Lebaka la Hore U Be le Thahasello
‘HO BA le thahasello ho eng?’ Phetohong e khōlō ka ho fetisisa e tla etsahala historing ea batho! ’Muso o mocha ka ho feletseng o entsoeng ke Molimo o haufi le ho ba teng holim’a lefatše. (Daniele 2:44) Ho tšoara marapo ha oona ho tla ama monna e mong le e mong, mosali, ngoana—e-bang ke hantle kapa hampe. Phetoho ena e tsotehang e tla etsahala molokong o boletsoeng ho Mattheu 24:34. Kahona molaetsa oa phetoho ena o hloka thahasello e se nang boikaketsi le ea ’nete ho batho bohle. Ka sebele, e ne e tla ba ho fosahetseng ho re, ‘Ha ke na thahasello.’
Ha Ba Bangata Ba Ne Ba Sa Bontše Thahasello
Mehla ea rōna hase lekhetlo la pele leo ka lona molaetsa oa bohlokoa le o potlakileng o ileng oa phatlalatsoa e le o neng o lokela ho tsosa thahasello ea ba neng ba memeloa ho o mamela. Mehla ea Noe e ne e le nako e ’ngoe e joalo. Ka baka la bokhopo ba batho, boitšoaro bo bobe, le ho ba batho ba mabifi ka nako eo, Jehova Molimo o ile a rera ho tla timetsa batho ka moroallo oa lefatše lohle. (Genese 6:5-7, 13) Leha ho le joalo, pele a nka bohato ba ho ripitla batho ba hanang Molimo, o ile a lokisetsa hore Noe, ’moleli oa ho loka, a ba lemose ka Moroallo o tlang le ka bohato boo ba neng ba hloka ho bo nka e le hore ba ka pholosoa. Le hoja molaetsa oo e ne e le oa bohlokoa hakaalo, ka kakaretso batho ba neng ba o utloa “ha ba ka ba tsotella.” (Mattheu 24:29, NW; Luka 17:26, 27; 2 Petrose 2:5) Ba ne ba sa tsotelle, ba iphapantse—ba mpa ba se na thahasello! Ka baka la sena, ba ile ba lahleheloa ke sohle.
Boemo bo tšoanang le bona haholo bo ne bo le teng mehleng ea baahi ba metse ea Sodoma le Gomorrha e tsebahalang hampe ka boitšoaro bo bobe. Le hoja ba ile ba lemosoa ka thipitlo e ka ’nang ea ba oela ka baka la bobe ba bona bo feteletseng, ha baa ka ba mamela. Le bona ba ne ba se na thahasello ho motho ofe kapa ofe ea neng a tla ferekanya tsela ea bona ea bophelo. Monna Lota e ne e le eena feela mokhelo.—Genese 18:20–30; 19:1-29; Luka 17:28-30.
Kahona molaetsa oo o ne o sa ratehe har’a baahi ba metse ena. Mohlomong ba ne ba amehile haholo ka hore na baahelani ba bona ba tla nahana joang ka bona haeba ba bontša thahasello. Kapa mohlomong ba ne ba tšaba hore ba tla lokela ho etsa liphetoho bophelong ba bona tseo ba neng ba sa ikemisetsa ho li etsa. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba thabela bophelo ba bona ba boitšoaro bo bobe. (Juda 7) Kahoo ho fihlela letsatsi la thipitlo ea bona le fihla, ba ne ba sa belaelle letho ’me ba ne ba sa utloisise se tlang ho etsahala.
Ba Neng Ba Se Na Thahasello Mehleng ea Jesu
Ha Mora oa Molimo, Jesu Kreste, a ne a le lefatšeng, o ile a romela balateli ba hae ho ea phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa maholimo oa Molimo. (Mattheu 10:7) Ha e le hantle, o ile a rupela barutuoa ba hae ka tsela eo ka eona ba neng ba lokela ho fana ka molaetsa ona oa bohlokoa le o sa tloaelehang lelapeng le leng le le leng le mehato eo ba neng ba lokela ho e nka haeba beng ba matlo ba ne ba sa bontše thahasello ea ’nete. Mo mamele ha a tsoela pele ho koetlisa barutuoa ba hae: “Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lōna a e tle ho eona; empa ha e se na tšoanelo, khotso ea lōna e khutlele ho lōna. E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna.”—Mattheu 10:12-14.
Hlokomela hore Jesu o ile a rupela barutuoa ba hae hore ba “hlohlore lerōle la maoto a [bona]” ha ba tloha tlung kapa motseng tseo ho tsona ho neng ho se na thahasello ’Musong oa Jehova ho hang. O ne a bolela eng ka keletso ee? Ho hlohlora lerōle la maoto a motho ho ne ho bontša ho hlohlolla molato kapa boikarabelo bakeng sa liphello tseo mong’a ntlo a tla li fumana ka baka la ho se thahaselle molaetsa oa Molimo. Ho ne ho fana ka maikutlo a hore balateli ba Jesu ba ne ba tloha ka khotso ’me ba siea ntlo eo kapa motse oo liphellong tse neng li tla qetella li tlile li tsoa ho Molimo.
Bontša Thahasello—Ho Bolela Bophelo ba Hao!
Hoa thahasellisa ho hlokomela hore Jesu Kreste o ile a bapisa likarabelo tsa mehleng ea rōna le tsa mehleng ea Noe le ea Sodoma le Gomorrha. (Mattheu 24:37-39; Luka 17:26-30) Boitšoaro bo bobe le pefo li ne li atile ka ho tšoana mehleng ea Noe le mehleng ea Lota. Ka sebele, monna ea lokileng Lota o ne a hlora ’me a utloa bohloko ke ho hlokomela bokhopo le ho kenella boitšoarong bo hlephileng ha baahi ba Sodoma le Gomorrha.—2 Petrose 2:6-8.
Empa ha Jesu a bua ka mehla ea Noe ho fihlela ho ea Lota, o tlisa tlhokomelo ea rōna, e seng boitšoarong bo bobe le pefong tsa mehleng eo empa, ho fapana le hoo, litabeng tsa kameho ea letsatsi le letsatsi—ho ja, ho noa, ho nyala, le ho nyalisa, ho reka, ho rekisa, ho haha, le ho lema. O ile a bontša hore ba bangata ba ne ba sa tl’o arabela molaetseng oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo empa ba ne ba tla tšoareha ho tlolisa ke litaba tsa bophelo ba letsatsi le leng le le leng e be kahona ha ba bontše thahasello ho seo Jehova a rerang ho se etsa. Molaetsa oo ke oa bohlokoa hoo o amang bophelo kapa lefu. Ho hlōleha ho o mamela ho ka tlisa litšenyehelo tse khōlō. Ho se tsotelle kapa ho se bontše thahasello ke sebe se tebileng.—Bapisa Mattheu 6:31, 32.
Empa ho tebile hakae? Jesu o ile a tsoela pele ho hlalosa hore: “Ka Letsatsi la Kahlōlo Molimo o tla bontša mohau o moholoanyane ho batho ba Sodoma le Gomorrha ho feta ho batho ba motse oo” ba sa kang ba mamela kapa ba bontša thahasello. (Mattheu 10:15, Today’s English Version) Haeba motho a bontša thahasello, a mamela, ’me a lumela molaetsa, esita le haeba a itšoere hampe kapa a le mabifi, a ka fetola botho ba hae ’me a fumana mohau mahlong a Jehova ho tšoanelehela ho ba mofo oa ’Muso, joalokaha le Bakreste ba pele ba Korinthe ba ile ba ho etsa.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Lipuisanong tsohle tsa hae le barutuoa ba hae, Jesu Kreste o ile a ba phehella ho mamela, ho ela hloko, ho bontša thahasello molaetseng oa bohlokoa oa ’Muso oa Molimo. Ho tsosa tlhokomelo ea bao a neng a bua le bona, o ile a lemosa: “Elang hloko kamoo le mamelang kateng.” “Ea nang le litsebe ho utloa a utloe.” “’Mameleng kaofela, le utloisise.” “Mamelang, le utloisise.”—Luka 8:18, NW; Mareka 4:9; 7:14; Mattheu 15:10.
Kahona, ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a e-tla ha hao ka lekhetlo le hlahlamang, ho tla ba molemong oa hao hore u re: ‘Kena, Kea thahasella.’