Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 5/8 leq. 21
  • Kreste o Teng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kreste o Teng!
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pa·rou·siʹa—E Bolela’ng?
  • Pontšo ea ho ba Teng ha Kreste
  • Ho ba Teng ha Kreste ho Tsoelang Pele
  • Ho Khantša Leseli Ho Beng Teng ha Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Tla ha Jesu Kapa ho ba Teng ha Jesu—Hofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho ba Teng ha Messia le Puso ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho ba Teng ha Kreste—Ho Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 5/8 leq. 21

Pono Ea Bibele

Kreste o Teng!

“MANDELA oa tla! Mandela oa tla!” ke kamoo ho neng ho bina bana ba Soweto, Afrika Boroa. Ho lokolloa ha Nelson Mandela teronkong ka February 11, 1990, ho ile ha lebelloa ka cheseho e khōlō e le ho qaleha ha phetoho Afrika Boroa. Leha ho le joalo, lilemo tse ngata pele a tsoa teronkong, tšusumetso ea hae e ile ea utloahala. Ha a ntse a le teronkong, ka mafolo-folo o ile a “tsoela pele ho loana ntoa e sa khaotseng ea ho felisa apartheid.” Joalokaha koranta e ’ngoe ea machaba e hlokometse, lilemo tse 27 tsa ho kenngoa teronkong ha lia ka tsa “fokolisa ho ba teng ha hae—kapa cheseho ea hae.” Ho lokolloa ha hae teronkong ho hlakisa hantle phapang pakeng tsa ho tla le ho ba teng.

Ka ho tšoanang, mabapi le ha Jesu Kreste a nka matla a hae a borena, bangoli ba Bibele ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba khetholla mahareng a ho tla ha hae le ho ba teng ha hae. Ho ba teng ha Kreste Jesu matleng a borena ho ne ho tla utloahala le ho hlokomeloa lilemo tse ngata pele “a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.” (Mattheu 24:30) Ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng (pa·rou·siʹa, ka Segerike) ho ne ho tla etella pele ho tla hona (erʹkho·mai, ka Segerike) bakeng sa ho tla liha kahlolo khahlanong le moloko oa bofetoheli le o khopo.

Pa·rou·siʹa—E Bolela’ng?

Lentsoe la Segerike pa·rou·siʹa ha e le hantle le bolela “ho ikhohla le” ’me “e bile lentsoe le sebelisoang ke ba boholong bakeng sa ketelo ea motho oa boemo bo phahameng, ka ho khethehileng bakeng sa marena le baemphera ba etelang profensi.” Theological Dictionary of the New Testament e re: “[Parousia] ka ho khethehileng e bolela ho ba teng ho tsoelang pele.” ’Me mabapi le ho ba teng ha Kreste Jesu, buka The Parousia e re: “Ha ho mohla Mangolo a buang ka ‘Parousia ea bobeli.’ Ho sa tsotellehe hore na sebōpeho sa eona e ne e tla ba sefe, e ne e le ntho e sa tloaelehang, eo ho neng ho se mohla e kileng ea etsahala, ’me ho se mohla e tla etsahala hape. E ne e tla ba ho ba teng ho fapaneng le ponahalo ea hae e phahametseng batho.”

Ha a halosa mantsoe a Jesu a boprofeta karabelong ea lipotso tse ileng tsa botsoa ke baapostola Thabeng ea Mehloare, Moprofesa A. T. Robertson ho Word Pictures in the New Testament o ngola hore Jesu o ile a “sebelisa timetso ea tempele le Jerusalema tse etsahetseng molokong oo ka A.D. 70 e boetse e le pontšo ea ho tla ha hae hape le ea ho fela ha lefatše . . . kapa ho fela ha mehla.” Lipotso tsee e ne e le life, hona Jesu o ile a li arabela joang?

Pontšo ea ho ba Teng ha Kreste

Joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 24:3 (NW), baapostola ba ile ba botsa: “Ak’u re bolelle‚ lintho tsee li tla etsahala neng hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” Karabelong ea hae, Jesu o ile a nea barutuoa ba hae pontšo e neng e tla ba bopaki bo bonahalang ba ho ba teng ha hae matleng a ’Muso. Pontšo e feletseng e ne e akareletsa lintoa tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng, likhaello tsa lijo tse jeleng setsi, litšisinyeho tsa lefatše tse senyang, mafu, le keketseho ea tlolo ea molao le tšabo. Ho ba teng ha Kreste e ne e tla ba nako ea pherekano le ho tsieleha lefatšeng lohle. Mebuso ea batho le baeta-pele ba lefatše ba ne ba tla hlōleha ho sebetsana ka katleho le tsamaiso e senyehang.—Mattheu 24:7, 12; Luka 21:11.

Moprofesa oa phuputso ea lipolotiki, John Meisel, ha a tiisa bonnete ba mantsoe a Jesu a boprofeta, o itse: “Nako ena ea bohlokoa historing e haufi le ho fela, e tla nkeloa sebaka ke eo metheo ea eona e sa ntseng e utloisisoa ka ho fokolang feela.” Ka mor’a ho hlalosa ka ho fela ha Bokomonisi, ho hlōleha ha Puso ea moo Sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho le tsamaiso ea moruo e fokolang, Moprofesa Meisel o ile a tsoela pele: “Mathata a mangata a batho a phahametse meeli ea saense ea sechaba ’me ho hlokahala hore a rarolloe ka mekhoa e meng.” ’Me seo se bolela’ng? “Likhopolo tsa motheo tsa lefatše la joale lia soahlamana ’me li hloka ho nkeloa sebaka.”

Ho ba Teng ha Kreste ho Tsoelang Pele

Ho sa tsotellehe maemo a nyahamisang a lefatše le ntseng le senyeha, ho ba teng ha Jesu matleng a borena ho qalile lilemong tse ka holimo ho 75 tse fetileng ’me ho utloahetse ka tsela e hlakileng le ea sebele.a Ho sa tsotellehe tšenyo e bakiloeng ke lintoa tse peli tsa lefatše, Morena Kreste Jesu, ea lutseng teroneng, ka ho tsoelang pele o bile le karolo ho bōpeng sechaba se secha sa batho—batho ba bitsoang ka lebitso la Jehova, “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Ho ba teng ha Kreste ho tsoelang pele ho susumelitse lenaneo la ho bolela le ho ruta lefatšeng ka bophara ’me le amme lipelo tsa batho ba limillione ba nang le tšekamelo e nepahetseng. Ba susumelitsoe ho ema ka lehlakoreng la ’Muso oa Jehova o leng matsohong a Kreste Jesu.—Tšenolo 7:9, 10.

Ka lebaka la ho eketseha ha bopaki ba letsatsi le letsatsi ba pontšo ea ho ba teng ha Kreste e nang le likarolo tse ngata e phethahalang, ho totobetse ho Bakreste ba falimehileng hore re talimane le bofelo ba nako ea bohlokoa historing. Joale ke nako ho “lebisa tlhokomelo e fetang e tloaelehileng” ho Morena Kreste Jesu ea leng teroneng. (Ba-Heberu 2:1, NW) Oa re eletsa: “Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:36.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Puso ea Jesu Kreste ea borena e qalile ka 1914. Bakeng sa tlhaloso e eketsehileng ea taba ena, bona likhaolo 16 ho ea ho 18 tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeising Lefatšeng, e hatisitsoeng ka 1982 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela