Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kosepele ea Judase ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Le ka Mohla U se ke Ua ba Lesholu!
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu o Lijong Bethani ha Simone
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Likosepele tse tharo li bua ka pelaelo e ileng ea hlaha ha Jesu a tšasoa ka oli e bitsang chelete e ngata. Na ho ile ha belaela baapostola ba bangata, kapa ke Judase eo e neng e le ’melaeli ea ka sehloohong?

Re fumana tlaleho ea ketsahalo ena Kosepeleng ea Matheu, ea Mareka le ea Johanne. Ho bonahala ’melaeli ea ka sehloohong e ne e le Judase, bonyane ho ne ho e-na le baapostola ba bang ba lumellanang le eena ka nako eo. Ketsahalo ena e bontša hore na ke hobane’ng ha re ka leboha hore ebe re na le litlaleho tse ’nè tsa Kosepele. Seo mongoli e mong le e mong a se ngotseng se ne se nepahetse, empa hase bona kaofela ba faneng ka makolopetso a tšoanang. Ka ho bapisa litlaleho tse tšoanang, re ba le pono e feletseng le e qaqileng haholoanyane ea liketsahalo tse ngata.

Tlaleho e ho Matheu 26:6-13 e bolela hore sebaka e ne e le ka tlung ha Simone oa molepera, Bethani, empa ha e bolele lebitso la mosali ea ileng a tšela Jesu ka oli e monko o monate hloohong. Matheu oa bolela: “Ha ba bona sena barutuoa ba halefa” ’me ba belaela ka hore oli ena e ka be e ile ea rekisoa eaba chelete eo e fuoa bafutsana.

Tlaleho ea Mareka e akarelletsa boholo ba makolopetso ao. Empa o phaella ka hore o ile a bula pitsana eo ka ho e pshatla. E ne e tšetse oli e monko o monate eo e neng e le “nareda ea ’nete,” ea mofuta oo e ka ’nang eaba o ne o e-tsoa India. Tabeng ea pelaelo, Mareka o tlaleha hore “ho ne ho e-na le ba bang ba bontšang khalefo,” ’me “ba ne ba ikutloa ba mo halefetse haholo.” (Mareka 14:3-9) Kahoo, litlaleho tsena tse peli li bontša hore hase moapostola a le mong ea ileng a ameha pelaelong. Leha ho le joalo, e qalile joang?

Johanne, eo e neng e le paki e boneng ketsahalo ena, o ile a eketsa ka makolopetso a loketseng. O bolela mosali eo ka lebitso—Maria, ngoan’abo Maretha le Lazaro. Johanne o fane le ka ntlha ena e qaqileng, eo re ka nkang hore ke e tlatselletsang eseng e hanyetsang: “A tšasa maoto a Jesu eaba o mo hlakola maoto hore a ome ka moriri oa hae.” Ha re kopanya litlaleho tsena, re ka bona hore e tlameha ebe ke Maria ea ileng a tšasa hlooho ea Jesu le maoto a hae ka oli ena eo Johanne a tiisang hore e ne e le “nareda ea ’nete.” Johanne o ne a atamelane haholo le Jesu ’me o ne a e-na le tšekamelo ea ho halefisoa ke ha A nyelisoa. Rea bala: “Judase Iskariota, e mong oa barutuoa ba hae, ea neng a le mothating oa ho mo eka, a re: ‘Ke hobane’ng ha oli ena e monko o monate e ne e sa rekisoe lidenari tse makholo a mararo ’me li fuoe batho ba futsanehileng?’ ”—Johanne 12:2-8.

Ke ’nete hore Judase e ne e le “e mong oa barutuoa ba hae,” empa u ka nkhella hore Johanne o ne a halefile ka hore ebe e mong ea boemong bona o ne a rera ho eka Jesu. Mofetoleli Dr. C. Howard Matheny o ile a bolela sena ka Johanne 12:4: “Mokhoa bojoale ‘ho ba mothating’ [kapa “a le mothating oa ho”] le setsoelisa bojoale ‘ho ba ea ekang’ [kapa, ‘a le mothating oa ho eka’] bobeli li hlalosa ketso e tsoelang pele. Sena se bontša hore ho ekoa ha Jesu ke Judase ha ea ba ketso ea nakoana e etsoang ka tšohanyetso kaha e ile ea nahanoa le ho reroa ka matsatsi a mangata.” Johanne o eketsa ka leseli la hore Judase o ile a belaela “eseng hobane a ne a amehile ka bafutsana, empa hobane e ne e le lesholu ’me a e-na le lebokose la chelete ’me o ne a ee a nke lichelete tse kenngoang ka ho lona.”

Kahoo, ho bonahala ho utloahala hore ke Judase oa lesholu ea ileng a qala pelaelo hobane o ne a tla ba le ho hongata hoo a ho utsuoang ha oli eo e bitsang chelete e ngata e ne e rekisitsoe ’me chelete ea eona e kentsoe ka lebokoseng le neng le tšoaroa ke eena. Ha Judase a se a hlahisitse pelaelo ena, e ka ’na eaba baapostola ba bang ba ile ba honotha ho mo tlatsa ntlheng eo ho neng ho bonahala e utloahala. Leha ho le joalo, Judase e ne e le eena mohlohlelletsi ea ka sehloohong oa pelaelo ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela