Lipotso tse Tsoang ho Babali
Haeba Mokreste a kula kapa a le leetong ’me ka hona a sa khone ho ba teng moketeng oa Sehopotso, na u lokela ho se keteka khoeli hamorao?
Iseraeleng ea boholo-holo Paseka e ne e tšoaroa selemo le selemo ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele, e bitsoang Nisane (kapa, Abib). Empa re fumana tokisetso e khethehileng e ho Numere 9:10, 11: “Bolella bana ba Iseraele, u re: Ekare ha e mong ho lōna le ho moloko oa lōna a silafetse ka baka la mofu, kapa a etetse hole, o tla etsetsa Jehova Paseka. Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea bobeli [e bitsoang Iyyare, kapa Ziv], ka nako ea mantsiboea; ba tla e ja ka mahobe a se nang litomoso le ka meroho e babang.”
Hlokomela hore sena se ne se sa behe matsatsi a mabeli a fapaneng a Paseka (Nisane 14 kapa Ziv 14), ao Moiseraele kapa lelapa le lokolohileng ho ka ikhethela ho le leng la ’ona, ho itšetlehile ka maemo. Tokisetso ea sejo sa Paseka khoeling ea bobeli e ne e lekanyelitsoe. E ne e le seoelo bakeng sa Moiseraele ea sa hloekang bakeng sa mokete ka Nisane 14 kapa a le hōle le moo mokete o tloaelehileng o tšoaretsoeng teng.
Ketsahalo e le ’ngoe feela e tlalehiloeng ea ha sena se etsoa ka ho pharaletseng ke ha Morena Ezekiase ea tšepahalang a tsosolosa ho ketekoa ha Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang. Ho ne ho se na nako ea ho itokisa bakeng sa khoeli ea pele (baprista ba ne ba sa itokisa ’me sechaba se sa phuthoa), kahoo o ile oa tšoaroa ka letsatsi la bo14 la khoeli ea bobeli.—2 Likronike 29:17; 30:1-5.
Ntle le maemong a ikhethang joalo, Bajode ba ne ba tšoara Paseka ka letsatsi leo Molimo a le behileng. (Exoda 12:17-20, 41, 42; Levitike 23:5) Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba e keteka joalokaha Molao o ne o hloka, ba sa nke letsatsi lena habobebe. Luka oa tlaleha: “Eitse letsatsi la mahobe a se nang litomoso ha le fihlile, leo batho ba tšoanetseng ho hlaba Paseka ka lona, Jesu a rōma Petrose le Johanne, a re: E-eang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.”—Luka 22:7, 8.
Hona ketsahalong eo Jesu o ile a thea mokete oa selemo le selemo oo Bakreste ba o tsebang e le Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Bohlokoa ba hore Bakreste ba be teng moketeng oo bo ke ke ba hatisoa ho feta kamoo bo seng bo hatisitsoe ka teng. Ena ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong bakeng sa Lipaki tsa Jehova. Mantsoe a Jesu a fana ka lebaka; o ile a re: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Kahoo, e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova o lokela ho rera likhoeli esale pele hore a boloke letsatsi la mokete le se na mabaka a mang. Sejo sa Morena sa Mantsiboea se tla ketekoa ka Labobeli, April 6, 1993, ka shoalane sebakeng seo u leng ho sona.
Ka seoelo boemo bo sa lebelloang, bo kang ho kula kapa mathata a ho eta, bo ka sitisa Mokreste ho ba teng joalokaha a ne a rerile. Ho ka etsoa joang boemong bo joalo?
Nakong ea mokete ho fetisoa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu, ’me ba tlotsitsoeng ka moea oa Molimo o halalelang ’me ba khethetsoe bophelo leholimong baa ja. (Mattheu 26:26-29; Luka 22:28-30) Haeba e mong ea hlolang a e-ja selemo le selemo selemong sena a le liphateng tse chesang hae kapa sepetlele, baholo ba phutheho ea habo ba lokela ho lokisetsa hore e mong oa bona a ise bohobe le veine ho eo ea kulang, a tšohle litemana tsa Bibele tse loketseng tabeng ena, ’me a fane ka litšoantšetso. Haeba Mokreste ea tlotsitsoeng a le hōle le phutheho ea habo, o lokela ho etsa tokisetso ea ho ea phuthehong ea sebaka seo a tlang ho ba ho sona ka letsatsi leo.
Ka lebaka leo, e ka ba ka tlas’a maemo a ikhethileng haholo moo Mokreste ea tlotsitsoeng a ka tlamehang ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea matsatsi a 30 hamorao (khoeli e le ’ngoe e holimo), tumellanong le taelo e ho Numere 9:10, 11 le mohlala o ho 2 Likronike 30:1-3, 15.
Bao e leng ba sehlopha sa “linku tse ling” tsa Jesu, ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, ha ba tlas’a taelo ea ho ja bohobe le veine. (Johanne 10:16) Ke habohlokoa hore ba be teng moketeng oo oa selemo le selemo, empa ha ba je litšoantšetso. Kahoo haeba e mong oa bona a kula kapa a le leetong ’me ka hona a sa khone ho ba phuthehong efe kapa efe bosiung boo, o lokela hore a ipalle mangolo a tšoanelehang (ho akareletsa le tlaleho ea Jesu ea ho thea mokete oo) ’me a rapele hore tlhohonolofatso ea Jehova e be ketsahalong eo lefatšeng lohle. Empa boemong bona ha ho hlokahale hore ho etsoe tokisetso e eketsehileng ea seboka kapa puisano e khethehileng ea Bibele khoeli hamorao.