E ne e le Moqolo ’me ea E-ba Codex—Kamoo Bibele e Ileng ea Etsoa Buka Kateng
HO TLOHA khale bangoli ba ’nile ba boloka boitsebiso ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Mehleng e fetileng, bangoli ba ne ba ngola mantsoe a bona liemahaleng, majoeng kapa matlapeng a lehong, maqepheng a entsoeng ka letlalo le linthong tse ling. Lekholong la pele la lilemo, Bochabela bo Hare, ho ngola mantsoe moqolong e ne e le oona mokhoa o amohelehang le o sebelisoang. Hamorao ho ile ha e-ba le codex, eo qetellong e ileng ea sebelisoa e le eona mokhoa o tloaelehileng oa ho boloka boitsebiso ho e-na le ho sebelisa moqolo. Hape e ile ea thusa haholo ho abuoeng ha Bibele. Codex e ne e le eng, hona ho ile ha tla joang hore e sebelisoe?
Codex e ne e le mofuta oa pele-pele oa seo kajeno e leng buka. E ne e e-na le maqephe a neng a menoa, a bokelloa hammoho e be aa tlangoa. Maqephe ao a ne a ngoloa ka mahlakoreng ka bobeli ebe a sireletsoa ka sekoahelo. Codex ea pele e ne e sa tšoane hantle le libuka tsa kajeno, empa joaloka lintho tse ling tse qaptjoang, e ile ea ntlafatsoa eaba e fetoloa ho latela litlhoko le litaba-tabelo tsa ba neng ba e sebelisa.
Lehong, Boka le Letlalo la ho Ngolla
Qalong, li-codex li ne li atisa ho etsoa ka matlapa a lehong a tlotsitsoeng ka boka. Ho ile ha fumanoa matlapa a tlotsitsoeng ka boka a neng a hokeletsoe hammoho, motseng oa Herculaneum, o ileng oa timela hammoho le oa Pompeii ha Thaba ea Vesuvius e ne e phatloha ka 79 C.E. Qetellong, ho e-na le ho sebelisa matlapa a lehong, ho ile ha sebelisoa maqephe a menehang. Ka Selatine, li-codex tsena kapa libuka tsena, li ne li bitsoa membranae, kapa matlalo a ho ngolla, ka lebaka la letlalo leo ka tloaelo le neng le sebelisoa ha ho etsoa maqephe a tsona.
Li-codex tse ling tse ntseng li le teng li ne li entsoe ka loli. Li-codex tse tsebahalang tsa Bokreste tsa khale haholo, tse ileng tsa bolokoa libakeng tse itseng tse ommeng Egepeta, li entsoe ka loli.a
Moqolo Kapa Codex?
Kamoo ho bonahalang kateng, Bakreste ba ile ba sebelisa moqolo haholo, bonyane ho fihlela hoo e ka bang qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. Ho tloha bofelong ba lekholo la pele la lilemo ho fihlela lekholong la boraro la lilemo C.E. ho bile le qhoebeshano pakeng tsa batho ba neng ba buella codex le ba neng ba buella moqolo. Batho ba neng ba sa rate liphetoho, ba ne ba sa batle ho tlohela meqolo eo ba neng ba tloaetse ho e sebelisa. Leha ho le joalo, hlokomela hore na ho bala moqolo ho ne ho akarelletsa eng. Hangata moqolo o ne o etsoa ka maqephe a lekanang ka boholo a loli kapa a matlalo a ho ngolla a neng a khomaretsoa ka glue hore e be rolo e telele, eo ka mor’a moo e neng e phuthoa. Taba e ngotsoeng e ne e e-ba karolong e ka pele ea moqolo. Haeba motho a ne a batla ho o bala, o ne a lokela ho o phutholla e le hore a fumane temana eo a e batlang. Ha a qeta ho bala, o ne a o phutha hape. (Luka 4:16-20) Hangata ho ne ho hlokahala meqolo e ’maloa ho etsa buka e le ’ngoe, e leng se neng se etsa hore ho be thata ho e sebelisa. Le hoja kamoo ho bonahalang kateng Bakreste ba lekholo la bobeli la lilemo ba ne ba rata ho kopitsa Mangolo hore e be codex, moqolo o ile oa tsoela pele o sebelisoa ka lilemo tse makholo. Leha ho le joalo, litsebi li lumela hore ho sebelisa ha Bakreste codex ho ile ha phetha karolo ea bohlokoa haholo ho etsa hore e amoheloe hohle.
Melemo ea codex e totobetse—e ne e tšela boitsebiso bo bongata, ho le bonolo ho e sebelisa e bile e nkeha habonolo. Le hoja ba bang mehleng ea pele ba ne ba hlokomela melemo ena, ba bangata ba ne ba le leqe ho tlohela ho sebelisa moqolo. Leha ho le joalo, ka lilemo tse makholo a seng makae, ho ile ha e-ba le lintho tse ngata tse ileng tsa etsa hore codex e qetelle e le eona e hlaheletseng haholo.
Ha e bapisoa le moqolo, codex e ne e boloka litšenyehelo. Motho o ne a ka ngola ka mahlakoreng ka bobeli a leqephe, ebile libuka tse ’maloa li ne li ka kopanngoa hore e be buka e le ’ngoe. Ba bang ba bolela hore, tsela eo ho neng ho le bonolo ka eona ho fumana litemana tse itseng ho codex ke eona ntho ea bohlokoa e ileng ea etsa hore e atlehe har’a Bakreste le har’a litsebi tse kang babuelli ba molao. Bakeng sa Bakreste, litemana tse leng bukeng e nyenyane—kapa lethathamo le molemo la litemana tsa Bibele tse qotsitsoeng—li ne li le molemo haholo bakeng sa mosebetsi oa boevangeli. Ho feta moo, codex e ne e e-na le sekoahelo, seo hangata se neng se entsoe ka lehong, kahoo e ne e le thata ho feta moqolo.
Li-codex li ne li boetse li le molemo bakeng sa hore motho a bale a le mong. Qetellong ea lekholo la boraro la lilemo, batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba sebelisa Likosepele tse nyenyane tse entsoeng ka letlalo. Ho tloha ka nako eo, ho entsoe likopi tse limilione tse likete tsa Bibele e feletseng kapa likarolo tsa eona e le li-codex.
Kajeno, lisebelisoa tse ngata li thusitse hore bohlale ba Molimo bo ka Bibeleng bo fumanoe habonolo le hona e le ka potlako. Bo ka fumanoa lik’homphieutheng, lik’haseteng le libukeng. Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa Bibele e le boemong bofe, hōlisa lerato bakeng sa Lentsoe la Molimo, u nahanisise ka lona letsatsi le leng le le leng.—Pesaleme ea 119:97, 167.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “The Early Christian Codex,” Molula-Qhoeeng (oa Senyesemane) oa August 15, 1962, leqepheng la 501-5.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
“Codex” e ile ea thusa haholo ho abuoeng ha Bibele