Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/15 maq. 21-26
  • Na U Tšoarela Joalokaha Jehova a Tšoarela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tšoarela Joalokaha Jehova a Tšoarela?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe oa Kenella—Jehova oa Mamela
  • Borapeli ba Litšoantšo ba Manasse le Bofebe ba Davida
  • Ho Nehela ha Salomone Tempele
  • Tšoarelo ka Mangolong a Segerike a Bokreste
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova, Molimo ea ‘Lulang a Loketse ho Tšoarela’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova oa Tšoarela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšoarela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/15 maq. 21-26

Na U Tšoarela Joalokaha Jehova a Tšoarela?

“Ekare ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna; empa ekare ha le sa tšoarele batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna le eena a ke ke a le tšoarela litlōlo tsa lōna.”—MATTHEU 6:14, 15.

1, 2. Re hloka Molimo oa mofuta ofe, hona hobane’ng?

“JEHOVA o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata. Ha a tsekise ka mehla, hlonamo ea hae hase e sa feleng. Ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna. Empa joalo ka leholimo ha le phahamile holimo ho lefatše, mohau oa hae o moholo joalo ho ba mo tšabang. Joalo ka ha bochabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna. Joalo ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōptjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.”—Pesaleme ea 103:8-14.

2 Ka lebaka la ho emoleloa sebeng ’me re tsoetsoe re e-na le liphoso, le mefokolo eo re e futsitseng eo ka linako tsohle e lekang ho re khannela ho ba batlamuoa ba molao oa sebe, ka matla re hloka Molimo ea ‘elelloang hoba re lerōle feela.’ Lilemo tse makholo a mararo ka mor’a hore Davida a hlalose Jehova ka tsela e ntle hakaalo Pesalemeng ea bo103, mongoli e mong oa Bibele, Mikea, o ile a rorisa eena Molimo enoa ka tsela e batlileng e tšoana bakeng sa ho tšoarela ha hae ka mokhoa o nahanelang libe tse kileng tsa etsoa: “Ke molimo ofe ea ka bapisoang le uena: ea hlakolang phoso, ea tšoarelang tlōlo ea molao, ea sa rateng ho halefela ruri empa a thabela ho bontša mohau? Ak’u re qenehele hape, u hatikele liphoso tsa rōna, u lahlele libe tsa rōna botebong ba leoatle.”—Mikea 7:18, 19, The Jerusalem Bible.

3. Ho tšoarela ho bolela’ng?

3 Mangolong a Segerike, lentsoe bakeng sa ho “tšoarela” le bolela ho “lesa.” Hlokomela hore Davida le Mikea, bao mantsoe a bona a qotsitsoeng ka holimo, ba fetisa moelelo o tšoanang ka mantsoe a monate, a hlalosang. Ho ananela ka ho feletseng tekanyo ea tšoarelo ea Jehova, a re hlahlobeng mehlala e seng mekae ho e mengata ea eona moo e ileng ea sebetsa. Oa pele o bontša hore monahano oa Jehova o ka fetoha ho tloha ho beng oa ho timetsa ea e-ba oa ho tšoarela.

Moshe oa Kenella—Jehova oa Mamela

4. Baiseraele ba ne ba ntse ba tšaba ho kena Naheng e Tšepisitsoeng ka mor’a lipontšo life tsa matla a Jehova?

4 Jehova o ile a ntša sechaba sa Iseraele Egepeta se sireletsehile a se isa haufi le naha eo a neng a se tšepisitse hore e tla ba naha ea habo sona, empa se ile sa hana ho ea pele, se tšohile batho ba pala ba Kanana. Ka mor’a ho bona ha Jehova a se lokolla Egepeta ka likotlo tse leshome tse senyang, a bula tsela ea ho pholoha Leoatleng le Lefubelu, a timetsa lebotho la Baegepeta le neng le leka ho se sala morao, a etsa selekane sa Molao le sona Thabeng ea Sinai se ileng sa etsa hore e be sechaba sa Jehova se khethehileng, ’me ka mohlolo a se fa manna a letsatsi le letsatsi a tsoang leholimong bakeng sa ho se fepa, se ne se tšaba ho kena Naheng e Tšepisitsoeng ka lebaka la Bakanana ba liqhobane!—Numere 14:1-4.

5. Lihloela tse peli tse tšepahalang li ile tsa leka ho tsosa Iseraele molota joang?

5 Moshe le Aarone ba ile ba oa ka lifahleho ba maketse. Joshua le Kalebe, lihloela tse peli tse tšepahalang, li ile tsa leka ho tsosa Iseraele molota: ‘Lefatše leo ke lefatše le letle, le letle haholo. Ke lefatše le kollang lebese le linotši. Le se ke la tšaba batho ba naha eo, Jehova o na le rōna.’ Ho e-na le ho khothatsoa ke mantsoe a joalo, batho ba tšohileng, ba marabele ba ile ba leka ho tlepetsa Joshua le Kalebe ka majoe.—Numere 14:5-10.

6, 7. (a) Jehova o ile a etsa qeto ea ho etsa eng ha Iseraele e hana ho ea kena Naheng e Tšepisitsoeng? (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a hanyetsa kahlolo ea Jehova ho Iseraele, hona ka phello efe?

6 Jehova o ile a halefa! “Jehova a re ho Moshe: Na sechaba sena se tla ’nyelisa ho isa neng na? na se tla hana ho isa neng ho lumela ho ’na, se sa re letho ka mehlolo eohle eo ke e entseng har’a sona na? Ke tla se otla ka lefu la seoa, ke se timetse, ’me ka uena ke tla etsa sechaba se seholo ho sona, se se fetang ka matla. Moshe a re ho Jehova: Ba-Egepeta ba tla utloa taba tseo, bona bao u ntšitseng sechaba sena har’a bona ka matla a hao, ’me ba tla li bolella baahi ba lefatše leo. . . . Ha u felisa sechaba sena joalo ka ha eka ke motho a le mong, lichaba tse utloileng botumo ba hao li tla re: Jehova o hlokile matla a ho isa batho bao fatšeng leo a neng a ba hlapanyelitse hore o tla ba nea lona; ke ka baka leo a ba bolaileng feelleng.”—Numere 14:11-16.

7 Moshe o ile a kōpa tšoarelo ka tieo, molemong oa lebitso la Jehova: “U tšoarele bokhopo ba sechaba sena ke hona, ka boholo ba mohau oa hao, kamoo u seng u ile ua tšoarela sechaba sena kateng, ho tloha Egepeta, ho fihlela mona. Jehova a re: Kea ba tšoarela kamoo u kōpileng kateng.”—Numere 14:19, 20.

Borapeli ba Litšoantšo ba Manasse le Bofebe ba Davida

8. Morena Manasse oa Juda o ile a etsa tlaleho ea mofuta ofe?

8 Mohlala o hlaheletseng oa ho tšoarela ha Jehova ke taba ea Manasse, mor’a Morena Ezekiase ea molemo. Manasse o ne a le lilemo li 12 ha a qala ho busa Jerusalema. O ile a haha linģalo tse liphahameng, a hahela bo-Baale lialetare, a etsa liashera, a khumamela makhotla a leholimo, a sebelisa bonohe le boloi, a etsa lilaoli le linohe, a beha setšoantšo se betliloeng ka tempeleng ea Jehova, ’me a fetisa bara ba hae mollong Khohlong ea Hinnome. “A ’na a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova” ’me “a khelosa ba-Juda joalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa lichaba tse neng li timelitsoe ke Jehova pel’a bana ba Iseraele.”—2 Likronike 33:1-9.

9. Sefahleho sa Jehova se ile sa nolofatsoa joang mabapi le Manasse, ’me phello e bile efe?

9 Qetellong, Jehova a etsa hore Baassyria ba futuhele Juda, ’me ba hapa Manasse ’me ba mo isa Babylona. “Eitse ha a le tsietsing, a rapela Jehova, Molimo oa hae, a ikokobetsa haholo pel’a Molimo oa bo-ntat’ae. A o rapela, ’me oa mamela thapelo ea hae, ’me oa utloa kōpo ea hae; oa ba oa ’musetsa Jerusalema, ’musong oa hae.” (2 Likronike 33:11-13) Eaba Manasse o tlosa melimo esele, litšoantšo tsa borapeli, le lialetare ’me a li lahlela kantle ho motse. A qala ho nehela mahlabelo aletareng ea Jehova ’me a qala ho lebisa Juda tšebeletsong ea Molimo oa ’nete. Ena e ne e le pontšo e hlollang ea boikemisetso ba Jehova ba ho tšoarela ha boikokobetso, thapelo, le khato e nkiloeng ho lokisa boitšoaro bo fosahetseng li hlahisa litholoana tse tšoanelang pako!—2 Likronike 33:15, 16.

10. Davida o ile a leka ho pata sebe sa hae le mosali oa Uria joang?

10 Sebe sa Morena Davida sa ho feba le mosali oa Uria Mohethe se tsebahala haholo. Hase feela hore o ile a etsa bofebe le eena empa hape o ile a loha mano ka hloko ho pata ketso ea hae e mpe ha mosali eo a ima. Morena o ile a neha Uria nako ea ho se ee ntoeng, a lebeletse hore o tla ea ha hae ’me a kopanele likobo le mosali oa hae. Empa, ka lebaka la ho hlompha masole a habo a leng moleng oa ntoa, Uria o ile a hana. Eaba Davida o mo memela lijong ’me a mo tahisa, empa Uria a ’na a se ke a ea ho mosali oa hae. Eaba Davida o romela molaetsa ho molaoli oa hae oa mabotho hore a behe Uria moo ntoa e leng mahlo-mafubelu e le hore a ka bolaoa, e leng se ileng sa etsahala.—2 Samuele 11:2-25.

11. Davida o ile a khanneloa pakong joang bakeng sa sebe sa hae, empa o ile a tlameha ho mamella eng?

11 Jehova o ile a romela moprofeta oa hae Nathane ho Davida ho pepesa sebe sa morena enoa. “Eaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetsoe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le eena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, u ke ke ua shoa.” (2 Samuele 12:13) Davida o ile a ikutloa a le molato haholo ka lebaka la sebe sa hae ’me a bontša pako ea hae thapelong e tlohang pelong e eang ho Jehova: “Hobane ha u rate mahlabelo; hola ha ho joalo, nka be ke a ntšitse; le licheso ha u khahlisoe ke tsona. Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng. Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.” (Pesaleme ea 51:16, 17) Jehova ha a ka ba a nyelisa thapelo ea Davida e etsoang ka pelo e robehileng. Ho ntse ho le joalo, Davida o ile a tlameha ho mamella kotlo e boima tumellanong le polelo ea Jehova e ho Exoda 34:6, 7 (NW) mabapi le tšoarelo: “Ho hang a ke ke a lokolla ea tšoaneloang ke kotlo.”

Ho Nehela ha Salomone Tempele

12. Salomone o ile a kōpa eng nakong ea nehelo ea tempele, ’me karabelo ea Jehova e bile efe?

12 Ha Salomone a qeta ho aha tempele ea Jehova, o ile a re thapelong ea hae ea nehelo: “Mamela likōpo tsa mohlanka oa hao le tsa sechaba sa hao sa Iseraele, mohla ba rapelang nģalong ena; u mamele, u le maholimong, tulong tsa hao, u mamele, u be u tšoarele.” Jehova o ile a arabela: “Ha nka thiba maholimo hore pula e se ne, leha nka laela tsie ho senya lefatše, leha nka romela lefu la seoa chabeng sa ka, ha sechaba sa ka se bitsoang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse khopo, le ’na ke tla utloa ke le maholimong, ke tla lebala sebe sa bona, ’me ke tla folisa lefatše la bona.”—2 Likronike 6:21; 7:13, 14.

13. Ezekiele 33:13-16 e bontša eng mabapi le pono ea Jehova ka motho?

13 Ha Jehova a u talima, o u amohela u le seo u leng sona hona joale, eseng seo u ’nileng ua ba sona. Ho tla ba joalokaha Ezekiele 33:13-16 e re: “Ekare ha ke bolella ea lokileng hore o tla phela, . . . ha a ka itšepela ho loka ha hae, ’me a etsa bokhopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopoloa, empa o tla shoa ka bokhopo boo a bo entseng. Leha nka re ho molotsana: U fela u tla shoa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ea ka taelo le ka ho loka, ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utsoitseng, a tsamaea ka likomelo tsa bophelo, a sa etse bokhopo, ka ’nete o tla phela, ha a ka ke a shoa. Libe tsohle tsee a sitiloeng ka tsona, ha li sa na ho hopoloa ho mo tsoa: ke ea etsang ka ho loka le ka taelo; ka ’nete o tla phela.”

14. Ke eng e khethehileng ka tšoarelo ea Jehova?

14 Tšoarelo eo Jehova Molimo a re lokisetsang eona e na le tšobotsi e khethehileng, eo ho leng thata hore libōpuoa tse batho li ka e kopanyeletsa tšoarelong eo li e etsetsanang—oa tšoarela ebile oa lebala. Batho ba bang ba tla re, ‘nka u tšoarela bakeng sa seo u se entseng, empa nke ke ka (ha ke na ho) se lebala.’ Ka ho fapaneng, hlokomela seo Jehova a bolelang hore o tla se etsa: “Ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona.”—Jeremia 31:34.

15. Jehova o na le tlaleho efe ea ho tšoarela?

15 Jehova o ’nile a tšoarela barapeli ba hae lefatšeng ka lilemo tse likete. O ’nile a tšoarela libe tseo ba hlokometseng hore ba li entse le tse ngata tseo ba sa hlokomeleng hore ba li entse. Tokisetso ea hae ea mohau, mamello, le ho tšoarela e ’nile ea e-ba e sa khaotseng. Esaia 55:7 e re: “Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela, a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”

Tšoarelo ka Mangolong a Segerike a Bokreste

16. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore ho tšoarela ha Jesu ho tumellanong le ha Jehova?

16 Litlaleho tsa tšoarelo e etsoang ke Molimo li likarolong tsohle tsa Mangolo a Segerike a Bokreste. Jesu o bua ka eona khafetsa, a bontša hore o lumellana le mohopolo oa Jehova tabeng ena. Monahano oa Jesu o tsoa ho Jehova, o bonahatsa Jehova, ke setšoantšo se phethahetseng sa botho ba Jehova; ho mo bona ke ho bona Jehova.—Johanne 12:45-50; 14:9; Ba-Heberu 1:3.

17. Jesu o ile a tšoantša ho tšoarela “haholo” ha Jehova joang?

17 Hore Jehova o tšoarela haholo ho bontšoa ho se seng sa litšoantšo tsa Jesu, sa morena ea ileng a tšoarela mohlanka e mong molato oa litalenta tse 10 000 (hoo e ka bang R120 000 000). Empa ha mohlanka eo a sitoa ho tšoarela mohlanka oa habo molato oa lidenare tse lekholo (hoo e ka bang R220), morena o ile a halefa. “Mohlanka ea lonya, ke ne ke u leseletse molato oohle oa hao, kahobane u no u nthapetse. Ana e ne e se tšoanelo ea hao le uena ho hauhela molekane oa hao oa bohlanka joalo ka ha ke ne ke u hauhetse le uena na? Morena oa hae a ba bohale, ’me a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato oohle oa hae.” Eaba Jesu o se sebelisa ka tsela ena: “Le tla etsoa joalo ke Ntate ea maholimong, ha e mong le e mong oa lōna a sa tšoarele ngoan’abo litlōlo ka pelo ea hae eohle.”—Mattheu 18:23-35.

18. Pono ea Petrose ea tšoarelo e bapisoa joang le ea Jesu?

18 Pejana Jesu a fana ka setšoantšo se ka holimo, Petrose o ile a tla ho Jesu ’me a botsa: “Morena, ngoan’eso ha a ntse a ntšiteloa, ke tla mo tšoarela hakae na? E tla ba hasupa na?” Petrose o ne a nahana hore o seatla se bulehileng haholo. Le hoja bangoli le Bafarisi ba ne ba beha tekanyo tabeng ea tšoarelo, Jesu o ile a re ho Petrose: “Ke re ho uena: E se ke ea e-ba hasupa, e mpe e be hamashome a supileng a baloang hasupa.” (Mattheu 18:21, 22) Makhetlo a supileng ho hang a ne a ke ke a lekana bakeng sa letsatsi le le leng, joalokaha Jesu a ile a re: “Iponeleng! Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, u mo khalemele; ha a baka, u mo tšoarele. ’Me leha a ka u siteloa hasupa ka tsatsi le le leng, ’me a khutlela ho uena hasupa, a re: Ke bakile; u mo tšoarele.” (Luka 17:3, 4) Hoa re thabisa hore ebe ha Jehova a tšoarela, ha a boloke tlaleho.

19. Re lokela ho etsa eng ho fumana tšoarelo ea Jehova?

19 Haeba re na le boikokobetso ba ho baka le ho bolela libe tsa rōna, Jehova o lumela ho nka khato molemong oa rōna: “Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe, ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.”—1 Johanne 1:9.

20. Ke ho ikemisetsa ho tšoarela sebe hofe hoo Setefane a ileng a ho bontša?

20 Molateli oa Jesu Setefane, ka moea o tsotehang oa ho tšoarela, o ile a hoeletsa boipiletso bona ha mahoo-hoo a halefileng a ne a mo tlepetsa ka majoe: “Morena Jesu, amohela moea oa ka! A ntoo khumama, a hooa ka lentsoe le leholo, a re: Morena, u se ke ua ba balla sebe sena! Eare ha a buile joalo, a ithoballa.”—Liketso 7:59, 60.

21. Ke hobane’ng ha boikemisetso ba Jesu ba ho tšoarela masole a Baroma bo tsoteha hakaale?

21 Jesu o ile a beha mohlala o bileng o tsotehang haholoanyane oa ho ikemisetsa ho tšoarela. Lira tsa hae li ne li mo tšoere, tsa mo qosa khahlanong le molao, tsa mo ahlola, tsa mo soma, tsa mo tšoela ka mathe, tsa mo shapa ka sephali se nang le litjobo tse ngata tseo ho ka etsahalang hore li ne li faselelitsoe liphatsa tsa masapo le tsa tšepe, ’me qetellong tsa mo siea a khokhotheletsoe thupeng ka nako e telele. Baroma ba ne ba keneletse karolong e khōlō ea sena. Empa, ha Jesu a ne a e-shoa thupeng eo ea tlhokofatso, o ile a re ho Ntate oa hae oa leholimo mabapi le masole a neng a mo khokhothetse: “Ntate, u ba tšoarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34.

22. Ke mantsoe afe a Thuto ea Thabeng ao re tlamehang ho leka ho a sebelisa?

22 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ne a ile a re: “Ratang bao e leng lira ho lōna, . . . le rapelle ba le . . . hlorisang.” Ho fihlela qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, o ile a mamela molao-motheo oo ka boeena. Na o re hloka se fetang seo re ka se khonang, rōna ba loanang le mefokolo ea nama ea rōna ea boetsalibe? Bonyane re lokela ho leka ho sebelisa mantsoe ao Jesu a ileng a a ruta balateli ba hae ka mor’a ho ba neha thapelo ea mohlala: “Ekare ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna; empa ekare ha le sa tšoarele batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna le eena a ke ke a le tšoarela litlōlo tsa lōna.” (Mattheu 5:44; 6:14, 15) Haeba re tšoarela joalokaha Jehova a tšoarela, re tla tšoarela re be re lebale.

Na Ua Hopola?

◻ Jehova o sebetsana le libe tsa rōna joang, hona hobane’ng?

◻ Ke hobane’ng ha Manasse a ile a busetsoa boreneng ba hae?

◻ Ke tšobotsi efe e khethehileng ea tšoarelo e etsoang ke Jehova eo e leng phephetso hore batho ba ka e etsisa?

◻ Ke hobane’ng ha ho ikemisetsa ha Jesu ho tšoarela e bile ho tsotehang hakaale?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Nathane o ile a thusa Davida ho bona tlhokahalo ea tšoarelo ea Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela