Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/1 maq. 25-28
  • Motho A ka ba ka Setšoantšo sa Molimo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho A ka ba ka Setšoantšo sa Molimo Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšoaneleho tsa Jehova
  • Boiteko ba ho Etsisa Molimo
  • Re ka ba ba Tšoanang le Molimo Haholoanyane Joang Kajeno?
  • Ho Bolela Litaba tse Molemo
  • Tlotlisa Jehova e le Eena Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • “Ona ke Mokhoa oo Molimo a Ileng a re Rata ka Oona”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Toka Haufinyane Bakeng sa Lichaba Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Etsisa Jehova—Sebelisa Toka le ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/1 maq. 25-28

Motho A ka ba ka Setšoantšo sa Molimo Joang?

“EABA Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.” Ho rialo tlaleho e bululetsoeng, empa e bolela’ng? Monna le mosali ba pele ba ile ba bōptjoa ka setšoantšo sa Molimo joang?—Genese 1:27.

Na ba ne ba tšoana le Molimo ka sebōpeho sa ’mele? Che, hoo ho ke ke ha etsahala. Motho ke motho, oa nama, ea reretsoeng ho phela lefatšeng. Molimo ke moea, ea phelang khanyeng e ke keng ea lekanngoa ea leholimo eo motho a ke keng a e atamela le ho e atamela. (Exoda 33:18-20; 1 Ba-Korinthe 15:50) Joale, motho o ile a etsoa ka setšoantšo sa Molimo joang? Ka hore motho o ne a filoe matla a ho sebelisa litšobotsi tse ikhethang tsa Molimo—lerato, toka, bohlale, le matla—hammoho le litšoaneleho tse ling.

Litšoaneleho tsa Jehova

Litšoaneleho tsa Jehova Molimo li bonahala pōpong eohle ea hae, empa li ile tsa bonahatsoa ka tsela e hapang tlhokomelo litšebelisanong tsa hae le batho ba babeli ba pele, Adama le Eva. (Ba-Roma 1:20) Lerato la hae le ile la bonoa ka hore o ile a bōpa lefatše le loketse hore motho a ka phela ho lona. Jehova o ile a bōpela monna mosali ea phethahetseng hore e be motsoalle oa hae le ’mè oa bana ba hae. Bobeli ba bona o ile a ba beha serapeng se setle ’me a ba fa lintho tsohle tse hlokahalang ka bongata hore ba tsoele pele ba phela ’me ba thabile. Ntho e babatsehang le ho feta, Molimo o ile a ba fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Genese 2:7-9, 15-24.

Bohlale ba Molimo bo ile ba bonoa ha a leka batho ba babeli ba pele. Haeba ba ne ba lokela ho lula e le litho tsa lelapa le akaretsang la Jehova le haeba ba ne ba lokela ho phela e le batsoali ba moloko oa motho, ho ne ho tla hlokahala hore e be mehlala botšepehing le borapeling ba ’nete. Kahoo, Jehova o ile a ba fa monyetla oa ho bontša boemo ba bona ba pelo tlas’a teko e loketseng—ba ne ba sa lokela ho ja se behoang ke sefate sa tsebo ea botle le bobe. E bile bohlale bo bokaakang ho Jehova hore a lumelle batho hore ba ipake e le ba utloang le ba mo ratang pele a ba fa litokelo tse babatsehang tseo a neng a ba hopoletse tsona!

Toka ea Molimo e ile ea bonoa ha a tsitlallela litekanyetso tse phahameng libōpuoeng tsa hae le ho se sekisetse ha hae litekanyetso tseo. Ho ile ha bonoa ha a fa Adama le Eva monyetla o mong le o mong oa ho etsa se nepahetseng. ’Me ha ba hlōleha ho etsa joalo, toka ea hae e ile ea bonoa ha a ba ahlolela ho utloa bohloko ba kotlo eo ba e behetsoeng bakeng sa bofetoheli.

Matla a Jehova a ile a bonoa ha a etsa hore a bone hore kahlolo ea hae e phethiloe. Satane, mofetoheli e moholo, o ne a ile a fana ka maikutlo a hore Jehova e ne e le raleshano, ’me Satane o ile a tšepisa Eva lintho tse khōlō haeba a ke ke a utloa Molimo. (Genese 3:1-7) Empa Satane ha a ka a khona ho phethahatsa tšepiso ea hae. Ha a ka a thibela Jehova ho leleka Adama le Eva tšimong ea Edene, hape ha a ka a khona ho thibela ho phethahala ha mantsoe a Molimo ho Adama: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Leha ho le joalo, Jehova ha a ka a potlakela ho phethahatsa kahlolo ea lefu, ’me ho sena o ile a tsoela pele ho bontša lerato la hae. O ile a lumella Adama le Eva nako ea ho tsoala bana ka tsela eo morero oa hae oa qalong bakeng sa batho o neng o tla qeteletse o phethahetse ka eona.—Genese 1:28.

Qetellong, toka, lerato, matla, le bohlale tsa Jehova Molimo li ile tsa bonahala tšepisong ea hae ea ho fana ka peō e neng e tla felisa mesebetsi ea Satane le ho etsolla liphello tse soabisang tsa bofetoheli ba pele khahlanong le borena ba bomolimo. (Genese 3:15) Re na le ’Mōpi ea babatsehang hakaakang!

Boiteko ba ho Etsisa Molimo

Le hoja ba se ba sa phethahala, batho ba ntse ba ka bontša litšoaneleho tsa Molimo. Kahoo, Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba mehleng ea hae: “Le fele le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang.” (Ba-Efese 5:1) Leha ho le joalo, ho pholletsa le histori, ba bangata ba ile ba bontša ho hlokomoloha ka ho tebileng litšoaneleho tsa Molimo. Mehleng ea Noe, batho ba ne ba senyehile hoo Jehova a ileng a ikemisetsa ho felisa moloko oohle oa batho ka ntle le Noe le lelapa la hae. Noe e ne e le “motho ea lokileng. O ile a ipaka a se na molato har’a lithaka tsa hae,” (NW) ’me o ile a bontša hore o rata Molimo ka ho phetha litaelo tsa Molimo. “Eaba Noe o etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.” (Genese 6:9, 22) Noe o ile a bontša lerato ho batho ba habo le ka ho iphaphatha le toka ka ho ba “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) O ile a bontša bohlale ’me ka nepo a sebelisa matla a hae a ’mele ka ho latela tataiso ea Molimo ho haha areka, a boloka lijo ka ho eona, a bokella liphoofolo, ’me a kena ka arekeng ka taelo ea Jehova. O ile a boela a bontša lerato la hae la ho loka ka ho se lumelle baahelani ba hae ba khopo ho mo silafatsa.

Bibele e bolela ba bang ba bangata bao ka ho tšoanang ba ileng ba bontša litšoaneleho tsa bomolimo. Ea ka sehloohong e ne e le Jesu Kreste, eo ka ho phethahetseng a neng a le ka setšoantšo sa Molimo ’me kahoo a neng a ka re: “Ea mponang o bone Ntate.” (Johanne 14:9) Har’a litšoaneleho tseo Jesu a ileng a li bontša, e neng e ikhethile e ne e le lerato la hae. Lerato ho Ntate oa hae le ho moloko oa batho le ile la mo susumelletsa ho siea lehae la hae la leholimo le ho tla phela e le motho lefatšeng. Le ile la mo susumelletsa ho tlotlisa Ntate oa hae ka boitšoaro ba hae bo lokileng le ka ho bolella moloko oa batho litaba tse molemo tsa poloko. (Mattheu 4:23; Johanne 13:31) Joale, lerato le ile la susumelletsa Jesu ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng bakeng sa hore batho ba bolokehe ’me, habohlokoa le ho feta, bakeng sa ho halaletsoa ha lebitso la Molimo. (Johanne 13:1) Ka ho loanela ho etsisa Molimo, na ho na le mohlala o molemonyana ho feta ho latela Jesu Kreste?—1 Petrose 2:21.

Re ka ba ba Tšoanang le Molimo Haholoanyane Joang Kajeno?

Kajeno re ka bontša litšoaneleho tsa Molimo joang ’me kahoo ra etsa lintho ka setšoantšo sa Molimo? Nahana pele ka tšoaneleho ea lerato. Jesu o itse: “U tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka sephefumolohi sa hao sohle le ka kelello ea hao eohle.” Molimo re ka mo bontša lerato joang? Moapostola Johanne oa arabela: “Hobane ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona, ’me litaelo tsa oona ha li boima.”—Mattheu 22:37, NW; 1 Johanne 5:3.

Ha e le hantle, hore re tle re utloe litaelo tsa Jehova, re lokela ho li tseba. Hoo ho akarelletsa ho bala, ho ithuta, le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo, Bibele, le ka lingoliloeng tsa Bibele. Joaloka mopesaleme, re lokela ho re: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Ha re ntse re fumana kutloisiso e tebileng haholoanyane ea Lentsoe la Molimo, re ba ba kenoeng ke tsela ea Molimo ea ho nahana. Re ba ba ratang ho loka le ba hloeang ho se ee ka molao. (Pesaleme ea 45:7) Ke hona moo Adama a ileng a fosa teng. O ne a tseba molao oa Jehova, empa ha a ka a o rata ka ho lekaneng hore a ka o khomarela. Ha re bala Lentsoe la Molimo, ka mehla re lokela ho ipotsa, ‘See se sebetsa ho ’na joang? Nka etsa joang hore boitšoaro ba ka bo be tumellanong le litšoaneleho tsa Molimo haholoanyane?’

Jesu o boetse a re: “Rata oa heno joalo ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Motho e mong le e mong ea phetseng hantle oa ithata ’me o ipatlela se molemohali. Hoo ha hoa fosahala. Empa na re bontša lerato le tšoanang ho baahelani ba rōna? Na re latela keletso ea Bibele: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao”?—Liproverbia 3:27; Ba-Galata 6:10.

Ho thoe’ng ka tšoaneleho ea bohlale? Ho batla ha rōna ho bontša tšoaneleho ena ho re lebisa ho ithuteng Bibele hobane ke eona mohloli oa bohlale ba bomolimo. Pesaleme ea 119:98-100 e baleha tjena: “Litaelo tsa hao li ntlhalefisa haholo ho fetisa lira tsa ka, hobane li na le ’na ka mehla. Ke na le kutloisiso e fetisang ea ba nthutang kaofela, hobane likeletso tsa hao ke nahano ea ka. Ke fetisa ba holileng ka kutloisiso, kahobane ke boloka litemoso tsa hao.” Ho Liproverbia 3:18, bohlale bo hlalosoa e le “sefate sa bophelo.” Haeba re fumana bohlale ’me re bo sebelisa, re tla amoheloa ke Molimo le ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng.—Moeklesia 7:12.

Ho thoe’ng ka toka? Lefatšeng lena le khopo, toka ke tšoaneleho ea bohlokoa bakeng sa ba batlang ho khahlisa Molimo. Jesu o ile a rata ho loka (toka) ’me o ne a hloile ho se ee ka molao. (Ba-Heberu 1:9) Kajeno Bakreste ba etsa se tšoanang. Toka e ba susumelletsa ho ananela litšoaneleho tse nepahetseng. Ba qoba litsela tse sa lokang tsa lefatše lena ’me ba etsa ho etsa thato ea Molimo ntho ea bohlokoahali bophelong ba bona.—1 Johanne 2:15-17.

Ha e le ka matla, kaofela ha rōna re na le oona ka tekanyo e itseng. Ka tlhaho re na le matla ’meleng le kelellong, ’me ha re ntse re hōla re le Bakreste, re hōlisa matla ka kutloisiso ea moea. Jehova o eketsa matla a rōna ka moea oa hae o halalelang ho isa bohōleng boo rōna, le hoja re bonahala re fokola, re ka phethang thato ea Jehova. Pauluse o itse: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka ho matlafatsoa ke ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13, NW) Matla a tšoanang a teng ho rōna haeba re rapella moea oa Jehova.

Ho Bolela Litaba tse Molemo

Ho bontša ha rōna litšobotsi tse ’nè tse khōlō tsa Molimo ho bonoa hantle ke ha re utloa taelo ena: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa‚ le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang‚ le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me‚ bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 28:19, 20, NW) Mosebetsi o joalo oa ho ruta o tlisa bophelo ho ba arabelang. Ke pontšo e ntle hakaakang ea lerato ho bao, boholong ba taba, re qalang ho ba bona ka ho feletseng!

Ho feta moo, thuto e joalo ke mohloli oa bohlale. E hlahisa litholoana tse mamellang. Ke mosebetsi ofe oo ho ka thoeng ka oona: “Ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang”? (1 Timothea 4:16) Ha ho na ba lahleheloang mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Ba mamelang le ba rutang ka bobeli ba fumana litlhohonolofatso tse sa feleng.

Mabapi le toka, Bakreste ba ruta liithuti tsa bona tsa Bibele melao-motheo ea toka le e lokileng. Re ba thusa hore ba sebeletse Jehova, “Molimo oa toka.” (Malakia 2:17) Bao kajeno ba nehelang bophelo ba bona hore ba sebeletse Jehova ’me ba latela ka botšepehi ba boleloa ba lokile, ba lokafalitsoe, ho isa ho pholoheng ha bona Armageddone.—Ba-Roma 3:24; Jakobo 2:24-26.

Ho bolela le ho ruta litaba tse molemo lefatšeng ka bophara ke pontšo ea matla a makaakang! (Mattheu 24:14) Ho hloka mamello, ho bolela motho a sa khaotse libakeng tseo boholo ba batho ba sa lakatseng ho utloa. Empa Jehova, ka moea oa hae, o fana ka matla a hlokahalang ho mamella ho isa qetellong.—Esaia 40:30, 31; Mattheu 24:13; Luka 11:13.

Ke ’nete, joaloka bana ba Adama ba sa phethahalang, re ke ke ra sebelisa litšoaneleho tsena tse ntle ka ho phethahetseng. Empa leha ho le joalo, hopola, motho o ile a etsoa ka setšoantšo sa Molimo, ’me haeba re loanela haholoanyane ho ba ba tšoanang le Molimo, joale ka karolo e ’ngoe re tla be re phethahatsa morero oa ho ba teng ha rōna mona. (Moeklesia 12:13) Haeba re ikitlaelletsa ho etsa sohle se matleng a rōna ’me re kōpa tšoarelo ha re fosa, joale re ka ba le tšepo ea ho pholohela lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo, moo re tla qetella re fumane phetheho. Joale, re tla ba lefatšeng la paradeise le tlatsitsoeng ka batho ba phethahetseng, bohle ba bontša litšoaneleho tsa Jehova Molimo ka botlalo. E tla ba thabo e kaakang! Qetellong, ka kutloisiso e feletseng ea polelo eo, batho ba tla ba ka setšoantšo sa Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Jesu o ile a re bontša kamoo re ka hlaolelang litšoaneleho tsa Jehova tsa bomolimo

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Qetellong, ka kutloisiso e feletseng batho ba tla be ba le ka setšoantšo sa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela