Mehla ea Bofelo Tlala, Boloetse, Tšilafalo—Le ho Bolela ka ’Muso
“Tlala e tla ka sebōpeho se seng. Ke tlala e sa khaotseng, bosiu le motšehare, ’me e hlokofatsa batho ba fetang limillione tse 700. . . . Selemo le selemo tlala ena e khōlō e sa bonahaleng e bolaea batho ba limillione tse 18 ho ea ho tse 20—palo e fetang habeli ea ba shoeleng selemo ka seng Ntoeng ea II ea Lefatše.”—World Hunger—Twelve Myths, ka Frances Moore Lappè le Joseph Collins.
JOALO feela ka ha Jesu a profetile, moloko oa rōna le oona o amohetse seabo sa oona litlaleng le khaellong ea lijo empa ka mabaka a fokolang ho feta meloko ea nakong e fetileng. Hobane’ng? Hobane boqapi ba kajeno ba mahlale le mekhoa ea puisano le lipalangoang li ne li lokela ebe li entse tlala ntho ea nako e fetileng. Leha ho le joalo, borapolasi le boralipolitiki ba sebelisitse batho ho etsa se laeloang ke bona, ho sa tsotellehe bohloko bo jarisoang bahloki le ba se nang naha.
Tlala e tsoela pele ho hlokofatsa Afrika. Haufinyana ka Loetse 1987, ho ile ha fanoa ka temoso ea hore Ethiopia e ne e boetse e le tlas’a tlhaselo e phehellang hobane “tlala e ne e nama hape ka potlako naheng eo e futsanehileng ea Afrika,” ho tlalehile The New York Times. Eo pele e neng e le hlooho ea lithuso tsa tlala Ethiopia o tlalehile: “Hona joale ho bonahala ho na le batho ba ka bang limillione tse hlano ba angoang ke tlala, ’me ha re tsebe hore na boemo bo tla ba bobe hakae.”
Ka nako e tšoanang, litlaleho tse tsoang India li fana ka taba e utloisang bohloko mabapi le sehlōhō se bakoang ke komello. Letona la sechaba la Naha la Temo le itse: “Karolo e ka etsang 60 lekholong ea baahi bohle ba rōna e tla hlokofatsoa ke komello ena.” O ekelitse ka hore “palo ena e ne e le khōlō haholo ho feta litekanyetso tsa pelenyana ’me e ne e bolela hore ho e ka bang baahi ba limillione tse 470 ho ba limillione tse 780 ba ne ba ameha.” Na re hlile re utloisisa se boleloang ke lipalo-palo tsena le liphello tsa tsona lelapeng la motho?
Ho phaella tlaleng ena e sa khaotseng, likhohola, le likomello li kopanyelletsa liphello tse bohloko tse bakiloeng ke tlala lintoeng tse peli tsa lefatše. Joaloka ha mongoli e mong a tlalehile sena ka boemo ba 1945-46: “Ho ne ho na le khaello ea lijo lefatšeng lohle ka baka la ntoa ’me boemo Europa eohle . . . bo ne bo le bobe haholo. Kapele-pele tlala e mpe haholo ea aparela likarolo tsa Russia le Rumania ’me le Greece ba likete tsa e-shoa ka baka la tlala. Ekasita le Brithani batho ba abeloa bohobe ka tekanyetso ka lekhetlo la pele historing ea sechaba.”
E, pere e ntšo ea tlala, ka mokalli oa eona ea ntseng a tsokotsa likala tse peli moeeng, e mathile lichabeng tsohle ’me e sa ntse e hatakela batho.—Tšenolo 6:5, 6.
Lefu la Seoa
Jesu o profetile hore karolo e ’ngoe ea pontšo ea mehla ea bofelo e tla ba “mafu a seoa.” (Luka 21:11) Na lekholo la rōna la mashome a mabeli a lilemo le amohetse seabo sa lona sa lefu la seoa? Ho qala ka mokakallane oa Spain o qalileng bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše le ho bolaea ba limillione tse 20, batho, joaloka melokong e fetileng, ba hlokofatsoa ke maloetse. Empa ekasita le ka tsoelopele ea mahlale le meriana mehleng ena ea bofelo, palo ea batho ba kulang le ba shoang e ntse e nyolohela ho ba limillione selemo ka seng.
