Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/15 maq. 4-7
  • Joale ke Nako ea ho Falimeha!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joale ke Nako ea ho Falimeha!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntse e Tšoana?
  • Tlhokahalo ea Sebele ea ho Falimeha
  • Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • “Le Lule le Lebetse”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Baapostola ba Kopa Pontšo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/15 maq. 4-7

Joale ke Nako ea ho Falimeha!

“LE SE ke la etsa phoso ka mehla eo re phelang ho eona; joale e se e le nako ea hore re tsohe borokong.” (Baroma 13:11, Knox) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma mantsoe ao lilemo tse ka bang 14 pele ho bofelo bo bakileng tlokotsi ba tsamaiso ea Sejuda ea lintho ka 70 C.E. Kaha ba ne ba falimehile moeeng, Bakreste ba Bajuda ba ne ba se Jerusalema nakong eo ea makhaola-khang, kahoo ba ile ba phonyoha lefu kapa bokhoba. Empa ba ile ba tseba joang hore ho ne ho hlokahala hore ba tlohe motseng oo?

Jesu Kreste o ne a lemositse hore lira li ne li tla lika-liketsa Jerusalema le hore baahi ba eona ba ne ba tla tabanngoa fatše. (Luka 19:43, 44) Ka mor’a moo, Jesu o ile a fa balateli ba hae ba tšepahalang pontšo e likarolo li ngata eo ho neng ho se thata ho e hlokomela. (Luka 21:7-24) Ho Bakreste bao ba neng ba phela Jerusalema, ho tlohela motse oo ho ne ho bolela ho siea mahae a bona le mesebetsi ea bona. Leha ho le joalo, phalimeho ea bona le paleho li ile tsa pholosa bophelo ba bona.

Ha Jesu a ne a bolela esale pele ka timetso ea Jerusalema, barutuoa ba hae ba ile ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha a arabela, Jesu o ile a bapisa ho ba teng ha hae ha nako e tlang le nako e ileng ea lebisa Moroallong oa lefatše oa mehleng ea Noe. Jesu o ile a bontša hore Moroallo o ile oa felisa batho bohle ba khopo. (Matheu 24:21, 37-39) Ka hona o ile a bontša hore Molimo o ne a tla boela a kenelle litabeng tsa batho. Ho isa bohōleng bofe? Ho isa bohōleng ba hore a tlose lefatše lohle le khopo, kapa tsamaiso ea lintho! (Bapisa le 2 Petrose 3:5, 6.) Na seo se ka etsahala mehleng ea rōna?

Na Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntse e Tšoana?

Ke Bajuda ba seng bakae feela ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba kile ba nahana hore motse oa bona o halalelang, Jerusalema, o ne o tla timetsoa. Hangata ho se lumele ho joalo ho ba teng ho batho ba phelang haufi le sebaka se ka foqohang seretse se chesang empa ka ho toba ba e-s’o ka ba bona ho phatloha ho joalo. Ha ho fanoa ka litemoso, karabelo e tloaelehileng e ba hore “Eseng nakong ea bophelo ba ka.” Setsebi sa ho foqoha ha seretse se chesang, Lionel Wilson, sea hlalosa: “Ka tloaelo ho foqoha ha seretse se chesang ho etsahala kamehla ka mor’a lilemo tse makholo a mabeli kapa a mararo. Ua khathatseha haeba batsoali ba hao ba ile ba tlameha ho falla ka lebaka la ho phatloha. Empa haeba ho etsahetse mehleng ea baholo-holo ba hao, joale ke ntho e sa reng letho.”

Leha ho le joalo, boitsebiso bo nepahetseng bo ka re nolofaletsa ho hlokomela matšoao a bontšang kotsi le ho a nka ka ho teba. Ho ba ileng ba baleha Thabeng ea Pelée, e mong o ne a tloaelane le matšoao a ho foqoha ha seretse se chesang ’me a utloisisa matšoao a bontšang kotsi. Matšoao a joalo a ile a boela a hlalosoa ka nepo nakoana pele Thaba ea Pinatubo e phatloha. Litsebi tsa ho foqoha ha seretse se chesang, tse neng li hlahloba matla a sa bonahaleng a ntseng a hōla ka har’a thaba li ile tsa kholisa batho ba sebakeng seo hore ba tlohe sebakeng seo.

Ho hlakile hore kamehla ba bang ba tla hlokomoloha matšoao a bontšang kotsi ’me ba phehelle hore ha ho letho le tla etsahala. Ba ka ba ba soma ba nkang bohato bo tiileng. Moapostola Petrose o boletse esale pele hore maikutlo a joalo e ne e tla ba a tloaelehileng mehleng ea rōna. O ile a re: “Le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ’me ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’”—2 Petrose 3:3, 4.

Na ua lumela hore re “matsatsing a ho qetela”? Ho The Columbia History of the World, John A. Garraty le Peter Gay baa botsa: “Na re bona ho senyeha ha tsoelo-pele ea rōna?” Joale bo-rahistori bana ba hlahlobisisa mathata a puso, ho phahama ha tlōlo ea molao lefatšeng lohle le ho hloka kutlo sechabeng, ho senyeha ha bophelo ba lelapa, ho hlōleha ha saense le theknoloji ho rarolla mathata a sechaba, mathata a ba boholong le tšenyeho boitšoarong le bolumeling lefatšeng ka bophara. Ba etsa qeto ea hore: “Haeba ana hase matšoao a bofelo bo ke keng ba qojoa, ruri a tšoana le ’ona.”

Re na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore “bofelo” bo atametse. Ha ho hlokahale hore re tšabe hore ho tla fela qitikoe ea lefatše ka boeona, etsoe Bibele e re Molimo “o“tiisitse lefatše metheong ea lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.” (Pesaleme ea 104:5) Leha ho le joalo, re lokela ho letela bofelo bo potlakileng ba tsamaiso e khopo ea lintho e ’nileng ea bakela moloko oa batho mahlomola-pelo a mangata hakana. Hobane’ng? Hobane re khona ho bona litšobotsi tse ngata tse fanang ka bopaki tse khethollang matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena, joalokaha li boletsoe ke Jesu Kreste. (Bona lebokose le reng “Litšobotsi tse Ling tsa Matsatsi a ho Qetela.”) Ke hobane’ng ha u sa bapise mantsoe a Jesu le liketsahalo tsa lefatše? Ho etsa joalo ho ka u thusa hore u etse liqeto tse bohlale molemong oa hao le lelapa la hao. Empa ke hobane’ng ha ho hlokahala hore u nke bohato hona joale?

Tlhokahalo ea Sebele ea ho Falimeha

Le hoja litsebi tsa saense li ka ’na tsa tseba ha ho foqoha ha seretse se chesang ho atametse, li ke ke tsa bolela ka ho toba hore na ho tla etsahala neng. Ka tsela e tšoanang, mabapi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, Jesu o itse: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:36) Kaha ha re tsebe hantle hore na tsamaiso ea kajeno ea lintho e tla fela neng, Jesu o re file temoso ena: “Tsebang ntho e le ’ngoe, hore haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a lula a falimehile ’me a se ke a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe le ho kenoa. Ka lebaka lena le lōna ipakeng le le ba itokisitseng, hobane ka hora eo le sa nahaneng hore ke eona, [Jesu] Mora oa motho oa tla.”—Matheu 24:43, 44.

Mantsoe a Jesu a bontša hore tlokotsi ea bofelo ba tsamaiso ena e tla tsometsa lefatše lena. Esita le haeba re le balateli ba hae, ho hlokahala hore re ‘re ipake re itokisitse.’ Boemo ba rōna bo tšoana le ba mong’a ntlo ea ka ’nang a tsometsoa hobane a sa tsebe hore na lesholu le tla tla neng ho tla thuha ntlong ea hae.

Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Thesalonika: “Lōna ka bolōna le tseba hantle haholo hore letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu. . . . Barab’eso, ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joaloka lesholu.” Pauluse o ile a boela a phehella: “A re se keng ra tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala, empa a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.” (1 Bathesalonika 5:2, 4, 6, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Ho bolela’ng ho ‘lula re falimehile ’me re hlaphohetsoe likelellong’?

Ho fapana le ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba baleha Jerusalema, ho balehela ha rōna polokehong ha ho akarelletse ho tloha motseng o itseng. Ka mor’a hore a phehelle balumeli-’moho le eena ba Roma hore ba tsohe borokong, Pauluse o ile a ba khothalletsa hore ba ‘hlobole mesebetsi ea lefifi’ ’me ba “apare Morena Jesu Kreste.” (Baroma 13:12, 14) Ka ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi, re tla iponahatsa hore re falimehetse mehla ea rōna, ’me phalimeho ena ea moea e tla re nolofalletsa ho fumana tšireletso ea bomolimo ha tsamaiso ena ea lintho e khopo e felisoa.—1 Petrose 2:21.

Batho ba latelang Jesu Kreste ba thabela bophelo bo nang le morero le bo khotsofatsang. Lipaki tsa Jehova tse limilione li hlokometse hore joko ea ho ba morutuoa oa Kreste ke e mosa le e khathollang. (Matheu 11:29, 30, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Bohato ba pele ba ho ba morutuoa ke ‘ho tsoela pele ho ithuisa tsebo ka Molimo le ka eo a mo romileng, Jesu Kreste.’ (Johanne 17:3) Lipaki li etela malapa a limilione beke e ’ngoe le e ’ngoe e le hore li thuse batho ho fumana ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Li ka thabela hore li u khannele thuto e sa lefelloeng ea Bibele lelapeng la hao. ’Me ha u ntse u hōla tsebong ea Lentsoe la Molimo, ha ho pelaelo hore le uena u tla kholoa hore mehla ena ea rōna ke e fapaneng. Ka sebele, joale ke nako ea ho tsoha borokong!

[Lebokose le leqepheng la 7]

LITŠOBOTSI TSE LING TSA MATSATSI A HO QETELA

“Sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla”; ‘khotso e tla tlosoa lefatšeng.’ (Matheu 24:7; Tšenolo 6:4)

Lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholong lena la lilemo, hammoho le likhohlano tse ling tse ngata, li tlositse khotso lefatšeng. Rahistori John Keegan oa ngola: “Ntoa ea Pele ea Lefatše—’me ka ho tšoanang le ea Bobeli—e bile tse fapaneng le lintoa tsohle tse loannoeng pele ho moo, e bile tse fapaneng ka boholo, ka matla, ka ho pharalla le ka tahlehelo ea lintho tse bonahalang le bophelo ba batho. . . . Lintoa tsa Lefatše li bolaile batho ba bangata haholo, li sentse moruo o mongata ’me li bakile mahlomola a mangata haholo libakeng tse ngata qitikoeng ea lefatše ho feta ntoa leha e le efe e kileng ea loanoa.” Hona joale lintoa li hlokofatsa basali le bana ba bangata ho feta masole. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Letlōle la Bana o hakanya hore lilemong tse leshome tse fetileng, bana ba limilione tse peli ba bolailoe lintoeng.

“Likhaello tsa lijo” (Matheu 24:7; Tšenolo 6:5, 6, 8)

Ka 1996 theko ea koro le poone e ile ea phahama haholo. Lebaka? Hobane polokelo ea lefatše ea lijo-thollo tsena e ile ea fokotseha ho isa moo e ka fanang ka phepelo ea matsatsi a 50 feela, e leng lenane le tlaase ka ho fetisisa le kileng la tlalehoa. Litheko tse ntseng li phahama tsa lijo tsa motheo li bolela hore batho ba lefatše ba limilione tse makholo ba futsanehileng—bao bongata ba bona e leng bana—ba robala ka tlala.

“Litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng” (Matheu 24:7)

Lilemong tse 2500 tse fetileng, ke litšisinyeho tse robong feela tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e bolaileng batho ba fetang 100 000. Tse ’nè tsa litšisinyeho tsena li etsahetse ho tloha ka 1914.

“Ho eketseha ha ho se ee ka molao” (Matheu 24:12)

Ha lekholo la bo20 la lilemo le ntse le atamela ho feleng, ho se ee ka molao, kapa tlōlo ea molao, ho jele setsi. Likhukhuni tse hlaselang baahi, babolai ba se nang kutloelo-bohloko le batho ba bolaoang ka bongata ke tse ling tsa litšobotsi tse tšosang tsa mehla ena e mabifi ea ho qetela.

‘Mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng’ (Luka 21:11)

Lilemong tsa bo-1990, mohlomong batho ba limilione tse 30 ba tla bolaoa ke lefuba. Libaktheria tse jalang mafu e ntse e e-ba tse sa phekoleheng ka meriana haholoanyane. Malaria, e leng lefu le leng le bolaeang, e hlasela batho ba pakeng tsa limilione tse 300 le tse 500 selemo le selemo ’me e bolaea ba ka bang limilione tse peli. Bofelong ba lilemo tsena tse leshome, ho lebeletsoe hore AIDS e tla bolaea batho ba limilione tse 1,8 ka selemo. State of the World 1996 e re: “Kajeno moloko oa batho o talimane le ho qhoma ha seoa ka mor’a seoa.”

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14)

Ka 1997, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qeta lihora tse fetang limilione tse sekete li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Lipaki tse fetang limilione tse hlano, kamehla li isa molaetsa ona ho batho linaheng tse 232.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

FAO photo/B. Imevbore

U.S. Coast Guard photo

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Bakreste ba ile ba baleha Jerusalema hobane ba ne ba falimehile moeeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela