KHAOLO EA 24
Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea
MATHEU 4:23-25 MAREKA 1:35-39 LUKA 4:42, 43
JESU O HAOLA LE GALILEA LE BARUTUOA BA HAE BA BANÈ
BATHO BA BANGATA BA UTLOELA KA MOSEBETSI OA JESU
Jesu le barutuoa ba hae ba Kapernauma ’me ba phathahane haholo. Mantsiboea batho ba tlisa bakuli ho Jesu hore a ba phekole. Kahoo, Jesu o qetella a se na nako ea ho rapela ntate oa hae a le boinotšing.
Letsatsing le hlahlamang, Jesu o tsoha ka matjeke o batla sebaka seo a ka bang mong ho sona e le hore a ka rapela ntate oa hae. Ho e-s’o ee kae, barutuoa ba hae baa hlokomela hore ha a eo, ’me “Simone le ba nang le eena” baa mo tsoma. E ka ’na eaba Petrose o li hula nthau letšolong lena hobane Jesu o ne a fihletse ha hae.—Mareka 1:36; Luka 4:38.
Ha Petrose a fumana Jesu o re ho eena: “Bohle baa u batla.” (Mareka 1:37) Ho hlakile hore batho ba Kapernauma ha ba batle ha Jesu a tsamaea hobane ba ananela mosebetsi oa hae, kahoo “ba leka ho mo thibela ho tloha ho bona.” (Luka 4:42) Na Jesu o tletse lefatšeng ho etsa mehlolo feela? Hape na mosebetsi oa hae o lokela ho fella sebakeng see feela? Ha re utloe hore na o re’ng ka taba ena.
Ha Jesu a araba barutuoa ba hae o re: “A re eeng sebakeng se seng sesele, litoropong tse haufi tsa metsana, e le hore nka bolela le moo, kaha ke tsoile ka morero ona.” O boetse o re ho batho ba sa batleng ha a tsamaea: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”—Mareka 1:38; Luka 4:43.
Ha e le hantle, lebaka le ka sehloohong leo Jesu a tlileng lefatšeng ka lona ke ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. ’Muso ona o tla halaletsa lebitso la Ntate oa hae. Hape o tla felisa mafu ’ohle a batho. Jesu o fana ka bopaki ba hore ha e le hantle o rometsoe ke Molimo ha a folisa batho ka mohlolo. Ka tsela e tšoanang, lilemong tse ngata tse fetileng, Moshe le eena o ile a etsa mesebetsi e meholo e leng se neng se paka hore o rometsoe ke Molimo.—Exoda 4:1-9, 30, 31.
Jesu le barutuoa ba hae ba banè ba tloha Kapernauma ho ea ruta le metseng e meng. Barutuoa bana ke Petrose le mor’abo Andrease hammoho le Johanne le mor’abo Jakobo. Beke pejana, Jesu o ile a ba mema hore e be basebetsi-’moho le eena ba pele.
Mosebetsi oa Jesu le barutuoa bana ba banè o atleha haholo. Batho ba utloela ka Jesu le libakeng tse hole. “Tlaleho e mabapi le eena ea kena Syria eohle” le litoropong tse ling tse leshome tse bitsoang Dekapolise ho ea fihla ka nģane ho Noka ea Jordane. (Matheu 4:24, 25) Batho ba bangata ba tsoang libakeng tsena, ho akarelletsa le ba tsoang Judea ba latela Jesu le barutuoa ba hae. Ba tlisa batho ba kulang hore Jesu a ba folise ’me Jesu ha a ba soetse. O folisa bohle ba kulang ’me o leleka bademona.