Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 maq. 16-18
  • Ke’ng se Phoso ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato a Motho e Mong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng se Phoso ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato a Motho e Mong?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba Motho a le Lenyalong
  • Lerato la ho Nkeha Maikutlo
  • Ho Thoe’ng ka ba Seng Lenyalong?
  • Ke Eng se Kotsi ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato?
    Tsoha!—1991
  • Bibele e ka re Thusa ho Qoba Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Lula U Hloekile ka ho Sireletsa Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Nka Qoba ho Utloa Bohloko ba ho Bapala ka Maikutlo a Lerato Joang?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 maq. 16-18

Pono ea Bibele

Ke’ng se Phoso ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato a Motho e Mong?

“Ke hobane’ng ha re nahana ka ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong e le bolotsana kapa thetso kapa phoso? Ha ho joalo! Ke papali! ’Me ke papali eo ho eona mahlakore a mabeli a ruang molemo hobane u etsa hore motho e mong a thabe.”—Susan Rabin, mookameli oa Sekolo sa Ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong, New York City.

BATHO ba bangata ba talima ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong e le ntho e tloaelehileng, e lokileng ebile e le e hlokahalang bakeng sa ho qalisa le ho boloka likamano pakeng tsa batho. Linaheng tsa Bophirimela, ho sa tsoa eketseha libuka, lihlooho tsa limakasine le lithupelo tse khethehileng tse rutang liketso, ho iketsa ea khahlehang, ho qekotsa le ho talima ka ho hula thahasello tseo e leng tsa bohlokoa bakeng sa “tsebo ea ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong.”

Ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ke eng? Ho na le litlhaloso tse sa tšoaneng. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e ho hlalosa e le boitšoaro “bo sa lokelang bo susumetsoang ke maikutlo a lerato kapa bo tsosang takatso ea likamano tsa botona le botšehali.” Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong e le ho “ratana ntle ho morero o tiileng.” Kahoo, ho bonahala eka ke khopolo e amohelehang ka kakaretso hore ea bapalang ka maikutlo a lerato a motho e mong ke ea bontšang thahasello ea lerato ntle ho morero oa lenyalo. Na ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho lokela ho talingoa ho se kotsi? Pono ea Bibele ke efe ka ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong?a

Le hoja ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho sa boleloa ka ho toba ka Mangolong, re ka lekanyetsa pono ea Molimo hore na ke efe. Joang? Ka ho hlahloba melao-motheo ea Bibele e mabapi le taba ena. Ka tsela eo re ntlafatsa ‘matla a rōna a ho lemoha e le hore re ka khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheberu 5:14) Taba ea pele, a re hlahlobeng hore na ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ke boitšoaro bo loketseng bakeng sa batho ba leng lenyalong.

Haeba Motho a le Lenyalong

Ke ha tlhaho hore banyalani ba bontšane lerato ha ba le boinotšing. (Bapisa le Genese 26:8.) Empa ho lebisa tlhokomelo e joalo ho batho ba ka ntle ho lenyalo ho khahlanong le melao-motheo ea Molimo. Jehova o ne a rerile hore banyalani ba thabele kamano e haufi ’me ba tšepane. (Genese 2:24; Baefese 5:21-33) O talima lenyalo e le kopano e halalelang, ea ka ho sa feleng. Malakia 2:16 e re ka Molimo: ‘O hloile tlhalo.’b

Na ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho etsoang ke motho ea leng lenyalong ho tumellanong le pono ea Molimo ka lenyalo? Ke taba e tebileng hobane motho ea leng lenyalong ea bapalang ka maikutlo a lerato a motho e mong o bontša ho se hlomphe khalalelo ea tokisetso ea Molimo ea lenyalo. Hape Baefese 5:33 e laela monna oa Mokreste hore a ‘rate mosali oa hae joalokaha a ithata’ le mosali hore a ‘be le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.’ Na ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho tsosang poulelo, ho bontša lerato kapa tlhompho bakeng sa molekane oa motho?

Ho bileng ho tebileng haholoanyane ke ’nete ea hore ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho ka lebisa bofebeng, sebe seo Jehova ka ho toba a se nyatsang a bileng a se hlalosang e le bolotsana. (Exoda 20:14; Levitike 20:10; Malakia 2:14, 15; Mareka 10:17-19) Ka sebele, Jehova o talima bofebe e le ntho e tebileng hoo a lumellang ba sitetsoeng ka ho se tšepahale lenyalong hore ba hlale. (Matheu 5:32) Joale, na re ka nahana hore Jehova o ne a ka lumella boikhathollo bo kotsi joaloka ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong? Molimo o ne a ke ke a bo lumella hantle feela joalokaha motsoali ea lerato a ne a ke ke a lumella ngoana oa hae e monyenyane ho bapala ka thipa e bohale ea kichine.

Mabapi le bofebe Bibele ea lemosa: ‘Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na? Hleka motho a ka hata mashala a hlenneng, maoto a hae a sa tlabohe na? Ho lutse joalo le ea eang ho mosali oa oa habo; ea mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato.’ (Liproverbia 6:27-29) Leha ho le joalo, esita leha ho se mohla ho ka etsoang bofebe, motho ea leng lenyalong ea bapalang ka maikutlo a lerato a motho e mong o mema kotsi e ’ngoe—ho kopanela ho se bitsoang “lerato la ho nkeha maikutlo.”

Lerato la ho Nkeha Maikutlo

Batho ba bang ba hlaoletse likamano ka ntle ho lenyalo la bona tseo ho tsona maikutlo a lerato a hōlang, le hoja ba sa kopanele likamano tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemosa: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a hanyetsa takatso e fellang ka pelong?

Lebaka le leng ke hore “pelong ho tsoa . . . bofebe.” (Matheu 15:19) Leha ho le joalo, kamano e joalo e kotsi esita leha e sa tsoela pele ho isa lintšing tsa bofebe. Ka tsela efe? Buka e ’ngoe e buang ka taba ena ea hlalosa: “Ketso leha e le efe kapa kamano e senyang nako e ngata haholo le matla bophelong ba hao le molekane oa hao ke mofuta o itseng oa ho se tšepahale.” E, lerato la ho nkeha maikutlo le etsa hore motho a amohe molekane oa hae nako, tlhokomelo le kameho e lerato. Ka lebaka la taelo ea Jesu ea hore re tšoare ba bang ka tsela eo re ratang ho tšoaroa ka eona, motho ea lenyalong ea bapalang ka maikutlo a lerato a motho e mong ke hantle ha a ipotsa, ‘Ke ne ke tla ikutloa joang haeba molekane oa ka a ne a ka itšoara ka tsela ee le motho e mong?’—Liproverbia 5:15-23; Matheu 7:12.

Haeba motho a hlaoletse kamano ea ho nkeha maikutlo e sa lokelang joaloka ena, o lokela ho etsa’ng? Motho ea leng lenyalong ea nang le kamano ea ho nkeha maikutlo e sa lokelang o tšoana le mokhanni ea robalang a ntse a khanna. Ho hlokahala hore a elelloe boemo ba hae ka ho feletseng ’me a nke bohato bo tiileng hang-hang pele lenyalo la hae le kamano ea hae le Molimo li senyeha. Jesu o ile a bontša hore ho hlokahala bohato bo matla ha a ne a re esita le ntho ea bohlokoa joaloka leihlo e ne e lokela ho honngoa kapa letsoho le khaoloe haeba le ne le ka senya botumo bo botle ba motho le Molimo.—Matheu 5:29, 30.

Ka lebaka leo, e ne e tla ba bohlale ho beha meeli ea hore na u bona motho eo e mong hokae hona hangata hakae. Ka sebele, qoba hore le be moo le leng babeli le motho enoa, ’me haeba u le mosebetsing, beha meeli tabeng ea hore na le qoqa ka eng. Ho ka ’na ha ba ha hlokahala ho khaotsa ho kopana le motho eo ho hang. Ka mor’a moo, ho lokela ho sebelisoe boitšoaro bo tiileng mabapi le leihlo la motho, menahano, maikutlo le boitšoaro. (Genese 39:7-12; Pesaleme ea 19:14; Liproverbia 4:23; 1 Bathesalonika 4:4-6) Jobo, monna ea nyetseng, o ile a beha mohlala o babatsehang ha a ne a re: “Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka talima moroetsana.”—Jobo 31:1.

Ho hlakile hore ho kotsi ebile ho khahlanong le Mangolo hore motho ea leng lenyalong a bapale ka maikutlo a lerato a motho e mong. Leha ho le joalo, pono ea Bibele ke efe ka ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong pakeng tsa batho ba seng lenyalong? Na ho hlaolela kamano ea lerato le motho oa bong bo fapaneng ho lokela ho talingoa e le ntho e tloaelehileng, e se nang molato kapa e hlokahalang? Na ho ka hlahisa kotsi ea sebele?

Ho Thoe’ng ka ba Seng Lenyalong?

Ha ho letho le phoso ha batho ba babeli ba seng lenyalong ba bontšana thahasello ea lerato, hafeela ba nahana ka lenyalo ’me ba qoba boitšoaro bo litšila. (Bagalata 5:19-21) Thahasello e joalo e ka ’na ea e-ba teng qalong ea lefereho nakong eo e ka ’nang eaba monyetla oa ho nyalana oa fokola. Sena se loketse, ha sepheo se le setle. Ha e le hantle boitšoaro bo joalo hase ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba batho ba seng lenyalong ba bontšana lerato feela bakeng sa boithabiso? Ho ka ’na ha bonahala ho se na kotsi, kaha ha ba lenyalong. Leha ho le joalo, nahana ka kotsi e ka ’nang ea e-ba teng maikutlong. Haeba mokhoa oa motho ea bapalang ka maikutlo a lerato a motho e mong o nkoa ka ho teba ho feta kamoo a rerileng kateng, o ka fella ka bohloko bo otlang pelo le masisa-pelo. Mantsoe a Liproverbia 13:12 ke ’nete hakaakang ha a re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se lumang, ke sefate sa bophelo”! Esita leha batho ba babeli ba bolela hore baa utloisisa hore ha ho ea nang le thahasello e tebileng ho e mong—na ka mong oa bona o tiisehile hore na e mong o hlile o nahana eng kapa o ikutloa joang? Bibele ea araba: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?”—Jeremia 17:9; bapisa le Bafilippi 2:4.

Hape, nahana ka kotsi ea bohlola, le liphello tseo bo ka ’nang ba li tlisa tsa boloetse kapa ho ima ho sa lokelang. Mangolo a hanela bohlola, ’me ba bo etsang ka boomo ha ba amoheloe ke Molimo. Moapostola Pauluse ka bohlale o ile a lemosa Bakreste hore e le hore ba ka hanela moleko, ba lokela ho ‘bolaea litho tsa ’mele ea bona mabapi le bohlola’ ’me ba qobe ‘takatso ea botona kapa ea botšehali e chachehisang,’ e lebisang bohloleng. (Bakolose 3:5; 1 Bathesalonika 4:3-5) Ho Baefese 5:3, o re eletsa hore bohlola ‘bo se ke ba boleloa le ho boleloa,’ ke hore, ka tsela e tsosang takatso e fosahetseng. Ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ha ho lumellane le keletso ena. Molimo o hanela esita le moqoqo o litšila o mabapi le likamano tsa botona le botšehali.

Melao-motheo ea Bibele e senola hore ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong e ka ba bokhopo ho batho ba bang le ho se hlomphe Jehova, Moqapi oa lenyalo. Pono ea Bibele ka ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho sa lokelang ka sebele e lerato ebile ea utloahala, kaha e sireletsa batho kotsing. Ka lebaka leo, ba ratang Molimo ba tla qoba ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ho sa lokelang ’me ba tšoare batho ba bong bo fapaneng ka tlhoeko le ka tlhompho.—1 Timothea 2:9, 10; 5:1, 2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong ha hoa lokela ho kopanngoa le ho ba le botsoalle kapa ho rata ho ba ka har’a sehlopha sa metsoalle, ntle ho morero oa ho ratana.

b Bona sehlooho se reng “Molimo o Hloile Tlhalo ea Mofuta Ofe?” tokollong ea Tsoha! ea February 8, 1994.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

© The Curtis Publishing Company

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela