Na ho Fana ka Limpho tsa Keresemese ho na le Kelello?
HO REKOA lintho tse ngata ka Keresemese hobane ho fana ka limpho ka nako eo ea selemo ke ntho eo ho lebeletsoeng hore motho a e etse. Haeba motho a sa etse joalo, o tlōtse molao oa se tloaelehileng. Empa seithuti sa moruo James S. Henry ha a ngola makasineng oa The New Republic, o ile a nyatsa “ho fana ka limpho ho joalo ho qhobellang” joaloka ho felisang thabo le hoo e leng tšenyo.
Oa hlalosa: “Ho fana ka mpho e sa lokelang ea e amohelang ke pontšo e ’ngoe ea tšenyo ena. Ho latela mabenkele a maholo a New York, selemo se seng le se seng hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong ea thepa e rekisoang nakong ea Keresemese e bitsang dolara e khutlisetsoa mabenkeleng. Ho ntse ho nahannoe ka limpho tse ngata tse lebisitsoeng ho bao eseng beng ba tsona tse bolokoang ke ba li amohetseng . . . , ho fihlela ho seo e ka bang karolo ea boraro ea lintho tse rekisoang ha e finyelle litlhoko kapa litakatso tsa ba li amohelang.”
Na ka sebele ho na le kelello ho boloka chelete selemo sohle bakeng sa ho reka limpho tseo mohlomong batho ba bang ba sa li hlokeng kapa ba sa li batleng? Na ho na le kelello ho leka ho khahlisa ba bang ka limpho tse turang?
Henry o re: “Tšobotsi e ’ngoe e sa rateheng ka ho khethehileng ea ho reka limpho tsa Keresemese ke ‘ho fana ka limpho ka morero oa ho bonoa ke batho.’” O re: “Limpho tse mabotho-botho ka ho khethehileng li etselitsoe batho ba sa hlokeng limpho ho hang (‘motho ea nang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe’). Hangata limpho tse joalo tse turang li fanoa ka Keresemese; ho latela lisampole tsa mabenkele a maholo a New York, likhoeling tse tharo tsa ho qetela tsa selemo ho rekisoa tse fetang halofo ea lintho tse rekisoang ka selemo tse kang lidaemane, lioache le boea.”
Leha ho le joalo, hangata esita le limpho tse turang joalo ha li thabise ba li amohelang, haholo-holo ha li fanoa ka maikutlo a ho leka ho koahela likamano tse senyehileng. Ho latela ngaka ea Canada Richard Allon, “haeba u hlōleha ho ba mosa ho motho e mong har’a selemo, u ke ke oa ba mosa ho eena ka ho reka mpho e turang. U ke ke oa felisa boikutlo ba hao ba ho ba molato ’me mohlomong ua neha motho e mong boikutlo ba hao ba ho ba molato.”
Ka masoabi, batho ba limillione linaheng tse fokolang moruong ba haelloa ke lintho tsa bohlokoa bophelong, leha ho le joalo, ho bonahala ba leng lichabeng tse tsoetseng pele moruong hangata ba na le lintho tsohle ka ntle ho ntho e le ’ngoe feela e leng ho ananela bongata ba lintho tseo ba nang le tsona. Limpho tsa Keresemese li amoheloa ka ho iphapanya—“Ke lokela ho etsa’ng ka eona?”—kapa ka ho teneha—“Ka sebele ke ne ke sa batle ntho ena”—kapa mohlomong ka bohale—“Mpho eo ke faneng ka eona e ne e tura ka makhetlo a mabeli!” Ha ho makatse ha sehlopha sa Jeremane sa tšireletso ea bana se fihletse qeto ea hore nakong ea Keresemese ho fanoa ka lintho tse ngata haholo ’me hangata ka ho se nahane ho hoholo.
Ho feta moo, Keresemese e totobatsa leeme la batho, ’me sena se baka likhatello tse khōlō le masoabi. Batho ba bang ha ba na chelete e lekaneng bakeng sa ho reka limpho, ’me ho hlakile hore sena se ile sa lebisa bosholung bo bongata nakong ea Keresemese ho feta nakong leha e le efe ea selemo United States. Seithuti sa moruo Henry se ile sa tlaleha: “Mapolesa a belaela hore bosholu bona ba thepa bo bakoa ke tšusumetso eo masholu a nang le eona ea ho fa malapa a ’ona limpho.”
Batho ba bangata ba tla lumellana le moqolotsi oa litaba Tom Harpur ea ileng a ngola koranteng ea Toronto, Canada, Sunday Star: “Se poteletseng tabeng ena ea boithabiso bo qobelloang, kea tseba hore ke Keresemese ka ho eketsehileng, ke nako ea ho tšoenyeha ho hoholo, ho se khotsofale, boikutlo ba ho ba molato le mokhathala o moholo ho batho ba limillione sechabeng sa rōna.”
Ba bang ba ka ’na ba pheha khang: ‘Empa boikitlaetso bona ke bo loketseng molemong oa bana.’ Leha ho le joalo, na ka sebele ho fana ka limpho tsa Keresemese ho molemo ho bana?
Seo e se Etsang ho Bana
Moeletsi oa likolo Betty Poloway o ile a hlokomela: “Le hoja ho nahanoa hore ena ke ‘nako e thabisang ea selemo,’ ho na le bana ba bangata ba sa thabang.” Hobane’ng? Ke joang ho fana ka limpho tsa Keresemese ho leng kotsi ho bana?
Susan James, ’mè oa bana ba bararo oa tlaleha: “Ke ile ka talima bana ba ka ha ba bula liphutheloana tsa limpho tsa bona ka ho latelana. Ha ba qeta, ba ne ba le boemong ba ho hloka thabo ’me ba kōpa tse eketsehileng! Hase bana ba meharo, empa leha ho le joalo, ka baka la phatlalatso e matla e etsoang esale pele le litšepiso, lintho tsena li ile tsa ba sithabetsa hoo ba ileng ba ba meharo.”
Karen Andersson, ngaka e khōlō ea mafu a bana a kelello sepetleleng sa Connecticut, U.S.A., o ile a hlalosa bothata bona: “Ke ho sithabetsang ho theosa methating ho tloha kamoreng ea ho robala ho ea mokatong oa pele oa kamore ea ho phomola ka Keresemese hoseng le ho bona limpho tseo batsoali ba li behileng moo bosiung bo fetileng. Ka cheseho e khōlō ba bula lintho tsa ho bapalisa bana tsohle ’me ha ba na monyetla oa ho nahana ka ntho e ’ngoe. Ho ngoana eo mohlomong a leng mafolo-folo ka ho feteletseng, kapa ea sa thabang ka ho feteletseng esita le maemong a tloaelehileng haholo, Keresemese e ka ba kotsi.”
Sehloohong se buang ka Keresemese sa koranta ea Jeremane se ile sa hlokomela: “Limpho ha li tlise thabo eo li kileng tsa e tlisa.” Mosali e mong o ile a tletleba: “E ne e le tloaelo hore bana ba khotsofatsoe ke ho fumana buka e molemo, para ea li-glove kapa ntho e ’ngoe e nyenyane. Empa joale setloholo sa ka sea mpolella: ‘Nkhono, selemong sena ke batla computer!’”
E, ho fana ka limpho tsa Keresemese ho hlaolela meharo le boithati. Seithuti sa moruo Henry se ile sa bontša: “Ho hlokahala feela hore motho a etele lebenkele leha e le lefe [le rekisang lintho tsa ho bapalisa bana] nakong ena ea selemo bakeng sa ho bona khatello e sa tloaelehang eo Keresemese e e tlisang kamanong ea ngoana le motsoali: bo-’mè ba ferekaneng ba hulang bana ba banyenyane ba lemalletseng lintho tsa ho bapalisa bana ba rahakang le ho tlerola ha ba bona limpho tsa morao-rao tse turang tse rekisoang.”
Empa ho boetse ho na le mathata a tebileng haholoanyane a amanang le ho fana ka limpho tsa Keresemese.
Limpho tsa Keresemese le ’Nete
Ha u botsa ngoana e monyenyane hore na limpho tsa hae li tsoa kae, o tla u araba joang? Ho latela tlhahlobo e entsoeng ke New York Times, karolo ea 87 lekholong ea bana ba Amerika ba pakeng tsa lilemo tse tharo le tse leshome ba lumela ho Santa Claus. Batsoali ba bangata ba ntšetsa khopolo ena pele ka ho botsa: “U batla Santa a u tlisetse eng selemong see?” Leha ho le joalo, liphello ke life?
Phihlelo ea Cynthia Keeler e tlalehiloeng ho Daily News ea New York ea bontša. Mora oa hae ea lilemo li supileng Britton, o ile a botsa: “’Mè, na ka sebele Santa Claus ke ntho ea sebele e leng teng?”
Cynthia o ile a halefa joaloka batsoali ba bangata ha ba botsoa potso eo. O ile a botsa: “U nahana’ng?”
Britton o ile a bolela hore metsoalle ea hae e mo lomme tsebe hore ha ho ntho e joalo, empa le eena o ne a sa tsebe hantle. Joale o ile a qala ho lla. Ha a ntse a lla o ile a re: “’Mè, ke tlameha ho tseba.”
Cynthia o ile a re: “Hoja a se a ke a lla, mohlomong ke ne nke ke ka ’molella. Empa ho eena e ne e le taba ea bophelo le lefu. O ne a batla karabo. Ke ile ka ’molella hore Santa hase ntho ea sebele.”
Daily News e ile ea tlaleha: “Britton Keeler a sa ntse a lla, o ile a tjamela ’mè oa hae ka liqoso tseo batsoali ba li tšabang ha leshano la bona le hlokometsoe ’me ho fumanoe hore Santa Claus hase ntho ea sebele: ‘Ke hobane’ng ha u mpoleletse leshano ka eena?’”
Hangata liphello tsa leshano la batsoali li kotsi joalokaha Bruce Roscoe, moprofesa oa liphuputso tsa lelapa Univesithing ea Central Michigan, U.S.A., a bolela: “Ngoana o hlokomela hore ’mè o ne a bua leshano le hore bana ba bang kaofela ba ne ba nepile.” Ka baka leo, Moprofesa Roscoe o ile a hlalosa hore hangata ngoana o belaella lintho tse ling tseo batsoali ba hae ba ileng ba mo bolella tsona.
Fred Koenig, moprofesa oa kamano ea botho ba motho le tšusumetso ea lihlopha tse fapaneng tsa sechaba Univesiting ea Tulane New Orleans, Louisiana, U.S.A., o ile a hatella: “Ha ba fumana seo e leng ’nete ka sebele sena se felisa tšepo ea bona ho batsoali.” O ile a phaella: “Sena se baka lipelaelo linthong tse ngata.” Ngoana a ka ’na a nahana hore “mohlomong bolumeli bohle ke feela ntho e se nang kelello.”
Ka sebele, hase ntho e nang le kelello ho ntšetsa pele leshano ka ho bolella bana hore batho ba bang ba tšōmong ba ba nehile limpho. Leha ho le joalo, na baeti ha ba ka ba tlisetsa Jesu oa lesea limpho ka letsatsi la hae la tsoalo? Kahoo na le eena a ka lumella ho fana ka limpho tsa Keresemese kajeno?
Na ke Mokhoa oa Bokreste?
Bibele e bolela hore banna ba bohlale kapa balepi ba linaleli ba ile ba tlisetsa Jesu limpho. Leha ho le joalo, ho fana ka limpho tsa Keresemese ha ho latele mohlala oa bona hobane ha ba ka ba fapanyetsana limpho. Habohlokoa haholoanyane, ha ba ka ba fana ka limpho tsa bona nakong ea tsoalo ea Jesu empa ba fane ka tsona hamoraonyana. Liketso tsa bona li ne li le tumellanong le mokhoa oa boholo-holo oa ho hlompha babusi. Hlokomela hore tlaleho ea Bibele e bolela hore ha ba fihla Jesu o ne a se a se ka sejelong empa o ne a lula ka tlung. Ke ka baka leo Heroda, motheong oa seo ba ileng ba mo bolella sona, a ileng a laela hore bashemane bohle ba lilemo li peli le ka tlaase ho moo ba bolaoe.—Mattheu 2:1-18.
Nahana hape: Na hase ntho e makatsang hore letsatsing leo ho nahanoang hore ke la tsoalo ea Jesu, eena ka sebele a se ke a fumana letho? Ho ka etsahala hore mohlomong eena ha a ka a fuoa le tlhokomelo e nyenyane feela! Ha e le hantle, mokhoa oa ho fana ka limpho tsa Keresemese o tsoa kae?
Ha Diane Bailey a ngola ho Independent ea Los Angeles o ile a hlalosa: “Ho fana ka limpho ho tloha morao nakong ea Roma ea boholo-holo, ha batho ba ne ba fapanyetsana limpho tse itekanetseng nakong ea mekete ea borapeli ba letsatsi le selemo se secha.”
Tlas’a sehlooho se reng “Ho Senola Mekhoa ea Keresemese,” Anita Sama o ile a ngola paleng ea Tšebeletso ea Litaba ea Gannett: “Le pele ho mekhoa ea Bokreste, ho fana ka limpho e ne e le karolo ea mekete ea mariha. Maroma a ne a fana ka makala a lifate tsa holy grove, eaba a fetohela linthong tse rarahaneng haholoanyane tse tšoantšetsang litakaletso tse molemo selemong se secha se tlang—silivera, gauda le limpho ka sebōpeho sa lijo tse natefisitsoeng ka mahe a linotši.”
’Nete ke hore Keresemese ke mokete oa bohetene o ileng oa amoheloa ke Bokreste-’mōtoana. Letsatsi la December 25 hase letsatsi leo Jesu Kreste a tsoetsoeng ka lona, empa ke letsatsi le amanang le mokete oa boholo-holo oa bohetene oo ho etsoang boitšoaro bo bobe ho oona oo Bakreste ba pele ba ileng ba o qoba.—Bona lebokose, “Tšimoloho ea Sebele ea Keresemese ke Efe?” maqepheng a latelang.
Haeba Jesu Kreste a ne a le teng lefatšeng kajeno, o ne a tla ikutloa joang ka ho fana ka limpho tsa Keresemese?
Kamoo Jesu a Talimang ho Fana
Ka sebele Jesu ha a nyatse ho fana ka limpho. Ka ho fapaneng, ka mehla ka ho ikemisetsa ho itela molemong oa batho ba bang ka ntle ho boithati, o ile a ruta barutuoa ba hae: “Fanang.” ’Me ho bontša hore ho fana hoo ho ne ho tla fella ka hore bafani ka bobona ba thabe, o ile a phaella ka hore: “’Me le tla fuoa.”—Luka 6:38.
Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa bue ka ho fapanyetsana limpho. Ho e-na le hoo, o ne a bontša ’nete ea hore ho fana ka ntle ho boithati ka kakaretso ho ne ho lokela hore ho etsoe. Sena ke ’nete ka ho khethehileng ha motho ea fanang a na le maikutlo a matle le ho rata motho e mong “ka matla ho tloha pelong.”—1 Petrose 1:22, NW.
Lerato ha le batle tefiso bakeng sa litšebeletso tsa lona, kahoo Jesu o ile a laela: “Ha u fana ka limpho tsa mohau, se lumelle letsoho la hao le letšehali ho tseba seo le letona le se etsang, e le hore limpho tsa hao tsa mohau e be lekunutu.” Ka ho loketseng ea fanang ha a tlise tlhokomelo ho eena kapa mphong ea hae, feela a ke ke a tsoela pele a sa putsoe. Jesu o bontšitse sena ha a phaella: “Ntat’a lōna ea talimang sephiring u tla le putsa.” (Mattheu 6:3, 4, NW) Ho feta moo, joalokaha Bibele e bolela, ea fanang o lokela ho fana “feela joalokaha a entse qeto pelong ea hae, eseng ka ho tletleba kapa ka ho qobelloa, hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.”—2 Ba-Korinthe 9:7, NW.
Kahoo ho fana ho ileng ha thabisa Kreste ho ne ho susumetsoa ke lerato, ’me o ne a fana a sa lebella ho buseletsoa ka ho hong, ’me o ne a sa etse joalo ka ho tletleba kapa ka ho qobelloa. Ho fana ho joalo ke ho fapaneng hakaakang le ho fana ka limpho ho etsoang ka Keresemese!
Kahoo, ho fana ka limpho hoo e leng mohloli oa thabo ha hoa itšetleha ka almanaka kapa mekhoa e itseng. Hape ha ho senole theko ea mpho, ke feela ntho e bontšang ho fana ka seatla se bulehileng. Ha e le hantle, Keresemese e khelositse batho ba limillione hore ba fane ka lintho tse fosahetseng, ’me hangata ka mabaka a fosahetseng. Ke hobane’ng ha u sa leke ntho e ’ngoe e molemonyana ho feta ho fana ka limpho tsa Keresemese? Leka mofuta oa ho fana ka limpho o tlisang litlhohonolofatso tse enneng le thabo ea sebele e leng sona se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Tšimoloho ea Sebele ea Keresemese ke Efe?
BATHO ba nang le tsebo ba hlokomela hore December 25 hase letsatsi leo Jesu Kreste a tsoetsoeng ka lona. New Catholic Encyclopedia ea lumela: “Letsatsi leo Kreste a tsoetsoeng ka lona ha le tsejoe. Likosepele ha li bontše letsatsi leha e le eona khoeli.”
Ho feta moo, ho na le bopaki bo tiileng ba hore Keresemese le mekhoa ea eona li tsoa mehloling eo eseng ea Bokreste. Ha e le hantle, U.S. Catholic e itse: “Ho thata ho arohanya Keresemese le mekhoa ea eona ea bohetene.”
The Encyclopedia Americana e ile ea hlalosa: “Mekhoa e mengata eo hona joale e amahanngoang le Keresemese pele-pele e ne e se mekhoa ea Keresemese empa ho e-na le hoo, e ne e le ea mehleng ea pele ho Bokreste le eo eseng ea Bokreste e ileng ea amoheloa ke kereke ea Bokreste. Saturnalia, e leng mokete oa Baroma o neng o ketekoa bohareng ba December, o fane ka mohlala bakeng sa mekhoa e mengata e tlisang thabo ea mekete ea Keresemese. Ka mohlala, ho tsoa moketeng ona ho ile ha simolloa mekete ea boithabiso e rarahaneng, ho fana ka limpho le ho khantšoa ha likerese.”
Mabapi le mokhoa oa ho fana ka limpho, koranta History Today e ile ea hlokomela: “Ka sebele ho fana ka limpho moketeng o etsoang bohareng ba mariha ho hlile ho simolohile joaloka mokhoa oa boselamose ho e-na le ho ba mokhoa oa sechaba. Limpho tsa Saturnalia li akareletsa lipopi tse entsoeng ka kerese tse neng li fuoa bana. Mokhoa ona e ne e le ntho e thabisang ka nako eo o neng o amoheloa ka eona, empa e ne e le o tšosang nakong e fetileng: esita le batho ba neng ba phela nakong ea mokhoa ona ba ile ba nahana hore mohlomong sena ke mohlala oa sehlabelo sa motho, sa bana bakeng sa ho tlisa litlhohonolofatso ho jaloeng ha peō.”
The New York Times ea December 24, 1991, e bile le sehlooho se buang ka tšimoloho ea mekhoa ea Keresemese, ho akareletsa le ho fana ka limpho. Simon Schama moprofesa oa histori Univesithing ea Harvard o ile a ngola: “Keresemese ka boeona e ile ea etelletsoa ka pel’a mekete ea boholo-holo eo ho eona ho neng ho ketekeloa ho kena tlung ha letsatsi mariha . . . Lekholong la boraro la lilemo, ha borapeli ba letsatsi bo kang ba Mithras oa Persia bo ne bo fihla Roma, ka December matsatsi a ne a behelloa ka thōko bakeng sa ho keteka ho tsoaloa hape ha Sol Invictus: letsatsi le sa bonahaleng. . . .
“Kereke ea pele-pele Roma e bile le ntoa e thata ka ho khethehileng mabapi le mekete e meng e ’meli e meholo ea bohetene, mokete oa Saturnalia o neng o qeta beke o neng o simolla ka December 17, le mokete oa Kalends o neng o khahlametsa Selemo se Secha. Mokete oa pele e ne e le o hlokang taolo, ’me hangata o ne o laoloa ke morena oa thabo e khōlō, eseng ke Santa Claus, empa ke Saturn ea nonneng ka boeena, ea kopanelang meharong ea lijo, lino le mefuteng e meng ea boitšoaro bo bobe. Leha ho le joalo, ke nakong ea mokete oa Kalends ha selemo se fetoha, moo ho neng ho fanoa ka limpho ho latela mokhoa o itseng, hangata li tlameletsoe makaleng a lifate tse tala tse neng li khabisa matlo nakong ea mekete.
“Boikutlo ba kereke ea pele-pele mabapi le boithabiso bona bo sa lokelang bo ne bo se botle. Bo-ntate ba kereke, bao ka ho totobetseng ba bontšitseng boikutlo bona bo matla e bile St. John Chrysostom, ea ileng a hatella hore ho se be le boemo ba ho sekisetsa linthong tse nyonyehang tsa bohetene. . . . Kaha ho ne ho se tumellano e akaretsang ka letsatsi le tobileng leo Jesu a tsoetsoeng ka lona . . . , mohlomong ho tlameha ho ile ha thusa hore le nkele mokete oa Saturnalia sebaka . . . Kahoo ho tsoaloa hape ha letsatsi ho ile ha fetoha ho tsoaloa ha Mora oa Molimo . . .
“Ka tsela e tšoanang, mekete ea Kalends e ile ea nkeloa sebaka ke Mokete oa Epiphany, le ho fana ka limpho le mekhabiso eo bahetene ba Roma ba ileng ba e fa e mong le e mong ho ile ha fetoha tlotla eo marena a mararo a e nehileng Morena oa Lefatše. Ho ea bohareng ba lekholo la bone la lilemo, litšobotsi tsa motheo tsa almanaka ea Keresemese li ile tsa hlomamisoa ka ho sa feleng.”
Le hoja batho ba nang le tsebo ba lumela tšimoloho ea bohetene ea Keresemese le mekhoa ea eona ka ho tobileng, ba bangata ba pheha khang ea hore tšimoloho e joalo hase ntho ea bohlokoa. Moruti ea phomotseng mosebetsing ha a arabela litaba tsa sehlooho sa Moprofesa Schama, mathoasong a selemo sena o ile a ngolla mohlophisi oa Times lengolo: “Mokhoa o seng o tloaetsoe ha o amane le bohlokoa ba oona ho hang kajeno.” Ha a bua ka Keresemese le mekete e meng e joalo o ile a re: “Ba e ketekang ba ile ba e neha moelelo o mocha o fanang ka morero bophelong ba bona le o ba hlasimollang hore ba thabe.”
Leha ho le joalo, na mekete ea Keresemese e hlasimolla batho hore ba thabe le ho hlahisa litholoana tse ntle tsa Bokreste? Ha e le hantle, joalokaha ho hlokomeloa habonolo, ka kakaretso litholoana tsa eona li mpe, ha li ntle. Ho feta moo, na Bakreste ba lokela ho keteka mekete ea bolumeli ea bohetene? Bibele ea phehella: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila.”—2 Ba-Korinthe 6:14-17.
Hopola seo Jesu a se boletseng ka borapeli ba Molimo ea Matla ’Ohle: “Ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Kahoo, hore borapeli ba rōna bo amohelehe ho Molimo, bo tlameha ho thehoa ’neteng. Keresemese e tsebahatsoa joaloka letsatsi la tsoalo ea Jesu Kreste le hoja ho se joalo. Ho thoe’ng ka leselamose la mohlolo le tlisang limpho tsa Keresemese le kang Santa Claus? Ha bana ba qobelloa ho lumela hore limpho tseo ba li amohelang li tsoa ho batho ba joalo, na sena ha e le hantle hase ho ba thetsa?
Haeba ka sebele u tsotella ka Molimo, u tla mamela taelo ea hae ea ho khaotsa ho keteka mekete e joalo ea bolumeli e litšila. Na u tsotella ka ho lekaneng ka ’nete bakeng sa ho hana letsatsi la phomolo le ntšetsang leshano pele?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na ho thetsa bana ka ho ba bolella hore Santa Claus ke eena ea ba tlisetsang limpho ho na le kelello?