Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 4/8 maq. 16-17
  • Na Bakreste ba ’nete ba ka Lebella Tšireletso ea Bomolimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bakreste ba ’nete ba ka Lebella Tšireletso ea Bomolimo?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Tšireletso ea Bomolimo
  • E Sebelisoa ho Phethahatsoeng ha Morero oa Molimo
  • Na Molimo o Hloka Kutloelo-bohloko?
  • Matla a ho Sireletsa—“Molimo ke Setšabelo sa Rona”
    Atamela ho Jehova
  • Na Bakreste ba Lokela ho Lebella Tšireletso ea Molimo?
    Tsoha!—2002
  • Jehova—Molimo ea Nang le Morero
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 4/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Na Bakreste ba ’nete ba ka Lebella Tšireletso ea Bomolimo?

KA MOR’A ho rapela, Bakreste ba neng ba isa lintho tsa liphallelo ho barapeli-’moho, ba ile ba tsamaea ba entse mokoloko oa makoloi sebakeng se tsekolotsoeng ke ntoa moo ho neng ho ka etsahala hore ba bolaoe. Ba ile ba feta ba sireletsehile, e leng ho ileng ha makatsa mabotho a loanang haholo. Na lengeloi la Molimo le ile la ba sireletsa?

Banyalani ba bang ba Bakreste ba ileng ba sebeletsa e le baboleli ka lilemo tse ngata ba ile ba e-shoa ha sefofane se soahlamana fatše moo ba neng ba bolela ka ntlo le ntlo. Ke hobane’ng ha lengeloi la Molimo le sa ka la ba lebisa sebakeng se seng sesele kapa ho lebisa sefofane seo ka nako eo ka ho khetheha?—Bapisa le Liketso 8:26.

Ha re bapisa liketsahalo tsena, re ka ’na ra botsa: Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba e-shoa le hoja ba ntse ba etsa thato ea Molimo, ha ba bang, hangata ba le maemong a kotsi haholo, ba pholoha? Na Bakreste ba ka lebella tšireletso ea Molimo, haholo-holo “matsatsing [ana] a ho qetela” a mahlonoko?—2 Timothea 3:1.

Morero oa Tšireletso ea Bomolimo

Jehova Molimo o tšepisitse ho hlohonolofatsa le ho sireletsa batho ba hae. (Exoda 19:3-6; Esaia 54:17) O ile a etsa joalo ka ho ikhethang lekholong la pele la lilemo, ha phutheho ea Bakreste e ne e qala. Ho ne ho atile mehlolo ea mefuta e mengata. Jesu o ile a atisa lijo bakeng sa ho fepa likete; eena le balateli ba hae ba phekola maloetse a mofuta o mong le o mong le mefokolo, ba leleka meea e phahametseng matla a batho ho ba neng ba kenoe ke bademona, esita le ho tsosa bafu. Phutheho e sa tsoa thehoa e ile ea hōla ’me ea thehoa ka ho tiileng tlas’a tataiso ea bomolimo. Leha ho le joalo, ho ntse ho hlakile hore Molimo oa ba tšehetsa, Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba ile ba hlaheloa ke se ka bitsoang lefu la pele ho nako.—Bapisa le Pesaleme ea 90:10.

Nahana ka taba ea Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea. Ba khethiloe ho ba baapostola, bona hammoho le Petrose, e ne e le metsoalle e haufi-ufi ea Kreste.a Empa Jakobo o ile a bolaeloa tumelo ka selemo sa 44 C.E., le hoja mor’abo, Johanne a ile a phela ho fihlela qetellong ea lekholo la pele la lilemo. Ho hlakile hore ka bobeli ba ne ba etsa thato ea Molimo. Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a lumelloa ho shoa, ha Johanne a ile a phela?

Ka sebele Molimo ea Matla ’Ohle o ne a e-na le matla a ho boloka bophelo ba Jakobo. Ka sebele, nakoana ka mor’a hore Jakobo a shoele tumelo, Petrose o ile a pholosoa lefung ke lengeloi la Jehova. Ke hobane’ng ha lengeloi le sa ka la pholosa Jakobo?—Liketso 12:1-11.

E Sebelisoa ho Phethahatsoeng ha Morero oa Molimo

Hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a fana ka tšireletso, re tlameha ho utloisisa hore ha e fanoe feela hore motho a phele halelele haholoanyane empa ho sireletsa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ho phethahatsa morero oa Molimo. Ka mohlala, ho pholoha ha phutheho ea Bokreste kaofela ho tiisitsoe hobane ho amana haufi le ho phethahatsoa ha morero oo. Leha ho le joalo, Kreste o ile a bolella barutuoa ba hae ka ho hlakileng hore bona ka bomong ba ne ba ka tobana le lefu ka lebaka la tumelo ea bona. Ka mor’a ho bolela sena, Jesu ha aa ka a hatisa topollo ea mohlolo, empa ‘mamello ho isa bofelong.’ (Matheu 24:9, 13) ’Nete ea hore batho ba bang ba ile ba sireletsoa, ha ba bang ba sa sireletsoa, ha e bontše hore Molimo o leeme. Molimo o ile a mpa a sebelisa motho ea boemong bo molemohali ho phethahatsa morero oa hae, oo qetellong o tlang ho ruisa moloko oohle oa batho molemo.

Kaha lefu la pele ho nako e le ntho ea sebele e ka etsahalang tšebeletsong ea Molimo, Bakreste ba lokela ho ba le boikutlo bo tšoanang bo leka-lekaneng joaloka Baheberu ba bararo ba ileng ba ahloleloa lefu ka lebaka la ho rapela Molimo. Ba ile ba bolella morena oa Babylona: “Bona, Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, ’me o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena. Leha ho se joalo, u tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao, re ke ke ra khumamela setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng.”—Daniele 3:17, 18.

Jehova o ile a boloka bophelo ba Petrose le Johanne ka lebaka la karolo ea bona e ka sehloohong ho phethahatseng morero oa hae. Petrose o ile a sebelisoa hore a “matlafatse” phutheho ka ho etsa mosebetsi oa bolisa, o neng o akaretsa ho ngola libuka tse peli tse bululetsoeng tsa Bibele. (Luka 22:32) Johanne o ile a ngola libuka tse hlano tsa Bibele ’me e ne e le ‘tšiea’ phuthehong ea pele.—Bagalata 2:9; Johanne 21:15-23.

Hore na hantle-ntle ke joang le hona ka mokhoa ofe Jehova a tlang ho kenella bophelong ba bahlanka ba hae re ke ke ra bolela esale pele. Seo re ka se bolelang ka kholiseho ke hore Kreste o tšepisitse ho ba le balateli ba hae “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20) Ka ho khethehileng, o tla ba ‘le rōna’ ka tataiso ea mangeloi mosebetsing oa ho bolela. (Matheu 13:36-43; Tšenolo 14:6) Ka ntle le lipontšo tsena tse pharaletseng, re ke ke ra lebella ka ho khethehileng hore na thuso ea bomolimo e tla bonahala joang kapa hore na ke mang ea ka ’nang a fumana tšireletso ea bomolimo. Ho thoe’ng haeba Mokreste a ikutloa hore o bile le tšireletso le tataiso ea Molimo? Kaha sena se ke ke sa pakoa kapa ho hanyetsoa ka ho feletseng, ha ho ea lokelang ho nyatsa ho ipolela ho tiileng ha motho eo.

Na Molimo o Hloka Kutloelo-bohloko?

Na ’nete ea hore Molimo o lumella ho shoa ha Bakreste ba bang ho bontša hore ka tsela e itseng o hloka kutloelo-bohloko? Le hanyenyane. (Moeklesia 9:11) Jehova o sebeletsa ho boloka bophelo ba rōna e seng feela ka lilemo tse seng kae kapa esita le ka mashome a lilemo empa ka ho sa feleng. Boemong ba hae bo phahameng ba ho talima lintho, o tsamaisa liketsahalo bakeng sa boiketlo ba ka ho sa feleng ba motho ka mong ea mo ratang kapa ea atamelang ho eena. (Bapisa le Matheu 18:14.) Ho phethahatsoa ha morero oa hae ho tla bolela ho tlosa ka ho phethahetseng ntho leha e le efe eo e re utloisitseng bohloko tsamaisong ena ea lintho—esita le lefu. Litšebelisano tsa Molimo ke tse rarahaneng le tse phethahetseng hoo moapostola Pauluse a ileng a susumeletseha ho bolela: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo tsa Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!”—Baroma 11:33.

Kaha ha ho letho le ka re arohanyang le lerato la Molimo, potso eo Mokreste ka mong a lokelang ho ipotsa eona hase ‘Na ke tla ba le tšireletso ea bomolimo?’ empa ‘Na ke na le tlhohonolofatso ea Jehova?’ Haeba ho joalo, o tla re neha bophelo bo sa feleng—ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng ho rōna tsamaisong ena. Ha ho bapisoa le bophelo bo sa feleng bo phethahetseng, mahlomola leha e le afe tsamaisong ena—esita le lefu—a tla bonahala e le a “motsotsoana hape a le bobebe.”—2 Bakorinthe 4:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba bona ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ha Jesu (Mareka 9:2) le tsoho ea morali oa Jairase (Mareka 5:22-24, 35-42); ba ne ba le haufi Serapeng sa Gethsemane nakong ea teko ea Jesu (Mareka 14:32-42); ’me bana, hammoho le Andrease, ba ile ba botsa Jesu ka ho felisoa ha Jerusalema, ho ba teng ha hae ka nako e tlang le bofelo ba tsamaiso ea lintho.—Matheu 24:3; Mareka 13:1-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela