Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 24 maq. 127-131
  • Le ka Mohla U se ke Ua ba Lesholu!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ka Mohla U se ke Ua ba Lesholu!
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na Ehlile ke Bosholu?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Kosepele ea Judase ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 24 maq. 127-131

Khaolo ea 24

Le ka Mohla U se ke Ua ba Lesholu!

NA MOTHO e mong o kile a u utsoetsa?— U ile ua ikutloa joang ka seo?— Motho eo ea neng a u utsoelitse ke lesholu, ’me ha ho motho ea ratang lesholu. U nahana hore ho tla joang hore motho e be lesholu? Na o tsoaloa e le lesholu?—

Re sa tsoa ithuta hore batho ba tsoaloa ba e-na le sebe. Kahoo kaofela ha rōna ha rea phethahala. Empa ha ho motho ea tsoaloang e le lesholu. Lesholu le ka ’na la tsoa lelapeng le letle. E ka ’na eaba batsoali ba lona le banab’abo lona ke batho ba tšepahalang. Empa ho lakatsa ha motho lintho tse kang chelete le tseo chelete e ka li rekang ho ka ’na ha mo etsa hore e be lesholu.

U ne u ka re lesholu la pele ke mang?— A re ke re nahane ka taba ena. Mosuoe e Moholo o ne a tseba motho eo ha a ne a sa le leholimong. Lesholu leo e ne e le lengeloi. Empa kaha Molimo o entse mangeloi ’ohle a phethahetse, ho tlile joang hore lengeloi leo e be lesholu?— Joalokaha re ithutile Khaolong ea 8 ea buka ena, le ile la batla ntho eo e neng e se ea lona. Na u sa hopola hore na ntho eo ke efe?—

Ka mor’a hore Molimo a bōpe monna le mosali oa pele, lengeloi leo le ile la batla hore ba le rapele. Le ne le se na tokelo ea hore ba le rapele. Ba ne ba lokela ho rapela Molimo. Empa le ile la utsoa tokelo eo! Ka ho etsa hore Adama le Eva ba le rapele, lengeloi leo le ile la fetoha lesholu. Le ile la fetoha Satane Diabolose.

Ke’ng se etsang hore motho e be lesholu?— Ke ho lakatsa ho ba le seo e seng sa hae. Takatso ena e ka ba matla hoo e ka etsang hore le batho ba lokileng ba etse lintho tse mpe. Ka linako tse ling, batho ba fetohang masholu ha ho mohla ba bakang ebe ba boela ba etsa lintho tse ntle. E mong oa batho ba joalo e ne e le moapostola oa Jesu. Lebitso la hae ke Judase Iskariota.

Judase o ne a tseba hore ho fosahetse ho utsoa hobane o ne a rutiloe Molao oa Molimo ho tloha e sa le moshanyana. O ne a tseba hore ka nako e ’ngoe Molimo o ile a bua a le leholimong ’me a re ho batho ba hae: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15) Ha Judase a se a hōlile, o ile a kopana le Mosuoe e Moholo ’me ea e-ba morutuoa oa hae. Hamorao, Jesu o ile a ba a khetha Judase ho ba e mong oa baapostola ba hae ba 12.

Jesu o ne a tsamaea hammoho le baapostola ba hae. Ba ne ba e-ja hammoho. ’Me chelete eohle eo ba neng ba e-na le eona e ne e bolokoa ka lebokoseng. Jesu o ile a fa Judase lebokose leo hore a le hlokomele. Leha ho le joalo, chelete eona e ne e se ea Judase. Empa na ua tseba hore na Judase o ile a etsa’ng ka mor’a nakoana?—

Judase o ile a qala ho inkela chelete ka lebokoseng le hoja a ne a sa tšoanela ho e nka. O ne a e nka ba bang ba sa mo bone, a bile a batla ho fumana litsela tsa ho fumana e eketsehileng. O ile a qala ho nahana ka chelete ka nako ena eohle. A re ke re bone hore na takatso ena e fosahetseng e ile ea lebisa ho eng matsatsinyana feela pele Mosuoe e Moholo a bolaoa.

Maria, khaitseli ea motsoalle oa Jesu, Lazaro, o ile a nka oli ea boleng bo phahameng ’me a tšela Jesu ka eona maotong. Empa Judase o ile a belaela. Na u tseba lebaka?— O ile a re oli eo e ka be e rekisitsoe ’me chelete ea eona ea fuoa batho ba futsanehileng. Empa ha e le hantle o ne a batla hore ho be le chelete e eketsehileng ka lebokoseng e le hore a ka e utsoa.—Johanne 12:1-6.

Jesu o ile a re Judase a se ke a khathatsa Maria, kaha o bile mosa haholo. Judase ha aa ka a rata ha Jesu a mo bolella seo, kahoo a tsoa a ea ho baprista ba ka sehloohong, ba neng ba hloile Jesu. Ba ne ba batla ho tšoara Jesu, empa ba ne ba batla ho mo tšoara bosiu e le hore batho ba se ke ba ba bona.

Judase o ile a re ho baprista: ‘Ha le ka mpha chelete ke tla le bolella kamoo le ka tšoarang Jesu kateng. Le tla mpha bokae?’

Baprista ba re: ‘Re tla u fa likotoana tsa silevera tse mashome a mararo.’—Matheu 26:14-16.

Judase o ile a nka chelete eo. Ho ne ho tšoana feela le ha a rekisa Mosuoe e Moholo ho banna bao! Na u nahana hore ho na le motho ea ka etsang ntho e mpe joalo?— Ka masoabi, seo ke sona se etsahalang ha motho a fetoha lesholu ’me a utsoa chelete. O rata chelete ho feta kamoo a ratang batho ba bang kateng kapa esita le Molimo.

U ka ’na ua re, ‘Ha ho letho leo ke tla le rata ho feta ho rata Jehova Molimo.’ Ho hotle ha u ikutloa ka tsela eo. Ha Jesu a ne a khetha Judase hore e be moapostola, mohlomong Judase o ne a ikutloa ka tsela eo. Ba bang ba ileng ba fetoha masholu mohlomong le bona ba ne ba ikutloa ka tsela eo. A re ke re bue ka ba bang ba bona.

E mong oa bona e ne e le mohlanka oa Molimo ea bitsoang Akane, ea phetseng nako e telele pele Mosuoe e Moholo a tsoaloa. Akane o ile a bona seaparo se setle, setene sa khauta le likotoana tsa silevera. E ne e se tsa hae. Bibele e re e ne e le tsa Jehova hobane li ne li nkiloe ho lira tsa batho ba Molimo. Empa Akane o ne a li batla ka mahlo a matšo hoo a ileng a li utsoa.—Joshua 6:19; 7:11, 20-22.

Mohlala o mong ke ona. Nako e telele e fetileng, Jehova o ile a khetha Davida hore e be morena sechabeng sa Iseraele. Ka letsatsi le leng, Davida o ile a qala ho sheba mosali e mong e motle ea bitsoang Bathe-sheba. O ile a ’na a sheba Bathe-sheba ’me a nahana ho mo nka a mo ise ha hae hore e be mosali oa hae. Leha ho le joalo, e ne e le mosali oa Uria. Davida o ne a lokela ho etsa’ng?—

Davida o ne a lokela ho khaotsa ho nahana ka ho nka Bathe-sheba. Empa ha aa ka a etsa joalo. Kahoo Davida o ile a mo nka a mo isa ha hae. Eaba o etsa hore Uria a bolaoe. Ke hobane’ng ha Davida a ile a etsa lintho tsee tse mpe?— Ke hobane o ne a batla mosali oa motho e mong.—2 Samuele 11:2-27.

Kaha Davida o ile a soabela seo a se entseng, Jehova o ile a mo lumella hore a phele. Empa joale Davida o ile a ba le likhathatso tse ngata. Mora oa hae Absalome o ile a batla ho inkela sebaka sa Davida e le morena. Joale ha batho ba ne ba tla ho Davida, Absalome o ne a ba haka a bile a ba aka. Bibele e re: ‘Absalome a ’na a utsoa lipelo tsa batho ba Iseraele.’ O ile a etsa hore batho bao ba batle hore e be eena morena ho e-na le Davida.—2 Samuele 15:1-12.

Na u kile ua batla ntho e itseng ka mahlo a matšo, joaloka Akane, Davida le Absalome?— Haeba ntho eo e le ea motho e mong, ho inkela eona u sa e kōpa ke ho utsoa. Na u sa hopola hore na lesholu la pele, e leng Satane, le ne le batla’ng?— Le ne le batla hore batho ba le rapele ho e-na le ho rapela Molimo. Kahoo Satane o ne a utsoa ha a ne a etsa hore Adama le Eva ba mo mamele.

Ha motho a e-na le ntho e itseng, o na le tokelo ea ho bolela hore na ntho eo e lokela ho sebelisoa ke mang. Ka mohlala, u ka ’na ua chakela bana ba bang ho ea bapala le bona habo bona. Na e tla ba ho loketseng hore u nke ntho e ’ngoe moo ebe u tla le eona heno?— Ntle le ha ntate kapa ’mè oa bona a ka re u e nke. Haeba u tla le ntho e itseng hae u sa e kōpa, seo ke ho utsoa.

Ke hobane’ng ha u ka ’na ua lekeha hore u utsoe?— Ke haeba u batla ntho eo e seng ea hao. Le haeba ho se motho ea u bonang ha u e nka ke mang ea u bonang?— Ke Jehova Molimo. ’Me re lokela ho hopola hore Molimo o hloile bosholu. Kahoo ho rata Molimo le moahelani oa hao ho tla u thusa hore le ka mohla u se ke ua ba lesholu.

Bibele e bontša ka ho hlaka hore ho fosahetse ho utsoa. Ke kōpa hore u bale Mareka 10:17-19; Baroma 13:9; le Baefese 4:28.

[Setšoantšo se leqepheng la 129]

Ke hobane’ng ha Judase a ile a utsoa?

[Litšoantšo tse leqepheng la 130]

Akane le Davida ba nahana ka lintho life tse mpe?

[Setšoantšo se leqepheng la 130]

Absalome e ile ea e-ba lesholu ka tsela efe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela