Letsatsi le “Chesang Joalo ka Mollo oa Sebopi”
“Bonang, letsatsi lea tla, le chesang joalo ka mollo oa sebopi.”—MALAKIA 4:1.
1. Ho phahama lipotso life mabapi le Malakia 4:1?
MEHLENG ena ea qetello, ho thabile bao Jehova a khethang ho ngola mabitso a bona bukeng ea hae ea khopotso. Empa ho thoe’ng ka ba hlōlehang ho tšoaneleha bakeng sa tokelo eo? Ho sa tsotellehe hore na ke babusi kapa ke batho feela ba tloaelehileng, ba tla tsoella joang haeba ba nyelisa baboleli ba ’Muso oa Molimo le molaetsa oa bona? Malakia o bua ka letsatsi la ho ikarabella. Khaolong ea bone temaneng ea pele, rea bala: “Hobane bonang, [letsatsi] lea tla, le chesang joalo ka mollo oa sebopi, ’me baikhohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba joalo ka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela Jehova oa makhotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.”
2. Ezekiele o fana ka tlhaloso efe e hlakileng e tšoantšetsang kahlolo ea Jehova?
2 Baprofeta ba bang le bona ba bapisa ho ahlola lichaba ha Jehova le mocheso o tlabolang oa sebopi. Ezekiele 22:19-22 e sebetsa ka nepo hakaakang tabeng ea ho ahlola ha Molimo lihlotšoana tsa bokoenehi tsa Bokreste-’mōtoana! E re: ‘Ha ho le joalo, Morena Jehova o re: Ereka ha bohle le fetohile manya, ka hona ke tla le phutha hammoho . . . Joalo ka ha ho bokelloa silefera, le koporo, le tšepe, le loto seboping, ’me ntho tseo li butsoelloa mollo hore li tle li qhibilihe, ke tla le phutha joalo bohaleng ba ka le khalefong ea ka, ’me ke tla le bea hona teng, ke tle ke le qhibilise. Ke tla le ropanya, ke le butsoelle mollo oa bohale ba ka.’
3, 4. (a) Ka boikaketsi baruti ba boletse eng? (b) Tlaleho ea bolumeli e litšila ke efe?
3 Ka sebele ke papiso e matla! Baruti ba tlohetseng ho sebelisa lebitso la Jehova, ba bileng ba nyefolang lebitso leo le halalelang, ba tlameha ho talimana le letsatsi leo la kahlolo. Ka boikakaso, ba bolela hore bona le metsoalle ea bona ea lipolotiki ba tla hloma ’Muso oa Molimo lefatšeng, kapa bonyane ba etse hore lefatše e be sebaka se loketseng bakeng sa ’Muso.
4 Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi bo kopanetse le babusi ba lipolotiki ho loaneng lintoa tse tšosang. Histori e tlaleha Lintoa tsa Bolumeli tsa mehla e bohareng, ho qobella batho ho sokoloha ho neng ho etsoa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain, Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo e ileng ea senya karolo e khōlō ea Europe lekholong la bo17 la lilemo, le Ntoa ea Lehae ea Spain ea bo-1930, e ileng ea loanoa e le hore Bok’hatholike bo ka sireletseha Spain. Tšollo ea mali e khōlōhali e ile ea bakoa ke lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholo la rōna la lilemo, ha Mak’hatholike le Maprostanta a ne a kene ntoeng ea khohola-koqo, ba bolaea balumeli-’moho le bona esita le ba malumeli a mang ba sa khethe. Haufinyane, ho bile le lintoa tse bakang tšollo ea mali pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta Ireland, pakeng tsa mekha ea bolumeli India, le pakeng tsa lihlopha tsa bolumeli tsa moo pele e neng e le Yugoslavia. Tlaleho ea histori ea bolumeli le eona e qaphalelitsoe ke mali ka hore lipaki tsa Jehova tse tšepahalang tse likete li bolaeloe tumelo ea tsona.—Tšenolo 6:9, 10.
5. Bolumeli ba bohata bo emetsoe ke kahlolo efe?
5 Ntle ho tika-tiko re ka utloisisa toka ea kahlolo ea Jehova e atamelang ea Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, hammoho le batšehetsi ba eona. Kahlolo ena e hlalositsoe ho Tšenolo 18:21, 24: “Eaba lengeloi le matla le nka lejoe le ka ka leloala le leholo, la le akhela leoatleng, la re: Ho tla akheloa joalo ka matla Babilona, motse o moholo, ’me ha a sa tla hlola a fumanoa. ’Me ke ho oona ho fumanoeng mali a baporofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”
6. (a) Ke bo-mang ba tlamehang ho tšoana le matlakala, hona hobane’ng? (b) Ba tšabang Jehova ba kholisehile ka eng?
6 Qetellong, lira tsohle tsa ho loka, le ba li khomarelang, “ba tla ba joalo ka matlakala.” Letsatsi la Jehova le tla ba chesa joaloka sebopi. “Ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.” Letsatsing leo la ho ikarabella, ho tla sebetsanoa le bana ba banyenyane, kapa makala, ka toka ho latela tekanyo ea Jehova ea metso ea bona, batsoali ba bona, bao e leng bahlokomeli ba bana bana. Batsoali ba khopo ba ke ke ba ba le litloholo tse tla ntšetsa pele litsela tsa bona tsa bokhopo. Empa ba bontšang tumelo litšepisong tsa ’Muso oa Molimo ba ke ke ba sisinngoa. Ka hona Ba-Heberu 12:28, 29 ea eletsa: “Ka baka leo, ha e le moo re amohetse ’muso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Molimo ka eona ka mokhoa o o khahlisang, ka hlompho le ka tšabo; hobane Molimo oa rōna ke mollo o timeletsang.”
Na Jehova ke Molimo ea Khopo?
7. Lerato la Jehova le kenella joang kahlolong ea hae?
7 Na see se bolela hore Jehova ke Molimo ea khopo, ea ratang ho iphetetsa? Ho hang ha ho joalo! Ho 1 Johanne 4:8, moapostola o bua ka ’nete ea motheo: “Molimo o lerato.” Joale, temaneng ea 16 o phaella ka ho hatisa, a re: “Molimo o lerato, ’me ea lutseng leratong o lutse ho Molimo, ’me Molimo le oona o lutse ho eena.” Jehova o rerile ho hloekisa lefatše lena bokhopo bohle ka lebaka la ho rata moloko oa batho. Molimo oa rōna ea lerato, ea mosa o re: “Kea phela, . . . ha ke khahloe ke lefu la molotsana, ke khahloa ke molotsana ha a baka mokhoeng oa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng?”—Ezekiele 33:11.
8. Johanne o ile a hatisa lerato joang, empa hape a iponahatsa e le Mora oa Sealuma?
8 Johanne o bua ka a·gaʹpe, lerato le laoloang ke melao-motheo ka makhetlo a mangata ho feta bangoli ba bang ba bararo ba Kosepele ba kopane, empa ho Mareka 3:17, Johanne ka boeena o hlalosoa e le ‘Mora oa Sealuma.’ E bile ka tšusumetso ea Jehova hore Mora enoa oa Sealuma a ngole melaetsa ea boprofeta ea buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e bontšang Jehova e le Molimo ea sebelisang toka. Buka ena e tletse lipolelo tsa kahlolo, tse kang ‘sehatelo se seholo sa bohale ba Molimo,’ “linkho tse supileng tsa bohale ba Molimo,” le “khalefo ea Molimo o matla ’ohle.”—Tšenolo 14:19; 16:1; 19:15.
9. Jesu o ile a bolela eng ka likahlolo tsa Jehova, ’me boprofeta ba hae bo ile ba phethahala joang?
9 Morena oa rōna Jesu Kreste, eo e leng “setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng,” o ile a bolela likahlolo tsa Jehova ka sebete ha a sa ntse a le lefatšeng. (Ba-Kolosse 1:15) Ka mohlala, ho na le liketso tse supileng tse bakang bomalimabe ho Mattheu khaolo ea 23 tseo ka ho tobileng a li boletseng khahlanong le baikaketsi ba bolumeli ba mehleng ea hae. O ile a phetha kahlolo eo e nyatsang ka mantsoe ana: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baporofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joalo ka khoho ha e bokella [litsuonyana] tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” Lilemo tse 37 hamorao, kahlolo e ile ea phethoa ke makhotla a Roma tlas’a Molaoli Tite. E ne e le letsatsi le tšabehang, le profetang se tla ipaka e le letsatsi le susumetsang tšabo ka ho fetisisa phihlelong eohle ea motho—letsatsi la Jehova, le tla tloha le tla.
‘Letsatsi’ Lea Chaba
10. ‘Letsatsi la ho loka’ le tlisetsa batho ba Molimo thabo joang?
10 Jehova o tsebisa hore ho tla ba le baphonyohi ba letsatsi la hae. O bua ka bona ho Malakia 4:2 (Bibele—Phetolelo e Ncha) ha a re: “Ha e le lōna ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le chabela ka mahlaseli a lona a folisang.” Letsatsi leo la ho loka hase mang kapa mang haese Jesu Kreste ka boeena. Ke “leseli la lefatše” la moea. (Johanne 8:12) O chaba joang? O hlaha a e-na le pholiso mapheong a hae—o qala ka pholiso ea moea, e ka re amang le kajeno, ’me, lefatšeng le lecha le tlang, ho latele pholiso ea ’mele ea batho ba tsoang lichabeng tsohle. (Mattheu 4:23; Tšenolo 22:1, 2) Ka puo ea tšoantšetso, joalokaha Malakia a boletse, ba phekotsoeng ba tla ‘tsoa, ba be ba thale joalo ka manamane a nontšitsoeng’ a sa tsoa lokolloa lesakeng la manamane. Ba tsositsoeng ka tebello ea ho finyella botho bo phethahetseng ba tla thaba hakaakang!
11, 12. (a) Ba khopo ba emetsoe ke qetello efe? (b) Batho ba Molimo ba “hatakela ba bolotsana” joang?
11 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ba khopo? Ho Malakia 4:3, rea bala: “Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba joalo ka molora ka tlas’a bohato ba maoto a lōna, tsatsing le tla etsoa ke ’na, ho bolela Jehova oa makhotla.” Ha a ntse a sirelelitse ba mo ratang, Molimo oa rōna oa Mohlabani o tla be a felisitse lira tse hatellang lefatšeng, a li timelitse ka ho sa feleng. Satane le bademona ba hae ba tla be ba koaletsoe.—Pesaleme ea 145:20; Tšenolo 20:1-3.
12 Batho ba Molimo ha ba nke karolo ho feliseng ba khopo. Joale, ba “hatakela ba bolotsana” joang? Ba etsa sena ka tšoantšetso ka ho kopanela ho ketekeng tlhōlo e khōlō. Exoda 15:1-21 e hlalosa mokete o joalo. O ile oa latela timetso ea Faro le makhotla a hae Leoatleng le Lefubelu. Phethahatsong ea Esaia 25:3-9, ho tlosoa ha “bahlorisi” ho lokela ho lateloa ke mokete oa tlhōlo o amanang le tšepiso ea Molimo: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle, a felise sekhobo sa sechaba sa hae lefatšeng lohle, hobane Jehova o boletse. Ka letsatsi leo, ho tla thoe: Bonang, ke oona Molimo oa rōna, . . . ke eena Jehova eo re mo tšepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ea hae.” Thabong ena ha ho na lerato la ho iphetetsa kapa ho tšeha litsietsi tsa ba bang, empa ho na le nyakallo ea ho bona ha lebitso la Jehova le halaletsoa ’me lefatše le hloekisoa hore moloko oa batho o kopaneng o hahe ho lona ka khotso.
Lenaneo le Leholo la Thuto
13. Ho tla ba le thuto efe ‘lefatšeng le lecha’?
13 Ho Malakia 4:4, Bajode ba ile ba khothaletsoa ho ‘hopola molao oa Moshe.’ Ka hona kajeno ho hlokahala hore re latele “molao oa Kreste,” joalokaha ho boletsoe ho Ba-Galata 6:2. Ha ho pelaelo hore baphonyohi ba Armageddone ba tla fuoa litaelo tse eketsehileng tse thehiloeng ho oona, ’me li ka ’na tsa ngoloa “libukeng” tsa Tšenolo 20:12 tse tla buloa nakong ea tsoho. E tla ba letsatsi le hlollang hakaakang ha bafu ba tsohileng ba rutoa ho latela tsela ea bophelo ea “lefatše le lecha”!—Tšenolo 21:1.
14, 15. (a) Elia oa kajeno o tsebahatsoa joang? (b) Sehlopha sa Elia se phetha boikarabelo bofe?
14 Seo e tla be e le katoloso ea mosebetsi oa thuto oo Jehova a ileng a bua ka oona, joalokaha ho tlalehiloe ho Malakia 4:5: “Bonang, ke ea le romela moporofeta Elia, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” Elia eo oa kajeno ke mang? Joalokaha ho bontšoa ho Mattheu 16:27, 28, ha a bua ka ‘ho tla ha hae ’musong oa hae,’ Jesu o itse: “Mor’a motho o tla tla ka khanya ea Ntat’ae le mangeloi a hae; ’me mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ea liketso tsa hae.” Matsatsi a tšeletseng hamorao, ba le thabeng le Petrose, Jakobo, le Johanne, o ile “a fetoha pontšeng ho bona; sefahleho sa hae sa khanya joalo ka letsatsi, ’me liaparo tsa hae tsa e-ba tšoeu joalo ka leseli.” Na o ne a le mong ponong ee? Che, hobane ‘Moshe le Elia ba ile ba ba hlahela, ba buisana le eena.’—Mattheu 17:2, 3.
15 See se ne se bolela eng? Se ne se supa ho Jesu e le Moshe e Moholoanyane ea profetiloeng nakong ea ho tla ha hae bakeng sa ho ahlola. (Deuteronoma 18:18, 19; Liketso 3:19-23) Ka nako eo o ne a tla amahanngoa le Elia oa kajeno e le hore a finyelle mosebetsi oa bohlokoa, oa ho bolela litaba tsena tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle pele letsatsi le leholo la Jehova le susumetsang tšabo le fihla. Malakia 4:6 e hlalosa mosebetsi oa “Elia” enoa ka tsela ena: “O tla busetsa lipelo tsa bo-ntate ho bara ba bona, le pelo tsa bara ho bo-ntat’a bona, hore ke se tšohe ke e-tla, ’me ka otla lefatše ka ho le timeletsa.” Kahoo “Elia” o tsebahatsoa e le sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale sa Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng, bao Monghali, Jesu, a behileng thepa eohle ea Hae tlhokomelong ea bona. Sena se akarelletsa ho fa ba ntlo ea tumelo “lijo [tsa moea] nakong ea teng.”—Mattheu 24:45, 46.
16. Sehlopha sa Elia se behile litholoana life tse thabisang?
16 Kajeno lefatšeng ka bophara, re ka bona liphello tse thabisang tsa lenaneo leo la phepo. Makasine ea Molula-Qhooa, eo tokollong ka ’ngoe ho hatisoang tse 16 100 000 ka lipuo tse 120, tse 97 ho tsona li hatisoa ka nako e tšoanang, e tlatsa lefatše ka “evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) Libuka tse ling ka lipuo tse ngata li sebelisoa litšobotsing tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa ho bolela le ho ruta. Sehlopha sa Elia, lekhoba le tšepahalang le le masene, le falimehetse ho fana ka seatla se bulehileng ho bohle “ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko.” (Mattheu 5:3, NW) Ho feta moo, ba amohelang tšepo ena ea ’Muso ba bile ba nka khato tumellanong le eona ba kopane bonngoeng ba lefatše lohle. E akarelletsa bongata bo boholo “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” (Tšenolo 7:9) Ha mosebetsi ona o phethiloe ho fihlela moo Jehova a batlang, joale bofelo bo tla tla letsatsing la hae le susumetsang tšabo.
17. Letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo le tla fihla neng?
17 Letsatsi leo le susumetsang tšabo le tla fihla neng? Moapostola Pauluse oa araba: “Letsatsi la Jehova le tla tla hantle joaloka lesholu bosiu. Neng le neng ha ba re [mohlomong e le ka tsela e khethehileng]: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo hang-hang feela joaloka bohloko bo hlabang ba tsieleho holim’a mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, NW.
18, 19. (a) “Khotso le tšireletseho” li tla boleloa joang? (b) Batho ba Jehova ba tla lokolloa neng?
18 “Ba” ke bo-mang boprofeteng boo? Ke babusi ba lipolotiki ba bolelang hore ba ka haha taolo e ncha e kopaneng ka likarolo tse arohaneng tsa lefatše lena le mabifi. Lihlahisoa tsa bona tse ka sehloohong, Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng, li hlōlehile tabeng ena. Joalokaha moprofeta oa Jehova a boletse esale pele, esita le hona joale ba “re: Khotso! Khotso! kanthe ha ho khotso.”—Jeremia 6:14; 8:11; 14:13-16.
19 Ka nako e tšoanang, batho ba Jehova ba mamella likhatello le mahloriso a lefatše lena le khopo. Empa haufinyane, joalokaha ho boletsoe ho 2 Ba-Thessalonika 1:7, 8, ba tla lokolloa “mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.”
20. (a) Sofonia le Habakuke ba profeta eng mabapi le letsatsi le “chesang joalo ka mollo oa sebopi”? (b) Boprofeta boo bo fana ka keletso le khothatso efe?
20 Seo se tla etsahala kapele hakae? Bongata ba rōna re ’nile ra leta nako e telele. Ho sa le joalo, palo e khōlō ea ba lokileng ba tla pholoha e arabela memo e fumanoang ho Sofonia 2:2, 3: “Batlang Jehova . . . batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” Joale Sofonia 3:8 ea khothatsa: “Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka; hobane ka mollo oa poulelo ea ka lefatše lohle le tla chesoa.” Bofelo bo haufi! Jehova o tseba letsatsi leo le hora ’me a ke ke a fetola kemiso ea hae. Ha re tiisetseng ka mamello. “Hobane tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla [etsahala] ruri, e ke ke [ea siuoa ke nako, NW].” (Habakuke 2:3) Letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo le atamela ka potlako. Hopola, letsatsi leo le ke ke la siuoa ke nako!
Tlhahlobo:
◻ Babusi le ba busoang ba tla tsoella joang letsatsing la Jehova le susumetsang tšabo?
◻ Jehova ke Molimo oa mofuta ofe?
◻ Batho ba Molimo ba hlalosetsoa thuto ea mofuta ofe?
◻ Baprofeta ba Molimo ba re eletsa joang ka lebaka la ho atamela ha bofelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain ba bangata ba ile ba qobelloa ho sokolohela Bok’hatholikeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck