Jehova o Lokisa Tsela
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa.”—MATHEU 24:14.
1. Ke’ng se finyeletsoeng ka mosebetsi oa boboleli lekholong la pele le la bo20 la lilemo?
KAHA Jehova ke Molimo ea lerato, thato ea hae ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Sena se entse hore ho hlokahale phutuho ea ho bolela le ho ruta lichabeng tsohle. Lekholong la pele la lilemo, boboleli bona bo ile ba etsa hore phutheho ea Bokreste e be “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Ka mor’a moo ho ile ha tla nako e telele ea bokoenehi, e leng nakong eo ka eona leseli la ’nete le ileng la e-ba lerootho. Morao tjena, “nakong ea bofelo,” “tsebo ea ’nete” e boetse e ngatafetse, ’me e tlisetsa ba limilione tšepo e thehiloeng Bibeleng ea bophelo bo sa feleng.—Daniele 12:4.
2. Ke’ng seo Jehova a se entseng mabapi le mosebetsi oa boboleli?
2 Ho sa tsotellehe boiteko bo sa khaotseng ba Satane ba ho nyopisa morero oa Molimo, mosebetsi oa boboleli oa lekholong la pele le la bo20 la lilemo o atlehile ka tsela e makatsang. O re hopotsa boprofeta ba Esaia. Mabapi le ho khutlela ha batlamuoa ba Bajuda naheng ea Juda lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., Esaia o ile a ngola: “Liphula tsohle li katoe, lithaba kaofela le maralla ’ohle a kokobetsoe; libaka tse litutulu li batalatsoe, hohle moo ho leng makukuno ho latsoe.” (Esaia 40:4) Jehova o boetse o lokisitse tsela le ho e batalatsa bakeng sa phutuho e khōlō ea boboleli ea lekholong la pele le la bo20 la lilemo.
3. Jehova o khona ho phethahatsa merero ea hae ka litsela life?
3 Sena ha se bolele hore ka ho toba Jehova o ile a susumetsa ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng e le ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo; leha e le hore se bolela hore Jehova o ile a sebelisa matla a hae a ho bona esale pele hore a tsebe makolopetso a tobileng a ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tla etsahala. Ke ’nete hore o khona ho bona esale pele le ho rera liketsahalo tsa nako e tlang. (Esaia 46:9-11) Empa hape o khona ho nka bohato ha liketsahalo li ntse li senoleha. Joaloka molisa ea nang le phihlelo ea tsebang ho qhoba le ho sireletsa mohlape oa hae, Jehova o tataisa batho ba hae. O ba isa polokong, a sireletsa bomoea ba bona le ho ba susumetsa hore ba sebelise hamolemo maemo le liketsahalo tse tlatsetsang hore ho etsoe boboleli ba litaba tse molemo ka katleho lefatšeng ka bophara.—Pesaleme ea 23:1-4.
Kabelo e Boima
4, 5. Ke hobane’ng ha ho bolela litaba tse molemo e ’nile ea e-ba kabelo e phephetsang?
4 Joaloka ho haha areka mehleng ea Noe, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e ’nile ea e-ba tšebetso e khōlō—lekholong la pele la lilemo le mehleng ea kajeno. Mosebetsi oa ho finyella lichaba tsohle ka molaetsa leha e le ofe ke o boima ka booona, empa mosebetsi ona e ne e le o phephetsang ka tsela e khethehileng. Lekholong la pele la lilemo, barutuoa ba ne ba batla ba fokola ka palo. Moeta-pele oa bona, Jesu, o ne a ahloletsoe lefu ka pelaello ea hore o fetohetse puso. Bolumeli ba Sejuda bo ne bo tsitsitse. Ho ne ho e-na le tempele e khanyang Jerusalema. Malumeli a mang ao e neng e se a Sejuda le ’ona a ne a tsitsitse sebakeng sa Mediterranean, a e-na le litempele le boprista. Ka tsela e tšoanang, ha ‘nako ea bofelo’ e qala ka 1914, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba fokola ka palo, ’me balateli ba malumeli a mang a ipolelang hore a sebeletsa Molimo ba ne ba le bangata.—Daniele 12:9.
5 Jesu o ne a lemositse balateli ba hae hore ba ne ba tla hlorisoa. O ile a re: “Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Matheu 24:9) Ho phaella mathateng a joalo, haholo-holo “matsatsing a ho qetela,” Bakreste ba ne ba tla iphumana ba le har’a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Boholo ba mosebetsi, boemo ba ho hlorisoa le linako tse thata li entse hore mosebetsi oa boboleli e be o phephetsang le o boima. Ho ’nile ha hlokahala tumelo e matla.
6. Jehova o ile a fa batho ba hae tiisetso efe ea hore ba tla atleha?
6 Le hoja Jehova a ne a tseba hore mathata a tla ba teng, hape o ne a tseba hore ho ne ho se letho le neng le ka thibela mosebetsi. Ho atleha ha oona ho ile ha boleloa esale pele boprofeteng bo tsebahalang haholo bo phethahetseng ka tsela e hlollang lekholong la pele le la bo20 la lilemo: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Matheu 24:14.
7. Mosebetsi oa boboleli e bile o pharaletseng hakae lekholong la pele la lilemo?
7 Ba tletse tumelo le moea o halalelang, bahlanka ba Molimo ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tsoela pele ho phetha thōmo ea bona. Kaha Jehova o ne a e-na le bona, ba ile ba finyella katleho e ka nģ’ane ho seo ba neng ba ka se lebella. Nakong eo Pauluse a neng a ngolla Bakolose, lilemo tse ka bang 27 ka mor’a lefu la Jesu, o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakolose 1:23) Ha ho bapisoa, bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo litaba tse molemo li ntse li boleloa linaheng tse 233.
8. Ba bangata ba amohetse litaba tse molemo tlas’a maemo afe? Fana ka mehlala.
8 Ba limilione ba amohetse litaba tse molemo lilemong tse mashome tsa morao tjena. Ba bangata ba li amohetse tlas’a maemo a mabe—linakong tsa ntoa, thibelo le mahloriso a sehlōhō. Seo e bile ’nete le lekholong la pele la lilemo. Ketsahalong e ’ngoe, Pauluse le Silase ba ile ba khakhathoa ka melamu ’me ba kenngoa teronkong. Ba ile ba e-ba boemong bo sa tšepiseng hakaakang ba hore ba ka etsa barutuoa! Empa Jehova o ile a sebelisa boemo bona ho etsa barutuoa. Pauluse le Silase ba ile ba lokolloa, ’me molebeli oa teronko hammoho le lelapa la hae ba ile ba fetoha balumeli. (Liketso 16:19-33) Liphihlelo tse joalo li bontša hore litaba tse molemo li ke ke tsa khutsisoa ke batho ba li hanyetsang. (Esaia 54:17) Ho ntse ho le joalo, histori ea Bokreste e bontša hore bo ’nile ba thulana le mahlomola le mahloriso a sa khaotseng. Joale a re lebiseng tlhokomelo liketsahalong tse thabisang tse ’nileng tsa tlatsetsa ho lokiseng tsela bakeng sa boboleli bo atlehileng ba litaba tse molemo lekholong la pele le la bo20 la lilemo.
Boemo ba Bolumeli
9, 10. Jehova o ile a etsa hore ho be le tebello joang bakeng sa boboleli ba litaba tse molemo lekholong la pele le la bo20 la lilemo?
9 Nahana ka linako tsa phutuho ea boboleli lefatšeng ka bophara. Mabapi le boemo lekholong la pele la lilemo, boprofeta ba libeke tse 70 tsa lilemo, bo fumanoang ho Daniele 9:24-27, bo ile ba totobatsa selemo seo Mesia a neng a lokela ho hlahella ka sona—29 C.E. Le hoja Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa utloisise nako e tobileng ea litaba, ba ne ba lebeletse, ba letetse Mesia. (Luka 3:15) Manuel Biblique ea Sefora e re: “Batho ba ne ba tseba hore libeke tse mashome a supileng tsa lilemo tse boletsoeng ke Daniele li ne li le haufi le ho fela; ha ho motho ea neng a maketse ha a utloa Johanne Mokolobetsi a phatlalatsa hore ’muso oa Molimo o ne o atametse.”
10 Ho thoe’ng ka boemo mehleng ea kajeno? Ha e le hante, ketsahalo ea bohlokoa e bile ho behoa ha Jesu teroneng leholimong, e leng ho ileng ha tšoaea qaleho ea ho ba teng ha hae matleng a ’Muso. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore sena se etsahetse ka 1914. (Daniele 4:13-17) Ho lebella ketsahalo eo le hona ho ile ha etsa hore batho ba bang ba malumeli mehleng ea kajeno ba lule ba lebeletse. Tebello e ile ea totobala hape le har’a Liithuti tsa Bibele tse tšepahalang tse ileng tsa qala ho hatisa makasine ena ka 1879 e le Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Kahoo, lekholong la pele la lilemo le mehleng ea kajeno, tebello ea malumeli e lokisitse boemo bakeng sa ho bolela litaba tse molemo.a
11. Ho ile ha raloa metheo efe ea bolumeli e ileng ea thusa boboleling ba litaba tse molemo?
11 Lebaka le leng le ileng la thusa mosebetsi oa Bakreste mehleng eo ka bobeli ke hore batho ba bangata ba ne ba tloaelane le Mangolo a Halalelang. Lekholong la pele la lilemo, metse ea Bajuda e ne e tletsa-tletse hohle lichabeng tse neng li ba potolohile tsa Balichaba. Metse eo e ne e e-na le lisynagoge moo batho ba neng ba kopana teng kamehla hore ba utloe ha Mangolo a baloa ebile a tšohloa. Kahoo, Bakreste ba pele ba ile ba khona ho haha tsebong ea bolumeli eo batho ba neng ba se ba ntse ba e-na le eona. (Liketso 8:28-36; 17:1, 2) Qalong ea mehla ena ea rōna, batho ba Jehova ba ile ba thabela boemo bo ntseng bo batla bo tšoana le boo linaheng tse ngata. Bibele e ne e fumaneha hohle libakeng tsa Bokreste-’mōtoana, haholo-holo linaheng tsa Boprostanta. E ne e baloa likerekeng tse ngata; ba limilione ba ne ba e-na le kopi ea eona. Batho ba ne ba se ba ntse ba e-na le Bibele, empa ba ne ba hloka thuso hore ba utloisise seo ba nang le sona.
Melemo ea Molao
12. Molao oa Roma hangata e ne e le tšireletso joang lekholong la pele la lilemo?
12 Hangata boboleli ba Bakreste bo ’nile ba rua molemo melaong ea ’muso. ’Muso oa Roma o ne o laola lefatše lekholong la pele la lilemo, ’me molao oa oona o ngotsoeng o ne o e-na le tšusumetso e khōlō bophelong ba letsatsi le letsatsi. Melao ena e ne e fana ka tšireletso, ’me Bakreste ba pele ba ile ba rua molemo ho eona. Ka mohlala, ho ipiletsa ha Pauluse molaong oa Roma ho ile ha etsa hore a lokolloe teronkong ’me ha mo pholosa hore a se ke a shapuoa. (Liketso 16:37-39; 22:25, 29) Ho lebisa tlhokomelo tokisetsong ea tsamaiso ea molao ea Roma ho ile ha thusa ho kokobetsa mokhopi o halefileng Efese. (Liketso 19:35-41) Ka nako e ’ngoe Pauluse o ile a pholosoa pefong Jerusalema kahobane e ne e le moahi oa Roma. (Liketso 23:27) Hamorao, molao oa Roma o ile oa mo lumella hore a sireletse tumelo ea hae ka molao a le ka pel’a Sesare. (Liketso 25:11) Le hoja Bo-sesare ba bangata ba ne ba busa ka lere la tšepe, ka tloaelo, melao lekholong la pele la lilemo e ne e lumella ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafilippi 1:7.
13. Mehleng ea rōna, mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo o ’nile oa rua molemo joang molaong?
13 Ho joalo le kajeno linaheng tse ngata. Le hoja ho ’nile ha e-ba le ba ‘rerang khathatso ka molao-taelo,’ melao e ngotsoeng linaheng tse ngata e talima tokoloho ea bolumeli e le tokelo ea motheo. (Pesaleme ea 94:20, NW) Ha e hlokomela hore Lipaki tsa Jehova ha li bake tšokelo ea letho tlhophisong ea sechaba, mebuso e mengata e re amohetse ka molao. United States, moo ho ’nileng ha etsoa boholo ba likhatiso tsa Lipaki teng, melao e leng teng hona joale e entse hore ho be bonolo ho tsoela pele ho hlahisa makasine ea Molula-Qhooa ka lilemo tse 120, le hore e baloe lefatšeng lohle.
Linako Tsa Khotso le ho Mamellana
14, 15. Tekanyo e itseng ea botsitso sechabeng e ile ea ruisa mosebetsi oa boboleli molemo joang lekholong la pele la lilemo?
14 Mosebetsi oa boboleli o ile oa boela oa rua molemo linakong tseo ka tsona ho nang le khotso e itseng. Le hoja ka nepo Jesu a boletse esale pele hore mehleng eo ka bobeli ‘sechaba se ne se tla tsohela sechaba matla,’ ho ile ha e-ba le linako tse itseng tsa khotso tse ileng tsa nolofaletsa hore ho be le boboleli bo matla ba ’Muso. (Matheu 24:7) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba phela tlas’a Pax Romana, kapa Khotso ea Roma. Rahistori e mong o ile a ngola: “Roma e ne e hlōtse lichaba tsa Mediterranean ka ho feletseng hoo e ileng ea etsa hore li khaotse ntoa e neng e ntse e kupa ka lilemo tse ngata.” Botsitso bona bo ile ba bulela Bakreste ba pele tsela ea hore ba tsamaee ba bolokehile ka tekanyo e itseng lefatšeng la Roma.
15 ’Muso oa Roma o ile oa leka ka tieo ho kopanya lichaba tse tlas’a bolaoli ba eona bo matla. Leano lena ha lea ka la khothaletsa ho eta, ho mamellana le ho fapanyetsana maikutlo feela empa hape le ile la khothalletsa boikutlo ba bara ba motho ba machaba. Buka e bitsoang On the Road to Civilization e re: “Bonngoe bo neng bo le teng ’Musong oa [Roma] bo ile ba etsa hore tšimo e be e molemo bakeng sa [boboleli ba Bakreste]. Mekoallo ea bochaba e ne e helelitsoe. Moahi oa Roma e ne e le moahi oa lefatše. . . . Ho feta moo, bolumeli bo neng bo ruta hore batho ke bara ba motho bo ne bo ka utloisisoa ’musong o neng o hōlisitse khopolo ea hore motho e ka ba moahi sebakeng leha e le sefe.”—Bapisa le Liketso 10:34, 35; 1 Petrose 2:17.
16, 17. Ke’ng se susumelitseng hore ho etsoe boiteko ba ho khothalletsa khotso mehleng ea kajeno, hona batho ba bangata ba fihletse qeto efe?
16 Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Lekholong la bo20 la lilemo ho bile le lintoa tse senyang ka ho fetisisa historing, ’me ntoa e ntse e tsoela pele ho kupa libakeng tse itseng linaheng tse ngata. (Tšenolo 6:4) Leha ho le joalo, ho ’nile ha boela ha e-ba le linako tsa khotso ka tekanyo e itseng. Mebuso e meholo ea lefatše ha e-s’o ka e loana e mahlo-mafubelu ka lilemo tse fetang 50. Boemo bona bo tlatselitse haholo ho boleleng litaba tse molemo linaheng tseo.
17 Masetla-pelo a ntoa ea lekholong la bo20 a entse hore batho ba bangata ba hlokomele hore ho hlokahala ’muso oa lefatše. Ho tšaba ntoa ea lefatše ho lebisitse ho thehoeng ha Selekane sa Lichaba hammoho le Machaba a Kopaneng. (Tšenolo 13:14) Sepheo se tsebahalitsoeng sa mekhatlo eo ka bobeli e ’nile ea e-ba ho khothalletsa tšebelisano le khotso lichabeng. Batho ba hlokomelang hore seo sea hlokahala, hangata ba arabela hantle litabeng tse molemo tsa ’muso oa lefatše o tlang ho tlisa khotso ea ’nete le e tšoarellang—’Muso oa Molimo.
18. Ke boikutlo bofe ka bolumeli bo ileng ba tsoela molemo boboleli ba litaba tse molemo?
18 Le hoja ka linako tse ling Bakreste ba ’nile ba hlorisoa ka sehlōhō, lekholong la pele le la bo20 la lilemo ho ’nile ha e-ba le linako tsa ho mamellana bolumeling. (Johanne 15:20; Liketso 9:31) Ka bolokolohi Baroma ba ile ba amohela le ho lumellana le melimo le melimotsana ea batho bao ba neng ba ba hlōtse. Moprofesa Rodney Stark o ile a ngola: “Litabeng tse ngata, Roma e ile ea fana ka tokoloho e khōloanyane ea bolumeli ho feta e kileng ea boela ea e-ba teng ho fihlela ka mor’a Phetoho e Khōlō ea Amerika.” Mehleng ena, linaheng tse ngata batho ba ’nile ba bulehela likhopolo tse ling, ka phello ea hore e be ba ikemiselitseng ho mamela molaetsa oa Bibele oo Lipaki tsa Jehova li o tlisang.
Karolo e Phethoang ke Theknoloji
19. Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa codex joang?
19 Qetellong, nahana kamoo Jehova a nolofalelitseng batho ba hae kateng hore ba rue molemo ka tsoelo-pele ea theknoloji. Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba sa phele mehleng ea theknoloji e tsoelang pele ka potlako, ntho e ’ngoe ea tsoelo-pele eo ba ileng ba e sebelisa ke codex, kapa buka e nang le maqephe. Codex e ile ea nkela meqolo e boima sebaka. Buka e bitsoang The Birth of the Codex e re: “Ho fapana le tsela e monyebe le e eang butle eo ka eona codex e ileng ea nkela meqolo sebaka lingoliloenng tsa lefatše, ho bonahala tsela eo Bakreste ba ileng ba amohela codex ka eona e bile e potlakileng le e akaretsang.” Buka ena ea litšupiso e boetse e re: “Ho sebelisa ha Bakreste codex lekholong la bobeli la lilemo e ne e le ntho e atileng hoo qaleho ea hona e tlamehang ebe ke ea pele haholo ho 100 A.D.” Ho sebelisa codex ho ne ho le bonolo ho feta ho sebelisa moqolo. Mangolo a ne a fumaneha kapele. Ka sebele sena se ile sa thusa Bakreste ba pele, bao joaloka Pauluse, ba neng ba sa hlalose Mangolo feela empa hape ba neng ba “paka ka litšupiso” lintho tseo ba neng ba li ruta.—Liketso 17:2, 3.
20. Batho ba Molimo ba sebelisitse theknoloji ea kajeno joang mosebetsing oa ho bolela lefatšeng ka bophara, hona hobane’ng?
20 Lekholong la rōna la lilemo, tsoelo-pele ea theknoloji e bile e tsotehang. Mechine e hatisang ka lebelo le phahameng e thusitse hore ho hatisoe lingoliloeng tsa Bibele ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse ngata. Theknoloji ea kajeno e potlakisitse mosebetsi oa ho fetolela Bibele. Literaka, literene, likepe le lifofane li tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele ka potlako ho pholletsa le lefatše. Lithelefono le mechine ea fax li entse hore ho buisana ka nako le motsotso e be ntho ea sebele. Ka moea oa hae, Jehova o susumelitse bahlanka ba hae hore ba sebelise theknoloji e joalo ka tsela e molemo hore ba ntšetse pele ho hasa litaba tse molemo lefatšeng ka bophara. Ha ba sebelise tsoelo-pele e joalo hobane feela ba lakatsa ho tseba le ho sebelisa ntho leha e le efe ea morao-rao lefatšeng. Ho e-na le hoo, thahasello ea bona ea pele le e ka sehloohong ke ntho e tla ba thusa hore ba ntšetse pele thomo ea bona ea ho bolela ka tsela e atlehileng haholo.
21. Re ka kholiseha ka eng?
21 Jesu o boletse esale pele hore “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Feela joalokaha Bakreste ba pele ba ile ba bona ha boprofeta boo bo phethahatsoa, kajeno re bona ha bo phethahatsoa ka tekanyo e khōlō. Ho sa tsotellehe boholo le boima ba mosebetsi ona, linakong tse amohelehang le tse sa amoheleheng, har’a melao e ntseng e fetoha le maikutlo, nakong ea ntoa le ea khotso le har’a mefuta eohle ea tsoelo-pele ea theknoloji, litaba tse molemo li ’nile tsa boleloa ’me li ntse li boleloa. Na see ha se etse hore u hlolloe ke bohlale ba Jehova le matla a hae a makatsang a ho bonela pele? Re ka tiiseha ka ho feletseng hore mosebetsi oa ho bolela o tla phethoa ho ea ka kemiso ea Jehova ea nako le hore morero oa hae o ratehang o tla phethahala bakeng sa ho hlohonolofatsa batho ba lokileng. Ba tla rua lefatše ’me ba phele ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; Habakuke 2:3) Haeba re lumellanya bophelo ba rōna le morero oa Jehova, re tla ba har’a bona.—1 Timothea 4:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea boprofeta bona ba Bomesia bo likarolo li peli, bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, leqepheng la 36, 97 le 98-107, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha ho bolela litaba tse molemo e ’nile ea e-ba kabelo e phephetsang?
◻ Ke ka litsela life mosebetsi oa Bakreste o ruileng molemo ka litokisetso tsa mebuso le ka botsitso bo itseng sechabeng?
◻ Tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa boboleli e re fa tiisetso efe ka liketsahalo tsa nako e tlang?