Khaolo 10
Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha kajeno lintho li fapane hakaale ha li bapisoa le tsela eo li neng li le ka eona lilemong tse lekholo tse fetileng? Lintho tse ling li molemonyana. Linaheng tse ngata, mafu a neng a bolaea nakong e fetileng joale a se a phekoloa ka mehla, ’me motho ea tloaelehileng o thabela mokhoa oa bophelo oo baholo-holo ba hae ba neng ba ke ke ba o lora le ho o lora. Ka lehlakoreng le leng, lekholo la rōna la lilemo le bone lintoa tse mpe ka ho fetisisa le tse ling tsa lihlōhō tse mpe ka ho fetisisa historing eohle. Katleho ea batho—esita le ho tsoela pele ha bona ba ntse ba phela—li sokeloa ke sepenya sa baahi, bothata ba tšilafalo, le pokello e khōlō ea libetsa tsa nuclear lichabeng, libetsa tsa likokoana-hloko le lik’hemik’hale. Ke hobane’ng ha lekholo la bo20 la lilemo le fapane hakaale le makholo a lilemo a fetileng?
1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Lekholo la bo20 la lilemo le fapane le makholo a lilemo a fetileng joang? (b) Ke eng e tla re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mehla ea rōna e fapane hakaale?
KARABELO ea potso ena e amana le boprofeta ba Bibele bo hlollang boo u boneng ha bo phethahatsoa. Ke boprofeta bo boletsoeng ke Jesu ka boeena boo, ntle le ho fana ka bopaki ba hore Bibele e bululetsoe, bo bontšang hore re phela haufi le liphetoho tse tla ba le tšusumetso e khōlō holim’a lefatše. Boprofeta boo ke bofe? Hona re tseba joang hore boa phethahatsoa?
Boprofeta bo Boholo ba Jesu
2, 3. Barutuoa ba Jesu ba ile ba ’motsa potso efe, ’me re fumana karabelo ea hae hokae?
2 Bibele e re bolella hore nakoana pele ho lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba ne ba ntse ba buisana ka mehaho e meholo ea litempele e Jerusalema; ba ne ba khahliloe ke boholo ba eona le kamoo e neng e bonahala eka e tla tšoarella. Empa Jesu o ile a re: “Lea li bona ntho tseo tsohle? Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho ka ke ha lesoa teng lejoe holim’a lejoe le leng, le sa heletsoang.”—Mattheu 24:1, 2.
3 E tlameha e be barutuoa ba Jesu ba ile ba makatsoa ke mantsoe a hae, ’me hamorao ba tla ho eena bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ba re: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho?” (Mattheu 24:3, NW) Karabelo ea Jesu e fumanoa karolong e setseng ea likhaolo tsa 24 le 25 tsa Mattheu,. Mantsoe a hae a boetse a tlalehiloe ho Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21. Ka ho hlakileng bona e ne e le boprofeta ba bohlokoa ka ho fetisisa bo boletsoeng ke Jesu ha a ntse a le lefatšeng.
4. Barutuoa ba Jesu ba ne ba botsa ka lintho life tse fapaneng?
4 Ha e le hantle, barutuoa ba Jesu ba ne ba sa botse ka ntho e le ’ngoe. Pele, ba ile ba phahamisa potso: “Lintho tsee li tla etsahala neng?” ke hore, Jerusalema le tempele ea eona li tla timetsoa neng? Ho feta moo, ba ne ba batla ho tseba pontšo e neng e tla bontša hore ho ba teng ha Jesu e le Morena oa ’Muso oa leholimo oa Molimo ho qalile le hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ne bo atametse.
5. (a) Ho bile le phethahatso efe e qalang ea boprofeta ba Jesu, empa mantsoe a hae a ne a tla phethahatsoa ka ho felletseng neng? (b) Jesu o ile a qala karabelo ea hae potsong ea barutuoa joang?
5 Karabelong ea hae, Jesu o ile a ela lintlha tseo ka bobeli hloko. Mantsoe a hae a mangata a hlile a phethahatsoa morao koana lekholong la pele la lilemo, lilemong tse etelletseng pele timetso e tšabehang ea Jerusalema ka 70 C.E. (Mattheu 24:4-22) Empa boprofeta ba hae bo ne bo tla ba le bohlokoa bo boholoanyane le ho feta hamorao, ha e le hantle, mehleng ea rōna. Joale, Jesu o ile a re’ng? O ile a qala ka ho bolela mantsoe a tlalehiloeng litemaneng tsa 7 le 8: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi.”
6. Mantsoe a Jesu ho Mattheu 24:7, 8 a re hopotsa boprofeta bofe bo tšoanang le boo?
6 Ka ho hlakileng, ho ba teng ha Jesu e le Morena oa leholimo ho ne ho tla tšoauoa ka pherekano e khōlō lefatšeng. Sena se tiisoa ke boprofeta bo tšoanang le bona bo fumanoang bukeng ea Tšenolo: pono ea bakalli ba lipere ba bane ba Tšenolo. (Tšenolo 6:1-8) Mokalli oa pere ea pele ho bakalli bana o tšoantšetsa Jesu ka boeena e le Morena ea hlōlang. Bakalli ba bang le lipere tsa bona ba tšoantšetsa lintho tse etsahalang lefatšeng tse tšoaeang qaleho ea puso ea Jesu: ntoa, tlala, le ho shoa pele ho nako ho bakoang ke lintho tse fapaneng. Na re bona boprofeta boo bo hlahang habeli bo phethahatsoa kajeno?
Ntoa!
7. Ho latela boprofeta ke eng e emeloang ke ho kalla ha mokalli oa pere ea bobeli oa Tšenolo?
7 A re ke re bo hlahlobeng ka hloko e khōloanyane. Pele, Jesu o itse: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” Bona e ne e le boprofeta ba ntoa. Mokalli oa bobeli ho bakalli ba lipere ba bane ba Tšenolo ka ho tšoanang o ne a tšoantšetsa ntoa. Rea bala: “’Me ha tsoa pere e ’ngoe e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo.” (Tšenolo 6:4) Hona joale, batho ba se ba loanne lintoa ka likete tsa lilemo. Joale, ke hobane’ng ha mantsoe aa a lokela ho ba le bohlokoa bo khethehileng bakeng sa mehla ea rōna?
8. Ke hobane’ng ha re ne re ka lebella hore ntoa e be tšobotsi e hlahelletseng ea pontšo?
8 Hopola hore ntoa ka boeona feela hase pontšo ea ho ba teng ha Jesu. Pontšo e entsoe ka lintlha tsohle tsa boprofeta ba Jesu tse etsahalang ka nako e akaretsang e tšoanang. Empa ntoa ke tšobotsi ea pele e boletsoeng, kahoo re ka ’na ra lebella hore tšobotsi ena e ne e tla phethahatsoa ka tsela e hlahelletseng e neng e tla hapa tlhokomelo ea rōna. ’Me motho e mong le e mong o tlameha ho lumela hore historing eohle e fetileng ha ho lintoa tse kileng tsa tšoana le tsa lekholong lena la bo20 la lilemo.
9, 10. Boprofeta bo mabapi le ntoa bo qalile ho phethahatsoa joang?
9 Ka mohlala, ha ho ntoa e ’ngoe pele—ho sa tsotellehe hore na tse ngata ho tsona li ne li le sehlōhō li bile li senya hakae—eo ka tšenyo e kileng ea atamela lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholo la bo20 la lilemo. Koana, ntoa ea pele ea lefatše e ile ea qetella e bolaile batho ba ka bang limillione tse 14, palo e fetang lenane lohle la baahi linaheng tse ngata. Kannete, o ile “a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane.”
10 Ho latela boprofeta, mokalli oa pere ea bobeli oa Tšenolo ea kang mohlabani o ile “a neoa lerumo le leholo.” Seo se sebetsa joang? Ka tsela ena: Libetsa tsa ntoa li ile tsa fetoha tse bolaeang haholo. A hlometse ka tanka, sefofane, moea o chefu o bolaeang, likepe tse sesang ka tlas’a metsi, le libetsa tse ntšang metsu tse ka betsetsang liqhomane bohōle ba lik’hilomithara tse ngata, motho o ile a fetoha ea hloahloa haholoanyane bakeng sa ho bolaea motho e mong. ’Me ho tloha ntoeng ea pele ea lefatše “lerumo le leholo” le fetohile le senyang le ho feta—ka baka la tšebeliso ea lintho tse kang mekhoa ea puisano ea seea-le-moea, mechini e sebelisoang ho batla lintho tse lahlehileng sebakeng ka maqhubu a seea-le-moea, lithunya tse ntlafalitsoeng, libetsa tsa lipeō tsa mafu le tsa lik’hemik’hale, libetsa tse ntšang mollo le mafura a sebelisoang ho hlahisa mollo oo, mefuta e mecha ea liqhomane, metsu e nang le liqhomane e itsamaisang pakeng tsa lik’hontinente, likepe tsa nuclear tse sesang ka tlas’a metsi, lifofane tse tsoetseng pele, le likepe tse khōlō tsa ntoa.
“Qalo Feela ea Tlokotsi”
11, 12. Ke ka tsela efe ntoa ea pele ea lefatše e neng e le “qalo feela ea tlokotsi”?
11 Litemana tse qalang tsa boprofeta ba Jesu li qetella ka mantsoe ana: “Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi.” Ka sebele ho bile joalo ntoeng ea pele ea lefatše. Ho fela ha eona ka 1918 ha hoa ka ha tlisa khotso ea nako e telele. Ka potlako e ile ea lateloa ke lintoa tse nyenyane empa e le tse mabifi Ethiopia, Libya, Spain, Russia, India, le linaheng tse ling. Joale ho ile ha latela ntoa ea bobeli ea lefatše e tšabehang, e ileng ea bolaea masole le batho ba sa loaneng ba ka bang limillione tse 50.
12 Ho feta moo, ho sa tsotellehe litumellano tsa khotso tse etsoang nako le nako le ho kokobela ha lintoa, batho ba ntse ba loantšana. Ka 1987 ho ile ha tlalehoa hore ho loannoe lintoa tse khōlō tse 81 ho tloha ka 1960, tse bolaileng banna, basali, le bana ba 12 555 000. Selemo sa 1987 se bile le lintoa tse ngata tse loannoeng ho feta selemo leha e le sefe se ka pele historing e tlalehiloeng.1 Ho feta moo, boikoetliso ba sesole le litšenyehelo tsa sona, tseo joale li seng li fihlile kakaretsong ea hoo e ka bang R2 550 000 000 000 selemo le selemo, li senya moruo oa lefatše.2 Boprofeta ba Jesu ba hore ‘sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla ’me ’muso o mong o loantše ’muso o mong’ ruri boa phethahatsoa. Pere e khunong ea ntoa e tsoela pele ho matha ka bohale bo tukang lefatšeng lohle. Empa ho thoe’ng ka tšobotsi ea bobeli ea pontšo?
Likhaello Tsa Lijo!
13. Ke liketsahalo life tse bohloko tseo Jesu a li boletseng esale pele, ’me pono ea mokalli oa pere ea boraro oa Tšenolo e ne e tšehetsa boprofeta ba hae joang?
13 Jesu o boletse esale pele: “’Me ho tla ba le likhaello tsa lijo . . . sebakeng se seng ho ea ho se seng.” (NW) Hlokomela kamoo sena se lumellanang kateng le ho kalla ha mokalli oa pere ea boraro ho bakalli ba bane ba Tšenolo. Mabapi le eena rea bala: “Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ’Me ka utloa lentsoe mahareng a libopuoa tse phelang tse ’ne le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare; empa u se ke ua senya oli le veine.” (Tšenolo 6:5, 6) E, likhaello tse tšabehang tsa lijo!
14. Ho tloha ka 1914 ke litlala life tse khōlō tse phethahalitseng boprofeta ba Jesu?
14 Na ho ka etsahala hore e be kajeno boprofeta boo boa phethahatsoa, ha linaha tse ling li finyelletse mekhoa e phahameng hakaale ea bophelo? Ho talima lefatše ka kakaretso ha ho siee pelaelo mabapi le hore na karabelo ke efe. Ho latela histori, litlala li ’nile tsa bakoa ke lintoa le likoluoa tsa tlhaho. Joale, ha ho makatse hore e be lekholo la rōna la lilemo, le bileng le likoluoa le litlala tse ngata ka ho fetisisa, le hlasetsoe ka makhetlo-khetlo ke litlala. Likarolo tse ngata tsa lefatše li hlasetsoe ke likoluoa tse joalo ho tloha ka 1914. Tlaleho e ’ngoe e thathamisa litlala tse khōlō tse fetang 60 ho tloha ka 1914, libakeng tse qalikaneng haholo joaloka Greece, Netherlands, U.S.S.R., Nigeria, Chad, Chile, Peru, Bangladesh, Bengal, Kampuchea, Ethiopia, le Japane.3 Tse ling tsa litlala tsena li bile teng ka lilemo tse ’maloa ’me li bakile ho shoa ha batho ba limillione.
15, 16. Ke likhaello life tse ling tsa lijo tseo kannete li tlisang tšenyo kajeno?
15 Le hoja litlala tse tšabehang li atisa ho phatlalatsoa haholo, ka mor’a nako lia feta ’me butle-butle mahlatsipa a khutlela bophelong bo tloaelehileng ha ho bapisoa. Leha ho le joalo, ho hlahile mofuta o mong o tletseng tšokelo oa khaello ea lijo lekholong la bo20 la lilemo. Ona hase o tlang ka sekhahla haholo ’me ka hona hangata oa hlokomolohuoa. Empa o tsoela pele selemo le selemo. Sena ke seoa se tšabehang sa phepo e fosahetseng se amang batho ba fihlang ho karolo e le ’ngoe ho tse hlano har’a baahi holim’a naletsana ea rōna ’me se bolaea batho ba pakeng tsa limillione tse 13 le tse 18 selemo le selemo.4
16 Ka mantsoe a mang, nako le nako mofuta ona oa khaello ea lijo ka matsatsi a mabeli o bolaea batho ba bangata ho lekana le ba ileng ba bolaoa ke seqhomane sa athomo Hiroshima. Ka sebele, lilemo tse ling le tse ling tse peli, ho na le batho ba bangata ba bolaoang ke liphello tsa tlala ho feta masole a bolailoeng ke Ntoa ea I ea Lefatše le Ntoa ea II ea Lefatše li kopane. Na ho bile le “likhaello tsa lijo . . . sebakeng se seng ho ea ho se seng” ho tloha ka 1914? E, ka sebele!
Litšisinyeho Tsa Lefatše
17. Ho bile le tšisinyeho efe e senyang ea lefatše kapele ka mor’a 1914?
17 Ka la 13 Pherekhong, 1915, ha ntoa ea pele ea lefatše e ne e qetile likhoeli tse seng kae feela e qalile, tšisinyeho ea lefatše e ile ea sisinya Abruzzi, Italy, ’me ea nka bophelo ba batho ba 32 610. Koluoa ena e khōlō e re hopotsa hore lintoa le likhaello tsa lijo nakong ea ho ba teng ha Jesu li ne li tla tsamaea le ntho e ’ngoe hape: ‘Ho tla ba le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata.’ Joaloka ntoa le tlala, tšisinyeho ea lefatše ea Abruzzi e ne e le “qalo feela ea tlokotsi.”a
18. Boprofeta ba Jesu bo mabapi le litšisinyeho tsa lefatše bo phethahalitsoe joang?
18 Lekholo la bo20 la lilemo e bile lekholo la lilemo la litšisinyeho tsa lefatše, ’me ka thuso ea ntlafatso ea mekhoa ea ho phatlalatsa litaba, batho bohle ba hlokomela hantle tšenyo eo li e tlisitseng. Ha re bolela tse seng kae feela, ka 1920 ba 200 000 ba ile ba shoa tšisinyehong ea lefatše Chaena; ka 1923, ba ka bang 99 300 ba ile ba shoa tšisinyehong Japane; ka 1935, tšisinyeho e ’ngoe ea bolaea ba 25 000 sebakeng seo e seng e le Pakistan hona joale, ha ba 32 700 ba ile ba shoa Turkey ka 1939. Ho bile le ba 66 800 ba ileng ba shoa tšisinyehong ea lefatše Peru ka 1970. ’Me ka 1976, ba ka bang 240 000 (kapa, ho latela mehloli e meng, ba 800 000) ba ile ba shoa Tangshan, Chaena. Haufinyane tjena, ka 1988, ho bile le ba 25 000 ba ileng ba shoa tšisinyehong ea lefatše e matla ea Armenia.b Ruri ke “litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata”!6
“Seoa se Bolaeang”
19. Ke ntlha efe e ’ngoe ea pontšo eo Jesu a e boletseng esale pele le e neng e tšoantšetsoa ke mokalli oa pere ea bone oa Tšenolo?
19 Ntlha e ’ngoe ea boprofeta ba Jesu e amana le mafu. Moevangeli Luka, tlalehong ea hae, o tlaleha hore Jesu o boletse esale pele hore ‘ho tla ba le mafu a akaretsang ka nģa tse ngata.’ (Luka 21:11) Sena le sona se lumellana le pono ea boprofeta ea bakalli ba bane ba lipere ba Tšenolo. Mokalli oa pere ea bone o bitsoa Lefu. O tšoantšetsa lefu le tlang pele ho nako le hlahisoang ke lisosa tse ’maloa, ho akarelletsa “seoa se bolaeang le . . . libata tse hlaha tsa lefatše.”—Tšenolo 6:8, NW.
20. Ke seoa sefe se hlahelletseng seo e neng e le karolo e ’ngoe ea phethahatso ea boprofeta ba Jesu mabapi le mafu a akaretsang?
20 Morao koana ka 1918 le 1919, batho ba fetang 1 000 000 000 ba ile ba kulisoa ke mokakallane oa Spain, ’me ha shoa ba fetang 20 000 000. Lefu lena le ile la nka bophelo ba batho ba bangata ho feta ntoa e khōlō ka boeona.7 ’Me “seoa se bolaeang,” kapa ‘lefu le akaretsang,’ se tsoela pele ho hlasela moloko ona, ho sa tsotellehe mekhoa ea bongaka e mengata e tsoetseng pele e tsotehang. Ke hobane’ng ha ho le tjee? Lebaka le leng ke hore, hase ka mehla linaha tse futsanehileng li thabelang melemo ea tsoelo-pele ea mahlale. Batho ba futsanehileng ba hlokofatsoa le ho bolaoa ke mafu a neng a ka phekoloa haeba chelete e eketsehileng e ne e ka fumaneha.
21, 22. Batho ba linaha tse ruileng le ba linaha tse futsanehileng ba hlokofalitsoe ke “seoa se bolaeang” joang?
21 Ka hona, batho ba ka bang limillione tse 150 lefatšeng ka bophara ba tšoeroe ke malaria. Ba ka bang limillione tse 200 ba tšoeroe ke feberu ea likhofu. Lefu la Chagas le hlasela batho ba ka bang limillione tse leshome. Batho ba ka bang limillione tse 40 ba tšoaroa ke lefu la bofofu ba linōka. Mafu a matla a letšollo a bolaea bana ba limillione selemo le selemo.8 Lefuba le lepera e sa ntsane e le bothata bo boholo ba bophelo bo botle. Ka ho totobetseng, mafutsana a lefatše lena a hlokofatsoa ke ‘mafu a akaretsang sebakeng se seng ho ea ho se seng.’
22 Empa hoa tšoana ka barui. Ka mohlala, ntaramane e hlasela barui le mafutsana ka ho tšoana. Ka 1957 seoa se seng sa ntaramane se ile sa bolaea batho ba 70 000 United States feela. Jeremane ho hakanngoa hore motho a le mong ho ba tšeletseng o tla tšoaroa ke kankere qetellong.9 Mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le ’ona a hlasela barui le mafutsana. Qhoshola, lefu le tšoaetsanoang le tlalehoang hangata haholo United States, le hlasela hoo e ka bang karolo ea 18,9 lekholong ea baahi likarolong tse ling tsa Afrika.10 Mokaola, chlamydia, le herpes ea litho tsa botona le botšehali ke a mang a “mafu a akaretsang” a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ao e seng e le kobo-anela.
23. Ke ‘seoa sefe se bolaeang’ seo haufinyane tjee e bileng sona sehlooho sa litaba?
23 Lilemong tsa morao tjena, “seoa se bolaeang” sa AIDS le sona se kene lethathamong la “mafu a akaretsang.” AIDS ke lefu le tšosang hobane, ha ho ngoloa buka ena tjena, ha ho bonahale pheko, ’me lenane la batho bao e ba hlaselang le ntse le tsoela pele ho eketseha. Dr. Jonathan Mann, motsamaisi oa Lenaneo le Khethehileng la AIDS la WHO (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle), o itse: “Hape re hakanya hore ho na le batho ba limillione tse hlano ho ea ho tse 10 lefatšeng kajeno ba tšoeroeng ke kokoana-hloko e thibelang ’mele oa motho ho itšireletsa mafung (HIV).”11 Ho latela khakanyo e ’ngoe e hatisitsoeng, kokoana-hloko ea AIDS e hlasela motho e mong ka lekhetlo la pele ka motsotso o mong le o mong. “Seoa se bolaeang” ka sebele! Empa ho thoe’ng ka boprofeta ba ho bolaoa ke libatana?
“Libatana Tsa Naha”
24, 25. (a) Moprofeta Ezekiele o ne a bua ka mofuta ofe oa ‘sebatana’? (b) Jesu o ile a re’ng ka “libatana” tse neng li tla sebetsa ka mafolo-folo lefatšeng nakong ea ho ba teng ha hae?
24 ’Nete ke hore mehleng ena ha ho buuoa ka libatana likoranteng, lebaka ke hobane mefuta e itseng e le kotsing kapa e se e batla e nyametse. “Libatana tsa naha” li sokeloa haholo ke batho ho feta kamoo li sokelang batho kateng. Ho sa tsotellehe sena, linaheng tse ling liphoofolo tse hlaha, tse kang mangau India, li ntse li tsoela pele ho senya bophelo ba batho.
25 Leha ho le joalo, Bibele e re hlokomelisa ka mofuta o mong oa sebatana o hlahisitseng tšabo ea sebele lilemong tsa morao tjena. Moprofeta Ezekiele o ile a bapisa batho ba mabifi le liphoofolo tse hlaha ha a re: “Marena a eona har’a eona e ka liphiri tse harolang thusolelo; a tšolla mali, a timetsa meea ea batho hore a totise maruo a ’ona.” (Ezekiele 22:27) Ha a profeta ka “ngatafalo ea bokhopo,” ha e le hantle, Jesu o ne a bolela hore “libatana” tse joalo li ne li tla sebetsa ka mafolo-folo lefatšeng nakong ea ho ba teng ha hae. (Mattheu 24:12) Sengoli sa Bibele Pauluse se phaella ka ho bolela hore “mehleng ea qetello” batho e ne e tla ba “ba ratang leruo . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” (2 Timothea 3:1-3) Na ho bile joalo ho tloha ka 1914?
26-28. Ke litlaleho life tse tsoang lefatšeng ka bophara tse bontšang hore “libatana” tsa litlokotsebe li khukhunela lefatše?
26 Ka sebele ho bile joalo. Haeba u phela motseng ofe kapa ofe o moholo lefatšeng, u se u ntse u tseba sena. Empa haeba u se belaella, nahana feela ka litaba tse latelang tse qotsitsoeng likoranteng haufinyane. Ho tsoa Colombia: “Selemong se fetileng mapolesa a tlalehile . . . hoo e ka bang liketsahalo tsa polao tse 10 000 le tse 25 000 tsa masholu a hlometseng ka libetsa.” Ho tsoa Victoria, Australia: “Keketseho e Phahameng ea Tlōlo ea Molao e Khōlō.” Ho tsoa United States: “New York Lipolao li Lebile Bophahamong bo Boholo ka ho Fetisisa.” “Selemong se fetileng, Detroit e ile ea feta Gary, Ind., ka ho ba motse o moholo o nang le lenane la lipolao le phahameng ka ho fetisisa sechabeng—baahi ba 58 holim’a ba 100 000.”
27 Ho tsoa Zimbabwe: “Lipolao tsa masea li nyolohetse litekanyong tse sisimosang.” Ho tsoa Brazil: “Ho na le tlōlo ea molao e ngata haholo mona, ho phaellana ha libetsa ho hongata haholo, hoo litaba tsa pefo li seng li sa ame maikutlo a batho ho hang.” Ho tsoa New Zealand: “Litlhaselo tse etsoang ka likamano tsa botona le botšehali li tsoela pele ho ba ntho e khōlō eo mapolesa a tšoenyehileng ka eona.” “Boemo ba pefo ea baahi ba New Zealand e mong ho e mong bo ka hlalosoa feela e le bobatana.” Ho tsoa Spain: “Spain e loantšana le bothata bo hōlang ba tlōlo ea molao.” Ho tsoa Italy: “Mamafia a Sicily, ka mor’a ho hlōloa, a tsosolositse leqhubu la lipolao.”
28 Ena ke mehlala e menyenyane feela ea litlaleho tsa likoranta tse hlahileng nako e khutšoanyane pele ho khatiso ea buka ena. Ruri “libatana” li khukhunela lefatše, li etsa hore batho ba thothomele ka hore na ba sireletsehile.
Ho Bolela Litaba Tse Molemo
29, 30. Boemo ba bolumeli ke bofe Bokreste-’mōtoaneng, ho phethahatsa boprofeta ba Jesu?
29 Bolumeli bo ne bo tla tsoella joang mehleng ee e tletseng likhathatso ea ho ba teng ha Jesu? Ka lehlakoreng le leng, Jesu o profetile hore ho ne ho tla ba le keketseho ea mosebetsi oa bolumeli: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata, ’me ba tla thetsa batho ba bangata.” (Mattheu 24:11) Ka lehlakoreng le leng, o ile a bolela esale pele hore Bokreste-’mōtoaneng ka kakaretso, thahasello ho Molimo e ne e tla qepha haholo. “Lerato la ba bangata le tla tapa.”—Mattheu 24:12.
30 Kannete sena se hlalosa se etsahalang Bokreste-’mōtoaneng kajeno. Ka lehlakoreng le leng, hohle likereke tse khōlō lia oa ka lebaka la ho hloka tšehetso. Linaheng tsa Europe leboea le Engelane tseo e kileng ea e-ba linaha tse matla tsa Boprostanta, bolumeli bo se bo shoele. Ka nako e tšoanang, Kereke e K’hatholike e hlasetsoe ke khaello ea baprista le tšehetso e ntseng e qepha. Ka lehlakoreng le leng, ho bile le keketseho e khōlō ea batho ba nang le likhopolo tse fetelletseng tsa bolumeli. Borapeli bo theiloeng malumeling a Bochabela boa eketseha, ha baevangeli ba meharo ba thelevisheneng ba ntse ba honya batho limillione tsa lidolara.
31. Ke eng eo Jesu a e boletseng esale pele e thusang ho tsebahatsa Bakreste ba ’nete kajeno?
31 Empa, ho thoe’ng ka Bokreste ba ’nete, bolumeli bo hlahisitsoeng ke Jesu le bo neng bo boleloa ke baapostola ba hae? Bo ne bo tla be bo ntse bo le teng nakong ea ho ba teng ha Jesu, empa bo ne bo tla tsejoa joang? Ho na le lintho tse ’maloa tse tsebahatsang Bokreste ba ’nete, ’me e ’ngoe e boletsoe boprofeteng bo boholo ba Jesu. Bakreste ba ’nete ba ne ba tla tšoareha mosebetsing oa boboleli lefatšeng ka bophara. Jesu o profetile: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.
32. Ke sehlopha sefe feela se phethahalitseng boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Mattheu 24:14?
32 Hona joale boboleli bona bo tsoela pele ka mokhoa o pharalletseng haholo! Kajeno, sehlopha sa bolumeli se bitsoang Lipaki tsa Jehova se tšoarehile mosebetsing oa boboleli o etsoang ka matla a maholo ka ho fetisisa historing eohle ea Bokreste. (Esaia 43:10, 12) Morao koana ka 1919, ha malumeli a maholo a Bokreste-’mōtoana a sekametseng lipolotiking a ne a tšehetsa Selekane sa Lichaba se neng se tla oa, Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li koetlisetsoa phutuho ena ea boboleli ea lefatše lohle.
33, 34. Litaba tse molemo tsa ’Muso li boletsoe lefatšeng ka bophara ho isa bohōleng bofe?
33 Ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 10 000 feela morao koo, empa li ne li tseba mosebetsi o neng o lokela ho etsoa. Ka sebete, li ile tsa qala mosebetsi oa boboleli. Li ne li hlokomela hore ho khethoa ha sehlopha se itseng sa baruti ho ne ho le khahlanong le litaelo tsa Bibele hammoho le mokhoa oa tšebetso oa baapostola. Kahoo kaofela ha tsona, ho fihlela ho motho oa ho qetela, li ile tsa ithuta ho buisana le baahisani ba tsona ka ’Muso oa Molimo. Li ile tsa fetoha mokhatlo o hlophisitsoeng oa baboleli.
34 Ha nako e ntse e ea, baboleli bana ba ile ba mamella khanyetso e matla. Europe, ba ne ba hanyetsoa ke mefuta e fapaneng ea mebuso ea bompoli. United States le Canada, ba ile ba talimana le liphephetso tsa makhotla le merusu ea mahoo-hoo. Linaheng tse ling, ba ne ba lokela ho hlōla leeme la bolumeli la batho ba feteletsang litaba le mahloriso a sehlōhō a bahatelli ba bompoli. Lilemong tsa morao tjena, ba ile ba boela ba lokela ho talimana le moea oa ho belaella lintho le oa ho ithabisa ho fetelletseng o hlahileng. Empa ba mamelletse ho fihlela ntlheng ea hore, kajeno, ho na le ba fetang limillione tse tharo le halofo ba bona linaheng tse 212. Ha ho mohla litaba tse molemo tsa ’Muso li kileng tsa boleloa ka mokhoa o pharalletseng hakaalo—phethahatso e hlollang ea tšobotsi ena ea boprofeta!
See Sohle se Bolela Eng?
35. (a) Ke joang phethahatso ea boprofeta kajeno e thusang ho bontša hore Bibele e bululetsoe ke Molimo? (b) Phethahatso ea pontšo eo Jesu a faneng ka eona e bolela eng bakeng sa mehla ea rōna?
35 Ha ho pelaelo hore re bona ka mahlo phethahatso ea pontšo e khōlō eo Jesu a faneng ka eona. Ntlha ena e ekelletsa bopaking ba hore ka sebele Bibele e bululetsoe ke Molimo. Ha ho motho ea neng a ka bolela nako e telele hakaalo esale pele liketsahalo tse neng li tla etsahala lekholong lena la bo20 la lilemo. Ho feta moo, phethahatso ea pontšo e bolela hore re phela nakong ea ho ba teng ha Jesu le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho. (Mattheu 24:3, NW) Bohlokoa ba see ke bofe? Ho ba teng ha Jesu ho akarelletsa eng? Hona tsamaiso ea lintho e felang ke eng? Ho arabela lipotso tsena, ho hlokahala hore re hlahlobe bopaki bo bong bo matla ba hore Bibele e bululetsoe: ho lumellana ho hlollang ho ka har’a eona. Sena ke sona se latelang seo re tla buisana ka sona ’me re bone kamoo sehlooho se seholo sa Bibele se seng se ntse se atamela tlhoro ea sona e hlollang esita le hona joale.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho bile le bonyane litšisinyeho tsa lefatše tse hlano pakeng tsa 1914 le 1918 tseo boima ba tsona e neng e le 8 kapa ho feta moo sekaleng sa Richter—tse matla haholo ho feta tšisinyeho ea lefatše ea Abruzzi. Leha ho le joalo, litšisinyeho tsena li ne li le libakeng tse hōle tsa lefatše, ka hona ha lia ka tsa eloa hloko joaloka tšisinyeho ea Italy.5
b Ho tlalehiloe manane a fapa-fapaneng a batho ba bolailoeng ke tse ling tsa likoluoa tsena. Leha ho le joalo, kaofela ha tsona e bile tse senyang haholo.