Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, ntle le pelaelo u tla fumana e le ho thahasellisang ho hopola lintlha tse latelang:
▫ Ke bopaki bofe bo kholisang bo ileng ba fanoa ke mesebetsi e sa tšoaneng ea moea o halalelang lekholong la pele la lilemo?
Mesebetsi ena e ne e fana ka bopaki bo bonahalang ba hore Molimo ha a sa sebelisa phutheho ea Iseraele e lilemo li 1 500 joaloka batho ba hae ba khethehileng, empa kamohelo ea hae e ne e le phuthehong e ncha ea Bakreste, e thehiloeng ke Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. (Bapisa le Ba-Heberu 2:2-4.)—8/15, leqephe 5.
▫ Ke eng e bakang khōlo e tsotehang e teng har’a Lipaki tsa Jehova?
Tabeng ea pele, ke ka baka la tlhohonolofatso ea Molimo. Ke mosebetsi oa Molimo. Seo Lipaki tsa Jehova li se rutang mosebetsing oa tsona oa boboleli ba evangeli se thehiloe Bibeleng. Ntho e ’ngoe e entseng hore li atlehe ke ho hlokomela ha tsona ka ho feletseng Kreste Jesu e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste.—9/1, leqephe 19.
▫ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša Davida mohau mabapi le sebe sa hae se seholo le Bath-sheba?
Lebaka la sehlooho e ne e le selekane sa ’muso seo Molimo a neng a se entse le Davida, empa hape ke ka baka la mohau oo Davida a neng a e-na le ’ona le pako ea hae e tiileng. (1 Samuele 24:4-7; 2 Samuele 7:12; 12:13; Pesaleme ea 51:1, 2, 17)—9/15, maqephe 10, 11.
▫ Ke mefuta efe e meraro ea bopaki eo Mangolo a Segerike a Bakreste a fanang ka eona ho tšehetsa ho ba Messia ha Jesu?
Leloko la Jesu ke mofuta oa pele oa bopaki. (Mattheu 1:1-16; Luka 3:23-38) Bopaki bo bong ke boprofeta bo ileng ba phethahala. Ha e le hantle ho na le bopaki bo bongata, bo kang bo fumanoang ho Daniele 9:25, bo tsebahatsang Jesu e le Messia. Mofuta oa boraro oa bopaki ke bopaki bo fanoeng ke Molimo ka boeena; o ile a fana ka bona ka makhetlo a mararo ka lentsoe la hae. (Mattheu 17:5; Luka 3:21, 22; Johanne 12:28)—10/1, maqephe 10, 12.
▫ Joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 24:37, Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo”?
Noe o ne a haha areka a bile a lemosa batho ba khopo ka mashome a lilemo pele Moroallo o fihla ’me o timetsa tsamaiso ea lefatše leo e senyehileng. Ka ho tšoanang, ho ba teng ho sa bonahaleng ha Kreste ke ha nako ea mashome a itseng a lilemo, nakong eo ka eona ho fanoang ka bopaki lefatšeng lohle, pele le hona ho fella ka timetso e khōlō.—10/1, leqephe 16.
▫ Litlhoko tse ling tsa thuto e molemo ea Bibele ea lelapa ke life?
Ho lokela ho rekoa nako bakeng sa thuto. Ha rea lokela ho e lumella hore e senngoe ke TV kapa litšitiso tse ling. Ho lokela ho nahanoa ka litlhoko tse khethehileng tsa lelapa. Sebelisa lipotso tse fatang maikutlo ho kholiseha hore bana ba utloisisa seo ba ithutang sona. (Mattheu 17:25) Boloka moea oa thuto e le o lokolohileng. E-ba mahlahahlaha, ’me u etse hore e mong le e mong a kopanele thutong.—10/15, leqephe 17.
▫ Bakreste ba lokela ho ameha hakae ka hore e ka ’na eaba likarolo tsa mali li kentsoe lijong?
Bakreste ba lokela ho itebela khahlanong le ho ferekanngoa ke ntho eo ba nang le pelaelo ea hore e ka etsahala kapa taba ea bo-ba-re, ’me ho lekanyetsa lintho hantle hoa hlokahala esita le tabeng ea ho hlahloba mabitso kapa ho etsa lipatlisiso ho beng ba lilakha. Leha ho le joalo, haeba ho tsebahala hore mali a sebelisoa haholo sebakeng seo u leng ho sona—hore na ke lijong kapa merianeng—Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi hore ba utloe molao oa Molimo oa ho tela mali. (Liketso 15:28, 29)—10/15, maqephe 30-1.
▫ Ke joang buka ea Liproverbia e totobatsang botebo ba lintho tsa moea ba mekhoa ea thuto e neng e sebelisoa Iseraeleng?
Buka ea Liproverbia e bontša hore sepheo sa eona e ne e le ho ruta “ba se nang phihlelo” lintho tsa bohlokoa tse joaloka bohlale, taeo, kutloisiso, temohisiso, kahlolo, masene, tsebo, le matla a ho nahana—tsena kaofela e le ka “ho tšaba Jehova.” (Liproverbia 1:1-7, NW; 2:1-14, NW)—11/1, leqephe 12.
▫ Ke pono efe e leka-lekaneng ka thuto ea sekolo eo batho ba bacha ba lokelang ho ba le eona mehleng ee?
Bakreste ba lokela ho nka thuto ea sekolo e le mokhoa o thusang ho finyella sepheo se lakatsehang. Sepheo sa bona mehleng ena ea qetello ke ho sebeletsa Jehova ka hohle le ka katleho kamoo ho ka khonehang tšebeletsong ea nako e tletseng.—11/1, leqephe 18.
▫ Ke hobane’ng ha Jehova a ne a batla hore sechaba sa Iseraele se ntše karolo ea leshome?
Tabeng ea pele, e ne e le hore ba ka bontša ka tsela e bonahalang hore ba ananela molemo oa Jehova. Tabeng ea bobeli, e ne e le hore ba ka tlatsetsa ho tšehetseng Balevi, bao ka hona ba neng ba ka ameha ka litlamo tsa bona, ho akareletsa ho ruta Molao. (Bona 2 Likronike 17:7-9.)—12/1, leqephe 9.
▫ Karolo ea leshome eo Bakreste ba mengoang hore ba e tlise ke efe? (Malakia 3:10)
Karolo ea leshome e emela karolo ea seo e leng sa rōna eo re e tlisang ho Jehova kapa eo re e sebelisang tšebeletsong ea hae. Ke pontšo ea lerato la rōna ho eena le ho amohela ’nete ea hore re ba hae.—12/1, leqephe 15.