‘Pontšo ea ho ba Teng ha Hao e Tla ba Efe?’
“Lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?”—MATTHEU 24:3, NW.
1, 2. Ke’ng se bontšang hore batho ba thahasella bokamoso?
BATHO ba bangata ba thahasella bokamoso. Na le uena ua bo thahasella? Moprofesa Alvin Toffler bukeng ea hae Future Shock, o ile a hlokomela “ho eketseha ho potlakileng ha mekhatlo e ikemiselitseng ho ithuta ka bokamoso.” A phaella: ‘Re bone ho thehoa ha mekhatlo e hlophiselitsoeng ho etsa phuputso mathateng a theknoloji le a boemo ba bophelo e lebisitseng tlhokomelo nakong e tlang; ho hlaha ha limakasine tsa batho ba lumelang ho bokamoso Engelane, Fora, Italy, Jeremane le United States; ho ata ha lithuto tsa univesithi tse mabapi le ho bolela esale pele maemo a tla hlaha.’ Toffler o ile a qetella: “Ka ho hlakileng, ha ho motho ea ka ‘tsebang’ bokamoso ka ho feletseng.”
2 Buka Signs of Things to Come e re: “Ho bolela bokamoso ba motho ka ho bala mela ea letsoho, ho nōha ka ho sheba kristale, bolepi ba linaleli, likarete tsa ho nōha lehlohonolo, I Ching kaofela ke maqheka a batlang a rarahane a reretsoeng ho re fa leseli le itseng mabapi le seo e ka ’nang eaba bokamoso ba rōna bo re tšoaretse sona.” Empa ho e-na le ho retelehela mekhoeng ea batho, re ka mpa ra itšetleha ka mohloli o pakiloeng—Jehova.
3. Ke hobane’ng ha ho loketse ho talima ho Molimo bakeng sa ho tseba ka bokamoso?
3 Molimo oa ’nete o itse: “Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.” (Esaia 14:24, 27; 42:9) E, Jehova o khona ho lemosa moloko oa batho ka se tla etsahala, hangata a etsa sena ka babuelli ba batho. E mong oa baprofeta bana o ile a ngola: “Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.”—Amose 3:7, 8; 2 Petrose 1:20, 21.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a na le thuso mabapi le bokamoso? (b) Ke patlisiso efe e nang le likarolo tse ngata eo baapostola ba hae ba ileng ba e etsa?
4 Jesu Kreste e ne e le moprofeta oa Molimo ea ka sehloohong. (Ba-Heberu 1:1, 2) A re lebiseng tlhokomelo ho bo bong ba boprofeta ba Jesu bo ka sehloohong bo boletseng esale pele lintho tse etsahalang hona joale ho re potoloha. Hape boprofeta bona bo re fa temohisiso mabapi le se tla etsahala haufinyane ha tsamaiso ea hona joale e khopo e fela ’me Molimo a e nkela sebaka ka lefatše la paradeise.
5 Jesu o ile a paka hore ke moprofeta. (Mareka 6:4; Luka 13:33; 24:19; Johanne 4:19; 6:14; 9:17) Kahoo, hoa utloahala hore na ke hobane’ng baapostola ba hae, ha ba ne ba lutse le eena Thabeng ea Mehloare ba shebile Jerusalema, ba ne ba ka mo botsa ka bokamoso: “Lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?”—Mattheu 24:3, NW; Mareka 13:4.
6. Mattheu 24, Mareka 13 le Luka 21 li amana joang; ’me re lokela ho thahasella potso efe ka matla?
6 U tla fumana potso ea bona le karabo ea Jesu ho Mattheu khaolo 24, Mareka khaolo 13, le Luka khaolo 21.a Lintlheng tse ngata litlaleho tsena lia tlatsana, empa ha li tšoane. Ka mohlala, ke Luka feela ea buang ka ‘mafu libakeng ka ho latellana.’ (Luka 21:10, 11, NW; Mattheu 24:7; Mareka 13:8) Ka ho utloahalang, re lokela ho botsa, Na Jesu o ne a bolela esale pele liketsahalo tsa nakong ea bophelo ba bamameli ba hae feela, kapa o ne a akareletsa le nako ea rōna le seo bokamoso bo re tšoaretseng sona?
Baapostola ba ne ba Batla ho Tseba
7. Baapostola ba ile ba botsa ka eng ka ho khetheha, empa tekanyo ea karabo ea Jesu e ne e le efe?
7 Matsatsi a seng makae feela pele a bolaoa, Jesu o ile a bolela hore Molimo o lahlile Jerusalema, motse-moholo oa Bajode. Motse ona le tempele ea oona e khōlō o ne o tla timetsoa. Eaba baapostola ba bang ba kōpa ‘pontšo ea ho ba teng ha Jesu le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ (Mattheu 23:37–24:3, NW) Ha ho pelaelo hore ba ne ba nahanne haholo-holo ka tsamaiso ea Bajode le Jerusalema, hobane ha baa ka ba utloisisa tekanyo ea se neng se larile ka pele. Empa ha Jesu a ba araba o ile a talima ka ’ng̀ane ho se ileng sa etsahala ho fihlela ka 70 C.E. ha Baroma ba timetsa Jerusalema.—Luka 19:11; Liketso 1:6, 7.
8. Ke liketsahalo life tse ling tseo Jesu a ileng a li bolela esale pele?
8 Joalokaha u ka bala litlalehong tsena tse tharo tsa Kosepele, Jesu o ile a bua ka sechaba se futuhelang sechaba se seng le ’muso khahlanong le ’muso o mong, khaello ea lijo, litšisinyeho tsa lefatše, lipono tse tšosang le lipontšo tsa leholimo. Lilemong tse lipakeng tsa nako eo Jesu a ileng a fana ka pontšo eo (33 C.E.) le ho senngoa ha Jerusalema (66-70 C.E.), ho ne ho tla hlaha baprofeta ba bohata le bo-Kreste ba bohata. Bajode ba ne ba tla hlorisa Bakreste, ba neng ba bolela molaetsa oa Jesu.
9. Boprofeta ba Jesu bo ile ba phethahala joang lekholong la pele la lilemo C.E.?
9 Ha e le hantle litšobotsi tsena tsa pontšo li ile tsa hla tsa etsahala, joalokaha rahistori Flavius Josephus a tiisa. O tlaleha hore pele Baroma ba ka hlasela, bo-Messia ba bohata ba ile ba hlohleletsa bofetoheli. Ho ne ho na le litšisinyeho tsa lefatše tse tšosang Judea le libakeng tse ling. Lintoa li ile tsa qhoma likarolong tse ngata tsa ’Muso oa Roma. Na ho bile le litlala tse khōlō? E, ka sebele. (Bapisa le Liketso 11:27-30.) Ho thoe’ng ka mosebetsi oa boboleli ba ’Muso? Ka 60 kapa 61 C.E., ha buka ea Ba-Kolosse e ngoloa, “tšepo ea litaba tseo tse molemo” tsa ’Muso oa Molimo e ile ea utluoa ka ho pharaletseng Afrika, Asia le Europe.b—Ba-Kolosse 1:23, NW.
“JOALE” e Tla ba Hona Bofelo bo Tlang
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebisa tlhokomelo lentsoeng la Segerike toʹte, ’me le bolela’ng?
10 Likarolong tse ling tsa boprofeta ba hae Jesu o ile a bua ka liketsahalo ka tatellano ea tsona. O itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa . . . , joale e tla ba hona bofelo bo tlang.” Libibele tsa Senyesemane li atisa ho sebelisa “joale” ka moelelo o bonolo oa “kahoo” kapa “empa.” (Mareka 4:15, 17; 13:23, NW) Leha ho le joalo, ho Mattheu 24:14 (NW), “joale” e thehiloe ho leeketsi la Segerike toʹte.c Litsebi tsa Magerike li hlalosa hore toʹte ke “keketso-lesupa ea nako” e sebelisitsoeng “ho kenyeletsa se latelang kemisong ea nako” kapa “ho kenyeletsa ketsahalo e latelang.” Kahoo Jesu o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla boleloa ka ’Muso ’me joale (‘ka mor’a moo’ kapa ‘se latelang seo’) “bofelo” bo tla tla. Bofelo ba eng?
11. Jesu o ile a lebisa tlhokomelo liketsahalong tse amanang ka ho toba le timetso ea Jerusalema joang?
11 Phethahatso e ’ngoe ea boprofeta ba Jesu e ka fumanoa liketsahalong tse isang bofelong ba tsamaiso ea Bajode. Lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, khaello ea lijo, le tse ling tseo Jesu a ileng a li bolela esale pele li etsahetse nakong ea lilemo tse mashome a mararo. Leha ho le joalo, ho tloha ho Mattheu 24:15, Mareka 13:14, le Luka 21:20, re bala ka liketsahalo tse neng li amana ka ho toba le timetso e neng e se e le haufi, ha bofelo bo ne bo atametse.—Hlokomela mola o le mong o matheba chateng.
12. Makhotla a Roma a ile a kenella joang phethahatsong ea Mattheu 24:15?
12 Ha ba nka khato ka phetohelo ea Bajode ka 66 C.E., Baroma tlas’a Cestius Gallus ba ile ba macha ba lebile Jerusalema, ba lika-liketsa motse ona oo Bajode ba neng ba nka hore oa halalela. (Mattheu 5:35) Ho sa tsotellehe ho itoanela ha Bajode, Baroma ba ile ba phunyeletsa ho kena motseng. Ka tsela eo ba ile ba qala ho ‘ema ’nģalong e halalelang,’ joalokaha Jesu a boletse esale pele ho Mattheu 24:15 le ho Mareka 13:14. Joale ha etsahala ntho e makatsang. Le hoja Baroma ba ne ba lika-likelitse motse, ka tšohanyetso ba ile ba khutlela morao. Hang-hang Bakreste ba hlokomela phethahatso ea boprofeta ba Jesu, ’me ho khutlela morao hona ho ile ha ba nolofaletsa ho baleha Judea ho ea lithabeng tse ka mose ho Jordane. Histori e bolela hore ba ile ba etsa seo.
13. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ile ba khona ho ela hloko temoso ea Jesu ea ho baleha?
13 Empa haeba Baroma ba ile ba tloha Jerusalema, ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore motho a balehe? Mantsoe a Jesu a ile a bontša hore se ileng sa etsahala se ile sa paka ‘hore ho senngoa ha Jerusalema ho atametse.’ (Luka 21:20, NW) E, ho senngoa. O ile a bolela esale pele ‘mahlomola a e-song ho be teng ho tloha tšimolohong ’me a ke ke a hlola a e-ba teng.’ Hoo e ka bang lilemo tse tharo le halofo hamorao, ka 70 C.E., Jerusalema e ile ea hla ea ba ‘mahlomoleng a maholo’ a tsoang ho mabotho a Roma tlas’a Molaoli Titus. (Matthew 24:21, NW; Mareka 13:19, NW) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jesu a hlalosa sena joaloka mahlomola a maholo ho feta leha e le afe a kileng a e-ba teng pele?
14. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore se etsahetseng Jerusalema ka 70 C.E. e bile “mahlomola a maholo” ao ho seng mohla a kileng a ba teng?
14 Jerusalema e ile ea ripitloa ke Bababylona ka 607 B.C.E., ’me motse ona o ile oa hlaseloa ke lintoa tse tšabehang lekholong la rōna la hona joale la lilemo. Ho ntse ho le joalo, se ileng sa etsahala ka 70 C.E. e bile mahlomola a maholo ka ho khethehileng. Phutuhong ea likhoeli tse ka bang hlano, bahlabani ba Titus ba ile ba hlōla Bajode. Ba ile ba bolaea ba ka bang 1 100 000 ’me ba hapa ba ka bang 100 000. Ho feta moo, Baroma ba ile ba ripitla Jerusalema. Sena se ile sa paka hore tsamaiso ea Bajode ea borapeli bo neng bo amoheleha boo setsi sa bona e neng e le tempele bo ile ba fela ka ho feletseng. (Ba-Heberu 1:2) E, ke ka nepo liketsahalo tsa 70 C.E. li neng li ka talingoa e le ‘mahlomola a e-song ho be teng [motseng, sechabeng le tsamaisong eo] ho tloha tšimolohong ea lefatše, che, leha e le hore a sa tla ke a be teng hape.’—Mattheu 24:21, NW.d
Joalokaha ho Profetiloe, Likhōlō li ne li sa Ntse li E-tla
15. (a) Ke liketsahalo tsa mofuta ofe tseo Jesu a boletseng hore li tla etsahala ka mor’a mahlomola a bileng teng Jerusalema? (b) Ha re nahana ka Mattheu 24:23-28, re lokela ho etsa qeto efe mabapi le phethahatso ea boprofeta ba Jesu?
15 Leha ho le joalo, Jesu haa ka a lekanyetsa boprofeta ba hae mahlomoleng a lekholo la pele la lilemo feela. Bibele e bontša hore likhōlō li ne li sa tla latela mahlomola ao, joalokaha sena se bontšoa ke tšebeliso ea toʹte, kapa “joale,” ho Mattheu 24:23 (NW) le Mareka 13:21. (NW) Ho ne ho tla etsahala eng ka mor’a 70 C.E.? Ka mor’a mahlomola a tsamaiso ea Bajode, ho ne ho tla hlaha bo-Kreste le baprofeta ba bohata ba eketsehileng. (Bapisa Mareka 13:6 le 13:21-23.) Histori e tiisa hore batho ba joalo ba hlahile ho theosa le makholo a lilemo ho tloha timetsong ea Jerusalema ka 70 C.E., le hoja ba sa ka ba khelosa batho ba matla moeeng ba ’nileng ba lebella “ho ba teng” ha Kreste. (Mattheu 24:27, 28, NW) Leha ho le joalo, liketsahalo tsena ka mor’a mahlomola a maholo a 70 C.E. li re bontša hore Jesu o ne a talimile ka ’nģane ho mahlomola ao, ao e neng e le feela phethahatso e qalang.
16. Luka 21:24 (NW) e kenyeletsa karolo efe boprofeteng ba Jesu, ’me see se bolela’ng?
16 Ha re bapisa Mattheu 24:15-28 (NW) le Mareka 13:14-23 (NW) le Luka 21:20-24 (NW), re fumana pontšo ea bobeli ea hore boprofeta ba Jesu bo ne bo fetela ka ’nģane ho timetso ea Jerusalema. Hopola hore ke Luka feela ea buileng ka mafu. Ka ho tšoanang, ke eena feela ea phethileng karolo ena ka mantsoe a Jesu: “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela mehla e khethiloeng ea lichaba [“mehla ea Balichaba,” King James Version] e phethoa.”e (Luka 21:24, NW) Bababylona ba ile ba tlosa morena oa ho qetela oa Bajode ka 607 B.C.E., ’me ka mor’a moo, Jerusalema, e emelang ’Muso oa Molimo, e ne e hataketsoe. (2 Marena 25:1-26; 1 Likronike 29:23; Ezekiele 21:25-27) Ho Luka 21:24 (NW), Jesu o bontšitse hore boemo bona bo ne bo tla tsoela pele bo kenelle nakong e tlang ho fihlela nako ea hore Molimo a hlome ’Muso hape e fihla.
17. Re na le pontšo efe ea boraro ea hore boprofeta ba Jesu bo ne bo lokela ho kenella nakong e tlang e hōle?
17 Pontšo ea boraro ea hore Jesu o ne a supa le phethahatsong ea nako e tlang ke ena: Ho latela Mangolo, Messia o ne a lokela ho shoa le ho tsosoa, ka mor’a moo o ne a tla lula letsohong le letona la Molimo ho fihlela Ntate a mo romela hore a laole. (Pesaleme ea 110:1, 2) Jesu o ile a bua ka mokhoa o sa tobang hore o lokela ho lula letsohong le letona la Ntate oa hae. (Mareka 14:62) Moapostola Pauluse o ile a tiisa hore Jesu ea tsositsoeng o ne a le letsohong le letona la Jehova a emetse nako eo ka eona e tla ba Morena le Mophethahatsi oa Kahlolo ea Molimo.—Ba-Roma 8:34; Ba-Kolosse 3:1; Ba-Heberu 10:12, 13.
18, 19. Tšenolo 6:2-8 e amana joang le boprofeta bo tšoanang le eona ka Likosepeleng?
18 Bakeng sa pontšo ea bone le ea ho qetela ea hore boprofeta ba Jesu ka bofelo ba tsamaiso ea lintho bo fetela ka ’nģane ho lekholo la pele la lilemo, re ka phetla Tšenolo khaolo 6. Moapostola Johanne ha a ngola mashome a lilemo ka mor’a 70 C.E., o ile a hlalosa pono e susumetsang ea bapalami ba lipere ba mafolo-folo. (Tšenolo 6:2-8) Pono ena ea boprofeta ea “letsatsi la Morena”—letsatsi la ho ba teng ha hae—le khetholla lekholo la rōna la bo20 la lilemo e le nako ea ntoa e hlokomelehang (temana 4), khaello ea lijo e atileng (litemana 5 le 6), le “lefu” (temana 8). Ho hlakile hore sena se lumellana le seo Jesu a ileng a se bolela ka Likosepeleng ’me se paka hore boprofeta ba hae bo na le phethahatso e khōloanyane ‘letsatsing lena la Morena.’—Tšenolo 1:10.
19 Batho ba nang le tsebo ba hlokomela hore pontšo e nang le likarolo tse ngata e boletsoeng esale pele ho Mattheu 24:7-14 le Tšenolo 6:2-8 e bonahetse ho tloha ha ntoa ea pele ea lefatše e qhoma ka 1914. Lipaki tsa Jehova li phatlalalitse lefatšeng lohle hore hona joale boprofeta ba Jesu bo ba le phethahatso ea bobeli le e khōloanyane, joalokaha ho pakoa ke lintoa tse mabifi, litšisinyeho tsa lefatše tse senyang, litlala tsa boja-likata le mafu a seoa. Mabapi le ntlha ena ea ho qetela, U.S.News & World Report (July 27, 1992) e itse: “Seoa sa AIDS . . . se bolaea bahlaseluoa ba limilione ’me ho ka etsahala hore haufinyane e fetohe lefu le senyang chelete e ngata le le bolaeang ka ho fetisisa historing. Lefu la Seoa le ile la bolaea liphefumolohi tseo le li hlokofalitseng tse ka bang limilione tse 25 lekholong la bo14 la lilemo. Empa ka selemo sa 2000, batho ba limilione tse 30 ho ea ho tse 110 ba tla be ba na le HIV, e leng kokoana-hloko e bakang AIDS, ho tloha ho ba ka bang limilione tse 12 kajeno. Ka lebaka la ho hloka pheko, ha ho tika-tiko hore kaofela ha bona ba tobane le lefu.”
20. Phethahatso ea pele ea Mattheu 24:4-22 e akareletsa eng, empa ke phethahatso efe e ’ngoe e hlakileng?
20 Joale, re lokela ho etsa qeto efe mabapi le tsela eo ka eona Jesu a ileng a araba potso ea baapostola? Boprofeta ba hae ka nepo bo boletse esale pele lintho tse lebisang timetsong ea Jerusalema le tse e akareletsang, ’me bo ile ba bolela lintho tse ling tse tla etsahala ka mor’a 70 C.E. Empa tse ngata ho tsona li ne li lokela ho phethahala ka lekhetlo la bobeli ka tsela e khōloanyane nakong e tlang, e leng se lebisang mahlomoleng a maholo a neng a tla felisa tsamaiso ea hona joale ea lintho. Sena se bolela hore boprofeta ba Jesu ho Mattheu 24:4-22, le bo tšoanang le bona ho Mareka le Luka, bo ile ba phethahala ho tloha ka 33 C.E. ho pholletsa le mahlomola a maholo a 70 C.E. Leha ho le joalo, litemana tsona tseo li ne li tla ba le phethahatso ea bobeli, e neng e tla akareletsa le mahlomola a maholoanyane nakong e tlang. Phethahatso ena e khōloanyane ea etsahala hona joale; re e bona letsatsi le letsatsi.f
E Lebisa ho Eng?
21, 22. Ke hokae moo re fumanang pontšo ea boprofeta ea hore liketsahalo tse ling li ne li tla etsahala?
21 Jesu haa ka a phetha boprofeta ba hae ka ho bua ka baprofeta ba bohata ba etsang lipontšo tse thetsang nakong e telele pele ‘mehla e khethiloeng ea lichaba e ka phethoa.’ (Luka 21:24, NW; Mattheu 24:23-26; Mareka 13:21-23) O ile a tsoela pele ho bua ka lintho tse ling tse makatsang tse lokelang ho etsahala, lintho tse bonoang lefatšeng lohle. Tsena li ne li tla amahanngoa le ho tla ha Mor’a motho ka matla le khanya. Mareka 13:24-27 (NW) e emela boprofeta ba hae bo tsoelang pele:
22 “Empa mehleng eo, ka mor’a mahlomola ao, letsatsi le tla fifala, le khoeli e ke ke ea fana ka khanya ea eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me tse matla tse leholimong li tla sisinyeha. ’Me joale ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru ka matla a maholo le khanya. ’Me joale o tla roma mangeloi ’me a tla bokella bakhethoa ba hae hammoho ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong ea lefatše ho ea pheletsong ea leholimo.”
23. Ke hobane’ng ha re ka lebella phethahatso ea Mattheu 24:29-31 nako e telele ka mor’a lekholo la pele la lilemo C.E.?
23 Mor’a motho, Jesu Kreste ea tsositsoeng, haa ka a tla ka mokhoa oo o hapang tlhokomelo ka mor’a bofelo bo timetsang ba tsamaiso ea Bajode ka 70 C.E. Ho hlakile hore meloko eohle ea lefatše ha e-ea ka ea mo hlokomela, joalokaha Mattheu 24:30 e bolela, leha e le hore mangeloi a leholimo a ile a bokella Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng lohle ka nako eo. Kahoo karolo ee e ’ngoe ea boprofeta ba Jesu bo hlollang e tla phethahala neng? E phethahala ka se etsahalang ho re potoloha hona joale, kapa ho e-na le hoo, na e fana ka temohisiso ea bomolimo linthong tseo re ka li lebellang nakong e tlang e haufi? Ka sebele re lokela ho batla ho tseba, hobane Luka o tlaleha temoso ea Jesu: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, emang le tiile ’me le phahamisetse lihlooho tsa lōna holimo hobane topollo ea lōna ea atamela.”—Luka 21:28, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likarolo tsa likhaolo tsena li ka fumanoa chateng e leqepheng la 14 le la 15; mela e matheba e tšoaea likarolo tse tšoanang.
b Bakeng sa litšupiso tsa histori tsa liketsahalo tsena, bona Molula-Qhooa oa July 15, 1970, maqephe 319-21.
c Toʹte e hlaha ka makhetlo a fetang 80 ho Mattheu (a 9 khaolong ea 24) le a 15 bukeng ea Luka. Mareka o ile a sebelisa toʹte ka makhetlo a tšeletseng feela, empa makhetlo a mane ho ao a akareletsa “pontšo.”
d Mongoli oa Brithani Matthew Henry o hlalositse: “Ho timetsoa ha Jerusalema ke Bakalde e ne e le ho tšosang, empa ena e bile e tšosang ho e feta. E ile ea sokela polao ea lefatše lohle ea . . . Bajode bohle.”
e Ba bangata ba bona phetoho e itseng tlalehong ea Luka e latelang Luka 21:24. Dr. Leon Morris oa hlokomela: “Jesu o tsoela pele ho bua ka mehla ea Balichaba. . . . Ho latela maikutlo a liithuti tse ngata hona joale tlhokomelo e leba tabeng ea ho tla ha Mor’a motho.” Moprofesa R. Ginns oa ngola: “Ho Tla ha Mor’a Motho—(Mt 24:29-31; Mk 13:24-27). Ho boleloa ha ‘mehla ea Balichaba’ ho fana ka kenyeletso sehloohong sena; pono [ea Luka] e fetela ka ’nģane ho thipitlo ea Jerusalema ho ea nakong e tlang.”
f Moprofesa Walter L. Liefeld oa ngola: “Ka sebele ho ka etsahala hore ho nahanoe hore boprofeta ba Jesu bo ne bo akareletsa likarolo tse peli: (1) liketsahalo tsa A.D. 70 tse akareletsang tempele le (2) tsa nako e tlang e hōle, tse hlalositsoeng ka tsela ea boprofeta ba timetso ea lefatše lohle.” Tlaleho ea liketsahalo e hlophisitsoeng ke J. R. Dummelow e re: “Bongata ba mathata a tebileng ka ho fetisisa a puisano ena a fela ha ho hlokomeloa hore Morena oa rōna o ne a bua ka liketsahalo tse peli eseng e le ’ngoe, le hore ea pele e ne e na le litšobotsi tse tšoanang le tsa ea bobeli. . . . Haholo-holo Luka 21:24, e buang ka ‘mehla ea Balichaba,’ . . . e etsang nako e kenellang e sa lekanyetsoang lipakeng tsa ho oa ha Jerusalema le bofelo ba lefatše.”
Na U sa Hopola?
◻ Karabo ea Jesu potsong e ho Mattheu 24:3 e bile le phethahatso efe e lebisang ho 70 C.E.?
◻ Tšebeliso ea lentsoe toʹte e re thusa joang hore re utloisise boprofeta ba Jesu?
◻ Ke ka kutloisiso efe ho ileng ha ba le “mahlomola a maholo” a lekholo la pele la lilemo a e-song ho be teng pele?
◻ Luka o bua ka likarolo life tse peli tse khethehileng tsa boprofeta ba Jesu tse re amang kajeno?
◻ Ke lipontšo life tse supang phethahatsong ea bobeli e khōloanyane ea boprofeta bo ho Mattheu 24:4-22?
[Chate e leqepheng la 14, 15]
MATTHEU 24, NW
4 “Jesu a re ho bona: ‘Hlokomelang hore ho se be le motho ea le khelosang; 5 hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, “ke ’na Kreste,” ’me ba tla khelosa ba bangata. 6 Le tla utloa lintoa le litlaleho tsa lintoa; bonang hore le se ke la tšoha. Hobane lintho tsena li tlameha ho etsahala, empa bofelo ha bo e-s’o tle.
7 “‘Hobane sechaba se seng se tla futuhela sechaba se seng le ’muso khahlanong le ’muso o mong, ’me ho tla ba le khaello ea lijo le litšisinyeho tsa lefatše libakeng ka ho latellana. 8 Lintho tsena tsohle ke qalo ea bohloko ba tlokotsi.
9 “‘Joale batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla ba bahlaseluoa ba lehloeo la lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka. 10 Joale, hape, ba bangata ba tla khoptjoa ’me ba tla tsoana tlaase ’me ba tla hloeana. 11 ’Me ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata ’me ba tla khelosa ba bangata; 12 ’me ka lebaka la ho eketseha ha ho hloka molao lerato la ba bangata le tla fela. 13 Empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla bolokeha. 14 ’Me litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona ka morero oa bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e tla ba hona bofelo bo tlang.
-----------------------------------------------------------------
15 “‘Kahoo, ha u bona ntho e nyonyehang e bakang tšenyo, joalokaha e boletsoe ka moprofeta Daniele, e eme sebakeng se halalelang, (ea balang a sebelise temoho,) 16 joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng. 17 Monna ea leng ka holim’a ntlo a se ke a theoha ho ntšetsa thepa ka ntle ho ntlo ea hae; 18 ’me monna ea leng masimong a se ke a khutlela ntlong ho nka seaparo sa hae sa ka holimo. 19 Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang bana mehleng eo! 20 Le ’ne le rapele hore paleho ea lōna e se ke ea etsahala nakong ea mariha, kapa ka letsatsi la sabbatha; 21 hobane joale ho tla ba le mahlomola a maholo a e-song ho be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela hona joale, che, leha e le hore a sa tla ke a be teng hape. 22 Ha e le hantle, ntle le hore matsatsi ao a fokotsoe, ha ho nama e neng e tla bolokeha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla fokotsoa.
-----------------------------------------------------------------
23 “‘Joale haeba e mong a re ho lōna, “Bonang! Kreste o mona,” kapa, “Mane!” le se ke la lumela seo. 24 Hobane bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata ba tla hlaha ’me ba tla fana ka lipontšo tse khōlō le mehlolo e le hore ba tle ba khelose, haeba ho ka etsahala, esita le bakhethoa. 25 Bonang! Ke le lemositse esale pele. 26 Ka hona, haeba batho ba re ho lōna, “Bonang! O nahathothe,” le se ke la tsoela teng; “Bonang! O phaposing e ka hare,” le se ke la lumela. 27 Hobane joalokaha lehalima le hlaha likarolong tse ka bochabela ’me le khantša likarolong tse ka bophirimela, kahoo ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. 28 Hohle moo setopo se leng teng, ke moo lintsu li tla bokana hammoho.
-----------------------------------------------------------------
-----------------------------------------------------------------
29 “‘Hang-hang ka mor’a mahlomola a mehla eo letsatsi le tla fifala, le khoeli ha e na ho fana ka khanya ea eona, le linaleli li tla oa leholimong, le tse matla tsa maholimo li tla sisinyeha. 30 ’Me joale pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong, ’me joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla e lle, ’me e tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo ka matla le ka khanya e khōlō. 31 ’Me o tla romela mangeloi a hae ka molumo o moholo oa terompeta, ’me a tla bokella bakhethoa ba hae hammoho ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho ea ho e ’ngoe.’”
MAREKA 13, NW
5 “Kahoo Jesu a qala ho re ho bona: ‘Hlokomelang hore ho se be le motho ea le khelosang. 6 Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, “’na ke eena,” ’me ba tla khelosa ba bangata. 7 Ho feta moo, ha le utloa lintoa le litlaleho tsa lintoa, le se ke la tšoha; lintho tsena li tlameha ho etsahala, empa bofelo ha bo e-s’o tle.
8 “‘Hobane sechaba se seng se tla futuhela sechaba se seng le ’muso khahlanong le ’muso o mong, ho tla ba le litšisinyeho tsa lefatše libakeng ka ho latellana, ho tla ba le khaello ea lijo. Tsena ke qalo ea bohloko ba tlokotsi.
9 “‘Ha e le lōna, le hlokomele; batho ba tla nehelana ka lōna makhotleng a lehae, ’me le tla shapuoa masynagogeng ’me le isoe ka pel’a babusi le marena ka lebaka la ka, bakeng sa bopaki ho bona. 10 Hape, litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele. 11 Empa ha ba le tataisetsa ho ea nehelana ka lōna, le se ke la tšoenyeha esale pele ka seo le tla se bua; empa sefe le sefe seo le tla se nehoa ka hora eo, le se bue, hobane hase lōna le buang, empa ke moea o halalelang. 12 Ho feta moo, ngoan’abo motho o tla nehelana ka ngoan’abo lefung, le ntate ka ngoana, ’me bana ba tla futuhela batsoali ’me ba etse hore ba bolaoe; 13 ’me le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka. Empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla bolokeha.
-----------------------------------------------------------------
14 “‘Leha ho le joalo, ha le bona ntho e nyonyehang e bakang tšenyo e eme moo e sa lokelang ho ema (ea balang a sebelise temoho), joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng. 15 Monna ea leng ka holim’a ntlo a se ke a theoha, leha e le hona ho kena ka hare ho ntšetsa ntho leha e le efe ka ntle ho ntlo ea hae; 16 ’me monna ea leng masimong a se ke a khutlela linthong tse leng ka morao ho nka seaparo sa hae sa ka holimo. 17 Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang bana mehleng eo! 18 Le ’ne le rapele hore ho se ke ha etsahala nakong ea mariha; 19 hobane mehla eo e tla ba mehla ea mahlomola a e-song ho etsahale ho tloha tšimolohong ea pōpo eo Molimo a ileng a e bōpa ho fihlela ka nako eo, ’me a ke ke a e-ba teng hape. 20 Ha e le hantle, hoja Jehova a se ke a fokotsa matsatsi ao, ha ho nama e neng e tla bolokeha. Empa ka lebaka la bakhethoa bao a ba khethileng o fokolitse matsatsi ao.
-----------------------------------------------------------------
21 “‘Joale, hape, haeba e mong a re ho lōna, “Bonang! Kreste o mona,” “Bonang! O mane,” le se ke la lumela seo. 22 Hobane bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata ba tla hlaha ’me ba tla fana ka lipontšo tse khōlō le mehlolo ho khelosa, haeba ho ka etsahala, bakhethoa. 23 Joale, lōna, le hlokomele; ke le boleletse lintho tsohle esale pele.
-----------------------------------------------------------------
-----------------------------------------------------------------
24 “‘Empa mehleng eo, ka mor’a mahlomola ao, letsatsi le tla fifala, le khoeli e ke ke ea fana ka khanya ea eona, 25 le linaleli li tla oa leholimong, ’me tse matla tse leholimong li tla sisinyeha. 26 ’Me joale ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru ka matla a maholo le khanya. 27 ’Me joale o tla roma mangeloi ’me a tla bokella bakhethoa ba hae hammoho ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong ea lefatše ho ea pheletsong ea leholimo.’”
LUKA 21, NW
8 “O ile a re: ‘Hlokomelang hore le se ke la khelosoa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, “’na ke eena,” ’me, “Nako e loketseng e atametse.” Le se ke la ba latela. 9 Ho feta moo, ha le utloa lintoa le mefere-fere, le se ke la tšoha. Hobane lintho tsena li tlameha ho etsahala pele, empa bofelo bo ke ke ba fihla kapele.’
10 “Joale a tsoela pele a re ho bona: ‘Sechaba se seng se tla futuhela sechaba se seng le ’muso khahlanong le ’muso o mong; 11 ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ’me libakeng ka ho latellana ho tla ba le mafu le khaello ea lijo; ’me leholimong ho tla ba le lipontšo tse khōlō.
12 “‘Empa pele ho lintho tsena tsohle batho ba tla le tšoara ba le hlorise, ba le nehele masynagogeng le literonkong, le tla hulanyetsoa ho marena le babusi ka lebaka la lebitso la ka. 13 Sena se tla le hlahela bakeng sa bopaki. 14 Etsang qeto ka lipelong tsa lōna hore le se ke la itokisetsa esale pele mokhoa oo le tla itšireletsa ka oona, 15 hobane ke tla le neha molomo le bohlale, boo bahanyetsi ba lōna bohle ba le hammoho ba ke keng ba khona ho bo hanyetsa kapa ho bo phehisa khang. 16 Ho feta moo, le tla neheloa le ke batsoali ba lōna le banab’abo lōna le beng ka lōna le metsoalle, ’me ba tla bolaea ba bang ba lōna; 17 ’me le tla ba bahlaseluoa ba lehloeo la batho bohle ka lebaka la lebitso la ka. 18 ’Me leha ho le joalo ha ho moriri oa lihlooho tsa lōna o tla timela. 19 Ka mamello ka lehlakoreng la lōna le tla boloka liphefumolohi tsa lōna.
-----------------------------------------------------------------
20“‘Ho feta moo, ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke makhotla a leng kampong, joale le tsebe hore ho senngoa ha hae ho atametse. 21 Joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba leng ka har’a eona ba khutlele morao, ’me ba leng metsaneng ea mahaeng ba se ke ba kena ho eona; 22 hobane ena ke mehla ea ho lekanyetsa toka, e le hore lintho tsohle tse ngoliloeng li ka phethahatsoa. 23 Ho malimabe basali ba baimana le ba anyesang bana mehleng eo! Hobane ho tla ba le tlhoko e khōlō naheng ena le khalefo holim’a batho bana; 24 ’me ba tla oa ka bohale ba sabole ’me ba isoe kholehong lichabeng tsohle;
-----------------------------------------------------------------
’me Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela mehla e khethiloeng ea lichaba e phethoa.
-----------------------------------------------------------------
-----------------------------------------------------------------
25 “‘Hape‚ ho tla ba le lipontšo letsatsing le khoeling le linaleling‚ le lefatšeng lichaba li tla tsieleha‚ li sa tsebe moo li tsoang le teng ka lebaka la ho luma ha leoatle le ho loebehlana ha lona‚ 26 ha batho bona ba tepella ka lebaka la tšabo le tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona; hobane lintho tse matla tsa maholimo li tla sisinyeha. 27 ’Me joale ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru ka matla le ka khanya e khōlō. 28 Empa ha lintho tsena li qala ho etsahala‚ emang le tiile ’me le phahamisetse lihlooho tsa lōna holimo hobane topollo ea lōna e-ea atamela.’”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Mahlomola a 70 C.E. e bile a maholo ka ho fetisisa a kileng a ba teng Jerusalema le tsamaisong ea Bajode