Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/1 maq. 13-18
  • Ho Sebelisa Borapeli Ho Batsoali ba Hōlileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Borapeli Ho Batsoali ba Hōlileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Jara Phahlo ea Hao’ Ea Tlhokomelo
  • Tšebelisano ea Lelapa
  • “Bohlale” le “Masene” ha Batsoali ba Tla ha Hao
  • Tlhokomelo ea Mahae a Kokelo
  • Bafani ba Thabileng, Baamoheli ba Thabileng
  • Ho Hlokomela ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Bibele e Re’ng ka ho Hlokomela Batsoali ba Holileng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Nka Litokelo Tsa Tšebeletso e Halalelang e le Tsa Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/1 maq. 13-18

Ho Sebelisa Borapeli Ho Batsoali ba Hōlileng

“Bao [bana kapa litloholo] ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa [“ho buseletsa,” TLP] ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo.”—1 TIMOTHEA 5:4.

1, 2. (a) Ke mang eo Bibele e mo nkang a ikarabella bakeng sa ho hlokomela batsoali ba tsofalang? (b) Ke hobane’ng ha e ka ba taba e tebileng ha Mokreste a ka hlokomoloha tšoanelo ee?

HA U le ngoana, ba ile ba u hlokomela le ho u sireletsa. Ha u le motho e moholo, u ile ua batla keletso le tšehetso ho bona. Empa joale ba hōlile ’me ba hloka ea ka ba thusang. Moapostola Pauluse o re: “Ekare ha mohlolohali e mong a e-na le bana, kapa litloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa [“ho buseletsa,” TLP] ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo. Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.”—1 Timothea 5:4, 8.

2 Lipaki tsa Jehova tse likete kajeno li hlokomela batsoali ba tsofetseng. Ha li etse joalo feela ka lebaka la “mosa” (The Living Bible) kapa “tšoanelo” (The Jerusalem Bible) empa ka lebaka la “boineelo ba bomolimo” (NW), “borapeli,” ke hore, ho hlompha Molimo. Li hlokomela hore ho furalla batsoali ba motho nakong ea ha ba hloka ho ne ho tla tšoana le ‘ho latola tumelo ea Bokreste.’—Bapisa Tite 1:16.

‘Jara Phahlo ea Hao’ Ea Tlhokomelo

3. Ke hobane’ng ha tlhokomelo ea batsoali ba motho e ka ba phephetso ea sebele?

3 Ho hlokomela batsoali ba hōlileng ho fetohile phephetso ea sebele, haholo-holo linaheng tsa Bophirima. Hangata malapa a qhala-qhalane. Litheko li phahame hoo li sa laoleheng. Basali ba malapa hangata baa sebetsa. Ka hona ho hlokomela motsoali ea hōlileng e ka ba mosebetsi o moholo, haholo ha mohlokomeli ka boeena e se e se ngoana. Khaitseli e mong ea loanelang ho hlokomela motsoali oa hae, o itse, “Re lilemong tse 50 hona joale, re na le bana ba hōlileng le litloholo bao le bona ba hlokang thuso.”

4, 5. (a) Bibele e bontša hore mojaro oa tlhokomelo o ka arolelanoa le bo-mang? (b) Ba bang ba ile ba balehela boikarabelo ba batsoali ba bona joang mehleng ea Jesu?

4 Pauluse o bontšitse hore boikarabelo bo ka arolelanoa ke “bana, kapa litloholo.” (1 Timothea 5:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling bana ha ba utloisise ‘ho jara phahlo ea bona’ ea tlhokomelo. (Bapisa Ba-Galata 6:5.) Moholo e mong oa belaela, “Khaitseli ea ka o itlhohlorile boemong bona.” Empa na tsela e joalo e ka ba e khahlisang ho Jehova? Hopola seo Jesu a kileng a se bolella Bafarisi: “Moshe o itse: Hlonepha ntat’ao le ’m’ao . . . Athe lōna le re: Ha ho molato leha motho a re ho ntat’ae, leha e le ho ’m’ae: Sa tsa ka seo nka beng ke u thusa ka sona, e se e le korbane (ke ho re, neo e etsetsoang Molimo); ’me ha le sa mo lumella ho etsetsa ’m’ae kapa ntat’ae letho. Le fosisa lentsoe la Molimo joalo ka mokhoa oa lōna oo le o neanang.”—Mareka 7:10-13.

5 Haeba Mojode a ne a sa natse ho hlokomela ntat’ae ea hlokang, ho ne ho hlokahala feela hore a bolele hore lintho tsa hae ke “korbane”—mpho e beetsoeng tšebeliso ea tempele. (Bapisa Levitike 27:1-24.) Leha ho le joalo, ho ne ho se letho le mo tlamang ka potlako hore a fane ka mpho ena ea boikaketsi. Kahoo o ne a ka ’na a boloka (’me ntle ho pelaelo a sebelisa) lintho tsa hae ka linako tsohle. Empa haeba batsoali ba hae ba hloka thuso ea lichelete, o ne a ka itlhohlolla tšoanelo ea hae ka hore ka boikaketsi a bolele hore lintho tsohle tseo a nang le tsona ke “korbane.” Jesu o ile a nyatsa bolotsana bona.

6. Ke eng e ka ’nang ea susumetsa ba bang kajeno hore ba balehele litšoanelo tsa batsoali ba bona, na hoo ho khahlisa Molimo?

6 Ka hona Mokreste ea ikemelang ntle ho mabaka hore a balehe tšoanelo ea hae ha a thetse Molimo. (Jeremia 17:9, 10) Ke ’nete, mathata a lichelete, ho kula kapa maemo a joalo li ka ’na tsa fokotsa haholo hore na motho a ka etsetsa batsoali ba hae eng. Empa ba bang ba ka ’na ba nka matlotlo, nako le boikhutso e le tsa bohlokoa ho feta boiketlo ba batsoali ba bona. Leha ho le joalo, e ka ba boikaketsi bo bokaakang, ho bolela Lentsoe la Molimo empa ra le “etsa lefeela” ka ho se etsetse batsoali ba rōna letho!

Tšebelisano ea Lelapa

7. Malapa a ka sebelisana joang ho hlokomeleng motsoali ea hōlileng?

7 Litsebi tse ling li buella hore ha tlokotsi e amang motsoali ea tsofetseng e hlaha, ho bitsoe seboka sa lelapa. Setho se seng sa lelapa se ka ’na sa lokela ho jara boikarabelo bo boholo. Empa ka hore ka mokhoa o khutsitseng le o tobileng ‘ho buisanoe lekunutung,’ lelapa le atisa ho fumana litsela tsa ho arolelana mojaro. (Liproverbia 15:22) Ba bang ba phelang hōle ba ka ’na ba khona ho tlatsetsa ka lichelete le ho chaka nako le nako. Ba bang ba ka ’na ba khona ho etsa mesebetsi kapa ho lokisetsa lipalangoang. Ha e le hantle, ho lumela feela ho etela batsoali nako le nako e ka ’na ea e-ba tlatsetso e molemo. Khaitseli e mong ea lilemo li 80 o bua tjena mabapi le ho eteloa ke bana ba hae, “Ho tšoana le sehlare!”

8. (a) Na litho tsa lelapa tse tšebeletsong ea nako e tletseng li lokolohile ho kenyeng letsoho tlhokomelong ea batsoali ba tsona? (b) Ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba nkile mehato efe ho khahlanyetsa tlameho ea batsoali ba bona?

8 Leha ho le joalo, malapa a ka ’na a thulana le bothata bo matla, ha setho se seng se tšoarehile tšebetsong ea nako e tletseng. Basebeletsi ba nako e tletseng ha ba ikemele hore ba se ke ba kopanela tlamehong e joalo, ’me ba bangata ba entse boiteko bo khethehileng ba ho hlokomela batsoali ba bona. Molebeli e mong oa potoloho o re: “Ha ho mohla re neng re kile ra nahana hore na ho hlokomela batsoali ba rōna e tla ba ho boima hakaakang ’meleng le maikutlong, haholo ha ka nako e tšoanang motho a ntse a leka ho khahlanyetsa ho etsa se hlokoang ke tšebeletso ea nako e tletseng. Ka sebele, mamello ea rōna e thefulehile ’me re ile ra ikutloa hore re hloka ‘matla a fetang a tloaelehileng.’” (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) E se eka Jehova a ka tsoela pele ho matlafatsa ba joalo.

9. Ke khothatso efe e ka neoang bao ho seng boikhethelo haese feela hore ba tlohele tšebeletso ea nako e tletseng ho hlokomela batsoali?

9 Ka linako tse ling, leha ho le joalo, kamor’a ho leka menyetla eohle e meng, ha ho letho leo setho sa lelapa le ka se etsang haese ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ho utloahalang hore ea joalo a ka ’na a ba le boikutlo bo ferekaneng ka ho lahla litokelo tsa hae tsa tšebeletso. Eo e kileng ea e-ba moromuoa o re: ‘Rea tseba hore ke boikarabelo ba rōna ba Bokreste ho hlokomela ’mè oa rōna ea tsofetseng le ea kulang. Empa ka linako tse ling ho utloahala ho makatsa haholo.’ Leha ho le joalo, hopola hore ‘ho sebelisa borapeli lapeng hoa amoheleha mahlong a Molimo.’ (1 Timothea 5:4) Hape hopola hore, “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa.” (Ba-Heberu 6:10) Banyalani ba bang ba ileng ba furalla lilemo tse ngata tsa tšebeletso ea nako e tletseng, ba re: “Tsela eo re ho talimang ka eona, ke habohlokoa ka ho tšoanang ho rōna hona joale ho hlokomela beng ka rōna joalokaha ho ne ho le joalo ka ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng.”

10. (a) Ke hobane’ng ha ba bang e ka ’na eaba ba tlohetse tšebeletso ea nako e tletseng pele ho nako? (b) Malapa a lokela ho talima tšebeletso ea nako e tletseng joang?

10 Leha ho le joalo, mohlomong ba bang ba tlohetse tšebeletso ea nako e tletseng pele ho nako ka lebaka la hobane beng ka bona ba ne ba bea lebaka la hore: ‘Ha lea tlangoa ke mesebetsi le malapa. Ke hobane’ng ha le ke ke la hlokomela Ntate le ’Mè?’ Leha ho le joalo, na mosebetsi oa ho bolela hase mosebetsi o potlakileng ka ho fetisisa o ka etsoang kajeno? (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka baka leo ba etsa mosebetsi oa bohlokoa. (1 Timothea 4:16) Hape, Jesu o bontšitse hore, maemong a mang, tšebeletso ea Molimo e ka ’na ea beoa ka pele ho litaba tsa lelapa.

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a eletsa monna e mong hore a ‘tlohele bafu ba epele bafu ba bona’? (b) Malapa a mang a entse litokisetso life ha setho se seng se le tšebeletsong ea nako e tletseng?

11 Ka mohlala, ha monna e mong a hana memo ea ho ba molateli oa Jesu, a re: “Ntumelle, ke ee ho epela ntate pele,” Jesu a araba: “Lesa bafu [moeeng] ba epele bafu ba bona; ha e le uena, ea bolela ’muso oa Molimo.” (Luka 9:59, 60) Kaha Bajode ba ne ba epela bafu ba bona ka tsatsi leo ba shoeleng ka lona, ha ho bonolo hore ntate oa monna eo o ne a hlile a shoele. Mohlomong monna enoa o ne a mpa a batla feela lebaka la ho lula le ntat’ae ea tsofetseng ho fihlela ntat’ae a e-shoa. Leha ho le joalo, kaha beng ka eena ba bang ho totobetse hore ba ne ba ntse ba le teng hore ba ka fana ka tlhokomelo ena, Jesu a khothalletsa monna eo ‘ho ea bolela hohle litaba tsa ’muso oa Molimo.’

12 Malapa a mang ka ho tšoanang a fumane hore ha litho kaofela li sebelisana, hangata ho ka lokisetsoa hore e mong ea tšebeletsong ea nako e tletseng a kopanele tlhokomelong ea motsoali oa hae a sa tlohele tšebeletso ea nako e tletseng. Ka mohlala, basebeletsi ba bang ba nako e tletseng ba thusa batsoali ba bona mafelong a beke kapa nakong ea phomolo. Ho khahlisang, batsoali ba ’maloa ba hōlileng ba ’nile ba tsitlallela hore bana ba bona ba tšoarelle tšebeletsong ea nako e tletseng, le haeba e le ka boitelo bo fetisisang ka lehlakoreng la motsoali. Jehova ka ho enneng o hlohonolofalitse ba etelletsang pele lithahasello tsa ’Muso.—Mattheu 6:33.

“Bohlale” le “Masene” ha Batsoali ba Tla ha Hao

13. Ho ka ’na ha hlaba mathata afe ha motsoali a memeloa ho fallela ho bana?

13 Jesu o ile a lokisetsa hore ’m’ae oa mohlolohali a e’o phela le beng ka eena ba lumelang. (Johanne 19:25-27) Lipaki tse ngata ka ho tšoanang li ’nile tsa mema batsoali ba tsona ho ea lula le tsona—’me ka baka leo li bile le linako tse thabisang haholo le mahlohonolo. Leha ho le joalo, mekhoa e sa tšoaneng ea bophelo, boikhutso bo lekanyelitsoeng le boima ba ho fana ka tlhokomelo ea letsatsi le letsatsi hangata li etsa hore ho tlisa motsoali ka lapeng e be ho boima bakeng sa bohle ba amehang. Ann, eo matsala’e a jeoang ke bohloko ba ho lahleheloa ke kelello le ho theoha ’meleng ka lebaka la botsofali, o re, “Ho hlokomela ’Mè ho nkentse ea bohale haholoanyane. Ka linako tse ling ke felloa ke mamello ’me ke buisa ’Mè hampe—’me hoo ho nketsa hore ke ikutloe ke le molato haholo.”

14, 15. “Bohlale” le “masene” li ka thusa ho “haha” lelapa joang tlas’a maemo aa?

14 Salomone o itse “ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” (Liproverbia 24:3) Ann, ka mohlala, o lekile hore e be ea utloisisang haholoanyane bothata ba matsala’e. “Ke ikhopotsa hore oa kula ’me ha a iketsise.” Ho ntse ho le joalo, “bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jakobo 3:2) Empa ha likhohlano li hlaha, bontša bohlale ka ho hanela lehloeo le ho halefa. (Ba-Efese 4:31, 32) Buisanang litaba hammoho joaloka lelapa ’me le batle litsela tsa ho sekisetsa kapa ho lokisa.

15 Masene a boetse a thusa motho hore a bue ka mokhoa o molemo. (Liproverbia 25:11) Mohlomong motsoali o thatafalloa ke ho fetohela mokhoeng oo ho pheloang ka oona ka lapeng le lecha. Kapa mohlomong kaha ha a sa na qeto e ntle litabeng ho bonahala a sa sebelisane le ba bang. Tlas’a maemo a itseng, boikhethelo bo ka ’na ba e-ba sieo haese feela ho bua ka matla. (Bapisa Genese 43:6-11.) Khaitseli e mong o re, “Haeba ke ne ke sa thibe ’Mè, o ne a tla hafotsa chelete ea hae kaofela.” Leha ho le joalo, moholo e mong o fumana hore ka linako tse ling a ka nka monyetla ka lerato la ’ma’e ho eena. “Hangata ha ho buisana le eena ho hlōleha, ka bonolo feela, ke re, ‘’Mè, na ha ho molemo hore u mpe u ho etse feela ka lebaka la ka?’ ’me oa mamela.”

16. Ke hobane’ng ha monna ea lerato a tlameha ho bontša “masene” ho mosali oa hae? A ka etsa joalo joang?

16 Kaha hangata boima ba tlhokomelo bo jaroa ke mosali, monna ea seli o tla alosa hore mosali ha a khathale—maikutlong, ’meleng kapa moeeng. Liproverbia 24:10 e re: “Ha u tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.” Monna a ka etsa’ng ho nchafatsa cheseho ea mosali oa hae? Khaitseli e mong o re, “Monna oa ka o ne a ee a tle lapeng, a nkōpe ka matsoho ’me a mpolelle kamoo a nkananelang kateng. Nka be ke sa khona ha a le sieo!” (Ba-Efese 5:25, 28, 29) Monna a ka boetse a ithuta Bibele le molekane oa hae ’me a rapela kamehla le eena. E, le tlas’a maemo ana a thata, lelapa le ka ‘hahuoa.’

Tlhokomelo ea Mahae a Kokelo

17, 18. (a) Malapa a mang a ile a tlameha ho nka bohato bofe? (b) Mabakeng a joalo, bana ba hōlileng ba ka thusa batsoali ba bona ho tloaelana le maemo joang?

17 Setsebi se seng sa botsofali le mathata a bona se re: “Ho ee ho fihle nako eo ka eona lelapa le se nang tsebo kapa eona chelete ea ho boloka [motsoali] lapeng.” Joalokaha monna e mong a itse: “Ho ile ha fihla moo bophelo ba mosali oa ka bo ileng ba senyeha ke ho leka ho hlokomela ’Mè ka lihora tse 24 ka letsatsi. Re ne re se na boikhethelo haese ho isa ’Mè lehaeng la kokelo. Empa lipelo tsa rōna li ne li le bohloko ha re lokela ho etsa hona.”

18 Tlhokomelo ea lehae la kokelo e ka ’na ea e-ba tlhokomelo e molemohali e ka fumanehang tlas’a maemo a joalo. Empa ba hōlileng ba beoang tlas’a maemo a joalo ba atisa ho makala le ho ferekana, ba ikutloa hore ba furaletsoe. Khaitseli eo re tla mo bitsa Greta, o itse, “Re ile ra hlalosetsa ’Mè ka hloko hore na ke hobane’ng ha re ile ra lokela ho ho etsa. O ithutile ho tloaelana le boemo ’me joale o talima sebaka seo joaloka lapeng.” Ho ba etela kamehla le hona ho bebofatsa hore batsoali ba tloaelane le boemo ’me ho paka ’nete ea lerato la lōna ho bona. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 8:8.) Moo bohole e leng bothata, buisanang ka thelefono, mangolo le ho ba etela nako le nako. (Bapisa 2 Johanne 12.) Leha ho le joalo, ho phela har’a balefatše ho na le mathata a totobetseng. ‘Falimehelang litlhoko tsa bona tsa moea.’ (Mattheu 5:3) Greta o re, “Re fa ’Mè lintho tseo a ka li balang ’me re leka ho bua ka lintho tsa moea hangata kamoo ho ka khonehang.”

19. (a) Ke tlhokomelo efe e ka nkoang ha ho khethoa le ho alosa tlhokomelo ea lehae la kokelo? (b) Mokreste o rua molemo ofe ka ho etsa sohle se matleng a hae ho hlokomela motsoali?

19 The Wall Street Journal, e tlalehile ka phuputso ea mahae a kokelo a U.S. a 406 ao ho oona “hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse hlano a ileng a nkoa e le a kotsi ho ba phelang ho oona ha halofo ea oona e le a boemo bo tlaase.” Leha ho le bohloko ho ho bolela, litlaleho tse joalo li tloaelehile ka ho tepeletsang. Ka hona haeba tlhokomelo ea lehae la kokelo e hlokahala, hlokomelang ha le khetha le leng. Le eteleng ka bolona ho ea bona hore na le hloekile, le hlokomelehile, le na le basebetsi ba tšoanelehang, moea oa lōna ke o kang oa lapeng ’me le na le lijo tse tšoanelehang. Hlahlobang ka hloko kamoo le ka khonang tlhokomelo e neoang batsoali ba lōna. Le be babuelli ba bona, le ba thusa ho qoba maemo a mabe a ka ’nang a hlaha, mohlomong a amanang le matsatsi a phomolo a lefatše kapa boithabiso ba lefatše. Ka ho etsa sohle se matleng a lōna ho lokisetsa batsoali ba lōna tlhokomelo e molemohali tlas’a maemo ao, le ka itopolla boikutlong ba molato boo ntle ho moo bo ka ’nang ba le tšoenya.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 1:12.

Bafani ba Thabileng, Baamoheli ba Thabileng

20. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana e be bafani ba thabileng?

20 Mosali e mong oa Mokreste o buile tjena mabapi le ho hlokomela batsoali ba hae, “Ho bile thata. Ke ile ka lokela ho ba phehela, ho ba hloekisetsa, ho ba hlokomela ha ba lla, ho kenya lilakane tse hloekileng ha ba ile ba ithusetsa ho tsona.” Monna oa hae o re, “Empa eng le eng eo re ileng ra lokela ho ba etsetsa eona, re e entse ka thabo—ka cheseho. Re lekile ka thata hore ho se be mohla re etsang hore batsoali ba rōna ba ikutloe hore re tenoa ke ho ba hlokomela.” (2 Ba-Korinthe 9:7) Hangata ba hōlileng ba monyebe ho amohela thuso ’me ha ba batle ho ba mojaro oa ba bang. Ka hona boikutlo boo u bo bontšang ke ba bohlokoa.

21. (a) Batsoali e ka ba baamoheli ba thabileng joang? (b) Ke hobane’ng ha e le bohlale hore motsoali a roalle le sa sele bakeng sa botsofali ba hae?

21 Ka nako e tšoanang, boikutlo bo bontšoang ke batsoali le bona ke ba bohlokoa. Khaitseli e mong o sa hopola: “Eng kapa eng eo ke ileng ka e etsetsa ’Mè ho ne ho se mohla e lekaneng.” Kahoo, batsoali, qobang ho ba ba sa utloisiseng kapa ba khathatsang. Ha e le hantle, Bibele e re ‘hase bana ba tšoanetseng ho bokellela bo-ntat’a bona, empa ke bo-ntat’a batho ba tšoanetseng ho bokellela bana ba bona.’ (2 Ba-Korinthe 12:14) Batsoali ba bang ba hafotsa lichelete tsa bona ’me ba fetohe moroalo o sa hlokahaleng ho bana ba bona. Leha ho le joalo, Liproverbia 13:22 e re: “Motho e motle o siela litloholo tsa hae lefa.” Kamoo ho ka khonehang, kahoo batsoali ba ka roalla le sa sele bakeng sa botsofali ba bona, ba boloka lichelete le ho etsa litokisetso tse ling bakeng sa tlhokomelo e sa le pele.—Liproverbia 21:5.

22. Motho o lokela ho talima boiteko boo a bo etsang ho hlokomela batsoali ba hae ba tsofalang joang?

22 Pauluse o ho beile hantle ha a bolela hore ho hlokomela batsoali ba motho ho tšoana le “ho buseletsa.” (1 Timothea 5:4, TLP) Joalokaha moena e mong a re: “’Mè o ntlhokometse ka lilemo tse 20. E be ke entse eng e lekanang le hoo?” E se eka Bakreste bohle ba nang le batsoali ba tsofetseng ka ho tšoanang ba ka susumeletseha ho ‘sebelisa borapeli lapeng,’ ba tseba hore ba tla putsoa ka ho enneng ke Molimo o tšepisang ba hlomphang batsoali ba bona: “U [tle u] phele halelele lefatšeng.”—Ba-Efese 6:3.

Lintlha tse ka Hopoloang

◻ Ba bang mehleng ea Jesu ba ne ba batla ho balehela boikarabelo ba bona ho batsoali ba bona joang?

◻ Ke bo-mang ba lokelang ho hlokomela batsoali ba hōlileng, hona hobane’ng?

◻ Malapa a ka thulana le mathata afe ha motsoali a e-tla ha bana, ’me a ka hlōloa joang?

◻ Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokahala tlhokomelo ea lehae la kokelo, ’me batsoali ba ka thusoa joang hore ba tloaele ho phela moo?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho ka tšoaroa seboka sa lelapa ho buisana ka hore na tlhokomelo ea motsoali e ka arolelanoa joang

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ha ho hlokahala tlhokomelo ea lehae la kokelo, ho chaka kamehla hoa hlokahala bakeng sa katleho ea boikutlo le ea moea ea ba hōlileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela