Sejo sa Morena sa Mantsiboea—Se U Ama Haholo
NA Sejo sa Morena sa Mantsiboea se u ama haholo le hona e le ka ho sa feleng? Ntho ea pele, a re fumaneng hore na sepheo sa Jesu Kreste ka boeena e ne e le sefe ka ketsahalo ena ea bohlokoa.
Shoalaneng ea la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a bokana le baapostola ba hae ba 12 kamoreng e ’ngoe e ka holimo Jerusalema ho ea keteka Paseka ea selemo le selemo. Ka mor’a hore ba je lijo tsa Paseka, Judase oa moeki o ile a tsoa ka kamoreng eo ho ea eka Jesu. (Johanne 13:21, 26-30) Jesu o ile a theha “lijo tsa shoalane tsa Morena” le baapostola ba setseng ba 11. (1 Bakorinthe 11:20) Li boetse li bitsoa Sehopotso kahobane Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “Le etse sena ho nkhopola.” Ketsahalo ena ke eona feela eo Bakreste ba laeloang ho e hopola.—1 Bakorinthe 11:24.
Libakeng tse ngata, batho ba hloma sefika kapa ba khetha letsatsi la ho ikhopotsa motho e mong kapa ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Jesu eena o ile a theha lijo tseo e leng sehopotso, a thusa balateli ba hae hore ba ’ne ba hopole liketsahalo tsa bohlokoa haholo tsa letsatsi leo la bohlokoahali. Melokong e tlang, lijo tsena li ne li tla hopotsa batho ba tlang sehopotsong moelelo o tebileng oa seo Jesu a ileng a se etsa bosiung boo, haholo-holo oa litšoantšetso tseo a ileng a li sebelisa. Jesu o ile a sebelisa litšoantšetso life, hona li bolela’ng? A re hlahlobeng tlaleho ea Bibele ea se ileng sa etsahala bosiung boo ka 33 C.E.
Litšoantšetso Tse Emelang Lintho Tse Halalelang
“A nka bohobe, a leboha, a bo qhetsola, ’me a ba fa bona, a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’”—Luka 22:19.
Ha Jesu a nka bohobe ’me a re “sena se bolela ’mele oa ka,” o ne a bontša hore bohobe bo sa lomosoang bo ne bo emela kapa bo tšoantšetsa ’mele oa hae o se nang sebe, oo a faneng ka oona “bakeng sa bophelo ba lefatše.” (Johanne 6:51) Le hoja liphetolelo tse ling tsa Bibele li re “hona ke [es·tin,ʹ ka Segerike] ’mele oa ka,” Greek-English Lexicon of the New Testament ea Thayer e re hangata leetsi lena le bolela “ho phatlalatsa, ho bontša, ho ba le moelelo oa.” Le na le moelelo oa ho emela, kapa ho tšoantšetsa.—Matheu 26:26.
Ho ne ho le joalo le ka senoelo sa veine. Jesu o ile a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.”—Luka 22:20.
Tlalehong ea Matheu, Jesu o ile a re ka senoelo: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.” (Matheu 26:28) Jesu o ile a sebelisa veine e ka senoelong e le tšoantšetso ea mali a hae. Mali a hae a tšolotsoeng e ne e tla ba motheo oa “selekane se secha” seo a se entseng le barutuoa ba tsoetsoeng ka moea, ba neng ba tla busa e le marena le baprista le eena leholimong.—Jeremia 31:31-33; Johanne 14:2, 3; 2 Bakorinthe 5:5; Tšenolo 1:5, 6; 5:9, 10; 20:4, 6.
Hape, veine e ka senoelong ke khopotso ea hore mali a tšolotsoeng a Jesu e ne e tla ba motheo oa “tšoarelo ea libe,” kahoo e fana ka monyetla oa hore ba e noang ba bitsetsoe ho ea phela leholimong e le majalefa hammoho le Kreste. Hoa utloahala ha palo ena ea ba bitselitsoeng ho ea phela leholimong e le nyenyane hape e le bona feela ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong.—Luka 12:32; Baefese 1:13, 14; Baheberu 9:22; 1 Petrose 1:3, 4.
Joale ho thoe’ng ka balateli ba Jesu ba seng selekaneng se secha? Bana ke “linku tse ling” tsa Morena, tse sa lebellang ho ea busa le Kreste leholimong empa li lebeletse ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 10:16; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Ke “bongata bo boholo” ba Bakreste ba tšepahalang bo ‘etsetsang [Molimo] tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare,’ ’me bo thabela ho ba bashebelli ba bontšang kananelo Sejong sa Morena sa Mantsiboea. Ha e le hantle, ka mantsoe a bona le liketso tsa bona ba re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.”—Tšenolo 7:9, 10, 14, 15.
Se Lokela ho Ketekoa Hangata Hakae?
“Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”—Luka 22:19.
Sehopotso se lokela ho ketekoa hangata hakae e le hore ho hopoloe lefu la Kreste? Jesu ha aa ka a bolela ka ho toba. Leha ho le joalo, kaha o thehile Lijo Tsa Morena Tsa Shoalane ka la 14 Nisane, e leng ka shoalane ea Paseka eo Baiseraele ba neng ba e keteka selemo le selemo, ho hlakile hore Jesu o ne a rerile hore Sehopotso se ketekoe ka tsela e tšoanang. Selemo le selemo Baiseraele ba ne ba keteka ho lokolloa ha bona bokhobeng ba Egepeta, ’me selemo le selemo Bakreste ba ikhopotsa ho lopolloa ha bona bokhobeng ba sebe le lefu.—Exoda 12:11, 17; Baroma 5:20, 21.
Ho ikhopotsa ketsahalo ea bohlokoa ka ho etsa mokete oa selemo le selemo ho tloaelehile. Ka mohlala, nahana ha banyalani ba keteka sehopotso sa lechato la bona kapa ha sechaba se ikhopotsa ketsahalo ea bohlokoa historing ea sona. Hangata mokete ona oa sehopotso o etsoa hang ka selemo ka letsatsi la ketsahalo eo ea bohlokoa. Hoa thabisa ho bona hore lilemo tse makholo-kholo ka mor’a lefu la Kreste, batho ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba bitsoa “Bo-leshome le-metso-e-mene” hobane ba ne ba ikhopotsa lefu la Jesu hang ka selemo, ka la 14 Nisane.
Ke Mokete o sa Rarahanang Empa ke oa Bohlokoa Haholo
Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea ho ne ho tla nolofalletsa barutuoa ba Jesu hore ba ‘’ne ba phatlalatse lefu la Morena.’ (1 Bakorinthe 11:26) Kahoo, mokete ona o ne o tla totobatsa karolo ea bohlokoa eo Jesu a ileng a e phetha ka lefu la hae e le hore morero oa Molimo o phethahale.
Jesu Kreste o ile a tšepahala ho isa lefung ’me ka sena o ile a fana ka bopaki bo emelang Jehova Molimo ho bontša hore ke ’Mōpi ea lerato le ’Musi ea lokileng. Jesu ha aa ka a tšoana le Adama, ’me ho fapana le lipolelo tsa bohata tsa Satane, o ile a bontša hore le tlas’a khatello e matla, ho ka etsahala hore motho a lule a tšepahala ho Molimo.—Jobo 2:4, 5.
Hape, Sejo sa Morena sa Mantsiboea se etsa hore ka teboho re hopole lerato la Jesu le bontšang boitelo. Ho sa tsotellehe liteko tse matla, Jesu o ile a mamela Ntat’ae ka ho phethahetseng. Ka tsela ena o ile a khona ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ho lefa molato o moholo oa sebe sa Adama. Joalokaha Jesu ka boeena a ile a hlalosa, o ne a tletse “ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ka lebaka leo, bohle ba bontšang tumelo ho Jesu ba ka tšoareloa libe ’me ba fumana bophelo bo sa feleng tumellanong le seo Jehova a neng a se reretse batho tšimolohong.—Baroma 5:6, 8, 12, 18, 19; 6:23; 1 Timothea 2:5, 6.a
Sena sohle se boetse se totobatsa molemo o mongata oa Jehova le mosa oa hae o sa tšoanelang ha a entse tokisetso ea hore batho ba bolokoe. Bibele e re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:9, 10.
E, Sehopotso ke mokete o babatsehang hakaakang! Ke mokete o sa rarahanang le oo ho leng bonolo ho o etsa hoo o ka ketekoang lefatšeng ka bophara maemong a fapa-fapaneng, empa o tšoantšetsa lintho tsa bohlokoa hoo o ka lulang e le khopotso ka nako e telele.
Kamoo se U Amang Kateng
Lefu la sehlabelo la Morena oa rōna Jesu Kreste le ile la hloka ho hongata haholo ho eena le ho Ntat’ae, Jehova. Kaha e ne e le motho ea phethahetseng, Jesu ha aa ka a futsa lefu joaloka rōna kaofela. (Baroma 5:12; Baheberu 7:26) O ne a ka phela ka ho sa feleng. Ho hang o ne a ke ke a bolaoa, haeba eena a sa ho lumelle. O ile a re: “Ha ho motho ea nkamohileng [bophelo ba ka], empa ke nehelana ka [bona] e le ho itsoelang ho ’na.”—Johanne 10:18.
Leha ho le joalo, Jesu ka boithatelo o ile a nyehela bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo e le hore “ka lefu la hae a ka etsa lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose; le hore a ka lokolla bohle bao ka ho tšaba lefu ba neng ba le tlas’a bokhoba bophelong bohle ba bona.” (Baheberu 2:14, 15) Lerato le bontšang boitelo la Kreste le bonahala hape tseleng eo a ileng a lumela ho shoa ka eona. O ne a tseba hantle tsela eo a neng a tla utloa bohloko ka eona le ho shoa ka eona.—Matheu 17:22; 20:17-19.
Sehopotso se boetse se re hopotsa pontšo e khōlōhali ea lerato e kileng ea etsoa ke Ntat’a rōna oa leholimo, Jehova. Ho ne ho utloisa bohloko hakaakang ho eena ea nang “le lerato le mofuthu haholo ’me [a le] mohau,” ho utloa le ho bona “mehoo e matla le meokho” ea Jesu serapeng sa Gethesemane, le ho bona ha a shapuoa ka sehlōhō, a khokhotheloa ka sehlōhō, hape a bona lefu la hae le tlang butle le le otlang pelo! (Jakobo 5:11; Baheberu 5:7; Johanne 3:16; 1 Johanne 4:7, 8) Le hona joale, lilemo tse makholo-kholo hamorao, ba bangata ba ntse ba utloa bohloko ha ba nahana ka lefu la hae.
Ak’u nahane hore na Jehova Molimo le Jesu Kreste ba lefile theko e phahameng hakaakang bakeng sa rōna baetsalibe! (Baroma 3:23) Letsatsi le leng le le leng re tjametsoe ke ’nete e bohloko ea hore re baetsalibe ebile ha rea phethahala. Leha ho le joalo, motheong oa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu re ka ipiletsa ho Molimo hore a re tšoarele. (1 Johanne 2:1, 2) Sena se re nolofalletsa ho thabela ho bua le Molimo ka bolokolohi le ho ba le letsoalo le hloekileng. (Baheberu 4:14-16; 9:13, 14) Ho feta moo, re ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 17:3; Tšenolo 21:3, 4) Melemo ena le e meng e mengata ke liphello tsa ketso e khōlōhali ea Jesu ea boitelo.
Ho Bontša Kananelo Bakeng sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea
Sejo sa Morena sa Mantsiboea ke pontšo e babatsehang ea “mosa o sa tšoanelang o fetisisang oa Molimo.” Ka sebele tokisetso ea Jehova Molimo ea sehlabelo sa thekollo—e sebetsang ka lebaka la lerato la Jesu le bontšang boitelo—ke “mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.” (2 Bakorinthe 9:14, 15) Na pontšo ee ea molemo oa Molimo ka Jesu Kreste ha e u susumelletse hore u be le kananelo le teboho e tebileng le ea ka ho sa feleng?
Re kholisehile hore ea u susumetsa. Kahoo, re u mema ka mofuthu hore u bokane le Lipaki Tsa Jehova ha li keteka Sehopotso sa lefu la Jesu. Selemong sena Sehopotso se tla tšoaroa ka Laboraro la la 16 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u tsebisa nako e nepahetseng le sebaka sa ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Puisano e qaqileng mabapi le thekollo e fumaneha bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
“KE ’MELE OA KA” KAPA “SENA SE BOLELA ’MELE OA KA,” E NEPAHETSENG KE EFE?
Ha Jesu a ne a re, “ke ’na monyako” hape a re, “ke ’na sefate sa morara sa ’nete,” ha ho motho ea ileng a nahana hore e ne e le monyako oa sebele kapa sefate sa sebele sa morara. (Johanne 10:7; 15:1) Ka tsela e tšoanang, ha Bibele ea Sesotho e qotsa Jesu ha a re: “Senoelo sena ke selekane se secha,” ha re etse qeto ea hore senoelo sena e ne e hlile e le selekane se secha. Kahoo, ha a ne a re bohobe ‘e ne e le’ ’mele oa hae, ha ho pelaelo hore bohobe bo ne bo bolela, kapa bo tšoantšetsa, ’mele oa hae. Kahoo, phetolelo ea Charles B. Williams e re: “Sena se emela ’mele oa ka.”—Luka 22:19, 20.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Bohobe bo sa lomosoang le veine ke litšoantšetso tse loketseng tsa ’mele oa Jesu o se nang sebe le mali a hae a tšolotsoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Sehopotso ke ketsahalo e re hopotsang lerato le leholo le bontšitsoeng ke Jehova Molimo le Jesu Kreste