Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 9/15 maq. 15-20
  • “Hora e Tlile!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hora e Tlile!”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la Jesu la ho Kena ka Tlhōlo
  • Khato e Bontšang Sebete e Lateloang ke Lithuto Tse Phelisang
  • Letsatsi la ho Nyatsa
  • Jesu ‘o Rata ba Hae ho Isa Bofelong’
  • Mor’a Motho oa Tlotlisoa!
  • Ho Hopola Matsatsi a ho Qetela a Jesu Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Beke e Ileng ea Fetola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Letsatsi la ho Qetela la Bophelo ba Jesu e le Motho oa Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 9/15 maq. 15-20

“Hora e Tlile!”

“Hora ea hae e ne e tlile ea hore a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate.”—JOHANNE 13:1.

1.Ha Paseka ea 33 C.E. e atamela, Jerusalema e tletse lipuo life tse inahaneloang, hona hobane’ng?

HA Jesu a ne a kolobetsoa ka 29 C.E., o ile a qalisa tsela e neng e tla lebisa ‘horeng’ ea lefu la hae, tsohong ea hae le ho tlotlisoeng ha hae. Joale ke nako ea selemo ka 33 C.E. Ho fetile libeke tse seng kae feela lekhotla le phahameng la Bajuda, kapa Sanhedrine, le ne le eletsana ho bolaea Jesu. Kaha Jesu o tsebile ka morero oa lona, mohlomong ka Nikodemase, eo e leng setho sa Sanhedrine se bileng le botsoalle ho eena, o tlohile Jerusalema ’me o ile libakeng tsa mahae ka mose ho Nōka ea Jordane. Ha Mokete oa Paseka o ntse o atamela, batho ba bangata ba tloha mahaeng ho ea Jerusalema, ’me motse o tletse lipuo tse inahaneloang ka Jesu. Batho baa botsana: “Maikutlo a lōna ke afe? Hore ho hang ha a na ho tla moketeng?” Baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba hotelitse hlaha ka ho fana ka litaelo tsa hore leha e le mang ea bonang Jesu a ba tlalehele moo a leng teng.—Johanne 11:47-57.

2. Ke ketso efe ea Maria e tsosang khang, ’me karabo ea Jesu ha a mo buella e bontša eng e supang hore o tseba ka “hora ea hae”?

2 Ka la 8 Nisane, matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka, Jesu o khutletse haufi le Jerusalema. O tla Bethani—motse oa habo metsoalle e ratoang ea hae Maretha, Maria le Lazaro—sebaka se hōle le Jerusalema ka lik’hilomithara tse ka bang tharo. Ke Labohlano mantsiboea, ’me Jesu o hlola moo ka Sabatha. Mantsiboeeng a latelang ha Maria a mo sebeletsa ka ho mo tšela ka oli e monko o monate, barutuoa ba hanyetsa taba eo. Jesu oa araba, o re: “Mo tloheleng, e le hore a ka boloka moetlo ona ka lebaka la letsatsi la lepato la ka. Etsoe le na le mafutsana ka mehla, empa ’na ha le na ho ba le ’na ka mehla.” (Johanne 12:1-8; Matheu 26:6-13) Jesu oa tseba hore ‘hora ea hae e tlile ea hore a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate.’ (Johanne 13:1) Ka mor’a matsatsi a mahlano o tla be a “fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mareka 10:45) Ho tloha moo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a e etsang le ho e ruta e susumetsoa ke moea oa ho potlaka. See se re fa mohlala o babatsehang hakaakang ha re ntse re letetse ka cheseho bofelo ba tsamaiso ee ea lintho! Nahana se etsahallang Jesu hantle feela ka letsatsi le hlahlamang.

Letsatsi la Jesu la ho Kena ka Tlhōlo

3. (a) Jesu o kena joang Jerusalema ka Sontaha, sa la 9 Nisane, ’me boholo ba batho ba mo khobokanetseng ba nka khato efe? (b) Jesu o araba joang Bafarisi ba tletlebisoang ke letšoele?

3 Ka Sontaha, sa la 9 Nisane, Jesu o kena ka tlhōlō Jerusalema. Ha a atamela motse—a palame petsana ea esele phethahatsong ea Zakaria 9:9—boholo ba batho ba mo khobokanetseng ba ala liaparo tsa bona tsa ka holimo tseleng, ha ba bang ba poma makala a lifate ’me ba a ala. Baa hooa: “Ho hlohonolofetse Ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!” Bafarisi ba bang ba har’a letšoele ba batla hore Jesu a khalemele barutuoa ba hae. Leha ho le joalo, Jesu oa araba, o re: “Kea le bolella, Haeba bana ba ne ba ka lula ba khutsitse, majoe a ne a tla hoeletsa.”—Luka 19:38-40; Matheu 21:6-9.

4. Ke hobane’ng ha Jerusalema e ferekana ha Jesu a kena ho eona?

4 Libeke tse seng kae pele ho moo, ba bangata har’a letšoele lena ba ne ba bone ha Jesu a tsosa Lazaro. Joale e se e le bona ba ntseng ba bolella ba bang ka mohlolo ona. Ka hona ha Jesu a kena Jerusalema, motse kaofela oa ferekana. Batho baa botsa: “Enoa ke mang?” Matšoele a tsoela pele, a re: “Enoa ke moprofeta Jesu, ea tsoang Nazaretha ea Galilea!” Ha Bafarisi ba bona se etsahalang, baa tletleba: “Lefatše le mo setse morao.”—Matheu 21:10, 11; Johanne 12:17-19.

5. Ho etsahala’ng ha Jesu a e-ea tempeleng?

5 Joalokaha e le tloaelo ea Jesu, Mosuoe e Moholo, ha a kena Jerusalema, o ea tempeleng ho ea ruta. Ke hona teng moo lifofu le lihole li eang ho eena, ’me oa li phekola. Ha baprista ba ka sehloohong le bangoli ba bona sena ’me ba utloa bashemane ba ka tempeleng ba hooa, ba re: “Pholosa, rea rapela, Mora oa Davida!” baa halefa. Baa ipelaetsa, ba re: “Na u utloa seo baa ba se buang?” Jesu oa araba: “E. Na le ka mohla ha lea ka la bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana ba banyenyane le ba anyang u fane ka thoriso’?” Ha Jesu a tsoela pele ho ruta, o shebisisa se etsahalang ka tempeleng.—Matheu 21:15, 16; Mareka 11:11.

6. Khato eo Jesu a e nkang e fapane joang le ea pejana, hona hobane’ng?

6 Joale khato eo Jesu a e nkang e fapane hakaakang le eo a neng a e nke pejana likhoeling tse tšeletseng tse fetileng! Ka nako eo o ile a tla Jerusalema Moketeng oa Litabernakele “eseng pepenene empa joalokaha eka ke ka sephiring.” (Johanne 7:10) Ebile kamehla o ne a itokisetsa ho nyenyelepa ha bophelo ba hae bo sokeloa. Joale o kena a sa ipata motseng oo ho fanoeng ka litaelo tsa hore a tšoaroe! Hape, Jesu o ne a sa tloaela ho phatlalatsa hore eena ke Mesia. (Esaia 42:2; Mareka 1:40-44) O ne a sa batle hore ba tsamaee ba mo jala-jala kapa ba mo ja lirethe. Joale matšoele a bolela phatlalatsa hore ke Morena le ’Moloki—eena Mesia—’me o qhela likōpo tsa baeta-pele ba bolumeli tsa hore a a khutsise! Phetoho ee e bakoa ke eng? Ke hore, letsatsing le latelang Jesu a phatlalatse hore “hora e tlile ea hore Mora oa motho a tlotlisoe.”—Johanne 12:23.

Khato e Bontšang Sebete e Lateloang ke Lithuto Tse Phelisang

7, 8. Ka liketso tsa hae ka la 10 Nisane, Jesu o bonahatsa joang seo a ileng a se etsa ka tempeleng ka Paseka ea 30 C.E.?

7 Ha Jesu a fihla tempeleng ka Mantaha, oa la 10 Nisane, o nka khato ka seo a ileng a se bona ka la maobane motšehare oa mantsiboea. O ‘qala ho phahla ba rekisang le ba rekang ka tempeleng, ’me o phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba; ’me ha a tlohele leha e le mang hore a fete ka tempeleng a nkile sejana.’ Ha a nyatsa bafosi bana, o re: “Na ha hoa ngoloa, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle’? Empa le e entse lehaha la masholu.”—Mareka 11:15-17.

8 Liketso tsa Jesu li bonahatsa seo a ileng a se etsa lilemong tse tharo tse fetileng ha a ne a ile tempeleng ka Paseka ea 30 C.E. Leha ho le joalo, lekhetlong lena o ba nyatsa ka mantsoe a hlabang haholoanyane. Lekhetlong lena ba hoebang ka tempeleng ba bitsoa “masholu.” (Luka 19:45, 46; Johanne 2:13-16) Ho joalo hobane ba batla chelete e holimo ho ba lokelang ho reka liphoofolo tsa mahlabelo. Taba ea seo Jesu a ntseng a se etsa e fihla litsebeng tsa baprista ba ka sehloohong, bangoli le ba bang ba phahameng sechabeng, ’me ba boetse ba batla litsela tsa hore a bolaoe. Empa, ha ba tsebe hore na ba tlosa Jesu tseleng joang, kaha batho kaofela, ka lebaka la ho hlolloa ke thuto ea hae, ha ba tlohe ho eena e le hore ba mo mamele.—Mareka 11:18; Luka 19:47, 48.

9. Jesu o ruta thuto efe, ’me o fetisetsa memo efe ho bamameli ba hae ba tempeleng?

9 Ha Jesu a tsoela pele ho ruta tempeleng, oa phatlalatsa: “Hora e tlile ea hore Mora oa motho a tlotlisoe.” E, oa tseba hore o saletsoe ke matsatsi a se makae feela a phela e le motho oa nama. Ka mor’a hore Jesu a bolele kamoo thollo ea koro e lokelang ho shoa e le hore e behe—ho lumellanang le ho shoa ha hae ’me a fetoha eo ka eena ho tla fetisetsoa bophelo bo sa feleng ho ba bang—o mema bamameli ba hae, o re: “Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, a a ntatele, ’me moo ke leng teng mosebeletsi oa ka le eena o tla ba moo. Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”—Johanne 12:23-26.

10. Jesu o ikutloa joang ka lefu le bohloko leo a tla le shoa?

10 Ha Jesu a nahana ka lefu le bohloko leo a tla le shoa ka mor’a matsatsi a mane feela, o tsoela pele: “Joale soule ea ka e khathatsehile, ’me ke tla re’ng? Ntate, mpholose horeng ena.” Empa se letetseng Jesu se ke ke sa qojoa. O re: “Leha ho le joalo, ke ka lebaka lena ke fihlileng horeng ena.” Ha ho pelaelo hore Jesu o lumellana le tokisetso eohle ea Molimo. O ikemiselitse hore thato ea Molimo e laole liketso tsa hae ho fihlela lefung la hae la sehlabelo. (Johanne 12:27) O re behetse mohlala o mokaakang oa hore re ikokobeletse thato ea Molimo ka botlalo!

11. Ke lintho life tseo Jesu a li rutang letšoele le sa tsoa utloa lentsoe le tsoang leholimong?

11 Kaha Jesu o amehile haholo ka hore na lefu la hae le tla ama botumo ba Ntat’ae joang, oa rapela: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Letšoele le bokaneng tempeleng lea makala ha lentsoe le hlaha leholimong, le re: “Ke le tlotlisitse ’me ka sebele ke tla le tlotlisa hape.” Mosuoe e Moholo o sebelisa monyetla ona ho bolella letšoele hore na ke hobane’ng ha lentsoe lena le utloahetse, hore na liphello tsa lefu la hae e tla ba life le hore na ke hobane’ng ha le lokela ho bontša tumelo. (Johanne 12:28-36) Matsatsing a mabeli a ho qetela Jesu o phathahane e le kannete. Empa letsatsi la makhaola-khang ke hona le tla tla.

Letsatsi la ho Nyatsa

12. Ka Labobeli, la la 11 Nisane, baeta-pele ba bolumeli ba leka joang ho cheha Jesu, hona e le ka phello efe?

12 Ka Labobeli, la la 11 Nisane, Jesu o boetse o kena tempeleng ho ea ruta. Ho na le bamameli ba hlaha. Ha ba supa liketso tsa Jesu tsa maobane, baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba sechaba baa mo botsa: “Ke ka matla afe . . . u etsang lintho tsee? ’Me ke mang ea ileng a u fa matla aa?” Mosuoe ea Hloahloa o ba ferekanya ka karabo ea hae, ’me o pheta litšoantšo tse hlakileng tse tharo tse senolang hore na bahanyetsi ba hae ba khopo hakae—tse peli tsa tsona li bua ka tšimo ea morara ’me se seng se bua ka mokete oa lenyalo. Ka lebaka la ho halefisoa ke seo ba se utloang, baeta-pele ba bolumeli ba batla ho mo tšoara. Empa ba tšaba matšoele hobane a nka hore Jesu ke moprofeta. Ka hona ba batla ho mo cheha hore a bue ho hong ho ka etsang hore a tšoaroe. Likarabo tseo Jesu a fanang ka tsona li ba koala molomo.—Matheu 21:23–22:46.

13. Jesu o fa bamameli ba hae keletso efe mabapi le bangoli le Bafarisi?

13 Kaha bangoli le Bafarisi ba bolela hore ba ruta Molao oa Molimo, Jesu o khothatsa bamameli ba hae: “Lintho tsohle tseo ba le bolellang tsona, le li etse ’me le li boloke, empa le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.” (Matheu 23:1-3) Ba nyatsoa hampe hakaakang phatlalatsa! Empa Jesu ha a e-s’o qete ka bona. Lena ke letsatsi la ho qetela a le tempeleng, ’me ka sebete o bua masa-a-kokometse—a thatholoha joaloka toloki.

14, 15. Jesu o nyatsa bangoli le Bafarisi ka mantsoe afe a hlabang?

14 Ka makhetlo a tšeletseng Jesu oa phatlalatsa: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi!” Ke baikaketsi hobane, joalokaha a hlalosa, ba koalla batho ’Muso oa maholimo, ba hanela ba tseleng ea ho kena hore ba kene. Baikaketsi bana ba haola leoatle le naha e omileng ho sokolla motho a le mong, e le hore feela ba mo etse mofo oa timetso ea ka ho sa feleng. Ha ba ntse ba hlokomoloha “litaba tse tōma haholoanyane tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi,” ba seli ho lefa karolo ea leshome. Ha e le hantle, ba ‘hloekisa bokantle ba senoelo le ba sejana, empa ka hare ba tletse tse tlatlapiloeng le ho hloka ho leka-lekana’ kahobane ho bola le ho puta ho ka hare ho bona ho patiloe ke ho iponahatsa eka ke barapeli. Ho feta moo, ba ikemiselitse ho haha mabitla a baprofeta le ho a khabisa e le hore ba tlotlisoe ka liketso tsa bona tsa mohau, le hoja e le “bara ba ba ileng ba bolaea baprofeta.”—Matheu 23:13-15, 23-31.

15 Ha Jesu a nyatsa ho hloka litekanyetso tsa moea ha bahanyetsi ba hae, o re: “Ho malimabe lōna, batataisi ba foufetseng.” Ha ba tsebe ho ahlola lipakeng tsa ntho e ntle le e mpe hobane ba etelletsa pele khauta ea tempele ho e-na le ho etelletsa pele litekanyetso tsa moea tsa sebaka seo sa borapeli. Ha Jesu a tsoela pele, o ba nyatsa ka mantsoe a matla ka ho fetisisa. O re: “Linoha, malinyane a bo-marabe, le tla balehela kahlolo ea Gehena joang?” E, Jesu o ba bolella hore ka ho phehella tsela ea bona e khopo, ba tla utloa bohloko ba ho timela ka ho sa feleng. (Matheu 23:16-22, 33) E se eka le rōna re ka bontša sebete ha re bolela molaetsa oa ’Muso, le haeba ho ka bolela ho pepesa bolumeli ba bohata.

16. Ha a ntse a lutse Thabeng ea Mehloaare, Jesu o bolella barutuoa ba hae boprofeta bofe ba bohlokoa?

16 Joale Jesu o tloha tempeleng. Ha letsatsi le hlahlamela lithaba, eena le baapostola ba hae ba nyolohela Thabeng ea Mehloaare. Ha ba ntse ba lutse moo, Jesu o fana ka boprofeta ba ho timetsoa ha tempele le pontšo ea ho ba teng ha hae le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho. Se boleloang ke mantsoe ana a boprofeta se sebetsa ho fihlela mehleng ea rōna. Mantsiboeeng ao, Jesu o boetse o re ho barutuoa ba hae: “Lea tseba hore matsatsi a mabeli ho tloha hona joale paseka e ba teng, ’me ho tla nehelanoa ka Mora oa motho hore a khokhotheloe thupeng.”—Matheu 24:1-14; 26:1, 2.

Jesu ‘o Rata ba Hae ho Isa Bofelong’

17. (a) Nakong ea Paseka ea la 14 Nisane, Jesu o ruta ba 12 thuto efe? (b) Jesu o qalisa sehopotso sa eng ka mor’a ho leleka Judase Iskariota?

17 Ka matsatsi a mabeli a latelang—la 12 le la 13 Nisane—Jesu ha a ipepese tempeleng. Baeta-pele ba bolumeli ba batla ho mo bolaea, ’me ha a batle letho le tla mo sitisa ho keteka Paseka le baapostola ba hae. Ha letsatsi le likela ka Labone, ho qaleha la 14 Nisane—e leng letsatsi la ho qetela Jesu a phela lefatšeng e le motho oa nama. Mantsiboeeng ao, Jesu le baapostola ba hae ba ’moho ntlong e ’ngoe Jerusalema moo ba lokiselitsoeng ho ea keteka Paseka teng. Ha ba ntse ba thabela Paseka hammoho, o ruta ba 12 thuto e ntle ea boikokobetso ka ho ba hlatsoa maoto. Ka mor’a ho leleka Judase Iskariota, ea lumetseng ho eka Mong’a hae ka likoto tsa silevera tse 30—tse etsang chelete e rekang lekhoba feela tjee ho ea ka Molao oa Moshe—Jesu o qalisa Sehopotso sa lefu la hae.—Exoda 21:32; Matheu 26:14, 15, 26-29; Johanne 13:2-30.

18. Ke thuto efe e eketsehileng eo ka lerato Jesu a e fetisetsang ho baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11, ’me o ba lokisetsa joang ho tloha ha hae ho atamelang?

18 Ka mor’a ho thehoa ha Sehopotso, baapostola ba jana ka meno ba tseka hore na ke ofe ho bona eo e leng e moholo ka ho fetisisa. Ho e-na le ho ba ja ka bohale, Jesu ka mamello o ba ruta ka bohlokoa ba ho sebeletsa ba bang. Kaha o ananela hore ba ile ba ema le eena litekong tsa hae, o hlaba selekane sa ’muso le bona. (Luka 22:24-30) Jesu o boetse o ba laela hore ba ratane joalokaha a ba ratile. (Johanne 13:34) Ha Jesu a ntse a emisitse ka kamoreng eo, ka lerato o ba lokisetsa ho tloha ha hae ho atamelang. O ba tiisetsa hore ke motsoalle oa bona, o ba khothalletsa ho bontša tumelo, ’me o ba tšepisa thuso ea moea o halalelang. (Johanne 14:1-17; 15:15) Pele ba tloha ntlong eo, Jesu o kōpa Ntat’ae ka tieo, o re: “Hora e tlile; tlotlisa mora oa hao, e le hore mora oa hao a ka u tlotlisa.” Ka sebele, Jesu o lokiselitse baapostola ba hae ho tloha ha hae, ’me ka sebele ‘o rata ba hae ho isa bofelong.’—Johanne 13:1; 17:1.

19. Ke hobane’ng ha Jesu a utloa bohloko serapeng sa Gethesemane?

19 Mohlomong e se e le ka mor’a khitla ha Jesu le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba fihla serapeng sa Gethesemane. O bile moo hangata le baapostola ba hae. (Johanne 18:1, 2) Ho setse lihora tse seng kae feela pele Jesu a e-shoa joalokaha eka ke senokoane se eisehang. Bohloko ba seo ho lebeletsoeng hore se tla mo hlahela le kamoo se ka ’nang sa tlisetsa Ntat’ae sekhobo kateng bo matla hoo ha Jesu a ntse a rapela, mofufutso oa hae o tšoanang le marotholi a mali a rothelang fatše. (Luka 22:41-44) Jesu o re ho baapostola: “Hora e fihlile! . . . Bonang! Moeki oa ka o atametse.” Ha a ntse a bua, Judase Iskariota oa atamela, a e-na le letšoele le leholo le nkileng lirumula le mabone le lihlomo. Le tlil’o tšoara Jesu. Ha a hane. Oa hlalosa: “Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho lokela ho etsahala ka tsela ee?”—Mareka 14:41-43; Matheu 26:48-54.

Mor’a Motho oa Tlotlisoa!

20. (a) Jesu o oeloa ke masetla-pelo afe ka mor’a hore a tšoaroe? (b) Metsotsoana pele a e-shoa, ke hobane’ng ha Jesu a hooa, a re: “Ho phethehile”?

20 Ha Jesu a se a tšoeroe, o qosoa ka lipaki tsa bohata, o behoa molato ke baahloli ba leeme, o ahloloa ke Ponse Pilato, o tšehoa ke baprista le mahoohoo, ’me o songoa le ho hlorisoa ke masole. (Mareka 14:53-65; 15:1, 15; Johanne 19:1-3) Ka Labohlano, ha tali e antša, Jesu o khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso ’me o utloa bohloko bo otlang pelo ha maqeba a lipekere a maotong a hae le a matsohong a hae a taboha ka lebaka la ’mele oa hae o leketlileng. (Johanne 19:17, 18) Hoo e ka bang ka hora ea boraro thapama, Jesu oa meketsa: “Ho phethehile!” E, o phethile sohle seo a neng a tletse ho tla se etsa lefatšeng. Ha a nehela moea oa hae ho Molimo, o kebisa hlooho ’me oa shoa. (Johanne 19:28, 30; Matheu 27:45, 46; Luka 23:46) Letsatsing la boraro ka mor’a moo, Jehova o tsosa Mora oa hae. (Mareka 16:1-6) Ka mor’a matsatsi a 40 Jesu a tsohile, o nyolohela maholimong ’me oa tlotlisoa.—Johanne 17:5; Liketso 1:3, 9-12; Bafilippi 2:8-11.

21. Re ka etsisa Jesu joang?

21 Re ka ‘latela mehato ea Jesu haufi-ufi’ joang? (1 Petrose 2:21) Joaloka eena, a re ikitlaetseng ka matla mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa ’me re be sebete hape re hloke tšabo ha re bolela lentsoe la Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 4:29-31; Bafilippi 1:14) Le ka mohla re se ke ra lebala hore na re hokae kemisong ea nako kapa ra hlōleha ho susumelletsana leratong le mesebetsing e metle. (Mareka 13:28-33; Baheberu 10:24, 25) E se eka re ka lumella liketso tsohle tsa rōna hore li laoloe ke thato ea Jehova Molimo le ho ela hloko hore re phela “nakong ea bofelo.”—Daniele 12:4.

U Ka Araba Joang?

• Ho tseba ha Jesu hore lefu la hae le atametse ho bile le phello efe bosebeletsing boo a qeteletseng ka bona tempeleng ea Jerusalema?

• Ke eng e bontšang hore Jesu o ‘ratile ba hae ho isa bofelong’?

• Liketsahalo tsa lihora tse seng kae tsa ho qetela tsa bophelo ba Jesu li bontša eng ka eena?

• Re ka etsisa Kreste Jesu joang bosebeletsing ba rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jesu ‘o ba ratile ho isa bofelong’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela