Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/15 maq. 10-15
  • Ho Bula Tsela ea ho Khutlela Paradeiseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bula Tsela ea ho Khutlela Paradeiseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepiso ea Jesu ea Paradeise ho Sesenyi
  • Topollo e Bula Tsela
  • Nako e Loketseng ea ho Tla ha ’Muso
  • Paradeise e Tla Tsosolosoa ke “Adama oa Morao”
  • Nako e Thabisang ea Lefatše le Lecha e Haufi Haholo
  • Paradeise
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Paradeise e Tsosolositsoeng e Tlotlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na Jesu o Ile a Tšepisa Sesenyi Hore se Tla Phela Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tšepo ea Sebele
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/15 maq. 10-15

Ho Bula Tsela ea ho Khutlela Paradeiseng

“[Jesu] a re ho eena: ‘Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.’”—LUKA 23:43, “NW.”

1, 2. (a) “Paradeise” e bolela eng, ’me e tlameha e be tšimo ea Edene e ne e tšoana le eng? (b) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tšimo” le fetoletsoe joang ka Mangolong a Bokreste a Segerike?

LELAPA la batho le qalehile Paradeiseng. Mabapi le pōpo ea motho, bukeng ea pele ea Mangolo a Halalelang rea bala: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang. Jehova Molimo a hloma tšimo Edene ka ’nģa Bochabela, ’me a bea teng motho eo a ’mōpileng.” (Genese 2:7, 8) Lebitso “Edene” le bolela “Thabo,” ka hona tšimo ea Edene e ne e le serapa se seholo sa thabo, se nang le litšobotsi tse ngata tse ntle le tse fapa-fapaneng.

2 Lentsoe “paradeise” le nkiloe puong ea Segerike, ’me puong eo le bolela tšimo e kang serapa sa lifate le lipalesa. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng ho fetolela lereho la Seheberu gan, le bolelang “tšimo,” ke pa·raʹdei·sos. Ho tloha ho Mattheu ho ea ho Tšenolo Mangolo a ne a ngotsoe ka puo ea Segerike, ’me lentsoe lena la Segerike le ile la sebelisoa ho tlaleha lipolelo tsa Morena Jesu Kreste ha a ne a hlokofatsoa ke kotlo ea lefu thupeng ea tlhokofatso Golgotha ka la 14 Nisane selemong sa 33 C.E.

Tšepiso ea Jesu ea Paradeise ho Sesenyi

3. (a) Sesenyi se tletseng kutloelo-bohloko se ile sa kōpa Jesu eng? (b) Kōpo ea sesenyi e ne e bontša eng ka tumelo ea sona ho Jesu?

3 Ka nako eo, lisenyi tse peli li ne li khokhothetsoe ka thōko ho Jesu. Se seng sa tsona se ne se khaolitse ho bua ka nyeliso ho Jesu ka tsela eo lesholu la bobeli le khokhothetsoeng ka lehlakoreng le leng la Jesu le ileng la tsoela pele ho bua ka eona. Sesenyi se nang le kutloelo-bohloko se ile sa reteleha ’me sa re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao,” ka hona sa bontša tumelo ea hore Jesu, le hoja a ne a fanyehiloe ka thōko ho sona, o ne a letetsoe ke ’muso o tlang. (Luka 23:42, NW; Mareka 15:32) E tlameha e be hoo ho ile ha ama pelo ea Morena Jesu hakaakang! Motlōli eo oa molao ea neng a tletse botsoalle o ne a lumela hore Jesu Kreste o ne a se na molato le hore o ne a sa tšoaneloe ke kotlo e boima joalo ea ho khokhotheloa ho tlotlollang pontšeng. (Luka 23:41) O ile a bontša ka kōpo ea hae hore o ne a lumela hore Jesu o ne a tla tsosoa bafung ’me a tle ’musong. Sesenyi se ile sa boela sa bontša tumelo ea hore sona ka bosona se ka tsosoa le hore Jesu e ne e tla ba Eena ea tla se bitsa bafung ’me a se hauhele ka bophelo bo tsosolositsoeng lefatšeng.

4. Jesu o ile a arabela kōpo ea sesenyi joang, a bontša eng?

4 Ha Jesu a re ho eena: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng,” o ne a supa tsoho ea sesenyi seo se nang le kutloelo-bohloko. E tlameha e be ao e ne e le matšeliso a sebele ho motlōli eo oa molao ea ileng a bontša tumelo. Hore monna eo a tle a tsohe, Jesu o ne a tlameha ho tsosoa pele. Joale, Jesu a sebelisa matla a tsoho ao a a filoeng ke Molimo, o ne a tla tsosa sesenyi sena bafung letsatsing la tsoho ea lefatše la batho.—Luka 23:43, NW; Johanne 5:28, 29; 1 Ba-Korinthe 15:20, 23; Ba-Heberu 9:15.

5, 6. (a) ’Musisi Ponse Pilato o ile a etsa hore ho ngoloe eng ka holim’a Jesu ea khokhothetsoeng? (b) Mohlomong Jesu o ile a bua le sesenyi ka puo efe?

5 Jesu o fane ka tšepiso eo ka puo efe? Lipuo tse ’maloa li ne li sebelisoa ka nako eo. Sena se bontšoa ke mantsoe ao ’Musisi Ponse Pilato a ileng a etsa hore a ngoloe ka holim’a hlooho ea Jesu Kreste ea khokhothetsoeng, a neng a mo tsebahatsa hore bohle ba fetang ka tsela ba a bale. Tlaleho e ho Johanne 19:19, 20 e re: “Pilato a ngola lengolo, a le maneha holimo sefapanong; ho no ho ngoliloe hona: Jesu oa Nazaretha, morena oa ba-Jode. Ba-Jode ba bangata ba bala lengolo leo, hobane nģalo eo Jesu a thakhisitsoeng ho eona e ne e le haufi le motse; hape, le ne le ngoliloe ka se-heberu, ka se-gerike, le ka se-roma.”

6 Ka ho tsoalloa ha hae Bethlehema a tsoaloa ke ’m’ae eo e neng e le moroetsana, Maria, Jesu o ile a tsoaloa e le Mojode, kapa Moheberu. Tumellanong le hoo, boboleling ba hae ka lilemo tse tharo le halofo naheng eo a tsoaletsoeng ho eona, ka ho hlakileng o ne a bolela ka puo ea Bajode e neng e sebelisoa ka nako eo, kapa Seheberu. Kahoo, ha a bua lipolelo tse khothatsang ho sesenyi se nang le kutloelo-bohloko, mohlomong o ne a bua ka Seheberu. Kahoo o ne a tla sebelisa lentsoe la Seheberu gan ha a bua ka Paradeise—lentsoe le fumanoang ho Genese 2:8. Mono, phetolelo ea Segerike ea Septuagint ea Mangolo a Halalelang e sebelisa lentsoe pa·raʹdei·sos ha e fetolela lentsoe gan le neng le sebelisitsoe qalehong.

7. Jesu o ile a tlotlisoa joang ha a tsosoa?

7 Jesu o ile a tsosoa bafung ka letsatsi la boraro ka mor’a ho khokhotheloa ha hae, kapa ka la 16 Nisane almanakeng ea Baheberu. Matsatsi a mashome a mane hamorao o ile a khutlela leholimong, hahabo, feela a se a le boemong bo phahamisitsoeng haholoanyane joale. (Liketso 5:30, 31; Ba-Filippi 2:9) Joale o ne a se a apesitsoe ho se shoe, tšobotsi eo a neng a e kopanetse le Ntat’ae oa leholimo. Jehova Molimo e ne e bile eena feela Ea Nang le ho se shoe ho fihlela ha Jesu a tsosoa bafung Sontaheng seo, sa la 16 Nisane.—Ba-Roma 6:9; 1 Timothea 6:15, 16.

Topollo e Bula Tsela

8. Morero oa Jehova oa tšimolohong e ne e le ofe mabapi le lefatše, ’me ke eng e bontšang hore o khomarela morero oo?

8 Tsena tsohle e ne e le mehato ea morero oa Molimo oa hore lefatše lohle le apesoe botle ba paradeise, e, hore le fetohe paradeise ea qitikoe eohle. (Genese 1:28; Esaia 55:10, 11) Ho 1 Ba-Korinthe 15:45, moapostola Pauluse o bua ka Jesu e le “Adama oa morao.” Sena se bontša hore Molimo o tšoarelletse morerong oa oona oa tšimolohong mabapi le lefatše le hore e mong o tla phethahatsa morero oo Adama oa pele a ileng a sitoa ho o phetha.

9. Jesu o ile a fana ka eng ho bula tsela ea ho khutlela Paradeiseng?

9 Ho latela Pauluse, Jesu ‘o ineetse ho ba topollo ea bohle.’ (1 Timothea 2:6) Jesu Kreste ka boeena o ne a itse: “Joale ka Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” Sena se ile sa etsa hore ba lumelang ho Jesu Kreste ba khone ho fumana bophelo bo sa feleng.—Mattheu 20:28; Johanne 3:16.

10. (a) Molimo o ile oa rera eng mabapi le batho ba seng bakae ba fuoeng tlotla e khethehileng? (b) Ho khethoa ha “mohlatsoana” ho qalile neng, ’me ho etsoa ke mang?

10 Ha Jesu a nyolohela leholimong ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ne a ka hlahisa molemo oa sehlabelo sa hae sa topollo ho Molimo lebitsong la lelapa la motho. Leha ho le joalo, e ne e le morero oa Ntat’ae oa leholimo, Jehova Molimo, ho inkela ‘sechaba se khethetsoeng lebitso la hae’ ho tsoa lichabeng tsa lefatše. (Liketso 15:14) Ho latela Tšenolo 7:4 le 14:1-4, bana ba lokela ho etsa lenane la batho ba 144 000 feela, “mohlatsoana,” o bitselitsoeng ’Musong oa leholimo oa Molimo. (Luka 12:32) Ho khethoa ha batho bana ba fuoeng tlotla e khethehileng ke Jehova Molimo ho qalile ka ho khethoa ha baapostola ba 12 ba Jesu Kreste. (Mattheu 10:2-4; Liketso 1:23-26) Jesu o itse ho litho tse theileng phutheho ea hae: “Hase lōna le nkhethileng, ke ’na ke le khethileng.” (Johanne 15:16) Sena se ne se tla bula khoro ea mosebetsi oa ho bolela ka Paradeise e tlang ea qitikoe eohle tlas’a puso ea ’Muso.

Nako e Loketseng ea ho Tla ha ’Muso

11. ’Muso oa Bomessia o ne o lokela ho hlongoa neng?

11 Ka lebitso la Morena Jesu Kreste, kajeno rōna re tsoela pele ho lebisa thapelo ho Jehova hore ’Muso oa Hae o tle. (Mattheu 6:9, 10; Johanne 14:13, 14) ’Muso oa Messia o ne o lokela ho hlongoa bofelong ba “linako tse khethiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24, NW) Mehla eo ea Balichaba e ile ea fela selemong sa 1914.a

12. Ho ile ha etsahala eng ka 1914 e neng e lumellana le boprofeta ba Jesu ba lintho tse tsotehang tseo e neng e tla ba pontšo ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng?

12 Selemo seo se ile sa tšoauoa ka ntoa ea pele ea lefatše historing ea batho. Sena se ne se lumellana le boprofeta ba Jesu bo mabapi le lintho tse tsotehang tseo e neng e tla ba pontšo ea ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng matleng a ’Muso lefatšeng. Barutuoa ba hae ba ne ba ’motsitse potso: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho?” (NW). Ha Jesu a arabela o ile a re: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi. Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:3, 7, 8, 14; Mareka 13:10.

13. (a) Ho bolela ka ’Muso oa Molimo ke litaba tse molemo ntlheng efe? (b) Lithapelo tsa hore ’Muso oa Molimo o tle li ’nile tsa etsoa ka nako e telele hakae, hona na ha ho mohla lipaki tsa oona tse lefatšeng li kileng tsa khathala ke ho etsa lithapelo tsee?

13 Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso oa Jehova joale li boleloa linaheng tse ka holimo ho 200, ’me ho etsoa boiteko ba ho li ntšetsa pele ho ea libakeng tse eketsehileng. Hase litaba tsa puso ea lefatše e sa ntsaneng e e-tla, empa tsa ’muso oo joale o seng o tšoere marapo, o seng o ntse o busa. ’Muso oo o ile oa hlongoa ka 1914. E bile moralo bakeng sa karabelo thapelong eo Jesu a neng a e thehe lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng. Thapelo eo e ’nile ea lebisoa ho Mothei oa ’Muso oo haesale ho tloha ha eo e neng e tla ba Morena oa puso eo a ruta barutuoa ba hae ho e rapella. Kahoo Moqapi oa ’Muso oo o ’nile a utloa ho kōptjoa ha oona ka nako e telele haholo. O ’nile a thabisoa ke ho utloa thapelo e lebisoang ho eena ke lipaki tsa hae tse lefatšeng nakong eo eohle, hobane hoo ho ne ho bontša hore li ne li khomaretse tumelo ea tsona ho tleng ha ’Muso oo. Ha lia ka tsa khathala ho lebisa thapelo eo ho ‘Ntate ea maholimong,’ joalokaha eka e ne e se e fetohile ntho e se nang thuso ho bona.—Mattheu 6:9, 10.

14. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li qophella boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo?

14 Le hoja Lipaki tsa Jehova li lumela ’me li phatlalatsa hore ’Muso o ile oa hlongoa maholimong ka 1914, li qophella boboleling ba litaba tsena tse molemo tsa ’Muso. Li etsa joalo hobane ’Muso oo o hlonngoeng ha o e-s’o qale ho laola lefatše ka ho felletseng empa o lumelletse mebuso ea lefatše lena ho tsoela pele e sebelisa matla le bobusi ba eona holim’a merabe le meloko eohle ea batho. (Ba-Roma 13:1) Ka hona o tlameha ho tla ka kutloisiso e felletseng, ke hore, ho isa tekanyong eo e tla ba eona feela puso e renang holim’a lefatše lohle.—Daniele 2:44.

15. Ho ’nile ha etsahala joang ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. e etsahalang ka tsela e kholoanyane ho feta ha marena a Iseraele a ne a tlotsoa?

15 Le hoja Jesu a khethetsoe ho ba Morena oa ’Muso oo, ha a buse a le mong. Jehova Molimo o khethile balateli ba 144 000 ba Mora oa hae ea behiloeng boreneng hore e be majalefa hammoho ’Musong oa Molimo oa Bomessia. (Daniele 7:27) Feela joalokaha marena a boholo-holo a Iseraele a ne a tlotsoa ke moprista e moholo ka oli e halalelang e tlotsang, kahoo ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o entse hore majalefa hammoho le Jesu Kreste a 144 000 a tlotsoe ka moea o halalelang oa Hae, a ba tsoalla bophelong ba moea maholimong hammoho le “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.”—Tšenolo 19:16; bapisa le 1 Marena 1:39.

Paradeise e Tla Tsosolosoa ke “Adama oa Morao”

16. Pono ea litaba bakeng sa ’Muso e ne e le efe ha Jesu a khokhotheloa, empa ke hobane’ng ha e ne e sa ka ea e-ba ’moleli oa litaba tse fosahetseng?

16 Ha Jesu a khokhotheloa ka 33 C.E., ho hang ho ne ho sa bonahale eka a ka ba le ’muso. Empa boboleling ba hae ba ’Muso oa Molimo, e ne e sa ka ea e-ba ’moleli oa litaba tse fosahetseng. Letsatsing la boraro ka mor’a ho khokhotheloa ha hae, Mothei oa ’Muso o ile a tiisa hore barutuoa ba Jesu ba ne ba ke ke ba rapella puso e neng e ke ke ea e-ba teng. Jehova o ile a tsosa Ea neng a tla Mo emela ’Musong o neng o ntse o rapelloa ’me a mo apesa ho se shoe.

17, 18. (a) Hore e be Jesu o bitsoa “Adama oa morao” ho na le moelelo ofe? (b) Liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 li bontša eng?

17 Jesu o ne a tseba hore ’Mōpi oa Paradeise ea pele ea lefatše o ne a tla mo fa tlamo ea ho nchafatsa Paradeise le ho hlokomela ho ahoa ha tšimo ea qitikoe eohle. Ho 1 Ba-Korinthe 15:45, 47, rea bala: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea o phelang, ’me Adama oa morao o entsoe moea o phelisang. Motho oa pele e ne e le oa lefatše, o entsoe ka mobu; empa motho oa bobeli . . . o tsoile leholimong.” Adama oa bobeli o theohile leholimong ’me ke eena eo Jehova a mo sebelisang ho hloma Paradeise hape mona lefatšeng. E ne e le motheong ona ha Morena Jesu a ne a re ho sesenyi se tletseng kutloelo-bohloko: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Ho tsoa puisanong ena ho boetse ho bonahala hore Paradeise e tla hlongoa lefatšeng tlas’a ’Muso oa leholimo matsohong a Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, “Adama oa morao.”

18 Liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 li lumellana le boprofeta bo boletsoeng ke Jesu Kreste ka hona li paka hore Jesu o bile pusong ho tloha ka nako eo. Hona joale ka lilemo tse fetang mashome a supileng, batho ba moloko oa lekholo lena la bo20 ba phelang ho tloha ka 1914 ba latsoitse phethahatso ea liketsahalo tse thathamisitsoeng boprofeteng ba Jesu bo fumanoang ho Mattheu khaolo ea 24. Ka hona, nako ena e atamela qetello ea eona, ’me ho tsosolosoa ha Paradeise lefatšeng ho atametse.—Mattheu 24:32-35; bapisa le Pesaleme ea 90:10.

Nako e Thabisang ea Lefatše le Lecha e Haufi Haholo

19, 20. (a) Ka mor’a Harmagedone, Jehova o tla kenya ba mo ratang ho eng? (b) Ho tla hlokahala hore ho etsoe eng nakoana ka mor’a Harmagedone?

19 Hase tsamaiso ea lintho e tenang, e tletseng lintho li le ling tse sa fetoheng eo Jehova a tla kenya ba mo ratang ho eona ka mor’a hore a phahamise bobusi ba bae ba bokahohleng ho fihlela ho ke ke ha e-ba le khoao lebaleng la ntoa ea Harmagedone. Nako e tlelang lelapa la batho tlas’a puso e lokileng ea Morena oa Bomessia, Jesu, Mor’a Molimo, e tla ba e thabisang haholo ka sebele. Ke ho hongata hakaakang ho molemo ho tla hloka ho etsoa! ’Me maqeba ’ohle a holim’a lefatše a tla be a siiloe ke ntoa e tla akaretsa qitikoe eohle pakeng tsa makhotla a leholimo a Jehova le mabotho a bobe a bokelletsoeng a tla tlosoa. Ha ho mosaletsa o tla sala.

20 Empa ho thoe’ng ka thepa eohle ea ntoa eo lichaba li tla e siea? Ho ea ka pontšo ea tšoantšetso ea bolelele ba nako e tla hlokahala ho tlosa likarolo tsa eona tse chang, boholo ba tsona e tla ba bo tšabehang. (Ezekiele 39:8-10) Baphonyohi ba Harmagedone ba tla khona ho fetola thepa ea libetsa leha e le life tse setseng tsa lichaba bakeng sa merero e molemo.—Esaia 2:2-4.

21. Ho tšoana le phihlelo ea baphonyohi ba Moroallo, ke boemo bofe boo baphonyohi ba Harmagedone ba tla thulana le bona, empa phapang e khōlō e tla be e le efe?

21 Batho ba kajeno ba lehlohonolo ba ka bapisoang le Noe le lelapa la hae ha ba phonyoha ka mohlolo Moroallo oa qitikoe eohle ba tla thulana le boemo ba lefatšeng bo tšoanang le boo lelapa la Noe le ileng la bo fumana. Leha ho le joalo, Satane Diabolose le makhotla a hae a bademona ba ke ke ba hlola ba tlala-tlala maholimong a sa bonahaleng a pota-potileng lefatše empa ba tla be ba tlositsoe tšebetsong ka ho felletseng ka lilemo tse makholo a leshome. (Tšenolo 20:1-3) Baphonyohi ba Harmagedone ba tla ba le mosebetsi o phephetsang oa ho rena lefatšeng le fetileng “letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” ba thulane le liphello leha e le life tseo sena se tla be se li siile holim’a naletsana ena.—Tšenolo 16:14.

22. Baphonyohi ba Harmagedone ba tla arabela joang phephetsong ea ho atolosetsa Paradeise lefatšeng ka bophara?

22 Kaha ba tla be ba fokola ka lenane, ka tloaelo ho ka ’na ha lebelloa hore baphonyohi bana ba ntoa ea Harmagedone ba tla tšoha haholo ha ba fuoa mosebetsi o moholo oa ho atolosetsa Paradeise lefatšeng ka bophara. Empa ho e-na le hoo, ba thabile ka ho fetisisa, ba tla o qala ka cheseho le ka kutlo. Ba hlokomela ka ho felletseng hore ka tšoantšetso lefatše lena ke bonamelo ba maoto a Molimo, ’me ka tieo ba batla ho etsa hore qitikoe ena e lefatše e tlisoe boemong bo khahlang le bo botle boo ho tšoanelehang hore maoto a oona a phomole mona.

23. Baphonyohi ba Harmagedone ba tla fumana tšehetso efe e le tiisetso ea hore mosebetsi oa bona oa ho tsosolosa Paradeise o tla atleha?

23 Hoa thabisa e bile hoa khothatsa ho tseba hore ba ke ke ba siuoa ba le bang ’me ba sa thusoe ka mor’a ho nka tšebeletso ena e thabisang ho phethahatsa taelo ea Molimo mabapi le lefatše. (Bapisa le Esaia 65:17, 21-24.) Ba tla fumana tšehetso e felletseng, e sa lekanyetsoang ea Ea entseng tšepiso ea Paradeise e tsosolositsoeng le eo letsatsing la ho nyolohela ha hae leholimong a itseng: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng.” (Mattheu 28:18) O sa ntsane a e-na le matla ao, ’me o khona ho phethahatsa tšepiso ea hae e tsotehang ho sesenyi se tletseng kutloelo-bohloko, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse qaqileng, bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, maqephe 138-41 e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Bona le Ezekiele 21:27.

Lipotso Tsa Tlhahlobo

◻ Tšepiso ea Jesu Thabeng ea Lehata e fana ka tiiso efe bakeng sa batho le motlōli e mong oa molao?

◻ Ntho ea motheo e hlokahalang bakeng sa ho bula tsela ea ho khutlela Paradeiseng ke eng?

◻ Adama oa pele o ile a sitoa ho etsa eng, empa “Adama oa morao” o tla finyella eng?

◻ Ka mor’a Harmagedone, Jehova o tla kenya ba mo ratang tsamaisong ea lintho ea mofuta ofe?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Sehlooho “End of All Kingdoms in 1914” se ile sa hlaha ho “The World Magazine” ea August 30, 1914

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela