Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 4/1 leq. 30
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Synagogeng Nazaretha
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • E ne e le Moqolo ’me ea E-ba Codex—Kamoo Bibele e Ileng ea Etsoa Buka Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Synagogeng ea ha Habo Jesu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Synagogeng ea ha Habo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 4/1 leq. 30

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a folisa monna ea foufetseng mohato ka mohato?

Ho Mareka 8:22-26, re bala kamoo Jesu a ileng a folisa monna ea foufetseng oa Bethsaida. Litemana tsena li re Jesu o ile a qala ka ho tšoela monna eo ka mathe mahlong eaba o mo botsa hore na o bona eng. Karabo ea hae e bontša hore o ne a batla a ferekane, ha a re: “Ke bona batho, hobane ke hlokomela se bonahalang eka ke lifate, empa lia tsamaea.” Eaba Jesu o ama mahlo a monna eo hape, ’me ha etsahala tjena: “Monna eo a bona ka ho hlaka, ’me a tsosolosoa, ’me o ne a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o hlakileng.” Ho hlakile hore Jesu o ile a folisa monna eo butle-butle, kapa mohato ka mohato. Ka lebaka lefe?

Bibele ha e arabe ka botlalo, empa re ka ’na ra fumana seo mohlomong e leng lebaka la ketso eo. Ho bona ka lekhetlo la pele ka mor’a ho foufala ka lilemo—kapa esita le bophelo bohle—ke phetoho e khōlō. Ka mohlala: Lipere tsa lipone li kile tsa sebelisoa limmaeneng. Li ne li se li tloaetse lefifi hoo ha li tsoa ka mokoting, ho ileng ha hlokahala hore ho fete letsatsi lohle pele li tloaela ho ba khanyeng. Ha motho a foufetse, ho ka ’na ha hlokahala phetoho e khōlō le ho feta. Mehleng ena, lingaka li ’nile tsa khona ho etsa hore lifofu tse seng kae li bone. Leha ho le joalo, hangata batho bana bao e kileng ea e-ba lifofu ba ’nile ba ferekanngoa ke ho bona lintho tse ngata haholo ka nako e le ’ngoe. Kaha ba hloletsoe ke ho bona mebala, libōpeho le tsela eo lintho li shebahalang ka eona, ba iphumana ba ferekane ba sa khone ho tseba le lintho tse tloaelehileng. Ha nako e ntse e feta, boko bo ithuta ho hlalosa seo mahlo a se bonang.

Ho ka etsahala hore Jesu o ile a folisa monna ea foufetseng mohato ka mohato ka lebaka la ho mo nahanela ka lerato. Qetellong, monna eo o ile “a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o hlakileng,” a utloisisa sohle seo a neng a se bona.

Mehleng ea Jesu, ke hobane’ng ha ho ne ho le thata ho bala moqolo?

Sekhechana se tloaelehileng sa thepa e sebelisoang bakeng sa ho etsa moqolo se ne se le bolelele ba lisenthimithara tse 23 ho ea ho tse 28 le bophara ba tse 15 ho ea ho tse 23. Ho ne ho kopanngoa likhechana tse ngata ka sekhomaretsi kapa li rōkelloa hammoho ka khole. Ka linako tse ling ho ne ho sebelisoa likhechana tse telele ho feta moo. Moqolo oa Leoatleng le Shoeleng oa Esaia o ne o entsoe ka likhechana tse 17 tsa letlalo, tseo ka kakaretso hona joale bolelele ba tsona e ka bang limithara tse 7. Ho ka etsahala hore ebe moqolo oa Esaia oo Jesu a ileng a o bala ka synagogeng Nazaretha o ne o lekana le ona.—Luka 4:16, 17.

Alan Millard ha a ngola ka sena bukeng ea hae ea Discoveries From the Time of Jesus o ile a re: “’Mali o ne a tšoara buka [moqolo] a e phutholla ka letsoho le letšehali, a tšoere ntlha e ’ngoe ka letsoho le letona ’me a ntse a e phutholla ha a ntse a bala likarolo tse latellanang. Hore Jesu a fihle ho Esaia 61, e leng khaolo eo a ileng a e bala ka synagogeng, o ile a lokela ho phutholla boholo ba moqolo oo le ho boela a o phutha hape.”

Mehleng eo, buka ea Esaia e ne e sa aroloa ka likhaolo le litemana joaloka kajeno. Ha Jesu a fuoa moqolo oa Esaia ka synagogeng ea Nazaretha, o ile a lokela ho batla mantsoe ao Libibeleng tsa rōna tsa kajeno a hlahang ho Esaia 61:1, 2. O ile ‘a a fumana’ habonolo, e leng se bontšang hore o ne a tloaetse ho bala Lentsoe la Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela