Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ntate eo ho Seng ea Tšoanang le Eena
    Molula-Qhooa—2008 | January 1
    • Hoo e ka bang ka October, 29 C.E., Jesu o ile a ea Nōkeng ea Jordane ho ea kolobetsoa. Bibele e re bolella se ileng sa etsahala, e re: “Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha, ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a hae. Bonang! Hape, ha e-ba le lentsoe le tsoang maholimong le reng: ‘Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’”a (Matheu 3:16, 17) Mantsoe ana a mofuthu a buuoeng ke Jehova ka ho toba a re bolella hore na ke Ntate oa mofuta ofe. Hlokomela lintho tse tharo tseo Jehova a ileng a li bolella Mora oa hae.

      Ntho ea pele, ha Jehova a re “enoa ke Mora oa ka,” ha e le hantle o ne a re, ‘Ke motlotlo ho ba Ntate oa hao.’ Ntate ea elang hloko seo bana ba hae ba se hlokang oa ba ananela ebile oa ba thahasella. Ho hlokahala hore bana ba bolelloe khafetsa hore ke ba bohlokoa ka lapeng. Ak’u inahanele hore na Jesu o ile a ikutloa joang—le hoja a ne a se a le moholo—ha a utloa Ntate oa hae a mo ananela joalo!

      Ntho ea bobeli, ha Jehova a re Mora oa hae ke “ea ratoang,” o ne a bolela phatlalatsa hore o rata Jesu. Ka mantsoe a mang, Ntate o ne a re, ‘Kea u rata.’ Ntate ea molemo o bolella bana ba hae hore o ba rata haholo. Mantsoe ao—ha a buuoa ka lerato le mofuthu—a thusa bana hore ba atlehe. E tlameha ebe Jesu o ile a thaba haholo ha a utloa Ntate oa hae a re oa mo rata.

      Ntho ea boraro, ha Jehova a re, “eo ke mo amohetseng,” o ne a bolela hore o ananela Mora oa hae. Ho ne ho tšoana le hore Jehova o re, ‘Mora, u ntlhatsoitse pelo.’ Ntate ea lerato o malala-a-laotsoe ho tsebisa bana ba hae hore o thabisoa ke lintho tse ntle tseo ba li buang kapa ba li etsang. Bana baa khothala ebile ba tiea moko ha ba tseba hore batsoali ba bona baa ba ananela. Ka sebele e tlameha ebe Jesu o ile a khothala haholo ha a utloa hore Ntate oa hae oa mo ananela.

  • Ntate eo ho Seng ea Tšoanang le Eena
    Molula-Qhooa—2008 | January 1
    • a Ho latela tlaleho e batlileng e tšoana le ena e Kospeleng ea Luka, Jehova o ile a sebelisa seemeli “u,” ha a re: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.”—Luka 3:22.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela