Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kreste o Etella Pele ka Mafolo-folo Kajeno
    Molula-Qhooa—1987 | August 1
    • 1. Ke ka tsela efe Kreste a ileng a siea “mesebetsi” ea hae ho barutuoa ba hae?

      HA KRESTE a le haufi le ho siea barutuoa ba hae ’me a khutlela leholimong ka 33 C.E., o ile a “ba neela letlotlo la hae.” Hona ho ne ho akarelletsa ho ba “manģosa a Kreste” le ho etsa mosebetsi oa ho bolela oo a neng a se a o qalile, ho o atolosa “ho isa pheletsong ea lefatše.” Pele a ba siea, o ne a ile a ba laela hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Na re na le bopaki ba hore o ne a le hlokolosi hore na ba phetha thōmo eo joang? Ka sebele re na le bona!—Mattheu 25:14; 2 Ba-Korinthe 5:20; Liketso 1:8; Mattheu 28:19, NW.

  • Kreste o Etella Pele ka Mafolo-folo Kajeno
    Molula-Qhooa—1987 | August 1
    • Morena le Mohlanka oa Hae

      4. Kreste o ile a ‘etela hōle’ joang ’me hape a khutla joang “tšiu tse ngata ha li fetile”?

      4 Hoba a itšoantše le “motho ea etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae,” Kreste o ile a phaella: “Tšiu tse ngata ha li fetile, morena oa bahlanka bao a fihla, ’me a hlahloba litaba le bona.” (Mattheu 25:14, 19) Ka 33 C.E. Kreste ‘a ea leholimong,’ moo a ileng a lula ka “letsohong le letona la Molimo.” (1 Petrose 3:22) “Tšiu tse ngata ha li fetile,” kamor’a hore a beoe teroneng ka 1914, Kreste a qala ‘ho busa har’a lira tsa hae’ ka ho lihela Satane le bademona ba hae lefatšeng. (Pesaleme ea 110:1, 2; Tšenolo 12:7-9) Eaba o lebisa tlhokomelo ea hae ho bahlanka ba hae. Nako e ne e fihlile ea hore a hlahlobe litaba le bona. E ne e le Moetapele oa bona ea mafolo-folo ho feta leha e le neng pele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela