Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 8 maq. 77-86
  • Matla a ho Nchafatsa—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a ho Nchafatsa—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsosolosoa ha Borapeli bo Hloekileng
  • Tsosoloso ea Moea—Lebaka Leo ka Lona e Leng ea Bohlokoa
  • “Bona, ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
  • Ho Tsosetsa Bafu Bophelong
  • “Ke Tla ba Momahanya”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • ‘Linako Tsa Tsosoloso’ li Atametse!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • ‘Nako ea Hore ho Nchafatsoe Lintho Tsohle’
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Paradeise e Tsosolositsoeng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 8 maq. 77-86
Mosali oa mohlolohali o haka mora oa hae ea tsositsoeng bafung a thabile.

KHAOLO EA 8

Matla a ho Nchafatsa—Jehova o “Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

1, 2. Lelapa la motho le utloisoa bohloko ke ho lahleheloa ke lintho life kajeno, hona see se re ama joang?

NGOANA o lahla ntho eo a bapalang ka eona eo a e ratang kapa oa e roba ’me o lla sa ’mokotsane. Seboko ke se hlabang habohloko! Empa, na u kile oa bona kamoo sefahleho sa ngoana se elang kateng ha motsoali a mo tholla ntho eo e lahlehileng? Ho motsoali ho ka ’na ha e-ba bonolo ho thola ntho eo ea ho bapala kapa hona ho e lokisa. Empa ngoana eena o thabile hoo a sa tsebeng hore na a iketse’ng o bile o hloletsoe. Ntho eo ho neng ho bonahala eka e etse ruri e fumanehile!

2 Jehova, Motsoali ea phahameng ka ho fetisisa, o na le matla a ho khutlisa seo bana ba hae ba lefatšeng ba ka ’nang ba nka hore se ile se ile. Ho hlakile hore ha re bue ka lintho feela tjee tsa ho bapala. ‘Mehleng ena ea bofelo’ eo ho eona ‘bophelo bo leng thata,’ re tlameha ho tobana le tahlehelo e tebileng ho feta eo hole. (2 Timothea 3:1-5) Ho bonahala lintho tse ngata tseo batho ba li nkang e le tsa bohlokoa li le kotsing nako eohle—ntlo, thepa, mosebetsi, esita le bophelo bo botle ba ’mele. Re ka ’na ra ikutloa re nyahame ha re nahana ka ho senngoa ha tikoloho le ho fela ha mefuta e mengata ea lintho tse phelang. Leha ho le joalo, ha ho ntho e re utloisang bohloko joaloka ho shoeloa ke moratuoa. Maikutlo a tahlehelo le a ho felloa ke matla e ka ba a sithabetsang.—2 Samuele 18:33.

3. Ho boletsoe tebello efe e khothatsang ho Liketso 3:21, hona Jehova o tla sebelisa eng ho e phethahatsa?

3 Joale, ke ho khothatsang hakaakang ho ithuta ka matla a Jehova a ho nchafatsa! Joalokaha re tla bona, ho na le lintho tse ngata ka mokhoa o tsotehang tseo Molimo a ka li nchafatsang le tseo a tlang ho li nchafatsa bakeng sa bana ba hae ba lefatšeng. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore Jehova o rerile ‘ho nchafatsa lintho tsohle.’ (Liketso 3:21) Ho phethahatsa sena, Jehova o tla sebelisa ’Muso oa Bomesia, o tlas’a puso ea Mora oa hae, Jesu Kreste. Bopaki bo bontša hore ’Muso ona o qalile ho busa leholimong ka 1914.a (Matheu 24:3-14) Ho tla nchafatsoa eng? A re hlahlobeng tse ling tsa liketso tsa Jehova tse babatsehang tsa nchafatso. Le hona joale re khona ho bona le ho thabela e ’ngoe ea tsona. Tse ling li tla etsahala ka tekanyo e pharaletseng nakong e tlang.

Ho Tsosolosoa ha Borapeli bo Hloekileng

4, 5. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba Molimo ka 607 B.C.E., ’me Jehova o ile a ba tšepisa eng?

4 Ntho e ’ngoe eo Jehova a seng a e entse ho nchafatsa lintho ke ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. E le hore re utloisise se boleloang ke sena, a re hlahlobeng ho se hokae tlaleho ea ’muso oa Juda. Ho e hlahloba ho tla re fa leseli le hlasimollang mabapi le kamoo Jehova a ’nileng a sebelisa matla a hae ho nchafatsa lintho kateng.—Baroma 15:4.

5 Nahana kamoo Bajuda ba tšepahalang ba ileng ba ikutloa kateng ka 607 B.C.E. ha Jerusalema e timetsoa. Motse oa bona o ratoang o ne o timelitsoe, marako a oona a helelitsoe. Ho hobe le ho feta, tempele e ntle eo Solomone a neng a e hahile e le setsi sa borapeli ba Jehova bo hloekileng lefatšeng lohle, e ne e setse e le lithako. (Pesaleme ea 79:1) Baphonyohi ba ile ba isoa botlamuoeng Babilona, ba siea naha ea habo bona e le lithako tseo ho sollang liphoofolo tse hlaha ho tsona. (Jeremia 9:11) Ho ea ka pono ea motho, ho ne ho bonahala eka sohle se lahlehile. (Pesaleme ea 137:1) Empa Jehova, ea ileng a bolela timetso eo nako e telele esale pele, o ile a tšepisa hore ho sa ntse ho tla tla nako ea nchafatso.

6-8. (a) Ke taba efe e ka sehloohong e hlahang khafetsa mangolong a baprofeta ba Baheberu, hona boprofeta boo bo ile ba phethahala joang qalong? (b) Mehleng ea kajeno batho ba Molimo ba bone phethahatso ea boprofeta ba ho nchafatsa joang?

6 Ha e le hantle, ho nchafatsa e ne e le taba e ka sehloohong e hlahang khafetsa mangolong a baprofeta ba Baheberu.b Ka bona, Jehova o ile a tšepisa ho nchafatsa naha le ho boela a e tlatsa ka baahi, ho e atlehisa, ho e sireletsa tlhaselong ea libatana le lira. O ile a hlalosa naha ea bona e nchafalitsoeng e le paradeise ea sebele! (Esaia 65:25; Ezekiele 34:25; 36:35) Ka holim’a tsohle, ho ne ho tla tsosolosoa borapeli bo hloekileng, ’me tempele e hahuoe bocha. (Mikea 4:1-5) Boprofeta bona bo ile ba fa Bajuda ba kholehong tšepo, ba ba thusa ho mamella lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babilona.

7 Qetellong, nako ea ho nchafatsa e ile ea fihla. Ba lokolotsoe Babilona, Bajuda ba ile ba khutlela Jerusalema ’me ba tsosolosa tempele ea Jehova moo. (Esdrase 1:1, 2) Hafeela ba ntse ba khomaretse borapeli bo hloekileng, Jehova o ne a ba hlohonolofatsa ’me a atlehisa naha ea bona le ho e fa chai. O ne a ba sireletsa ho lira le ho libatana tse neng li ’nile tsa lalasa naheng ea bona ka mashome a lilemo. E tlameha ebe ba ile ba thabela matla a Jehova a ho tsosolosa hakaakang! Empa liketsahalo tseo e ne e le qalo feela, e le phethahatso e fokolang ea boprofeta ba ho nchafatsa. Phethahatso e kholoanyane e ne e tla tla “matsatsing a ho qetela,” mehleng ea rona, ha Mojalefa oa Morena Davida eo e leng khale a tšepisitsoe a ne a tla behoa teroneng.—Esaia 2:2-4; 9:6, 7.

8 Nakoana ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng ea ’Muso oa leholimo ka 1914, o ile a lebisa tlhokomelo litlhokong tsa moea tsa batho ba Molimo ba tšepahalang ba lefatšeng. Feela joalokaha mohloli oa Mopersia, Saeruse, a ile a lokolla masala a Bajuda Babilona ka 537 B.C.E., Jesu o ile a lokolla masala a Bajuda ba moea—e leng balateli ba hae—tšusumetsong ea “Babilona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:1-5; Baroma 2:29) Ho tloha ka 1919 ho ea pele, borapeli bo hloekileng bo ile ba tsosolosetsoa sebakeng sa bona se loketseng bophelong ba Bakreste ba ’nete. (Malakia 3:1-5) Ho tloha nakong eo, batho ba Jehova ba ’nile ba mo rapela ka tempeleng ea hae ea moea—e leng tokisetso ea Molimo ea borapeli bo hloekileng. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho rona kajeno?

Tsosoloso ea Moea—Lebaka Leo ka Lona e Leng ea Bohlokoa

9. Ka mor’a mehla ea baapostola, likereke tsa Bokreste-’motoana li ile tsa etsa’ng ka borapeli ba Molimo, empa Jehova o entse’ng mehleng ea rona?

9 Nahana ka boemo ho latela histori. Bakreste morao koana lekholong la pele la lilemo ba ile ba thabela litlhohonolofatso tse ngata tsa moea. Empa Jesu le baapostola ba ile ba bolela esale pele hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla silafatsoa le hore bo ne bo tla nyamela. (Matheu 13:24-30; Liketso 20:29, 30) Ka mor’a mehla ea baapostola, Bokreste-’motoana bo ile ba hlahella. Baruti ba bona ba ile ba amohela lithuto le mekhoa ea bohetene. Hape ba ile ba etsa hore ho atamela Molimo e be ntho e thata, ba mo hlalosa e le Boraro-bo-bong boo ho leng thata ho bo utloisisa ’me ba ruta batho hore ba ipolele libe ho baprista le hore ba rapele Maria le “bahalaleli” ba fapa-fapaneng ho e-na le Jehova. Joale, ka mor’a lilemo tse makholo-kholo tsa bokoenehi boo, Jehova o entse’ng? Lefatšeng la kajeno—le pupelitsoeng ke lithuto tsa bohata tsa bolumeli le le silafalitsoeng ke mekhoa e se nang bomolimo—o ile a kenella ’me a tsosolosa borapeli bo hloekileng! Re sa fetelletse litaba, re ka bolela hore tsosoloso ena ke e ’ngoe ea liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa mehleng ena.

10, 11. (a) Paradeise ea moea e akarelletsa likarolo life tse peli, hona u ameha joang? (b) Jehova o bokeletse batho ba mofuta ofe paradeiseng ea moea, hona ba tla hlohonolofatsoa ka ho bona eng?

10 Ka hona, kajeno Bakreste ba ’nete ba thabela paradeise ea moea e lulang e ntlafala le ho hola. Paradeise ee e akarelletsa eng? Ha e le hantle, e likarolo li peli. Ea pele ke borapeli bo hloekileng ba Molimo oa ’nete, Jehova. O re hlohonolofalitse ka borapeli bo se nang mashano le lithuto tse sothehileng. O re hlohonolofalitse ka lijo tsa moea. Sena se re nolofalletsa ho ithuta ka Ntat’a rona oa leholimo, ho mo khahlisa le ho atamela ho eena. (Johanne 4:24) Karolo ea bobeli ea paradeise ea moea e akarelletsa batho. Joalokaha Esaia a ile a bolela esale pele, “matsatsing a ho qetela,” Jehova o ’nile a ruta barapeli ba hae litsela tsa khotso. O felisitse ntoa har’a rona. Le hoja re sa phethahala, o re thusa ho apara “botho bo bocha.” O hlohonolofatsa boiteko ba rona ka moea oa hae o halalelang, o hlahisang ka ho rona litšobotsi tse ratehang. (Baefese 4:22-24; Bagalata 5:22, 23) Ha u sebetsa tumellanong le moea oa Molimo, ka sebele u ba karolo ea paradeise ea moea.

11 Jehova o bokeletse batho bao a ba ratang—ba mo ratang, ba ratang khotso le ba “hlokomelang hore ba hloka Molimo”—paradeiseng ena ea moea. (Matheu 5:3) Batho bana ba tla hlohonolofatsoa ka monyetla oa ho bona tsosoloso e hlollang le ho feta—ea moloko oa batho le ea lefatše lohle.

“Bona, ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha boprofeta ba ho nchafatsoa ha lintho bo ntse bo lokela ho phethahala ka tsela e ’ngoe? (b) Morero oa Jehova ka lefatše joalokaha o boletsoe Edene ke ofe, hona ke hobane’ng ha see se re fa tšepo ka nako e tlang?

12 Boprofeta bo bongata ba ho nchafatsoa ha lintho ha bo bue ka tsosoloso ea moea feela. Ka mohlala, Esaia o ile a ngola ka nako eo ka eona ba kulang, ba holofetseng, ba foufetseng le ba sa utloeng litsebeng ba tlang ho folisoa le nako eo ka eona esita le lefu ka bolona le tlang ho felisoa ka ho sa feleng. (Esaia 25:8; 35:1-7) Litšepiso tseo ha lia ka tsa phethahala ka tsela ea sebele Iseraeleng ea boholo-holo. Le hoja re bone ho phethahala ha litšepiso tsena ka tsela ea moea mehleng ena ea rona, re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore li tla phethahala ka tsela ea sebele le ka tekanyo e feletseng nakong e tlang. Seo re se tseba joang?

13 Morao koana Edene, Jehova o ile a hlakisa morero oa hae ka lefatše: Le ne le lokela ho ahuoa ke lelapa la motho le thabileng, le phelang hantle le le momahaneng. Monna le mosali ba ne ba lokela ho hlokomela lefatše le libopuoa tsohle tse ho lona, ho etsa lefatše lohle paradeise. (Genese 1:28) Boemo boo bo fapane hole le bo teng kajeno. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore merero ea Jehova e ke ke ea hloleha le ka mohla. (Esaia 55:10, 11) Jesu, e le Morena oa Bomesia ea khethiloeng ke Jehova, o tla tlisa Paradeise ena ea lefatše lohle.—Luka 23:43.

14, 15. (a) Jehova o tla etsa hore “lintho tsohle li be ncha” joang? (b) Bophelo bo tla ba joang Paradeiseng, hona ke tšobotsi efe e ipiletsang ho uena ka ho khetheha?

14 Ak’u nahane feela u bona lefatše lohle e se e le Paradeise! Jehova o re ka nako eo: “Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Nahana ka se tla boleloa ke seo. Ha Jehova a qeta ho sebelisa matla a hae a ho timetsa tsamaiso ena ea khale e khopo, ho tla sala “maholimo a macha le lefatše le lecha.” Sena se bolela hore puso e ncha e tla busa e le leholimong holim’a mokhatlo oa lefatše le lecha o entsoeng ka batho ba ratang Jehova le ba etsang thato ea hae. (2 Petrose 3:13) Satane, hammoho le bademona ba hae ba tla felloa ke mosebetsi. (Tšenolo 20:3) Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse likete, moloko oa batho o tla lokoloha tšusumetsong eo e senyang, e lonya le e kotsi. Ha ho pelaelo hore o tla ikutloa o imolohile haholo.

15 Qetellong, re tla khona ho hlokomela lefatše lena le letle joalokaha re ne re reretsoe ho le hlokomela qalong. Lefatše le na le matla a tlhaho a ho inchafatsa. Matša le linoka tse silafetseng li khona ho itlhoekisa haeba mohloli oa tšilafalo o tlosoa, libaka tse sentsoeng ke lintoa li ka ntlafala haeba lintoa li emisa. E tla ba ho thabisang hakaakang ho sebetsa tumellanong le melao ea tlhaho ea lefatše, ho thusa ho le fetola sebaka se kang serapa sa lifate le lipalesa, Edene ea lefatše lohle e nang le mefuta-futa ea limela le liphoofolo! Ho fapana le ho bolaea liphoofolo le limela larita, motho o tla phela ka khotso le popo eohle lefatšeng. Esita le bana ba ke ke ba tšaba liphoofolo tse hlaha ho hang.—Esaia 9:6, 7; 11:1-9.

16. Paradeiseng, ke nchafatso efe e tla ama motho e mong le e mong ea tšepahalang?

16 Re tla boela re nchafale ’meleng. Ka mor’a Armagedone, baphonyohi ba tla folisoa ka tsela ea mohlolo lefatšeng ka kakaretso. Joalokaha Jesu a ile a etsa ha a le lefatšeng, o tla sebelisa matla ao a a filoeng ke Molimo ho etsa hore ba foufetseng ba bone, ba sa utloeng litsebeng ba utloe, ba holofetseng le ba kulang ba phele hantle ’meleng. (Matheu 15:30) Ba tsofetseng ba tla thabela ho khutlela matleng a bocha, ho phela hantle ’meleng le ho ba mahlahahlaha. (Jobo 33:25) Masoebe a tla fela, litho tse holofetseng li tla otloloha le mesifa e nchafale. Batho bohle ba tšepahalang ba tla hlokomela hore liphello tsa sebe le ho se phethahale li ntse li fokotseha butle-butle, li nyamela. Re tla leboha Jehova Molimo hakaakang ka matla a hae a tsotehang a ho nchafatsa! Joale a re lebiseng tlhokomelo tšobotsing e ’ngoe e thabisang ka ho khetheha ea nako ena e hlasimollang ea nchafatso.

Ho Tsosetsa Bafu Bophelong

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela Basaduse ka matla? (b) Ke maemo afe a ileng a etsa hore Elia a kope Jehova hore a tsose mofu?

17 Lekholong la pele la lilemo C.E., baeta-pele ba bang ba bolumeli, ba neng ba bitsoa Basaduse, ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu. Jesu o ile a ba khalemela ka matla ka mantsoe a reng: “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Molimo o matla hakae.” (Matheu 22:29) E, Mangolo a senola hore Jehova o na le matla ao a ho tsosa. Joang?

18 Nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Elia. Mohlolohali e mong o ne a sikile setopo se nyebeletseng sa ngoana oa hae ea mong. Moshemane eo o ne a shoele. E tlameha ebe moprofeta Elia, ea neng a qetile nakoana a etetse ha mohlolohali eo, o ile a haroha letsoalo. O ne a sa tsoa thusa ho pholosa ngoana eo ho bolaoeng ke tlala. E ka ’na eaba Elia o ne a se a bile a e-na le maqhama a matla le moshemane eo. ’Mè oa hae o ne a sithabetse habohloko. Moshemane enoa e ne e se e le eena feela motho ea phelang ea mo hopotsang monna oa hae ea shoeleng. Mohlomong o ne a tšepile hore mora eo oa hae o tla mo hlokomela botsofaling ba hae. A tsielehile, mohlolohali enoa o ile a tšoha hore o otleloa phoso e itseng ea nakong e fetileng. Elia o ne a sitoa ho mamella tlokotsi ena e rarahaneng. O ile a nanabela setopo seo sefubeng sa ’mè eo, a nyolohela le sona ka kamoreng ea hae, ’me a kopa Jehova Molimo hore a etse hore ngoana eo a phele hape.—1 Marena 17:8-21.

19, 20. (a) Abrahama o ile a bontša joang hore o ne a e-na le tumelo matleng a Jehova a ho tsosa, hona motheo oa tumelo eo e ne e le ofe? (b) Jehova o ile a putsa tumelo ea Elia joang?

19 Elia e ne e se eena motho oa pele oa ho lumela tsohong ea bafu. Makholo a lilemo pejana, Abrahama o ile a lumela hore Jehova o na le matla a joalo a ho tsosa ’me e le ka lebaka le utloahalang. Ha Abrahama a le lilemo li 100 ’me Sara a le lilemo li 90, Jehova o ile a tsosolosa matla a bona a ho ba le bana, ka mohlolo a etsa hore Sara a belehe mora. (Genese 17:17; 21:2, 3) Hamorao, ha moshemane eo e se e le monna ea tiileng, Jehova o ile a kopa Abrahama hore a etse mora oa hae sehlabelo. Abrahama o ile a bontša tumelo, a lumela hore Jehova a ka tsosa mora oa hae ea ratoang Isaka. (Baheberu 11:17-19) E ka ’na eaba tumelo eo e matla e bontša lebaka leo ka lona Abrahama, pele a nyolohela thabeng ho ea etsa mora oa hae sehlabelo, a ileng a tiisetsa bahlanka ba hae hore o tla khutla le Isaka.—Genese 22:5.

Mosali oa mohlolohali o haka mora oa hae ea tsositsoeng bafung a thabile, moprofeta Elia o ba shebile.

“Bona, mora oa hao oa phela”!

20 Jehova o ile a sireletsa Isaka, kahoo ha hoa ka ha hlokahala hore a tsosoe bafung ka nako eo. Leha ho le joalo, tabeng ea Elia, mora oa mohlolohali o ne a se a shoele—le hoja e ne e e-s’o be khale. Jehova o ile a putsa tumelo ea moprofeta eo ka ho tsosa ngoana eo! Ka mor’a moo Elia o ile a isa moshemane ho ’m’ae, a bua mantsoe ana a sa lebaleheng: “Bona, mora oa hao oa phela.”—1 Marena 17:22-24.

21, 22. (a) Morero oa litlaleho tsa tsoho tse tlalehiloeng ka Mangolong ke ofe? (b) Paradeiseng, tsoho ea bafu e tla ba e pharaletseng hakae, hona ke mang ea tla tsosa batho?

21 Kahoo ka lekhetlo la pele tlalehong ea Bibele, re bona ha Jehova a sebelisa matla a hae ho tsosa motho bafung. Hamorao, Jehova o ile a boela a fa Elisha, Jesu, Pauluse le Petrose matla a ho tsosa bafu. Ke ’nete hore ba ileng ba tsosoa bafung qetellong ba ile ba boela ba shoa. Leha ho le joalo, litlaleho tseo tsa Bibele li re fa ponelo-pele e hlollang ea lintho tse tlang.

22 Jesu o tla phethahatsa karolo ea hae e le “tsoho le bophelo,” Paradeiseng. (Johanne 11:25) O tla tsosa ba limilione tse se nang palo bafung, a ba fe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Johanne 5:28, 29) Ak’u nahane feela ha metsoalle e ratanang le ba leloko, bao e leng khale ba arohantsoe ke lefu, ba boetse ba kopana, ba hakana, ba tlola-tlola ke thabo! Moloko oohle oa batho o tla tlotlisa Jehova ka matla a hae a ho tsosolosa.

23. Ponahatso e ikhethang ka ho fetisisa ea matla a Jehova e bile efe, hona e tiisa tšepo ea rona ea nakong e tlang joang?

23 Jehova o fane ka tiiso e tiileng le e ke keng ea sisinyeha ea hore litšepiso tseo ke tsa ’nete. E le ponahatso e ikhethang ka ho fetisisa ea matla a hae, Jehova o ile a tsosa Mora oa hae, Jesu, e le sebopuoa se matla sa moea, a mo beha e le ea phahametseng mangeloi kaofela. Jesu ea tsositsoeng o ile a bonahala ho lipaki tse makholo. (1 Bakorinthe 15:5, 6) Esita le ho batho ba belaelang, bopaki boo e lokela ho ba bo kholisang. Jehova o na le matla a ho tsosa bafu.

24. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla tsosa bafu, hona e mong le e mong oa rona a ka ananela tšepo efe?

24 Ha se feela hore Jehova o na le matla a ho tsosa bafu empa o boetse o labalabela ho etsa joalo. Monna ea tšepahalang Jobo o ile a bululeloa ho bolela hore ha e le hantle Jehova o hlolohetsoe ho tsosa bafu. (Jobo 14:15, nal.) Na ha u utloe u rata Molimo oa rona, ea labalabelang ho sebelisa matla a hae ka tsela e lerato joalo? Leha ho le joalo, hopola hore tsoho ea bafu e mpa e le tšobotsi e ’ngoe feela ea mosebetsi oa Jehova o moholo oa ho nchafatsa lintho o larileng ka pele. Ha u ntse u atamela ho Jehova haholoanyane, lula u ananela tšepo ea bohlokoa ea hore u ka ba teng ho bona ha a “etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:5.

a ‘Nako ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle’ e qalile ha ho hlongoa ’Muso oa Bomesia ’me mojalefa oa Morena Davida ea tšepahalang a behoa teroneng. Jehova o ne a ile a tšepisa Davida hore mojalefa oa hae o tla busa ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 89:35-37) Empa ka mor’a hore Babilona e timetse Jerusalema ka 607 B.C.E., ha ho motho eo e neng e le setloholo sa Davida ea ileng a lula teroneng ea Molimo. Jesu, ea ileng a tsoaloa lefatšeng e le mojalefa oa Davida, e bile eena Morena eo e leng khale a tšepisitsoe ha a behoa teroneng leholimong.

b Ka mohlala, Moshe, Esaia, Jeremia, Ezekiele, Hosea, Joele, Amose, Obadia, Mikea le Sofonia kaofela ba ile ba bua ka taba ena e ka sehloohong.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • 2 Marena 5:1-15 Ka lebaka la hore o ile a hlaolela boikokobetso, monna e mong oa mehleng ea Bibele o ile a rua molemo joang matleng a Jehova a ho nchafatsa?

  • Jobo 14:12-15 Jobo o ne a kholisehile ka eng, hona litemana tsee li ka ama tšepo ea rona ea nako e tlang joang?

  • Pesaleme ea 126:1-6 Kajeno Bakreste ba ka ’na ba ikutloa joang ka ho tsosolosoa ha borapeli bo hloekileng le ka ho kopanela ho bona?

  • Baroma 4:16-25 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša tumelo matleng a Jehova a ho nchafatsa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela