Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 7/1 maq. 28-31
  • Ke Mang ea Tšoaneloang ke ho Bitsoa Rabi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tšoaneloang ke ho Bitsoa Rabi?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Moshe e ne e le Rabi?
  • Ho Etsisa Moeta-pele
  • Bo-rabi ho Pholletsa le Lilemo
  • “Le se ke la Bitsoa Rabi”
  • Latela ’Mehi-mohlala
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Talmud ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mishnah le Molao oo Molimo a Ileng a o fa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 7/1 maq. 28-31

Ke Mang ea Tšoaneloang ke ho Bitsoa Rabi?

A NE a sa lebella, mohahlauli e mong o ile a lahla tšepo ea hore o tla fihla boema-fofane ka nako. Mapolesa a makholo a ne a leka ho tsamaisa sephethe-phethe ha a ntse a lebetse batho ba siameng ba ka holimo ho 300 000 ba neng ba pepeteha literateng tsa Jerusalema. The Jerusalem Post e ile ea ho bitsa “mokoloko oa lepato o moholo hoo ka tloaelo o etsetsoang feela bapresidente, marena kapa babusi ba bahatelli.” E ne e ka ba mang ea neng a ka susumetsa boinehelo bo bokaalo-kaalo, a tsitsipanya motse-moholo oa Iseraele ka lihora-hora? Rabi ea hlomphehang. Ke hobane’ng ha boemo ba rabi bo fumana tlhompho le boinehelo bo bokaalo har’a Bajuda? Lentsoe “rabi” le qalile ho sebetsa neng? Ka nepo le sebetsa ho mang?

Na Moshe e ne e le Rabi?

Lebitso le hlomphuoang ka ho fetisisa Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda ke Moshe, ’muelli oa selekane sa Molao sa Baiseraele. Bajuda ba balumeli ba mo bitsa “Moshe ‘Rabi oa rōna.’” Leha ho le joalo, ha ho moo Moshe a bitsoang ka tlotla “Rabi” ka Bibeleng. Ha e le hantle, lentsoe “rabi” ha le hlahe ho hang Mangolong a Seheberu. Joale ho tlile joang hore Bajuda ba qale ho bitsa Moshe ka tsela ee?

Ho latela Mangolo a Seheberu, boikarabelo le bolaoli ba ho ruta le ho hlalosa Molao bo ne bo filoe litloholo tsa Arone, moprista oa leloko la Levi. (Levitike 10:8-11; Deuteronoma 24:8; Malakia 2:7) Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., phetoho e sa bonahaleng e ile ea qala har’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, ea ama mehopolo ea Bajuda ka ho ke keng ha hlakoloa ho tloha ka nako eo ho ea pele.

Mabapi le ho fetohela boemong bona bo bong ba moea, Daniel Jeremy Silver oa ngola ho A History of Judaism: “Ka nako [eo], sehlopha sa bangoli bao e seng baprista le litsebi se ile sa qala ho ipelaetsa ka ho ba molaong ha taba ea hore baprista e be bona feela ba hlalosang Torah, [Molao oa Moshe]. E mong le e mong o ne a lumela hore baprista ba ne ba hlokahala joaloka basebeletsi ba Tempele, empa ke hobane’ng ha e le bona ba lokelang ho etsa qeto litabeng tse amanang le Torah?” Ke bo-mang ba neng ba hlohlelletsa boipelaetso boo ka bolaoli ba sehlopha sa baprista? Sehlopha se secha ka har’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, se neng se bitsoa Bafarisi. Silver o tsoela pele: “Bafarisi ba ne ba amohela batho likolong tsa bona motheong oa litšoaneleho, e seng ho latela tsoalo [leloko la boprista], ’me ba ile ba tlisa sehlopha se secha sa Bajuda ketello-peleng ea bolumeli.”

Lekholong la pele la lilemo C.E., ba fumaneng mangolo likolong tsena tsa Bafarisi ba ne ba tsejoa e le baruti kapa benghali ba molao oa Sejuda. E le pontšo ea tlhompho, Bajuda ba bang ba ile ba qala ho ba bitsa “moruti oa ka” kapa “moeta-pele oa ka,” eo ka Seheberu e leng rabbi.

Ho ne ho se letho le neng le ka fana ka matla a eketsehileng tlotleng ena e ncha ho feta ho e sebelisa ho Moshe ea talingoang e le moruti e moholo ka ho fetisisa historing ea Sejuda. Phello ea sena e ne e tla fokotsa ho etelletsoa pele ha boprista empa ka lehlakoreng le leng e ne e tla phahamisa sebōpeho sa ketello-pele e ntseng e hōla, e nang le tšusumetso ea Bafarisi. Ka hona, ka lilemo tse ka holimo ho 1 500 ka mor’a lefu la hae, ka mafolo-folo Moshe o ile a fuoa tlotla ea “Rabi.”

Ho Etsisa Moeta-pele

Le hoja polelo “rabi” (“moeta-pele oa ka”) ka linako tse ling e ne e sebelisoa ke batho ba bangata ha ba bua ka baruti ba bang bao ba neng ba ba hlompha, ka ho tloaelehileng lentsoe leo le ne le sebelisoa ho baruti ba hlahelletseng har’a Bafarisi, “banna ba bohlale.” Ka ho timetsoa ha tempele ka 70 C.E., hoo ha e le hantle ho ileng ha felisa bolaoli ba baprista, bo-rabi ba Bafarisi ba ile ba fetoha baeta-pele ba sa phehisoeng khang ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Boemo ba bona boo ho seng bo lekanang le bona bo ile ba khothalletsa ho hōla ha mofuta o itseng oa sehlotšoana sa borapeli se neng se tsepamisitse maikutlo ho banna ba bohlale ba bo-rabi.

Ha a bua ka nako ena ea phetoho ea lekholong la pele la lilemo C.E., Moprofesa Dov Zlotnick oa hlalosa: “‘Ho mamela Banna ba Bohlale’ ho ile ha e-ba bohlokoa ho feta ho ithuta Torah.” Jacob Neusner, setsebi sa Mojuda, o hlalosa ka ho eketsehileng: “‘Morutuoa oa banna ba bohlale’ ke seithuti se ikamahantseng le rabi. O etsa joalo hobane a batla ho ithuta ‘Torah.’ . . . Torah ha e ithutoe ho sebelisoa molao, empa e ithutoa ka ho bona molao o kenyelletsoa lipontšong le liketsong tsa banna ba bohlale ba phelang. Ba ruta molao ka seo ba se etsang, e seng feela ka seo ba se bolelang.”

Setsebi sa Talmud, Adin Steinsaltz o tiisa sena ka ho ngola: “Banna ba bohlale ka bobona ba itse, ‘Ho lokela ho ithutoe meqoqo e akaretsang, mesoaso, kapa lipolelo tse sa reroang tsa banna ba bohlale.’” See se ne se ka sebelisoa ho fella kae? Steinsaltz oa hlokomela: “Mohlala o fetelletseng oa sena ke oa morutuoa ea ileng a tlalehoa a ile a ipata ka tlas’a bethe ea moruti oa hae e moholo e le hore a ka fumana hore na o itšoara joang ha a e-na le mosali oa hae. Ha a nyatsuoa mabapi le bohele-hele boo ba hae, morutuoa e monyenyane o ile a araba: ‘Ke Torah, ’me e lokela ho ithutoa,’ khato e amohetsoeng ke bo-rabi le ke liithuti e le e loketseng.”

Ka lebaka la ho etelletsoa pele ha bo-rabi ho e-na le Torah—ho ithuta Torah ka ho sheba rabi—Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E. ho ea pele e ile ea fetoha bolumeli bo sekametseng maikutlong a bo-rabi. Motho o ne a sa atamele haufi le Molimo ka Lentsoe le bululetsoeng le ngotsoeng, empa o ne a atamela ka ho sheba ’mehi-mohlala oa motho, moeta-pele, rabi. Ka hona, ka tlhaho ha ho sa etelletsoa pele Lengolo le bululetsoeng empa ho etelletsoa pele molao oa molomo le lineano tse rutoang ke bo-rabi bana. Ho tloha ntlheng ena ho ea pele, lingoliloeng tsa Sejuda tse kang Talmud, li tsepamisitse maikutlo haholo lipuisanong, lipaleng tse qabolang le boitšoarong ba bo-rabi ho e-na le ho a tsepamisa liphatlalatsong tsa molao oa Molimo.

Bo-rabi ho Pholletsa le Lilemo

Le hoja ba ne ba e-na le bolaoli bo boholo le tšusumetso, bo-rabi ba mehleng ea pele ba ne ba sa iphelise ka mosebetsi oa bolumeli. Encyclopaedia Judaica ea bolela: “Rabi oa Talmud o ne a . . . fapane ka ho feletseng le oa mehleng ea kajeno ea bitsoang ka tlotla eo. Rabi oa Talmud e ne e le toloko le mohlalosi oa Bibele le Molao oa Molomo, ’me hoo e batlang e le kamehla o ne a e-na le mosebetsi oo a iphelisang ka oona. Ke Mehleng e Bohareng moo rabi a ileng a fetoha . . . moruti, ’moleli le hlooho ea moea ea phutheho ea Bajuda kapa ea sechaba.”

Nakong eo bo-rabi ba qalang ho fetola boemo ba bona hore e be mosebetsi oo ho amoheloang moputso ka oona, ba bang ba ile ba hanyetsana le hoo. Maimonides, rabi ea neng a tsebahala haholo lekholong la bo12 la lilemo, ea neng a iphelisa ka bongaka, o ile a nyatsa bo-rabi ba joalo a sa lika-like. “[Ba] lokiselitse ho batla chelete ho batho ka bomong le ho sechaba ’me ba entse hore batho ba nahane, ka bothoto bohle, hore ke tlamo ebile ho loketse ho thusa [ka lichelete] banna ba bohlale le litsebi le batho ba ithutang Torah, ka tsela ena Torah ke khoebo ea bona. Empa sena sohle se fosahetse. Ha ho na lentsoe leha le le leng ebang ke ho Torah kapa mantsoeng a banna ba bohlale, le ka tšehetsang thuto ena.” (Commentary on the Mishnah, Avot 4:5) Empa nyatso ea Maimonides ha ea ka ea eloa hloko ke meloko e hlahlamang ea bo-rabi.

Ha Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e kena mehleng ea kajeno, e ile ea arohana ho ba lihlotšoana tse loanelang liphetoho, tsa ba khomarelang mekhoeng e tloaetsoeng le ba tumelo ea orthodox. Ho Bajuda ba bangata bolumeli le ho ba setho sa bona ho ile ha nka boemo ba bobeli ha ho bapisoa le mabaka a mang. Ka lebaka leo, boemo ba bo-rabi bo ile ba khelloa fatše. Ka kakaretso, rabi o ile a fetoha hlooho e khethiloeng ea phutheho, a sebetsa joaloka moruti oa setsebi le moeletsi ea lefuoang oa litho tsa sehlopha sa hae. Leha ho le joalo, har’a lihlopha tsa ba lumelang boorthodox ka mokhoa o fetelletseng ba Bahasid, khopolo ea ho ba ha rabi moeta-pele le ’mehi-mohlala e ile ea atoloha le ho feta.

Hlokomela tlhaloso ea Edward Hoffman bukeng ea hae mabapi le litho tsa mokha oa Bahasid oa Chabad-Lubavitch: “Bahasid ba pele ba ne ba boetse ba hatella hore molokong o mong le o mong ho na le moeta-pele a le mong oa Mojuda, zaddik [ea lokileng], eo e leng ‘Moshe’ oa mehleng ea hae, eena eo tsebo ea hae le boinehelo ba hae ho ba bang li ke keng tsa lekanngoa le tsa mang kapa mang. Ka borapeli ba hae bo nang le tšabo e hlomphang, sehlopha se seng le se seng sa Bahasid se ile sa ikutloa hore, Rebbe oa bona [Seyiddishe bakeng sa “rabi”] o ne a ka susumetsa esita le melao-taelo ea Ea Matla ’Ohle. Hase feela hore o ne a hlomphuoa joaloka ’mehi-mohlala ka lebaka la lipolelo tsa hae tse neng li beha leseling, empa botho ba hae ka bobona (‘tsela eo a tlamang maqhoele a lieta ka eona,’ joalokaha ho hlalositsoe) bo ne bo talingoa bo phahamisa batho le ho fana ka lipontšo tse ipatileng tsa tsela e isang ho Molimo.”

“Le se ke la Bitsoa Rabi”

Jesu, Mojuda oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a theha Bokreste, o phetse nakong eo khopolo ea Bafarisi ka bo-rabi e neng e qala ho etella pele Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda. E ne e se Mofarisi, leha e le hore o ne a koetlisitsoe likolong tsa bona, empa le eena o ne a bitsoa Rabi.—Mareka 9:5; Johanne 1:38; 3:2.

Ha a nyatsa tloaelo ea bo-rabi Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, Jesu o ile a re: “Bangoli le Bafarisi ba itulisitse setulong sa Moshe. Ba rata sebaka se hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane le litulo tse ka pele ka lisynagogeng, le litumeliso libakeng tsa ’maraka le ho bitsoa Rabi ke batho. Empa lōna, le se ke la bitsoa Rabi, kaha o mong mosuoe oa lōna, athe lōna bohle le bara ba motho.”—Matheu 23:2, 6-8.

Jesu o ile a lemosa ka khethollo e neng e hōla ka hare ho Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda lipakeng tsa baruti le phutheho. O ile a nyatsa ho fana ka tlhompho e sa tšoanelang joalo ho batho. Ka sebete o ile a bolela hore: “O mong mosuoe oa lōna.” Ea Mong eo e ne e le mang?

Moshe, “eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se talimane le sefahleho” le ea neng a bitsoa “Rabi oa rōna” ke banna ba bohlale ka bobona, e ne e le motho ea sa phethahalang. Esita le eena o ile a etsa liphoso. (Deuteronoma 32:48-51; 34:10; Moeklesia 7:20) Ho e-na le ho totobatsa Moshe e le mohlala o ka sehloohong, Jehova o ile a mo bolella: “Ke tla ba hlahisetsa moporofeta ea tsoang har’a banab’abo bona, ea joalo ka uena; ke tla bea mantsoe a ka molomong oa hae, ’me o tla ba bolella tsohle tsee ke tla mo laela tsona. Etlare ha e mong a ka hana ho utloa mantsoe a ka ao a tla a bolela ka lebitso la ka, ke ’na ke tla ’motsa hoo.”—Deuteronoma 18:18, 19.

Boprofeta ba Bibele bo paka hore mantsoe ana a phethahala ho Jesu, Mesia.a Hase feela hore Jesu o ne a le “joalo ka” Moshe; o ne a le moholo ho Moshe. (Baheberu 3:1-3) Mangolo a senola hore Jesu o tsoetsoe e le motho ea phethahetseng, ’me ho fapana le Moshe, o ile a sebeletsa Molimo “a se na sebe.”—Baheberu 4:15.

Latela ’Mehi-mohlala

Ho ithuta ka cheseho ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea rabi, le polelo ea hae, ha hoa atametsa Bajuda haufi le Molimo. Le hoja motho ea sa phethahalang e ka ba mohlala oa botšepehi, haeba re ithuta eena ’me re etsisa ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea hae, re tla etsisa liphoso tsa hae le ho se phethahale ha hae ’moho le litšoaneleho tsa hae tse ntle. Re tla be re fana ka tlotliso e sa tšoanelang ho motho ea bōpiloeng ho e-na le ho e fa ’Mōpi.—Baroma 1:25.

Empa Jehova o ile a fana ka ’Mehi-mohlala bakeng sa moloko oa batho. Ho latela Lengolo, Jesu o ne a kile a phela pele e e-ba motho oa nama. Ha e le hantle, o bitsoa “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng, letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) A sebelelitse leholimong e le “motlatsi” oa Molimo ka lilemo tse likete tse ke keng tsa lekanngoa, Jesu o boemong bo molemohali ba ho re thusa ho tseba Jehova.—Liproverbia 8:22-30; Johanne 14:9, 10.

Ka lebaka leo, Petrose o ne a ka ngola: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ho ‘talima ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.’ O ile a boela a hlalosa hore “ho eena ho patiloe ka hloko matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo.” (Baheberu 12:2; Bakolose 2:3) Ha ho motho e mong—hase Moshe leha e le monna ea bohlale oa borabi—ea tšoaneloang ke tlhokomelo e joalo. Haeba ho na le ea lokelang ho etsisoa haufi-ufi, ke Jesu. Bahlanka ba Molimo ha ba hloke tlotla e kang ea rabi, haholo-holo ha ho talingoa tsela eo e hlalosoang ka eona mehleng ena, empa haeba e mong a ne a tšoanela ho bitsoa Rabi, eo e ne e le Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le bopaki ba hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng, bona sehlooho “‘Re Fumane Mesia’!” ho Molula-Qhooa oa October 1, 1992, leqepheng la 9-14.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

© Brian Hendler 1995. All Rights Reserved

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela