Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 9 maq. 87-96
  • ‘Kreste o Bontša Hore Molimo o Matla’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Kreste o Bontša Hore Molimo o Matla’
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla a Mora oa Molimo ea Mong
  • O ne a ‘Bua Mantsoe a Matla’
  • O ne a ‘Etsa Mehlolo’
  • Ho Sebelisa Matla ka Tsela e se Nang Boithati, e Nang le Boikarabelo le e Nahanelang
  • Pontšo ea Lintho Tse Tlang
  • Kreste—ke Matla a Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • O ne a Rata Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 9 maq. 87-96
Jesu o Leoatleng la Galilea bosiu nakong ea sefefo.

KHAOLO EA 9

‘Kreste o Bontša Hore Molimo o Matla’

1-3. (a) Ke phihlelo efe e tšosang eo barutuoa ba ileng ba e-ba le eona Leoatleng la Galilea, hona Jesu o ile a etsa’ng? (b) Ke hobane’ng ha ka nepo moapostola Pauluse a ile a re ‘Kreste o bontša hore Molimo o matla?’

BARUTUOA ba ne ba tšohile. Ba ne ba tšela Leoatle la Galilea ka sekepe ha ka tšohanyetso ba hlaseloa ke sefefo. Ha ho pelaelo hore ba ne ba kile ba bona lifefo letšeng lena, etsoe ba bang ba bona e ne e le batšoasi ba litlhapi ba nang le phihlelo.a (Matheu 4:18, 19) Empa sena e ne e le “sefefo se matla,” ’me ka ho panya ha leihlo feela se ile sa baka ho loebehlana ho hoholo leoatleng. Banna bao ba ile ba soka sekepe ka lehlaphahlapha, empa sefefo seo se ne se le matla haholo. Maqhubu a befileng a ne a “otla sekepe hampe,” se neng se se se qala ho tlala metsi. Ho sa tsotellehe moferefere oo, Jesu o ne a khalehile karolong e ka morao ea sekepe, a khathetse ka mor’a ho ruta matšoele letsatsi lohle. Ba amehile ka bophelo ba bona, barutuoa baa mo tsosa, ’me baa ipiletsa: “Morena, re thuse rea shoa!”—Mareka 4:35-38; Matheu 8:23-25.

2 Jesu o ne a sa tšoha. Ka kholiseho e feletseng, o ile a khalemela sefefo le leoatle ka matla a re: “Thola! Khutsa!” Hang-hang, sefefo le leoatle tsa mamela. Sefefo se matla sa emisa, maqhubu a leoatle a kokobela, ’me “ha thola tu!” Joale barutuoa ba ile ba apareloa ke tšabo e kholo. Ba botsana ka ho hoeshetsa ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang?” Ha e le hantle, ke mang ea ka khonang ho khalemela sefefo le leoatle joalokaha eka o khalemela ngoana ea thibaneng litsebe?—Mareka 4:39-41; Matheu 8:26, 27.

3 Empa Jesu e ne e se motho feela tjee. O ne a thusoa ke matla a Jehova ’me a a bonahatsa ka litsela tse sa tloaelehang. Ke ka nepo moapostola Pauluse ea bululetsoeng a neng a ka re: ‘Kreste o bontša hore Molimo o matla.’ (1 Bakorinthe 1:24) Matla a Molimo a bonahalitsoe ho Jesu joang? Hona ho sebelisa ha Jesu matla ho ka re ama joang bophelong?

Matla a Mora oa Molimo ea Mong

4, 5. (a) Jehova o ile a fa Mora oa hae ea mong matla le bolaoli bofe? (b) Mora eo o ile a hlomelloa ho phetha merero ea Ntate oa hae ea popo joang?

4 Nahana ka matla ao Jesu a neng a e-na le ’ona pele e e-ba motho oa nama. Jehova o ile a sebelisa “matla a hae a sa feleng” ha a bopa Mora oa hae ea mong, eo hamorao a ileng a tsebahala e le Jesu Kreste. (Baroma 1:20; Bakolose 1:15) Hamorao, Jehova o ile a fa Mora enoa matla le bolaoli bo boholo haholo, a mo khethela ho phetha merero ea Hae ea popo. Ha e bua ka Mora, Bibele e re: “Lintho tsohle li bile teng ka eena. Ha ho letho le bileng teng haese ka eena.”—Johanne 1:3.

5 Re ke ke ra utloisisa ka ho feletseng ho pharalla ha kabelo eo. Ak’u nahane ka matla a ileng a hlokahala ho bopa mangeloi a matla a limilione, bokahohle bo bonahalang bo nang le lihlopha tsa linaleli tse limilione tse likete le lefatše le tletseng mefuta-futa ea lintho tse phelang. E le hore a phethe mesebetsi eo, Mora ea mong oa Molimo o ne a e-na le tokelo ea ho sebelisa matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng, e leng moea o halalelang oa Molimo. Mora enoa o ne a thabela haholo ho ba Mosebetsi ea Hloahloa, eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho bopa lintho tse ling tsohle.—Liproverbia 8:22-31.

6. Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae lefatšeng, Jesu o ile a fuoa matla le bolaoli bofe?

6 Na Mora ea mong oa Molimo o ne a ka fuoa matla le bolaoli bo bong bo eketsehileng? Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae lefatšeng, Jesu o ile a re: “Ke filoe matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) E, Jesu o filoe bokhoni le tokelo ea ho sebelisa matla bokahohleng. E le “Morena oa marena le Khosi ea likhosi,” o laetsoe hore a “felise mebuso eohle, bolaoli bohle hammoho le bohle ba nang le matla” ba hanyetsang Ntate oa hae, ebang ba leholimong kapa lefatšeng. (Tšenolo 19:16; 1 Bakorinthe 15:24-26) Molimo “ha aa ka a etsa hore ho be le ntho leha e le ’ngoe eo [Jesu] a sa e laoleng,” haese Jehova feela.—Baheberu 2:8; 1 Bakorinthe 15:27.

7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore le ka mohla Jesu a ke ke a sebelisa matla ao Jehova a mo fileng ’ona hampe?

7 Na re lokela ho tšoenyeha ka hore Jesu a ka ’na a sebelisa matla a hae hampe? Le hanyenyane! Jesu o rata Ntate oa hae haholo ’me le ka mohla a ke ke a etsa ntho leha e le efe e sa mo khahliseng. (Johanne 8:29; 14:31) Jesu o tseba hantle hore le hoja Jehova a le matla ’ohle, ha ho mohla a sebelisang matla a hae hampe. Jesu o ’nile a iponela hore Jehova o batla menyetla ea hore “a bontše matla a hae ka hore a thuse bohle ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle.” (2 Likronike 16:9) Ha e le hantle, Jesu o rata moloko oa batho joalokaha Ntate oa hae a o rata, kahoo re ka kholiseha hore kamehla Jesu o tla sebelisa matla a hae ka tsela e molemo. (Johanne 13:1) Jesu o ile a iketsetsa tlaleho e se nang sekoli ntlheng ena. A re hlahlobeng matla ao a neng a e-na le ’ona ha a le lefatšeng le kamoo a ileng a susumelletseha ho a sebelisa kateng.

O ne a ‘Bua Mantsoe a Matla’

8. Ka mor’a hore a khethoe, Jesu o ile a fuoa matla a ho etsa eng, hona o ile a sebelisa matla a hae joang?

8 Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu ha aa ka a etsa mehlolo ha e sa le moshanyana a ntse a hola Nazaretha. Empa seo se ile sa fetoha ka mor’a hore a kolobetsoe ka 29 C.E., ha a le lilemo tse ka bang 30. (Luka 3:21-23) Bibele ea re bolella: “Molimo . . . a mo khetha ka moea o halalelang. O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose.” (Liketso 10:38) O ne a “etsa lintho tse ntle.” Na hoo ha ho bontše hore Jesu o ne a sebelisa matla a hae ka tsela e nepahetseng? Ka mor’a hore a khethoe, e ile ea e-ba “moprofeta ea buang mantsoe a matla le ea etsang mehlolo.”—Luka 24:19.

9-11. (a) Jesu o ile a qeta boholo ba nako a rutela hokae, hona o ile a tobana le phephetso efe? (b) Ke hobane’ng ha bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea Jesu ea ho ruta?

9 Jesu o ne a bua mantsoe a matla joang? O ne a atisa ho rutela libakeng tse bulehileng: mabopong a matša, maralleng, literateng le limmarakeng. (Mareka 6:53-56; Luka 5:1-3; 13:26) Bamameli ba hae ba ne ba ka itsamaela ka bolokolohi haeba mantsoe a hae a ne a sa hape thahasello ea bona. Mehleng ea pele ho khatiso ea libuka, bamameli ba ananelang ba ne ba lokela ho ipolokela mantsoe a hae likelellong le lipelong. Kahoo ho ruta ha Jesu ho ne ho lokela ho ipiletsa ka ho feletseng, ho utloisiseha le ho hopoleha habonolo. Empa phephetso ena ha ea ka ea hlahisetsa Jesu bothata ba letho. Ka mohlala, nahana ka Thuto ea hae ea Thabeng.

10 Hoseng ho hong mathoasong a 31 C.E., bongata bo ile ba bokana leralleng haufi le Leoatle la Galilea. Ba bang ba ne ba tsoa Judea le Jerusalema, tse leng bohole ba lik’hilomithara tse 100 ho isa ho tse 110. Ba bang ba ne ba tsoa tikolohong e lebopong la Tire le Sidone, tse ka leboea. Ba bangata ba kulang ba ile ba atamela Jesu hore ba mo tšoare, ’me a ba folisa kaofela. Ha a se a folisitse batho bohle ba neng ba kula, o ile a qala ho ba ruta. (Luka 6:17-19) Hamorao ha a se a qetile ho bua, ba ne ba hloletsoe ke seo ba se utloileng. Hobane’ng?

11 Lilemo hamorao, e mong ea neng a mametse thuto eo o ile a ngola a re: “Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka eona kaha ha a ba ruta, ho ne ho utloahala hore o fuoe matla a bolaoli ke Molimo.” (Matheu 7:28, 29) Jesu o ne a bua ka matla ao ba neng ba ka a utloa. O ne a emela Molimo ’me a tšehetsa seo a se rutang ka matla a Lentsoe la Molimo. (Johanne 7:16) Lipolelo tsa Jesu li ne li hlakile, likhothatso tsa hae li susumetsa, ’me a fana ka mabaka a ke keng a hanyetsoa. Mantsoe a hae a ne a fihla khubung ea taba esita le lipelong tsa bamameli ba hae. O ne a ba ruta kamoo ba ka fumanang thabo, ba rapela, ba batla ’Muso oa Molimo le ho haha bokamoso bo sireletsehileng kateng. (Matheu 5:3–7:27) Mantsoe a hae a ne a hlasimolla lipelo tsa ba lapetseng ’nete le ho loka. Batho bao ba ne ba ikemiselitse ho khaotsa ho “iphelela” le ho tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba mo sale morao. (Matheu 16:24; Luka 5:10, 11) Ke bopaki bo matla hakaakang ba matla a mantsoe a Jesu!

O ne a ‘Etsa Mehlolo’

12, 13. Jesu o ne a ‘etsa mehlolo’ efe, hona mehlolo eo e ne e fapane joang?

12 Jesu o ne a boetse a ‘etsa mehlolo.’ (Luka 24:19) Likosepele li tlaleha mehlolo e tobileng e fetang 30 eo a e entseng, eo ‘Jehova a neng a mo file matla’ a hore a e etse.b (Luka 5:17) Mehlolo eo Jesu a e entseng e ile ea ama bophelo ba batho ba likete. Nahana ka mehlolo ena e ’meli, e leng oa ho fepa banna ba 5 000 ’me hamorao ba 4 000. Ha ho balelloa basali le bana, e ka ’na eaba batho bao ba ne ba le likete tse ngata ho feta moo!—Matheu 14:13-21; 15:32-38.

13 Jesu o ne a etsa mehlolo e fapa-fapaneng. O ne a e-na le matla a ho laela bademona, a ba leleka habonolo. (Luka 9:37-43) O ne a e-na le matla a ho laela lintho tsa tlhaho, o ile a fetola metsi veine. (Johanne 2:1-11) Nahana feela hore na barutuoa ba ne ba maketse hakaakang ha “ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle.” (Johanne 6:18, 19) O ne a khona ho phekola mefuta eohle ea mafu le maloetse. (Mareka 3:1-5; Johanne 4:46-54) O ile a phekola maloetse ao ka litsela tse fapaneng. Ba bang Jesu o ile a ba phekola ba le hole, ha ba bang ba ile ba utloa ha a ba tšoara. (Matheu 8:2, 3, 5-13) Ba bang ba ile ba folisoa hang-hang, ba bang ba folisoa butle-butle.—Mareka 8:22-25; Luka 8:43, 44.

“Ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle”

14. Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho tsosa bafu maemong afe?

14 Ka ho ikhethang, Jesu o ne a e-na le matla a ho tsosa bafu. Liketsahalong tse tharo tse tlalehiloeng, o ile a tsosa bafu, a khutlisetsa ngoanana ea lilemo li 12 ho batsoali ba hae, mora ea mong feela oa ’mè oa hae oa mohlolohali le khaitseli e ratoang ho likhaitseli tsa hae. (Luka 7:11-15; 8:49-56; Johanne 11:38-44) Ha ho boemo leha e le bofe bo ileng ba ipaka bo le thata haholo. O ile a tsosa ngoanana ea lilemo li 12 nakoana feela ka mor’a hore a shoe, a ntse a le hona betheng eo a shoetseng ho eona. O ile a tsosa mora oa mohlolohali a le holim’a lempara leo a neng a jeroe ka lona, ntle ho pelaelo hona letsatsing leo a shoeleng ka lona. Hape o ile a tsosa Lazaro lebitleng ka mor’a matsatsi a mane a shoele.

Ho Sebelisa Matla ka Tsela e se Nang Boithati, e Nang le Boikarabelo le e Nahanelang

15, 16. Ho na le bopaki bofe ba hore Jesu o ne a se na boithati ha a sebelisa matla a hae?

15 Na u ka inahanela kamoo matla a neng a ka sebelisoa hampe kateng haeba matla a Jesu a ne a ka fuoa ’musi ea sa phethahalang? Empa Jesu eena o ne a se na sebe. (1 Petrose 2:22) O ile a hana ho silafatsoa ke boithati, takatso ea botumo le meharo, e leng lintho tse susumelletsang batho ba sa phethahalang ho sebelisa matla a bona ho ntša ba bang kotsi.

16 Jesu o ne a se na boithati ha a sebelisa matla a hae, ho ne ho se mohla a a sebelisetsang ho itsoela molemo. O ile a hana ho iphetolela majoe bohobe ha a ne a lapile. (Matheu 4:1-4) Lintho tse seng kae tseo a neng a e-na le tsona e ne e le bopaki ba hore o ne a sa sebelise matla a hae ho ithuisa ka lintho tse bonahalang. (Matheu 8:20) Ho na le bopaki bo bong bo bontšang hore o ne a etsa mesebetsi e matla ka sepheo se se nang boithati. Ha a ne a etsa mehlolo, o ne a lahleheloa ke ho itseng. Ha a ne a folisa ba kulang, matla a ne a tsoa ho eena. O ne a utloa ha matla ana a tsoa, esita leha a folisitse motho a le mong feela. (Mareka 5:25-34) Leha ho le joalo, o ile a lumella batho ba bangata ho mo tšoara, ’me ba fola. (Luka 6:19) Oo ke moea o motle hakaakang oa ho se be le boithati!

17. Jesu o ile a bontša joang hore o sebelisa matla a hae ka tsela e nang le boikarabelo?

17 Jesu o ne a sebelisa matla a hae ka tsela e nang le boikarabelo. Ha ho mohla a kileng a etsa mehlolo ho etsa mponeng feela tjee kapa hona ho etsa lintho tse se nang morero tse etsetsoang ho hapa tlhokomelo. (Matheu 4:5-7) O ile a hana ho etsa mehlolo ho khotsofatsa bohelehele ba Heroda bo tletseng sepheo se sebe. (Luka 23:8, 9) Ho e-na le ho ipolelisa matla, khafetsa Jesu o ile a laela batho bao a ba folisitseng hore ba se ke ba bolella motho leha e le ofe. (Mareka 5:43; 7:36) O ne a sa batle hore batho ba etse liqeto ka eena motheong oa litlaleho tse etsoang ka ho nkeha maikutlo.—Matheu 12:15-19.

18-20. (a) Ke eng e neng e susumetsa tsela eo Jesu a sebelisang matla a hae ka eona? (b) U ikutloa joang ka tsela eo Jesu a ileng a folisa monna e mong ea sa utloeng litsebeng ka eona?

18 Motho enoa ea matla, Jesu, o ne a fapane hole le babusi bao ka ho se tsotelle ba ’nileng ba hlokomoloha litlhoko le mahlomola a ba bang ha ba sebelisa matla. Jesu o ne a tsotella batho. Ho bona feela batho ba le mahlomoleng ho ne ho mo ama habohloko hoo a neng a susumelletseha ho ba imolla bohloko ba bona. (Matheu 14:14) O ne a nahanela maikutlo le litlhoko tsa bona, ’me kameho ena e mofuthu e ne e susumetsa tsela eo a sebelisang matla a hae ka eona. Mohlala oa sena o amang maikutlo o fumanoa ho Mareka 7:31-37.

19 Ketsahalong ena, bongata bo ile ba fumana Jesu ’me ba mo tlisetsa batho ba bangata ba kulang, ’me a ba folisa kaofela. (Matheu 15:29, 30) Empa Jesu o ile a fa monna e mong tlhokomelo e khethehileng. Monna enoa o ne a sa utloe litsebeng a bile a sa khone ho bua hantle. Mohlomong ka ho khetheha Jesu o ile a hlokomela ho tšoha kapa ho hlajoa ke lihlong ha monna enoa. Ka ho nahanela, Jesu o ile a mo nkela thokoana, thoko le bongata, ba ea sebakeng se poteletseng. Eaba Jesu o sebelisa matšoao a itseng ho bontša monna enoa seo a neng a le mothating oa ho se etsa. O ile a “kenya menoana ka litsebeng tsa hae eaba o tšoela mathe o thetsa leleme la hae.”c (Mareka 7:33) Jesu a ntan’o lelala a sheba leholimong ’me a rapela ka ho feheloa. Ho etsa sena ho ne ho tla bolella monna eo hore, ‘Seo ke leng mothating oa ho u etsetsa sona ke se etsa ka matla a tsoang ho Molimo.’ Qetellong, Jesu o ile a re: “Buleha.” (Mareka 7:34) Eaba monna eo o khona ho utloa le ho bua hantle.

20 Ke ho amang maikutlo hakaakang ho hopola hore esita leha a ne a sebelisa matla a hae ao a a filoeng ke Molimo ho folisa ba mahlomoleng, Jesu o ne a bontša ho ameha ka maikutlo a bona! Na ha se ho khothatsang ho tseba hore Jehova o behile ’Muso oa Bomesia matsohong a ’Musi ea nang le kutloelo-bohloko le ea nahanelang hakaalo?

Pontšo ea Lintho Tse Tlang

21, 22. (a) Mehlolo e entsoeng ke Jesu e ne e le pontšo ea eng? (b) Kaha Jesu o na le matla a ho laola matla a tlhaho, re ka lebella eng pusong ea hae ea ’Muso?

21 Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a le lefatšeng e ne e le tlhasenyana feela ea litlhohonolofatso tse enneng haholoanyane tse tlang ho ba teng ha e se le morena. Lefatšeng le lecha la Molimo, Jesu o tla boela a etse mehlolo empa lefatšeng ka bophara! Nahana ka litebello tse ling tse hlollang tse larileng ka pele.

22 Jesu o tla busetsa kamano ea lintho tse phelang lefatšeng le tikoloho ea tsona boemong ba eona bo phethahetseng. Hopola hore o ile a bonahatsa bokhoni ba ho laola matla a tlhaho ka ho khutsisa sefefo. Ka sebele, ka nako eo, pusong ea ’Muso ea Kreste, ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore batho ba tšohe ho ntšoa kotsi ke maholiotsoana, litšisinyeho tsa lefatše, ho foqoha ha seretse se chesang, kapa likoluoa tse ling tsa tlhaho. Kaha Jesu ke Mosebetsi ea Hloahloa, eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho bopa lefatše le tsohle tse phelang ho lona, o utloisisa ka ho feletseng tsela eo lefatše le entsoeng ka eona. O tseba ho sebelisa mehloli ea lona ea matlotlo ka ho loketseng. Pusong ea hae, lefatše lena lohle le tla fetoha Paradeise.—Luka 23:43.

23. E le Morena, Jesu o tla khotsofatsa litlhoko tsa batho joang?

23 Ho thoe’ng ka litlhoko tsa moloko oa batho? Bokhoni ba Jesu ba ho fepa ba likete ka lijonyana tse seng kae feela hore ba khore, bo re tiisetsa hore pusong ea hae ho ke ke ha e-ba le tlala. Ka sebele, ha lijo li le ngata ’me li ajoa ka toka, tlala e tla fella ruri. (Pesaleme ea 72:16) Ho khona ha hae ho folisa ho kula le boloetse ho re bolella hore batho ba kulang, ba foufetseng, ba sa utloeng litsebeng, ba khaohileng litho le ba holofetseng ba tla folisoa kahohle-hohle. (Esaia 33:24; 35:5,6) Bokhoni ba hae ba ho tsosa bafu bo tiisa hore matla a hae e le Morena oa leholimo a akarelletsa matla a ho tsosa ba limilione tse se nang palo bao Ntate oa hae a ikemiselitseng ho ba hopola.—Johanne 5:28, 29.

24. Ha re ntse re nahana ka matla a Jesu, re lokela ho hopola eng, hona hobane’ng?

24 Ha re ntse re nahana ka matla a Jesu, a re ’ne re hopoleng hore Mora enoa o etsisa Ntate oa hae ka tsela e phethahetseng. (Johanne 14:9) Ho sebelisa ha Jesu matla ka tsela eo ho re fa setšoantšo se hlakileng sa kamoo Jehova a sebelisang matla kateng. Ka mohlala, nahana ka tsela e mosa eo Jesu a ileng a folisa molepera e mong ka eona. A susumelitsoe ke kutloelo-bohloko, Jesu o ile a tšoara monna eo ’me a re: “Kea batla.” (Mareka 1:40-42) Ha e le hantle, ka litlaleho tse kang ena, Jehova o re: ‘Ena ke eona tsela eo ke sebelisang matla a ka ka eona!’ Na ha u susumelletsehe ho rorisa Molimo oa rona ea matla ’ohle le ho mo leboha ka hore ebe o sebelisa matla a hae ka tsela e lerato tjee?

a Lifefo tse tlang ka tšohanyetso li tloaelehile Leoatleng la Galilea. Ka lebaka la boemo bo tlase ba Leoatle la Galilea (limithara tse ka bang 200 ka tlase ho bophahamo ba Leoatle la Mediterranean), moea o batla o futhumetse ho feta libakeng tse ling tse ka thoko, ’me sena se etsa hore boemo ba leholimo bo feto-fetohe. Meea e matla e fokela Phuleng ea Jordane e tsoa Thabeng ea Hermone e ka leboea. Ka motsotso ona ho ka ’na ha khutsa empa ka o latelang ha foka sefefo se matla.

b Ho phaella moo, ka linako tse ling Likosepele li kopanya mehlolo e mengata ka tlhaloso e le ’ngoe feela e akaretsang. Ka mohlala, ketsahalong e ’ngoe “motse oohle” o ile oa tla ho tla mo bona, ’me a phekola “ba bangata” ba kulang.—Mareka 1:32-34.

c Ho tšoela mathe e ne e le mokhoa kapa pontšo ea ho folisa e neng e amoheloa ke Bajuda le Balichaba, ’me tšebeliso ea mathe phekolong e tlalehiloe mengolong ea bo-rabi. Mohlomong Jesu o ile a tšoela mathe e le feela ho tsebisa monna eo hore o mothating oa ho folisoa. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Jesu o ne a sa sebelise mathe e le moriana oa tlhaho.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Esaia 11:1-5 Jesu o bonahatsa “moea oa . . . matla” joang, hona re ka kholiseha ka eng pusong ea hae?

  • Mareka 2:1-12 Lipholiso tsa Jesu tsa mohlolo li bontša hore o fuoe matla a ho etsa eng?

  • Johanne 6:25-27 Le hoja Jesu a ile a khotsofatsa litlhoko tsa batho tsa nama ka tsela ea mohlolo, sepheo se ka sehloohong sa tšebeletso ea hae e ne e le sefe?

  • Johanne 12:37-43 Ke hobane’ng ha ba bang bao e bileng lipaki tse boneng ka mahlo mehlolo eo Jesu a e entseng ba sa ka ba lumela ho eena, hona re ka ithuta eng ho see?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela