KHAOLO EA 2
Ho Tseba Karolo eo Kreste a e Phethang Tokisetsong ea Molimo
“TŠIMOLOHONG Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše,” ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng “e ne e le molemo haholo.” (Gen. 1:1, 31) Jehova o ile a bopa batho ba e-na le tšepo e babatsehang ea bokamoso. Empa ka lebaka la hore batho ba ile ba fetohela Molimo Edene, thabo ea bona e ile ea fetoha masoabi. Leha ho le joalo, morero oa Jehova ka lefatše le ka batho ha oa ka oa fetoha. Molimo o ile a bontša hore bana ba Adama ba mamelang ba ne ba tla lopolloa. Borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa ’me Molimo a felise ea khopo le mesebetsi eohle ea hae e mebe. (Gen. 3:15) Lintho li ne li tla boela li be “molemo haholo.” Jehova o ne a tla phethahatsa sena ka Mora oa hae, Jesu Kreste. (1 Joh. 3:8) Ke ka lebaka leo re tlamehang ho tseba karolo eo Kreste a e phethang tokisetsong ea Molimo.—Lik. 4:12; Bafil. 2:9, 11.
KRESTE O PHETHA KAROLO EFE?
2 Rea hlokomela hore karolo eo Kreste a e phethang tokisetsong ea Molimo e na le litšobotsi tse ngata. Jesu ke Molopolli oa batho, Moprista ea Phahameng, Hlooho ea phutheho ea Bokreste ’me hona joale ke Morena ’Musong oa Molimo. Ha re nahanisisa ka likarolo tseo Jesu a li phethang, seo se etsa hore re ananele tokisetso ea Molimo haholo ’me re rate Kreste Jesu le ho feta. Bibele e hlalosa tse ling tsa likarolo tseo a li phethang.
Jesu ke eena ea ka sehloohong eo Jehova a mo sebelisang ho phethahatsa morero ea hae ka batho
3 Nakong ea tšebeletso ea Kreste ea lefatšeng, ho ile ha hlaka hore ho ne ho tla sebelisoa eena hore batho ba mamelang ba boelane le Molimo. (Joh. 14:6) Kaha Jesu ke Molopolli oa batho, o ile a nehelana ka bophelo ba hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata. (Mat. 20:28) Kahoo, Jesu o re behetse mohlala oa kamoo re ka phelang ka tsela e bontšang hore re tšaba Molimo. Hape ke eena ea ka sehloohong eo Jehova a mo sebelisang ho phethahatsa morero ea hae ka batho. Ke eena feela ea ka etsang hore Molimo a boele a re amohele. (Lik. 5:31; 2 Bakor. 5:18, 19) Lefu la Jesu la sehlabelo le tsoho ea hae li buletse batho ba mamelang monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng ha ’Muso oa Molimo o leholimong o se o busa.
4 Kaha Jesu ke Moprista ea Phahameng, o khona ho “utloela mefokolo ea rona bohloko” le ho etsa hore balateli ba hae ba inehetseng ba phelang lefatšeng ba tšoareloe libe. Moapostola Pauluse o ile a re: “Moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rona bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rona, empa a se na sebe.” Ka mor’a moo, Pauluse o ile a khothalletsa ba lumelang ho Jesu Kreste hore ba sebelise ka botlalo tokisetso ena ea hore ba boelane le Molimo, ha a ne a re: “Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheb. 4:14-16; 1 Joh. 2:2.
5 Hape Jesu ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. Kajeno ha re hloke moeta-pele oa motho feela joalokaha balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa mo hloke. Jesu o re tataisa ka moea o halalelang le ka balisa ba tšoanelehang ba boemong bo tlaasana ho ba hae, ba ikarabellang ho eena le ho Ntate oa hae ea leholimong ha ba ntse ba hlokomela mohlape oa Molimo. (Baheb. 13:17; 1 Pet. 5:2, 3) Ha Jehova a profeta mabapi le Jesu, o ile a re: “Bonang! Ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” (Esa. 55:4) Jesu o ile a tiisa hore boprofeta bona bo phethahetse ha a ne a re ho barutuoa ba hae: ‘Le se ke la bitsoa baeta-pele, kaha Moeta-pele oa lona o mong, Kreste.’—Mat. 23:10.
6 Jesu o ile a bontša hore o ikemiselitse ho re thusa ha a re: “Tloong ho ’na, lona bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lona khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Jesu Kreste o bontšitse hore ke “molisa ea khabane” ea etsisang Jehova Molimo, e leng Ntate oa hae ea leholimong ka ho hlokomela litaba tsa phutheho ea Bokreste ka bonolo le ka tsela e re khathollang.—Joh. 10:11; Esa. 40:11.
7 Lengolong la hae la pele leo a ileng a le ngolla Bakorinthe, Pauluse o ile a hlalosa karolo e ’ngoe eo Jesu Kreste a e phethang ha a ne a re: “O tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae. Empa ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a hae, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.” (1 Bakor. 15:25, 28) Pele Jesu a tla lefatšeng, e ne e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo, kaha ke eena oa pele popong ea Molimo. (Liprov. 8:22-31) Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a etsa thato ea Molimo ka linako tsohle. O ile a mamella teko e boima ka ho fetisisa ’me a shoa a tšepahala ho Ntate oa hae. (Joh. 4:34; 15:10) Kaha Mora oa hae o ile a tšepahala ho fihlela a e-shoa, Molimo o ile a mo tsosetsa ho ea phela leholimong ’me a mo fa tlotla ea ho ba Morena oa ’Muso leholimong. (Lik. 2:32-36) Kaha Kreste Jesu ke Morena oa ’Muso ona, Molimo o mo file mosebetsi o babatsehang oa ho etella pele limiriade tsa libopuoa tse matla tsa moea e le hore a felise mebuso ea batho le bokhopo bohle lefatšeng. (Liprov. 2:21, 22; 2 Bathes. 1:6-9; Tšen. 19:11-21; 20:1-3) Kahoo, ’Muso oa Molimo o leholimong, oo Morena oa oona e leng Kreste, ke oona feela o tla busa lefatšeng lohle.—Tšen. 11:15.
HO TSEBA KAROLO EO KRESTE A E PHETHANG HO BOLELA’NG?
8 ’Mehi-mohlala oa rona e leng Jesu Kreste o phethahetse. O filoe boikarabelo ba hore a re hlokomele. Re lokela ho lula re tšepahala ho Jehova le ho tsamaisana le mokhatlo oa hae o hatelang pele e le hore Jesu a tle a re hlokomele ka lerato.
9 Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba hantle hore na Kreste o phetha karolo efe tokisetsong ea Molimo. Seo se ile sa bonahala ka hore ba sebetse hammoho ka kutloano ba bile ba ikokobelitse ha Kreste a ntse a ba tataisa ka moea o halalelang. (Lik. 15:12-21) Moapostola Pauluse o ile a bua ka bonngoe ba phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng a re: “Ha re ntse re bua ’nete, a re holeng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste. Ka eena ’mele oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang, ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa kholo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.”—Baef. 4:15, 16.
10 Ha motho e mong le e mong ka phuthehong a sebetsa ka kutloano tlas’a tataiso ea Kreste, phutheho ea hola ebile e ba le lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Joh. 10:16; Bakol. 3:14; 1 Bakor. 12:14-26.
11 Lintho tse etsahalang lefatšeng tseo Bibele e ileng ea bua ka tsona esale pele li bontša hore ho tloha ka 1914 Jesu Kreste o ile a fuoa matla a ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Hona joale o busa har’a lira tsa hae. (Pes. 2:1-12; 110:1, 2) See se bolela’ng ho batho ba phelang lefatšeng hona joale? Haufinyane ho tla bonahala hore Jesu ke Morena oa marena le Khosi ea likhosi ha a phethahatsa kahlolo ea Molimo ho lira tsa hae. (Tšen. 11:15; 12:10; 19:16) Ka mor’a moo, Jehova o tla lopolla ba ka letsohong le letona la Kreste joalokaha a ile a tšepisa seo ka mor’a hore batho ba pele ba mo fetohele. (Mat. 25:34) Re thaba hakaakang hore ebe re tseba karolo eo Kreste a e phethang tokisetsong ea Molimo! E se eka re ka etsa mosebetsi oa boboleli hammoho ha re ntse re tataisoa ke Kreste matsatsing ana a ho qetela.