Re Etse ba Bang Hantle Kapa re Qobe Feela ho ba Etsa Hampe?
“SEO u sa batleng ha se etsoa ho uena, u se ke ua se etsa ho ba bang.” Ho thoe maele ana a builoe ke tichere e tummeng ea Lechaena e bile e le rafilosofi, e leng Confucius. Kajeno, ka mor’a lilemo tse ka bang 2 500, ba bangata ba ntse ba lumela hore motho o phethile tšoanelo ea hae hafeela a qoba ho ntša ba bang kotsi.
Ke ’nete hore tekanyetso ena ea boitšoaro ea Confucius e na le melemo e itseng. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e senola ntlha e ’ngoe e amehang boitšoarong le litšebelisanong tsa batho. Ntle ho se ka ’nang sa bitsoa sebe sa ho etsa ketso e itseng, ka mantsoe a mang ho fosetsa batho ba bang, Bibele e bua ka sebe sa ho se etse ketso e itseng. Morutuoa oa Mokreste Jakobo o ile a ngola: “Haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng leha ho le joalo a sa se etse, o etsa sebe.” (Jakobo 4:17) Ho fapana le hore feela a laele Bakreste hore ba se ke ba etsa ba bang hampe, Jesu Kreste o ile a fana ka keletso ena e reng: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
Qalong Molimo o ne a rerile hore batho bohle ba tšoarane ka tsela eo ba neng ba tla rata hore ba tšoaroe ka eona. O ile a beha mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho bontša hore o tsotella boiketlo ba ba bang ka tsela eo a bōpileng batho ka eona: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” (Genese 1:27) Sena se bolela hore ka lerato Molimo o file batho letsoalo, leo haeba le koetlisitsoe hantle, le neng le tla ba tataisa hore ba tšoare ba bang ka tsela eo bona ba neng ba tla rata ho tšoaroa ka eona.
Ba bangata kajeno ba phela ka thata ba se na tšepo ho bile ho se ea ka ba thusang ho tsoa maemong a bakoang ke liketso tsa batho ba sa nahaneleng le ba baithati. Ho hlakile hore se hlokahalang hase feela hore motho a se ke a etsa ba bang hampe kapa a ba ntša kotsi, ho e-na le hoo o lokela ho ba etsa hantle le ho ba thusa. Ke ka lebaka lena Lipaki Tsa Jehova li ithaopelang ho nka khato e tiileng ho thusa ba bang ho ithuta ka tšepo e babatsehang e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Ha li etela baahelani ba tsona ka litaba tse molemo tse ka Bibeleng, li etsa seo ka lerato, li etsetsa ba bang seo li neng li ka rata ha se etsoa ho tsona.