Tlotlisa Jehova ka Mesebetsi e Metle
1 Ha u fumanoa ke sefefo se matla, e ba thuso e kaakang ha u ka fumana moo u itšireletsang! Haeba ka hare ho futhumetse ebile ho sireletsehile ’me le baahi ba u amohetse ka mofuthu, u thabela ho lula moo. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o lebisa batho sebakeng se sireletsehileng joalo ba tsoa tsamaisong ea Satane. Na boitšoaro ba rōna letsatsi le leng le le leng bo ka thusa ba bang ho bona kamoo sebaka see se sireletsehileng se hohelang kateng? E, hobane Jesu o ile a re batho ba ne ba tla ‘bona mesebetsi ea rōna e metle ’me ba tlotlise Ntate oa rōna ea maholimong.’—Mat. 5:16.
2 Re ka itšoara joang e le hore mesebetsi ea rōna e ka hohella ba bang ho Jehova le mokhatlong oa hae? Ka ho lumella hore mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 6:31 le 10:27 a bōpe bophelo ba rōna letsatsi le letsatsi. Sena se tla re susumelletsa ho bontša kameho e lerato ho batho ba bang, e leng ho tla re khetholla lefatšeng lena le se nang botsoalle le le sa tsotelleng.
3 Morali e mong oabo rōna ea neng a le leetong ka seketsoana o ile a bona mosali e mong e mocha ea neng a kulisoa ke leoatle hoo a neng a sa khone ho hlokomela ngoana oa hae e monyenyane. Morali’abo rōna o ile a ithaopela ho hlokomela ngoana eo. Ha mosali eo a botsa hore na a ka mo leboha joang, morali’abo rōna o ile a re: ‘Ke kōpa u mamele Lipaki tsa Jehova lekhetlong le latelang ha li u etela.’ Mosali eo o ile a etsa joalo, ’me hona joale eena le monna oa hae ke Lipaki. Mesebetsi e metle e ile ea ama tsela eo ba ileng ba arabela ka eona molaetseng oa ’Muso.
4 Bophelo Bohle ba Rōna Boa Ameha: Boitšoaro ba rōna tikolohong eo re lulang ho eona, ha re le mosebetsing kapa sekolong, le linakong tsa boikhathollo bo etsa hore ba bang ba be le maikutlo a itseng ka rōna le bolumeli ba rōna. Kahoo, re lokela ho ipotsa: ‘Batho ba shebeletseng ba ntalima joang ’na le lelapa la ka? Na baahelani ba nka ntlo ea rōna le jarete li hloekile ebile li hlokometsoe hantle? Na batho bao re sebetsang le bona le bao re kenang sekolo le bona ba re nka re le ba bolokang nako le ba mafolofolo? Na ba bang ba tla nka ponahalo ea rōna e itekanetse ebile e hlompheha?’ Mesebetsi ea rōna e metle e ka etsa hore borapeli ba rōna ho Jehova bo ipiletse haholoanyane ho ba bang.
5 Petrose o ile a lemosa hore Bakreste ba ne ba tla fetoha sesomo. (1 Pet. 4:4) Re tlameha ho etsa bonnete ba hore boitšoaro ba rōna ha bo etse hore batho ba bue hampe ka rōna. (1 Pet. 2:12) Haeba mesebetsi ea rōna ea letsatsi le leng le le leng e tlotlisa Molimo eo re mo rapelang, joale re tla ba joaloka mabone a phahamiselitsoeng holimo, a bitsetsang ba bang sebakeng se sireletsehileng seo Jehova a fanang ka sona.—Mat. 5:14-16.