Linaheng tse ruileng tsa Bophirimela, re utloa likōpo tse sa khaotseng tsa lithuso tsa chelete le meriana bakeng sa kankere, boloetse ba pelo, le AIDS. Ke ’nete, hore batho ba makholo a likete ba shoa selemo le selemo ka baka la maloetse ana le a mang. Leha ho le joalo, ho na le maloetse a mang a bolaeang batho ba limillione selemo se seng le se seng Afrika, Asia, le Latin America.
Bukeng ea hae Mirage of Health, Rene Dubos o ngotse: “Malaria, maloetse a tšoaetsang a likokoanahloko, le lefu la liboko ke mohloli oa tlhokofatso ea bophelo le moruo linaheng tse ngata tse futsanehileng.” Ka lebaka leo, “batho ba limillione tsa limillione Asia, Afrika, le Latin America ba hlokofatsoa le ho shoa selemo se seng le se seng ka lebaka la boloetse ba seboko se monyang mali maleng, lefu la borokoana la Afrika, kapa malaria.” Bomalimabe bo bakoang ke maloetse ana ha bo lekanngoe feela ka lipalo-palo tsa batho ba shoang ka lebaka la oona. Dubos o boletse: “Maloetse a bakoang ke likokoanahloko ha a e-s’o hlōloe.”
Dubos o tsoetse pele: “Ka ho fapaneng, boithati [ba motho e mosoeu] bo etsa hore tšiboloho leha e le efe e molemong oa hae e siroe ke tšibollo e hapang ea mahlale.” Ke ka lebaka leo ho nang le khatello ka bakuli ba bangata ba lefu la kankere le pelo linaheng tsa Bophirimela—re sa lebale maloetse a tšoaetsang a ho kopanela liphate. Koranta e ’ngoe ea meriana’ e bolela hore ho tlalehoa bakuli ba ka etsang limillione tse tharo ba qhosoa selemo le selemo United States feela.
Empa ebang re hlahloba boemo ba linaha tse tsoetseng pele moruong kapa tse futsanehileng, re bona bopaki ba ‘pere e tšehla ea Lefu le kotlo e bolaeang,’ pere ea bone ea Tšenolo.—Tšenolo 6:8.
Ho Senya Lefatše
Tekanyetsong ea lefatše, motho o se a ntse a senya le ho teka-tekano ea bohlokoa haholo ea tlhaho tikolohong ea hae ka tšilafalo, tšenyo, ho se tsotelle lintho, le ho tlosa meru.
Pula ea asiti, ka lebaka la ho tsoakana ha pula le lehloa le likhase (moea o litšila oa nitrogen le sulfur) tse tsoang mashaleng le limeleng, e kenella matšeng le merung, ea Karolo e ka Leboea ea lefatše. Joaloka ha bangoli ba buka Earth ba bolela: “Phello e ’ngoe ea pula ena ea asiti e bile ho fetolela melatsoana e mengata libakeng tse kang New England le Scandinavia ho tloha boemong bo nonneng bo fanang ka bophelo ho ea boemong bo lesitsi, ka linako tse ling metsi a bonahala a shoele. Ka mohlala, lihlapi li ’nile tsa shoa matšeng a maholo Adirondacks, ’me matša a ka bang 50 000 a Canada e sokeloa ke kotsi e tšoanang.”
Meru e mengata e hlokofatsoa ke “lefu la meru.” “Matšoao a ‘lefu la meru’ a ’nile a hlokomeloa merung e Europa Bochabela, USSR, Itali, Spain, Canada, Brithani le Amerika e Bohareng ka bophirimela.” Bangoli bana ba tsoela pele: “Ka kelello e ’ngoe, batho ba etsa teko e khōlō, ka ho tšela chefu karolong e ’ngoe ea lefatše (mohlomong le libakeng tsa karolo e ’ngoe), e be ba emela ho bona hore ke eng se tla etsahala.”
Khatello tikolohong ea lefatše e eketsoa ke lebaka le le leng le phehellang—palo ea baahi ba lefatše e sa tsoa feta likete tse limillione tse hlano. Liithuti tsa bophelo Anne le Paul Ehrlich li tlalehile “Ho bonahala libōpuoa tsohle tsa Lefatše li hlokofatsoa ke ho Ata ha batho.” Batho ba ata le ho senya. Meloko e hlahlamang e tlameha ho itlhokomela.
Linōka, le maoatle li silafatsoa ke motho ka ho li sebelisa hampe ka tsela e sa bontšeng hore o na le letsoalo. Likhoere-khoere, lithole, le litšila tsa lik’hemikale li lahleloa maoatleng joaloka ha eka ke meqomo ea lithole, tšenyo ena e fetotsoe karolo ea bohlokoa ea bophelo lefatšeng.
Ka baka leo, moloko ona ke oa pele historing ea motho o nolofalitsoeng ke ho senya lefatše. Hona joale, ka lekhetlo la pele, boprofeta ba Tšenolo 11:18, bo bolelang hore Molimo o tla “senya ba senyang lefatše,” bo ka phethahatsoa. Bo tlameha ho etsahala tlhōrōng ea ‘nako ea bofelo.’—Daniele 12:4.
Mosebetsi o Ikhethang oa Temoso
Ho sa na le karolo e ’ngoe ea boprofeta ba Jesu e ntseng e phethahatsoa ka tsela e hlokomelehang. O profetile hore mosebetsi o moholo oa ho bolela, mosebetsi oa bopaki, o ne o tla etsoa lichabeng tsohle pele bofelo bo ka tla. (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) ’Me o ne o tla etsoa nakong ea bophelo ba moloko oa 1914. Ho bile bonolo ho etsa mosebetsi ona lekholong lena la bo20 la lilemo ka baka la litsoelo pele tsa kajeno tsa lipalangoang, lipuisano, li-computer, le mekhoa ea ho hatisa tse lumeletseng Lipaki tsa Jehova ho atolosa mosebetsi oa tsona o moholo oa thuto ka lipuo tse 200 lefatšeng lohle.
Hona joale Lipaki li hatisa makasine oa Molula-Qhooa ka lipuo tse 103! Ho abuoa likopi tse fetang limillione tse 13 tsa tokollo ka ’ngoe. Makasine ona oo u ntseng u o bala o hatisoa ka lipuo tse 54, ’me ho hatisoa likopi tse fetang tse limillione tse 11 tsa tokollo ka ’ngoe. Ke Lipaki tse batlang li eba limillione tse tharo le halofo tse phatlalatsang ‘litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo kamehla tšebeletsong ea tsona linaheng tse 210.
Mosebetsi ona o ikhethang o etsoa ho sa tsotellehe tlhoriso ea lefatše lohle eo Jesu a e profetileng bakeng sa balateli ba hae ba ’nete. E, mosebetsi ona le ho pholoha ha Lipaki tsa Jehova lefatšeng ke bopaki bo phelang ba hore re mehleng ea bofelo!—Mareka 13:9, 10.
Tlhōrō e Atametse
Ka baka leo, phethahatsong ea kajeno ea boprofeta ba Jesu, liketsahalo tsena kaofela li etsa pontšo e le ’ngoe ea ho ba teng ho sa bonahaleng ha Jesu le ea mehla ea bofelo, kapa “bofelo ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3) (Bona lebokoso leqepheng 11.) Liketsahalo tsena li kopana kaofela joaloka likotoana tse nyenyane tse bōpang setšoantšo se le seng, li re, “Ena ke mehla ea bofelo ea tsamaiso ena ea lintho.”—Bona hape 2 Timothea 3:1-5, 12, 13.
Leha maemo a mangata ao Jesu a a profetileng a ile a etsahala ka bong melokong ea pele, ha a e-s’o ka a etsahala a kopane kaofela molokong o le mong. ’Me joaleka ha re bone, a mang ha a e-s’o ho etsahale molokong leha e le ofe oa pele, leha e le hore a ka be a hlahile. A mang a ntse a emetse phethahatso e feletseng pele moloko ona o fela. ’Me ho na le liketsahalo tse ling tseo Lipaki tsa Jehova li li emetseng ka thahasello e khōlō. Liketsahalo tseo ke selelekela sa ho atolosoa ha puso ea Molimo ka ’Muso oa oona lefatšeng lena. Kahoo hona Joale potso ke ena, Ho tla latela’ng?
[Lebokose se leqepheng la 7]
U Ne U Tla Arabela Joang? Ho Tloha ka 1914 . . .
1. Ke lintoa life tse khōlō tse loanneng?
2. U hopola litšisinyeho tse kae tse khōlō tsa lefatše?
3. Na batho ba ile ba hlokofatsoa ke maloetse le mafu leha e le afe a maholo?
4. Ke litlala life tse khōlō le likhaello tsa lijo tse ammeng lefatše?
5. Na baprofeta le bo-messia ba bohata ba iponahalitse?
6. Na ho na le bopaki ba pefo e eketsehileng le ho ba sieo ha molao?
7. Na ho ’nile ha eba le ho tapa ha lerato le ho hloka boahisani?
8. Na ho na le mokhatlo o itseng o boletseng hore o tla tlisa khotso lefatšeng?
9. Na ho na le tsieleho ea lichaba le tšabo ka bokamoso?
10. Na u bona bopaki ba mosebetsi oa lefatše lohle oa ho tsebahatsa ka ’Muso?
(Bakeng sa likarabo, bona leqephe 11.)
[Lebokose se leqepheng la 11]
Likarabo Tsa Lipotso Tse Leqepheng 7a
1. Mattheu 24:1—Lintoa tse peli tsa lefatše (1914-18; 1333-45); Ntoa ea ka hare ho Naha ea Spain (1936-39); Ntoa ea Korea; Ntoa ea Vietnam; Iraq le Iran; Lintoa tsa Bochabela bo Hare le tse ling.
2. Mattheu 24:7—Litšisinyeho tsa lefatše: 1920 le 1932, Kansu, Chaena, ho shoele batho ba 200 000 le 70 000 ka bong; Kanto, Japane, ho shoele ba 142 000; 1935, Quetta, Pakistan, ho shoele ba 60 000; 1939, Chillan, Chile, ho shoele ba 30 000; 1939, Erzincan, Turkey, ho shoele ba 30 000; 1960, Agadir, Morocco, ho shoele ba 12 000; 1970, Peru, ho shoele ba 66 700; 1972, Managua, Nicaragua, ho shoele ba 5 000; 1976, Guatemala City, Guatemala, ho shoele ba 23 000; 1976, Tangshan, Chaena, ho shoela ba 800 000.
3. Luka 21:11—Boloetse ba pelo; kankere; AIDS; lefu le bakoang ke liboko (bofofu ba nōka); malaria; maloetse a tšoaetsang a ho kopanela liphate.
4. Luka 21:11—Tlala: 1920-21, Chaena e ka leboea, ba lekanyetsoang ho ba limillione tse 20 ba ile ba kula; 1943-44, India, ha shoa ba 1 500 000; 1967-69, Nigeria, ha shoa bana ba fetang 1 500 000; 1975-73, Kampuchea, ha shoa ba 1 000 000; 1933-87, ho ile ha kula batho ba limillione tse 22.
5. Mattheu 24:11—baetapele ba bolumeli bo phekolang ka tumelo, bo-Messia ba TV, le baruti ba tsoela pele ho khelosa ba limillione.
6. Mattheu 24:12; 2 Timothea 3:13—Tlōlo ea molao, pefo, boitšoaro bo sa lumellaneng le molao, le ho sebelisa lithethefatsi hampe li atile likarolong tse ngata tsa lefatše. Mokhatlo oa lefatše oa khoebo ea lithethefatsi o hlahisitse sehlopha sa balaoli ba khopo ba lithethefatsi le babolai.
7. Mattheu 24:12—Hona joale menyako ea notleloa le ho koalloa ka litšepe; lintja tse bohale li sebelisetsoa ho sireletsa thepa; hangata baahisani ha ba tsejoe.
8. Tšenolo 17:3, 8-11—Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng.
9. Luka 21:26—Lintoa tse peli tsa lefatše li bakile mahlomola a mabe ka ho fetisisa. Tšokelo ea timetso ea nuclear ho tloha ka 1945 e jetse tšabo le tsieleho lefatšeng lohle.
10. Mattheu 24:14—Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho limillione tse tharo li bolela ‘litaba tse molemo tsa ’Muso’ ka lipuo tse ka bang 200.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lethathama lena le fana ka mehlala ea liketsahalo; ha le a fella.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Tlala e ama likarolo tse khōlō tsa lefatše habohloko
Motho o silafatsa karolo e nang le bophelo ea lefatše eo a e kopanetseng le libōpuoa tse ling tse phelang
Batho ba limillione ba hlaseloa ke maloetse a fapaneng
Mosebetsi o ikhethang oa temoso o etsoa ka lipuo tse ka bang 200 lefatšeng lohle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Foto ea FAO