Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 2/1 leq. 32
  • “Likhahla tsa Naha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Likhahla tsa Naha”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 2/1 leq. 32

“Likhahla tsa Naha”

HO SE hiroe. Litheko tse ntseng li nyoloha. Bofutsana. Khatello ea moruo. Mantsoe ana a utloahala khafetsa litabeng. ’Me a totobatsa mathata ao batho ba limillione ba thulanang le ’ona ha ba leka ho fepa le ho apesa malapa a bona le ho ba le sebaka seo ba ka sunyang lihlooho ho sona.

Balumeli le bao eseng balumeli ba ameha ka ho tšoanang. Empa balumeli ha baa siuoa feela hore ba talimane le mathata ao. Ha Jesu a bua le batho ba ikokobelitseng ba lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “Talimang linonyana tsa leholimo; hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa. Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?”—Mattheu 6:26.

Jesu o ile a boela a re: “Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona. Molimo ha o apesa joalo joang ba naha, . . . na haholo o ke ke oa le apesa?”—Mattheu 6:28-30.

Na see se bolela hore Mokreste ha aa lokela ho sebetsa hore a iphelise? Le hanyenyane! Mokreste o sebetsa ka thata kamoo ho hlokahalang ka teng hore a lefe likoloto tsa hae. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.” (2 Ba-Thessalonika 3:10) Leha ho le joalo, Mokreste o kholisehile ka tlhokomelo e lerato ea Molimo ’me o na le tumelo ea hore Ntate oa hae oa leholimo oa mo hlokomela. Ka hona, ha a thefuloe ke matšoenyeho a bophelo. Esita le linakong tse boima, o beha lintho tsa pele—lintho tsa moea—pele. O kholoa mantsoe a Jesu: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:33.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela