Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • tp khao. 2 maq. 10-21
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le se Nang Ntoa ka Boiteko ba Batho?
  • Na Batho ba ka Loana ka Katleho le Seqhomane sa Baahi?
  • Na Batho ba ka Etsa Khotso le Lefatše?
  • Tšireletseho ka ho Felisoa Hoa Bonokoane
  • Mathata a Fetang ’Ohle
  • U Tla Tšepa Eng?
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na se Finyelletsoeng ke Batho se ka Qhela Tlokotsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ke Mang ea ka Tlisang Khotso ea ka ho sa Feleng?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
tp khao. 2 maq. 10-21

Khaolo ea 2

Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?

1. Ke lipotso life tseo ho hlokahalang hore re li botse, hona hobane’ng?

HORE tšepo e be le seo e hlileng e se bolelang, e tlameha ho theoa nthong ea sebele, ’neteng. Tšepo ea bohata e foufaletsa batho ntho ea sebele feela. Ka baka leo, ho hlokahala hore re botse: Na rea ananela hore na mathata a tlamehang ho rarolloa hore khotso ea ’nete le tšireletseho li be teng ke a maholo hakae? Na rea hlokomela hore na boemo bo fetohile bo potlakileng hakae? Na ho na le bopaki leha e le bofe ba hore pheko ea batho e tla lekana le mosebetsi o moholo oo ho talimanoeng le oona?

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha ho batla khotso le tšireletseho e le ho potlakileng haholoanyane kajeno? (b) Ke eng hape e sokelang bophelo lefatšeng?

2 Ka lilemo tse likete batho ba ’nile ba batla khotso le tšireletseho tsa kamehla, ntle ho katleho. Empa hona joale boemo bo potlakile ka ho fetisisa ka lebaka la tšokelo ea ntoa ea nuclear. Tlaleho ea Canada e ile ea lemosa: “Ha ho letho le kang ntoa ea nuclear e ka hlōloang hobane liphello tsa eona e tla ba tse sisimosang hoo baphonyohi ba tla lakatsa eka ba ka be ba shoele.”3 Ha a bontša hore na ka lebaka lefe, setsebi sa linaleli Carl Sagan o itse: “Hona joale ho na le lihlomo tsa nuclear tse fetang 50 000, . . . tse lekaneng ho ka felisa Lihiroshima tse millione.” A phaella: “Ha ho pelaelo hore tsoelopele ea lefatše lohle la rōna e ka senngoa.”4

3 Ho phaella moo, litšokelo tse ling li tšosa bophelo lefatšeng. E ’ngoe ke tšilafatso e lefatšeng lohle ea naha, moea, le metsi. E ’ngoe ke sepenya sa baahi se tsamaeang le tlala, maloetse, le ho hloka khutso.

4. Boemo ba batho kajeno bo hlalositsoe joang?

4 Mabapi le litšokelo tse sa tšoaneng tseo batho ba talimaneng le tsona hona joale, mokhatlo oa khotso Norway o itse: “Boemo ba kajeno ba machaba bo tšoauoa ka tlokotsi e tebileng e kenelletseng hoo e ka bang mesebetsing eohle ea batho: moruong le kahisanong, lipolotiking le sesoleng, moeeng le boitšoarong.” Oa phaella: “Pefo e ntse e e-ja setsi ’me ho atile tšebeliso ea likhoka ho qobella mokhoa oa puso le likamano lipakeng tsa linaha. . . . Teka-tekanyo e ntse e belaetsa haholoanyane pakeng tsa khotso le ntoa.”5 Hona ho lebisa kae? Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a lemosa: “Re haufi bo tšosang le ho oa hoa puso ea machaba.”6

Lefatše le se Nang Ntoa ka Boiteko ba Batho?

5. Histori e bontša eng mabapi le bohlale ba motho ba ho felisa ntoa?

5 Na ho na le lebaka la ho lumela hore batho ba ka felisa ntoa? Ho latela histori, ho bile le lilemo tse seng kae tse qalikaneng tsa ha lefatše lena le ne le se na ntoa ho hang. Lekholong lena la bo20 la lilemo feela, batho ba ka bang limillione tse 100 ba bolailoe ntoeng! Leha e le Selekane sa Lichaba sa maobane kapa Machaba a Kopaneng a kajeno ha lia atleha ho thibela polao ena.

6. Na ho tšaba ntoa ea nuclear ke motheo o utloahalang bakeng sa khotso?

6 Empa na tšabo ea ho timetsoa ke lihlomo tsa nuclear e ke ke ea fetola see? Na morao koana ka 1945 ha hoa ka hoa tsoha tšabo e lekaneng bakeng sa lihlomo tsa nuclear ha liqhomane tsa athomo li ripitla metse e ’meli ea Majapane? Ha e le hantle, ho tloha nakong eo pokello ea lihlomo tsa nuclear tse matla haholoanyane e eketsehile ka makhetlo a sekete. ’Me ho hakanngoa hore ho tloha ka 1945 feela batho ba 35 000 000 ba bolailoe lintoeng le borabeleng bo amang linaha tse fetang 100. Ka selemo se seng haufinyane tjena lichaba tse 45 li ne li amehile likhohlanong!7 Che, tšabo ea lihlomo tsa nuclear ha e-ea thibela ntoa.

7. Na ho tekenoa hoa litumellano tsa ho tlohela lihlomo kapa lilekane tsa khotso ke tiiso ea khotso ea kamehla?

7 Ha ho lumelleha, lichaba li tekenela lilekane tsa ho lahla lihlomo kapa litumellano tsa khotso ’me ho bonahala li tla ’ne li tsoelepele ho etsa joalo. Ho theosa le makholo a lilemo ho ’nile hoa tekeneloa tse joalo tse likete-kete. Leha ho le joalo, neng le neng ha moea oa ntoa o e-ba matla ka ho lekaneng, lilekane tseo li ile tsa fetoha likotoana tse sa reng letho tsa pampiri. Machaba a Kopaneng le oona a hlōlehile ho thibela ntoa, hobane le hoja hoo e ka bang linaha tsohle kajeno e le karolo ea Machaba a Kopaneng, lia hlompholla ka boomo. Kahoo na ke ho utloahalang ho tšepa hore baeta-pele ba kamoso ba lefatše ba tla boloka lentsoe la bona ho feta ba nakong e fetileng?

8. Bibele e boletse ’nete joang ka ho hlōleha hoa motho ho finyella khotso ea kamehla?

8 Ka lehlakoreng le leng, boemo ba Bibele bo tumellanong le se ithutiloeng historing. Ha bo khothalletse hore re bee tšepo ea rōna boitekong ba batho ba ho tlisa khotso. Ho fapana le hoo, bo hlile ba profeta khale hore boiteko ba batho ha ho mohla bo tla tlisa khotso ea kamehla. Bo hlile ba lemosa hore pejana ho bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, lintoa le mefere-fere li ne li tla phahama lefatšeng lohle, ka ‘sechaba se seng se tsohela sechaba se seng matla le ’muso o mong o loantša ’muso o mong.’ (Luka 21:​9, 10, 31; Tšenolo 6:​1-4) Liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 li phethahalitse boprofeta boo. Ka hona ho e-na le ho tsosa tšepo ea bohata, ka tieo Bibele e re: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:⁠23.

Na Batho ba ka Loana ka Katleho le Seqhomane sa Baahi?

9-11. (a) Baahi ba lefatše ba eketseha ka potlako e kae? (b) Ke maemo afe a tlakileng batho ba bangata?

9 Baahi ba lefatše ba fihlile ho billione e le ’ngoe lekholong la bo19 la lilemo. Hona joale ba ka ba libillione tse hlano,8 ka billione e ’ngoe le e ’ngoe e ncha e e-tla ka potlako e khōlō. Selemo le selemo, ho ba le batho ba bang hape ba ka bang limillione tse 90! ’Me boholo ba khōlo ena bo mpa bo phaella feela mahlomoleng libakeng tseo ho tsona bofuma, tlala, le maloetse li seng li ntse li hlasetse. Keketseho ena ea baahi e ile ea bitsoa seqhomane sa baahi ka lebaka le letle. The New York Times e ile ea hlalosa: “Ho bonolo hore likarolo tse khōlō tsa lefatše li tla fetoloa lehoatata ke likhatello tsa baahi ba sa laoleheng le bofuma joalokaha ho ka ba joalo ka koluoa ea nuclear.”9

10 Mabapi le boholo ba tlala ea lefatše, makasine oa Time o itse: “Bothata ba tlala kajeno bo fapane haholo le ba nakong e fetileng . . . hona joale selemo le selemo lijo li nyenyane haholo likarolong tse ngata tsa lefatše hoo 25% kaofela ea baahi ba lefatše e lapileng kapa e haelloang ke lijo.”10 Mohloli o mong o hakanya hore selemo le selemo ho shoa masea a limillione tse 11 pele a phetha selemo sa oona sa pele ka lebaka la liphello tsa phepo e fosahetseng le maloetse.

11 Tlaleho eona eo e re: “Bonyane ke motho a le mong ho ba bahlano ea tšoasitsoeng ka ho feletseng lerabeng la bofuma, bohloki bo feletseng hoo e leng ho felisoa ho khutsitseng hoa meloko.”11 ’Me kamoo ho hlokometseng The Toronto Star, hona ho etsahetse kamor’a hore seboka sa lefatše sa lijo Roma lilemong tse fetileng tse leshome se “ikane hore ka lilemo tse leshome feela, ha ho ngoana ea neng a tla ea tlung a lapile, ha ho lelapa le neng le tla tšaba hore na le tla fumana bohobe ba lona ba hosasane hokae ’me ha ho batho bao bokamoso ba bona bo neng bo tla sitisoa ke phepo e fosahetseng.”12 Litšepiso tseo li ipakile li le lephaka hakaakang! ’Nete e joalokaha Guardian ea Engelane e hlokometse: “Lefatše le lintšing tsa koluoa ea botho. . . . Mafatše a maholo a bone tšepo ea oona bakeng sa kamoso e nyamela.”13

12. Na ho fokotsa litšenyehelo tsa chelete ea sesole ho hlile ho ka rarolla bothata?

12 Bothata bo boholo, ha bo lefatšeng ka bolōna, empa bo ho babusi le ho batho le maikutlo a bona. Ka mohlala, hona joale selemo le selemo lichaba li senya hoo e ka bang lidolara tse trillione (libillione tse sekete) lihlomong ha ba limillione ba lapa. Empa le haeba khōliso ena e khōlō ea lihlomo e ne e ka tloheloa, litsamaiso tse arohaneng tsa moruo oa lefatše li ne li tla sebetsa khahlanong le pheko leha e le efe ea ’nete ea bothata bona. Hangata, ha lijo li le teng, takatso ea phaello e khōlō e thibela hore li ka abeloa ba hlokang. Libakeng tse ling, mebuso e ’nile ea lefa balemi hore ba se leme lijalo tse itseng hobane ha li ka ba ngata haholo hoo ho tla theola litheko haholo. Lijo tse ngata li ’nile tsa senngoa hobane li le ngata haholo.

13. Na Bibele e ne e nepile ha e profeta maemo a neng a tla ba teng bofelong ba lefatše?

13 Kahoo, ho sa tsotellehe tsoelopele eohle ea oona thutong ea mahlale, mokhatlo oa kajeno o sitiloe ho qoba maemo ao Bibele e a profetileng. E hlile ea profeta ka nepo ho fihla hoa “litlala” tsa sekoboto nakong ena ea “ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:​3, 7; Tšenolo 6:​5-8.

Na Batho ba ka Etsa Khotso le Lefatše?

14-16. Bothata ba tšilafatso bo tebile hakae?

14 Ka lilemo tse mashome batho ba ’nile ba loana le lona lefatše leo ba phelang ho lona. Ba entse hore litšila tse chefu li kene metsing, moeeng, le mobung. Sehlooho se seholo sa Toronto Star se itse: “Tšilafatso e Bea Lefatše Kotsing.” Sehlooho sa re: “Lefatše le tlas’a tlhaselo e bolaeang. ’Me mosenyi ke motho.” Sa hlokomela hore “lichefu tsa tsoelopele ea hae” joale li tšosa bona bophelo ba hae, ’me sa boela sa hlokomela: “Bo-ramahlale ba nahana hore ho theoloa hoa tikoloho hanyane ka hanyane ke ho tebileng joaloka tšokelo ea ntoa ea nuclear.”14

15 Ka mohlala, makasine ea Discover eitse ka United States: “Likhoere-khoere tse kotsi tse nang le metsoako e chefu tse ntseng li monyela lefatšeng li sokela likoetsa tse mpeng ea lefatše tsa metsi a sechaba. Litsebi tse ling tsa metsi li tšohile hore mohlomong ha ho sa na nako ea hore ho ka bolokoa leha e le kotara feela ea tsona.”15 Engelane The Observer e ile ea bolela hore tšilafatso ea metsoako e chefu e sentse “boholo ba metsi a nooang a Engelane.”16 ’Me New Scientist e ile ea tlaleha: “Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o bolela hore maloetse a amanang le metsi a litšila a bolaea batho ba 50 000 letsatsi le leng le le leng.”17

16 Phuputso ea lekhotla la sechaba United States e ile ea senola tekanyo e phahameng ea lintho tse chefu moeeng. The New York Times e ile ea tlaleha: “Litone tse likete tsa lintho tse bakang kankere le lintho tse ling tse kotsi haholo li ntse li tšolleloa sebakeng ke lifeme tse makholo-kholo.”18 Ho phaella ho sena ke metsoako e kotsi e kenngoang mobung, ka mohlala, e le li-bolaea-likokooanyana le tse kenngoang lijong ka ho tšeloa lijong tse fepang liphoofolo.

17. Na ho ka etsahala hore boqapi ba tsa mahlale bo rarolle bothata bona?

17 Na boqapi ba tsa mahlale bo ka pholosa? Na hoo ho ka etsahala, kaha bo bakile boholo ba mathata aa? Buka Environmental Ethics e-ea hlokomela: “Boqapi ba tsa mahlale ke mohlanka ea molemo ka tsela e lekanyelitsoeng feela, ’me e le ea sa tšepahaleng haholo. Ha bo fela bo rarolla bothata bona, hangata bo qapa a mang a mabeli—’me liphello tsa oona hangata ha li hlokomelehe e sa le pele.”19

18. Ho loaneng ka katleho le tšilafatso, batho ba haelloa ke tsebo efe ea bohlokoa, empa ke mang ea nang le eona?

18 Hape, Bibele e profetile hore motho o tla haelloa ke bohlale ha a sebelisa mehloli ea lefatše. Boprofeta bo ho Tšenolo 11:​18 bo buile ka nako ea ha Molimo o ne o tla nka bohato ho “senya ba senyang lefatše.” Ho ke ke hoa latoloa hore batho ha ba utloisise ka botlalo ho rarahana hoa tšebelisano ea lintho tsa lefatše. Empa Molimo o-oa e utloisisa, kaha o le bōpile. Na hase bohlale ho talima Mohloling ona bakeng sa pheko ea mathata?

Tšireletseho ka ho Felisoa Hoa Bonokoane

19. Batho ba bangata ba na le tšabo efe kajeno, hona hobane’ng?

19 Tšilafatso e bea lintho tse hlokahallang ho phela hoa motho kotsing. Empa ke keketseho ea bonokoane e bakelang batho ba bangata haholo tšabo. Bonokoane bo amoha batho ba eketsehileng tšireletseho ea bona ea botho e seng metseng e meholo feela empa hape le metsaneng le libakeng tse ka thōko. Hase matlotlo feela empa hangata le ’mele oa motho le bophelo ba hae li kotsing.

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha ho etsoa hoa melao e mecha ho ke ke hoa felisa bonokoane? (b) Na nala e eketsehileng kapa mekhoa e mecha ea ho loantša bonokoane li ka rarolla bothata?

20 Na batho ba ka tlisa tšireletseho ea ’nete likotsing tsee, mohlomong ka melao e mecha? Ho se ho e-na le melao e likete libukeng tsa melao tsa lefatše. Leha ho le joalo, ena ha e-ea thibela bonokoane. Hape, tšenyeho e tebileng e atisa ho hōla hona mekhatlong e phethahatsang molao. Ho hloka botšepehi libakeng tse phahameng ho ka ’na hoa fetola boiteko ba ho phethahatsa melao ho tšepahalang lefeela.

21 Na karabelo e mekhoeng e mecha ea ho fumana le ho tšoephola bonokoane? Bakeng sa mokhoa o mong le o mong o mocha o hlahisoang, linokoane li qapa litsela tse ncha tsa ho o hlōla. Na joale bothata bo ka rarolloa ke nala e eketsehileng? E ka ba phoso ho etsa qeto ea hore bonokoane ke tšobotsi ea batho ba fumanang meputso e tlaase feela. Bonokoane ba batho ba mesebetsing e hlomphehang le bona boa eketseha. Ka mohlala, United States bonyane selemo le selemo ho lahleha liranta tse limillione tse likete tse 200 ka lebaka la bonokoane bo joalo. Hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong ea likhoebo tsohle li oa ka lebaka la sena. Afrika Boroa e tlaleha hore bosholu ba basebetsi bo lihile likhoebo tse ka bang 1 500 ka selemo se le seng.20

22. Ke bopaki bofe bo bontšang hore boiteko ba batho feela bo ke ke ba rarolla bonokoane?

22 Bonokoane bo ntseng bo phahama, ha boa lekanyetsoa feela lichabeng tse seng kae. Bo hohle. Hlokomela lihlooho tse ling tse khōlō tse tsoang lefatšeng ka bophara. Brazil: “Bonokoane bo Hōlang ka ho Fetisisa.” Canada: “Bonokoane ba Batho ba Batšehali bo Phahama ka ho Fetisisa.” Engelane: “Bonokoane ba Bana bo Hōla Kamehla.” India: “Bonokoane bo Hlophisitsoeng ke Mosebetsi o Hōlang.” Soviet Union: “Letsoalo la Soviet ka Bonokoane bo Hōlang.”21 Makasine ea Maclean’s eitse: “Bonokoane ba likhoka Detroit bo atile hoo ka nako e ’ngoe lipolao li boleloang hanyenyane feela maqepheng a qetellang a likoranta.”22 Kahoo, bonokoane bo ntseng bo e-ja setsi, ke bothata ba machaba, ’me boiteko ba batho feela bo ke ke ba bo rarolla. Hoja ho ne ho le bonolo hore batho ba bo rarolle, kamorao ho nako ena eohle le boiteko bonokoane e ka be e se e se bothata.

23. Na seo Bibele e se profetileng ka maemo a mehleng ea rōna se phethahetse?

23 Ho etsahalang ho joalokaha Bibele e profetile khale: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:​1-4) Jesu o boetse o profetile hore ‘keketseho ea tlōlo ea molao’ e ne e tla tšoaea nako ea pejana ’Muso oa Molimo o fetola lefatše lena sebaka se ka ahuoang feela ke ‘batho ba bonolo.’ ‘Keketseho eo ea tlōlo ea molao’ ke ’nete ea bophelo mehleng ea rōna.—Mattheu 24:​12, NW; 5:5; Pesaleme ea 37:⁠29.

Mathata a Fetang ’Ohle

24. Le haeba batho ba ka rarolla mathata ’ohle ao ho buisanoeng ka oona ho tla fihlela mona, ke lira life tse khōlōanyane tse tla ’ne li salle?

24 A re re mohlomong batho ba ne ba ka rarolla mathata a ntoa, bofuma, tlala, tšilafatso le bonokoane. Na hona ho ne ho tla u tlisetsa khotso le tšireletseho ka ho feletseng? Che, ho na le ho neng ho tla ’ne ho haelle. Ho kula le lefu li ne li tla sala e ntse e le lira tse sa hlōloang. Ka sebele, ho lokoloha mathateng a mang ke hoa molemo oa eng ha u shebelletse moratuoa a kula ’me a e-shoa, kapa ha u fumana ’mele oa hao o hlaseloa ke ho kula ho bolaeang?

25, 26. Ke litebello life tseo bafuputsi ba tsa bongaka ba li bonang ka ho hapa maloetse?

25 Leha ho tsoetsoe pele bongakeng, na hona ho re tliselitse tokoloho ho kuleng le lefung? Setsebi sa bongaka sea arabela: “Mafu a tšoaetsanoang ha a ea felisoa. E sa ntsane e le sesosa se seholo sa lefu lefatšeng ’me, mona [United States], sesosa se seholo sa ho kula.”23 Tlaleho e bolela hore Afrika maloetse a atile “hoo ho bana ba 1 000 ba tsoaloang, ba ka bang 500 ba tla shoa pele ba fihla lilemong tse 5.”24 Lefatšeng lohle ba makholo a limillione ba angoa ke malaria, lefu la borokoana, letšollo le lefubelu, lepera, le maloetse a mang. Linaheng tse ling tse tsoetseng pele, mafu a pelo a baka hoo e ka bang halofo ea mafu ’ohle, ’me kankere e bolaea a le mong ho ba bahlano. ’Me The Lancet, koranta ea Brithani ea bongaka eitse: “Lefatšeng lohle ho na le batho ba ka bang limillione tse 250 ba tšoaroang bocha ke qhoshola le ba ka bang limillione tse 50 ba tšoaroang ke mokaola selemo le selemo. Maloetse a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona kapa botšehali mohlomong a bile a tloaelehile haholoanyane.”25

26 Ramahlale e mong o ile a bolela hore haeba kankere, lefu la pelo, le bohloko ba liphio, li ne li ka fumaneloa pheko, mafu a mang a ne a tla fetoha a bolaeang haholo. A hlokomela: “Monyetla o monyenyane oa hore haufinyane re tla eketsa nako ea bophelo haholoanyane kapa re chechise botsofali.”26 ’Me Soviet Union lingaka li re: “Ho sa tsotellehe katleho eohle ea bongaka, historing e tlalehiloeng bolelele ba nako ea bophelo ba motho ha bo’a fetoha.”27

27. (a) Ke tlhaloso efe ea Bibele ka bolelele ba nako ea bophelo ba motho eo e ntseng e le ’nete kajeno? (b) Ke hokae moo re ka ithutang hore na ke hobane’ng ha bophelo ba motho bo le bokhutšoaane hakaale bo bile bo tletse mathata?

27 Mantsoe a Bibele a ho Jobo 14:​1, 2 a ntse a tsoela pele ho ba ’nete hakaakang kajeno: “Motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi. Oa mela, o khaoloa joale ka palesa, o feta joale ka seriti, ’me ha a hlole a e-ba teng.” Bibele e boetse e bontša lebaka la sena, ’me e tsebahatsa sesosa sa mathata ’ohle a motho, joalokaha re tla bona hamorao.

U Tla Tšepa Eng?

28-30. Ho rarolla mathata a talimaneng le batho, ke hobane’ng ha ho utloahala haholoanyane ho tšepa pheko ea Molimo ho e-na le ea motho?

28 Ka tieo eohle, na ke ho utloahalang ho tšepa batho hore ba rarolle mathata a talimaneng le sethō? Kapa na ke ho utloahalang haholoanyane ho tšepa pheko e suptjoang ke Bibele, e leng, bohato bo nkoang ke Molimo ka seqo ka puso e lokileng ea leholimo?

29 Khale-khale mopesaleme ea bululetsoeng o ile a ngola mantsoe ana: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile. Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše.”—Pesaleme ea 146:​3-6.

30 Le ka mohla u se lebale hore ho sa tsotellehe hore na batho e ka ba ba tšepahalang hakae kapa hore na baeta-pele ba lefatše ke ba nang le tšusumetso hakae kapa ba matla hakae, kaofela ke libopuoa tse shoang. Kaha ba sitoa ho ipholosa, ba ka pholosa ba bang joang? Ba ke ke. Ke Molimo feela o ka ho etsang, ka puso ea ’Muso oa oona.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Historing eohle batho ba ’nile ba tlatselela ka bofofu ho tloha koluoeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—ntoa, bonokoane bo jang setsi, tšilafatso, bofuma, le tse ling tse ngata. Joalokaha kannete Bibele e re: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae”

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

“Le se ke la itšepela . . . bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela