumana chelete feela. Ba phehelloa ho “bokellela” bana ba bona. Batsoali ba latelang keletso ena e bohlale hangata ba khona ho thusa bana ba bona leha bana ba se ba hōlile ’me ba tlohile lapeng. Hona ho loketse ka ho khethehileng ha bana ba phehelletse tšebeletso ea Bokreste ea nako e tletseng ’me nako le nako ba hloka thuso ea lichelete hore ba ’ne ba tsoele pele tšebeletsong eo. Ha ho moo ho boleloang hore batsoali ba lokela ho “bokellela” letetekhu la seng seo ba sa amaneng haufi-ufi le sona.

“Ho Buseletsa”

Tlhokomelo ena e lerato e etsoang ke batsoali e lokela ho ba le moputso. Moapostola Pauluse o re ho 1 Timothea 5:4 (TLP): “Ha mohlolohali a e-na le bana kapa litlōhōlō, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha litšoanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batsoali lithuso tsa bona. Hona ho khahlisa Molimo.” Ho phelisa motsoali ea tsofalang kapa motsoali oa motsoali joalo, ka sebele ho ne ho tla lumellana le taelo ea Bibele ea ho hlompha batsoali ba motho.—Ba-Efese 6:2; Exoda 20:12.

Hape, hlokomela hore Pauluse ka ho hlakileng ha a ea tlama seng se hōle-hōle ho hlokomela bahlolohali ba joalo. Morao koo, mabakeng ao ho oona seng se haufi-ufi se neng se se teng ho hlokomela mohlolohali oa Mokreste ea nang le tlaleho ea tšebeletso e tšepahalang, phutheho e ne e lokela ho jara moroalo oa ho mo phelisa.—1 Timothea 5:3, 9, 10.

Tlameho ea Bokreste ea ho lokisetsa ‘bao e leng bahabo motho’ kahoo ka ho tiileng e akarelletsa molekane oa motho oa lenyalo le bana, batsoali ba motho, bo-ntat’ae-moholo le bo-nkhon’oae. Boikarabelo ba mofuta ona bo teng le haeba baphelisuoa ba joalo e se balumeli kapa e le liqhoala ka tsela e ’ngoe e itseng. E tsoela pele hafeela ba joalo ba sa ntse ba phela. ’Me le haeba motho a nyetse kapa a nyetsoe, e ka ’na ea akarelletsa ho thusa molekane oa motho ho hlompha batsoali ba hae. Mathata a tebileng a lenyalo a ’nile a hlaha hangata ha molao-motheo ona o hlokomolohuoe kapa o sa hlomphuoe.

Ho Lokisetsoe Eng? Neng?

Leha ho le joalo, batsoali ha baa lokela ho etsa qeto ea hore ba ka hafotsa lichelete tsa bona ka tumelo ea hore neng kapa neng, ba ka batla thuso ea lintho tse bonahalang ho bana ba bona. Leha e le hore ho bolela hore ba lokela ho khathatsa ka hore ba hlokomeloe ke bana ba bona, bao hangata ba nang le malapa a bona ao e leng oona a pele a ba tlammeng. Pono ena e tumellanong le mantsoe a Pauluse: ‘Hase bana ba tšoanetseng ho bokellela bo-ntat’a bona, empa e le bo-ntat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.’—2 Ba-Korinthe 12:14.

Ha litaba li tsamaea hantle, batsoali ba ka ’na ba khona ho iphumanela ntlo eo e leng ea bona, thepa ea bona le mohloli oa chelete (ho akarelletsa lithuso tsa mosebetsing kapa tsa ’muso) tse ka ba phelisang botsofaling ba bona. ‘Chelete ke tširelo,’ ’me ka ho ‘ipokellela’ eona ka bohlale, batsoali hangata ba ka qoba ho imetsa bana ba bona licheleteng le maikutlong hamorao bophelong.—Moeklesia 7:12.

Mantsoe a Salomone ho Moeklesia 9:11, leha ho le joalo, a re hopotsa hore le litokisetso tse ileng tsa etsoa ka makhethe li ka hlaheloa ke ‘nako le liketsahalo tse sa lebelloang.’ Kahoo, ho ka ba joang haeba, ho sa tsotellehe tokisetso e hlokolosi, seo banyalani ba neng ba tla iphelisa ka sona se hlōleha kapa ho hlokahala hore se tlatsoe? Bana ba bona ba tšabang Molimo ka tlhaho ba ne ba tla susumeletseha hore ba ba thuse ka tsela e utloahalang. Hona ho ka ’na ha bolela ho thusa ka lichelete, ho mema batsoali hore ba tl’o lula haufi kapa ba lule le bona, kapa, haeba ho hlokahala, ho lokisetsa tlhokomelo ea mokhatlo oa tlhokomelo. Ha e le hantle, batsoali kapa batsoali ba batsoali ba tsofetseng ka sebele ba lokela hore e be ba utloisisang, e seng ba lebeletseng hore bana ba bona ba ba lokisetse bophelo bo majaba-jaba, hobane keletso ea Bibele ke hore: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.”—1 Timothea 6:8.

Mabakeng a mangata, litokisetso tsa mebuso tsa tšireletso ea baahi, liphenshene, melemo e etsetsoang ba hōlileng, le lichelete tseo motho a ileng a ipolokela tsona li ka fana ka thuso e lekaneng, le hoja e le e itekanetseng, bakeng sa batsoali kapa batsoali ba batsoali ba seng ba hōlile. Ke bohlale ho fumana hore na ke litokisetso life tse teng bakeng sa ba tšoanelehang.—Ba-Roma 13:6.

Qoba Khopolo ea Bafarisi

Jesu o ile a khalemela bangoli le Bafarisi hobane ba ne ba re ho batsoali ba hlokang: “Sa tsa ka seo nka beng ke u thusa ka sona, ke se ke se abetse Molimo.” (Mattheu 15:5) Mehleng ea Jesu, Bajode ba baikaketsi ba ne ba ka bea chelete kapa thepa eo qetello ea eona e neng e le hore e etsoe moneelo tempeleng. Bafarisi ba ne ba qobella maikutlo a hore hang ha li entsoe nyehelo, tlas’a maemo afe kapa afe lintho tse joalo li ne li ke ke tsa sebelisetsoa morero leha e le ofe o mong—ho akarelletsa ho hlokomela batsoali ba hōlileng.

Kreste o ile a nyatsa khopolo ena ea Bofarisi ka hore e hanana le moea oa Molao oa Molimo. Ponong ea hae, ho hlompha batsoali ba motho ho ne ho e-tla pele ho melao e entsoeng ke motho. Ka ho tšoanang le kajeno, Bakreste ba bang ba neetse bophelo ba bona tšebeletsong, mohlomong ba sebeletsa e le baromuoa, bo-pula-maliboho kapa balebeli ba tsamaeang. Ha ba tseba hore batsoali ba bona baa hloka, ba leka ka matla ho fumana litsela tsa ho hlokomela bahabo bona ha ba ntse ba tsoela pele le tšebeletso eo ba ntseng ba e etsa. Empa haeba ho se litokisetso tse joalo tse ka etsoang ka tsela leha e le efe, ha baa ka ba nahana hore litokelo tsa bona tšebeletsong ke tsa bohlokoa haholoanyane ho feta ho hlompha batsoali ba bona. Ba joalo ba lokela ho babatsoa ka mofuthu bakeng sa ho etsa litokiso bophelong ba bona—hangata e le ka boitelo bo boholo—e le hore ba ka khahlanyetsa litlamo tsa bona ka lapeng.

Ho Etsa Bohle Hantle

Le hoja Bibele e tlama Bakreste hore ba hlokomele beng ka bona ba haufi-ufi ba hlokang, hoo ha ho hlakole hore ka ho utloahalang ba bontše lerato ho litho tse ling tsa seng. Ka linako tse ling ba bang ho bo-rakhali kapa bo-’m’angoane, bo-motsoala kapa bana ba bana babo rōna ba tšoana le litho tse haufi-ufi tsa lelapa! Bibele e re khothalletsa ho ‘etsa bohle hantle.’ (Ba-Galata 6:10) Haeba Mokreste a e-na le mokhoa oa ho thusa ba joalo, ka sebele o ne a ke ke a ‘koala mohau oa hae.’ Ka sebele, ka botho a ka ’na a ikutloa a tlamehile ho thusa.—1 Johanne 3:17.

Leha ho le joalo, Mokreste o tlanngoe haholo-holo ke seng se haufi-ufi—molekane oa lenyalo, bana, batsoali le batsoali ba batsoali ba hae. Kahoo o tla nahana ka botebo pele a nka boikarabelo bo ka ba ntšang kotsi—licheleteng, maikutlong kapa moeeng.

Keletso ea Bibele tlhokomelong ea lelapa kahoo e mosa e bile ea utloahala. Ho e sebelisa ho ka imolla Mokreste lipelaelong tse sa hlokahaleng ’me e ka mo thusa hore a hlophise litaba tsa hae ka tatelano ea tsona. Hona hohle ho tlotlisong ea Jehova, “Ntate, eo melōko eohle e maholimong le lefatšeng e reeletsoeng ka eena.”—Ba-Efese 3:14, 15, TLP.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batsoali ba Bakreste ba tlangoa ke bana ba bona pele

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Boikarabelo ba Bokreste bo ka atolohela ho batsoali ba tsofetseng haesita le bana ba motho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela