Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/15 maq. 3-4
  • Na U Falimehetse Mehla ea Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Falimehetse Mehla ea Rōna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nka Bohato bo Loketseng ho Ile ha Pholosa Bophelo
  • Ho Pholoha Koluoeng e Bakiloeng ke Motho
  • Ho Ela Hloko ho Ile ha Pholosa Bophelo ba Bona
    Le Lule le Lebetse!
  • Joale ke Nako ea ho Falimeha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Ela Temoso Hloko ho ka Pholosa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—1987
  • Ho Phela Haufi le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/15 maq. 3-4

Na U Falimehetse Mehla ea Rōna?

HO FALIMEHELA kotsi ho ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa bophelo le lefu. Sena se ka hlakisoa ke se ileng sa etsahala lihlekehlekeng tse peli tseo ho tsona ho ileng ha foqoha seretse se chesang.

Ka la 8 May, 1902, ho ile ha foqoha seretse se chesang se ileng sa bolaea batho ba bangata ka ho fetisisa lekholong lena la bo20 la lilemo Thabeng ea Pelée, sehlekehlekeng sa Caribbean sa Martinique. Se ile sa batla se bolaea baahi bohle ba 30 000 ba Saint Pierre, e leng motse o mosikong oa thaba e foqohang seretse se chesang.

Ka June 1991, Thaba ea Pinatubo e ile ea phatloha ka mokhoa o neng o batla e le o moholo ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo. Hona ho ile ha etsahala sebakeng se nang le baahi ba bangata sa Philippines ’me ha bolaea batho ba ka bang 900. Leha ho le joalo, lekhetlong lena bophelo ba ba likete bo ile ba pholosoa ka mabaka a mabeli: (1) ho falimehela kotsi le (2) ho ikemisetsa ho nka bohato tumellanong le litemoso.

Ho Nka Bohato bo Loketseng ho Ile ha Pholosa Bophelo

E ne e bile ka lilemo tse makholo Thaba ea Pinatubo e khutsitse, ha ka April 1991, e qala ho bontša matšoao a ho phatloha ho ntseng ho atamela. Ho ile ha qala ho tsoa mouoane le sulfur dioxide tlhōrōng ea thaba. Baahi ba sebakeng seo ba ile ba utloa litšisinyeho tsa lefatše tse latellanang, eaba ’mōtōmōtō o tšabehang oa seretse se chesang se thata o qala ho hlaha thabeng. Litsebi tsa saense tsa Mokhatlo oa Philippines oa Thuto ea ho Foqoha ha Seretse le Litšisinyeho li ile tsa talima sena ka hloko ’me ka mor’a nako tsa kholisa ba boholong hore e ne e tla ba bohlale hore ba tlose baahi ba 35 000 metseng le metsaneng e haufi le moo.

Ka ho utloahalang, batho baa tsilatsila hore ba balehe mahaeng a bona ntle ho lebaka, empa ho ba monyebe ho joalo ho ile ha hlōloa ka hore ho bontšoe video e neng e bontša likotsi tsa ho foqoha ha seretse se chesang. Ho falla ka bongata ho ile ha qaleha kapele. Matsatsi a mabeli hamorao, ho phatloha ho matla ho ile ha ntša molora o ileng oa aparela sebaka sa lik’hilomithara tsa lik’hubiki tse robeli ho ea holimo. Hamorao seretse se phallang, kapa mesaletsa ea seretse se chesang li ile tsa bolaea ba makholo. Leha ho le joalo, mohlomong ba likete ba ile ba pholosoa kahobane batho ba ne ba falimehisitsoe ka kotsi eo ’me ba nkile bohato tumellanong le litemoso.

Ho Pholoha Koluoeng e Bakiloeng ke Motho

Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Bakreste ba neng ba phela Jerusalema le bona ba ile ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba lokela ho tlohela mahae a bona kapa che. Ho baleha motseng oo ka 66 C.E. ho ile ha ba pholosa timetsong e ileng ea oela baahi ba bang le Bajuda ba likete ba neng ba tlile Jerusalema bakeng sa Paseka ea 70 C.E. Batho ba fetang milione ba ne ba le ka har’a motse oo o etselitsoeng lerako moketeng oa Paseka ha mabotho a Baroma a felisa monyetla leha e le ofe oa ho phonyoha. Tlala ea sekoboto, ho loanela matla a ho laela le litlhaselo tse sa khaotseng tsa Baroma li ile tsa fella ka hore ho shoe ba fetang milione.

Tlokotsi eo e khōlō e ileng ea felisa phetohelo ea Bajuda khahlanong le Roma e ile ea tla e le ntho e boletsoeng esale pele. Lilemo tse mashome a ’maloa pejana ho moo, Jesu Kreste o ne a boletse esale pele hore Jerusalema e ne e tla lika-liketsoa ke mabotho a hlometseng. O ile a re: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona a ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko a ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Litaelo tseo li ne li hlakile ’me balateli ba Jesu ba ile ba li nka ka ho teba.

Rahistori oa lekholong la bone la lilemo, Eusebius oa Caesarea o tlaleha hore Bakreste ba Judea eohle ba ile ba nka bohato tumellanong le temoso ea Jesu. Ha Baroma ba tlohela ho hlasela Jerusalema ka lekhetlo la pele ka 66 C.E., Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ile ba fallela motseng oa Balichaba oa Pella, profinseng ea Roma ea Perea. Ka hore ba falimehele mehla ea bona le ho nka bohato tumellanong le temoso ea Jesu, ba ile ba pholoha se ’nileng sa hlalosoa e le “e ’ngoe ea litlhaselo tse tšabehang ka ho fetisisa historing eohle.”

Kajeno phalimeho e tšoanang ea hlokahala. Ka ho tšoanang ho hlokahala hore ho nkoe bohato bo tobileng. Sehlooho se latelang se tla hlalosa lebaka.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Godo-Foto, West Stock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela