Pontšo—E seng Feela Histori e Fetileng
JERUSALEMA, Bochabela bo Hare, ho na le sebaka se setle se tsebisahalang historing se batlang tlhokomelo ea batho ba nahanang kajeno. Ka mantsoe a rahistori oa Moroma oa lekholong la pele la lilemo Tacitus, ke sebaka se phahameng moo ho nang le “tempele e ruileng haholo.” Ha ho sa na lithako tsa mehaho ea tempele tse ntseng li le teng, empa e le sethala se ntseng se le teng. Se fana ka bopaki ba bonnete ba pontšo ea boprofeta e u amang.
Basibolli ba masalla a lintho tsa khale ba sibolotse lintho tse ngata ka boroa ho sethala seo sa tempele. J. A. Thompson o bolela tjena ho The Bible and Archaeology: “E ’ngoe ea lintho tse thahasellisang ka ho fetisisa tseo ba li fumaneng, e ne e le litene tse khōlō tse ngatanyana tse ileng tsa hahelloa ke lihahi tsa Heroda tseo ka ho totobetseng li ileng tsa heleha lerakong le ka holimo la Tempele nakong ea ha Jerusalema e ne e timetsoa ka 70 A.D.”
Timetso ea Jerusalema le tempele ea eona e ile ea boleloa lilemo tse 37 pele e etsahala. Ke bo-rahistori ba fetang boraro ba ileng ba tlaleha mantsoe a Jesu Kreste hore “ho ea tla matsatsi ao lejoe le sa tl’o ka le lesoa holim’a lejoe le leng, le sa heletsoa.” (Luka 21:6; Mattheu 24:1, 2; Mareka 13:1, 2) Ha latela puisano e amang e mong le e mong kajeno, ’moho le uena.
Barutuoa ba hae ba ’motsa: “Moruti, na tseo li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea hoba tseo li se li tla hlaha?” Ho latela Jesu, nako e neng e etella pele timetso ea tempele e ne e tla tšoauoa ka lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, litlala, le mafu a akaretsang. O ile a phaella: “Moloko ona o ke ke oa feta, tseo li e-so ho hlahe.”—Luka 21:7, 10, 11, 32.
Na moloko oo o ile oa bona phethahatso ea “pontšo”? E. Bibele e bua ka “tlala e khōIō” haesita le litšisinyeho tsa lefatše tse tharo, ’me tse peli tsa tsona e bile ‘litšisinyeho tsa lefatše tse khōIō.’ (Liketso 11:28; 16:26; Mattheu 27:51; Mattheu 28:1, 2) Ho latela histori ea nakong eo, nakong eona eo ho ile ha e-ba teng litšisinyeho tse ling tsa lefatše le litlala. E ne e boetse e le nako ea lintoa, tse peli tsa tsona e le tse ileng tsa loanoa ke makhotla a Roma khahlanong le baahi ba Jerusalema. Ho thibelloa ha Jerusalema ka lekhetlo la bobeli ho ile ha fella ka tlala e tšabehang le lefu le akaretsang, tse ileng tsa etella pele ho timetsoa ha motse le tempele ea oona ka selemo sa 70 C.E. Sebaka seo tempele e neng e le ho sona Jerusalema se eme e le seema-hale se khutsitseng sa bopaki ba liketsahalo tseo tse tšabehang tsa lekholong la pele la lilemo.
Motho e mong a ka ’na a re, ‘Sena sea thahasellisa, empa ’na se nkama joang?’ Ka hore pontšo hase feela histori e fetileng. Ho ile ha phethahatsoa feela karolo ea eona lekholong la pele la lilemo. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela e sa le pele hore ho tla nako eo batho ba tla ba le tšabo e khōlō ka baka la ‘lipontšo letsatsing, le khoeling, le linaleling’ le ho ‘tsukutleha ha leoatle.’ Tšobotsi ena ea pontšo e ne e tla tšoaea bohaufi ba “’muso oa Molimo”—puso e tla tlisa topollo e phethahetseng mahlomoleng a lefatše.—Luka 21:25-31, NW.
Lintho tse joalo ha lia ka tsa etsahala lekholong la pele la lilemo. Kajeno, lilemo tse 1 900 hamorao, motho o sa ntse a lebeletse ho lopolloa lintoeng, litšisinyehong tsa lefatše, litlaleng, le mafung a akaretsang. Ka hona, pontšo e tlameha ho phethahala ka ho feletseng ka lekhetlo la bobeli. Ha e qaqisa sena, buka ea Tšenolo e na le litšoantšo tsa boprofeta tse lumellanang le pontšo, empa eona e ngotsoe kamor’a timetso ea Jerusalema. (Tšenolo 6:1-8) Kahona, ho phahama potso ea bohlokoa: Na pontšo e bonahetse mehleng ea rōna?