Heroda e Moholo—E ne e le Sehahi se Hloahloa
O BUSITSE ka lilemo tse ka bang 30, lilemong tse fetang 2 000 tse fetileng. ’Muso oa hae o ne o le Judea ’me o busa le libakeng tse ling tse haufi. O tsebahala e le Heroda e Moholo.
Hangata Heroda o hopoloa ka hore ke ’molai ea mōna ea ileng a bolaea beng ka eena le bashanyana ba banyenyane ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa. Ha linohe tsa linaleli tse tsoang Bochabela li tlalehela Heroda hore ho hlahile ngoana eo e tla ba morena nakong e tlang, o ile a iketsa eka o lakatsa ho mo tlotla. O ile a re li batle ngoana eo ’me li khutlele ho eena ha li mo fumane. Empa ha Molimo a lemosa linohe tseo hore li se ke tsa khutlela ho eena, Heroda o ile a laela hore bashanyana bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ba Bethlehema, motse oo linohe li fumaneng Jesu ho oona, ba bolaoe hammoho le ba literekeng tse haufi le eona.—Matheu 2:1-18.
Leha ho le joalo, qalong batho ba bangata ba ne ba rata Heroda ka lebaka la mehaho e ikhethang eo a e hahileng. O ne a hahile litempele, mabala a lipapali, mabala a peiso ea lipere, likotopo tsa metsi hammoho le liqhobosheane tse ntle tse khōlō tse nang le libaka tsa ho hlapela. Ka sebele mehaho ea hae e ne e khahleha haholo ’me e ntse e khahla esita le baenjiniere ba kajeno ba hlahlobang libaka tseo.
Heroda o ile a khetha libaka tse botleng ’me a haha mehaho e tšoanelang libaka tseo e hahoang ho tsona. Lipaleise tsa hae li ne li khabisitsoe ka litšoantšo maboteng le fatše. Motseng oa Judea, o ile a boela a haha libaka tsa ho hlapela tse nang le likamore tse chesang le tse futhumetseng hammoho le tsamaiso ea ho futhumatsa ntlo fatše, e leng mokhoa oo a o nkileng ho Baroma. Ha e le hantle, o ile a haha metse ’me o mong oa eona o ne o e-na le kou ea maiketsetso.
Cesarea—Motse o Koung ea Leoatle
Motseng oa Cesarea, Heroda o ile a haha e ’ngoe ea likou tse khōlō ka ho fetisisa mehleng ea Baroma. Boholo ba eona bo ile ba makatsa baepolli ba lintho tsa khale. Koung eo ho ne ho ka ema likepe tse lekholo, e leng ho bontšang hore Cesarea e kile ea e-ba sebaka sa machaba sa khoebo.
Marokho a kenellang ka leoatleng le marako a thibellang metsi a leoatle a ne a hahiloe ka boqhetseke bo boholo ba mehleng eo. Leha ho le joalo, litsebi li ile tsa ema hlooho hore na basebetsi ba ne ba kakasa joang litene tseo tse bolelele ba limithara tse ka bang 15 le bophara le bophahamo ba limithara tse 3 tseo rahistori oa Mojuda ea bitsoang Flavius Josephus a li hlalosang. Morao tjena, liqoeli li fumane hore litene tseo Heroda a neng a li sebelisa, ha e le hantle li ne li entsoe ka konkreite. Ha ho ne ho hahoa marokho ao le marako, batho ba hahang ba ile ba tšela konkreite ka har’a liforeimi tse entsoeng ka lehong, eaba ba li theolela ka leoatleng ’me ba li tlamella ka thata.
Motse ona o koung ea leoatle o raliloeng hantle o ne o boetse o e-na le tempele e nehetsoeng Cesare Augustase, paleise, lebala la peiso ea lipere, lebala la liketsahalo le nkang batho ba 4 000 ’me o cheketsoe liphaephe tse tsamaisang likhoerekhoere. Metsi a hloekileng a tsoang lilibeng tsa Thaba ea Karmele, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 6, a ne a tlisoa Cesarea ka likotopo le litonnoro tsa metsi.
Jerusalema le Tempele ea Heroda
Mohaho o moholo ka ho fetisisa oo Heroda a o hahileng e ne e le tempele e Jerusalema. Tempele ea pele sebakeng seo e ne e hahiloe ke Morena Solomone, ea neng a latetse meralo eo ntate oa hae Davida a neng a e filoe ke Molimo ka pululelo. (1 Marena 6:1; 1 Likronike 28:11, 12) Lilemo tse ka bang 420 hamorao, Bababylona ba ile ba senya tempele eo ’me lilemo tse ka bang 90 ka mor’a moo, e ile ea nkeloa sebaka ke e ’ngoe e seng majabajaba hakaalo e neng e hahiloe ke ’Musisi Zorobabele oa Juda.
Ha Josephus a bua ka tempele eo Heroda a ileng a e haha, o ile a ngola, a re: “E ne e manehiloe lipoleiti tse khōlō tsa khauta ka mahlakoreng ’ohle, ’me hang ha letsatsi le e chabela e ne e phatsima hoo batho ba neng ba tlameha ho sheba hosele e le hore ba se ke ba fahloa. Ha motho ea sa e tsebeng a e bona a le hōle, o ne a bona eka ke thaba e aparetsoeng ke lehloa; kaha moo ho neng ho se na khauta ho ne ho hlahella bosoeu bo hlakileng.”
Banna ba likete ba ile ba haha marako a pota-potileng tempele, ao ka bophirimela a neng a le bolelele ba limithara tse ka bang 500. A ne a hahiloe ka majoe a maholo empa ho sa sebelisoa taka. Ho ea ka setsebi se seng, lejoe le leng le ne le le boima ba lithane tse ka bang 400 ’me “ho ne ho se na le leng la mehleng ea boholo-holo le lekanang le lona.” Ha ho makatse hore ebe barutuoa ba Jesu ba ile ba hlolloa hakaalo! (Mareka 13:1) Ka holim’a marako ao ho ne ho e-na le setupu se seholo se bitsoang Motheo oa Tempele—e leng setupu se seholo ka ho fetisisa se entsoeng ke batho sa mehleng ea boholo-holo. Se ne se ka ba boholo ba lisekoere-mithara tse 144 000!
Heroda o ne a hahile mehaho e meng Jerusalema. O mong oa eona ke qhobosheane ea Antonia, e neng e matahane le tempele eo a neng a e hahile pejana. Khorong ea motse, Heroda o ne a boetse a hahile paleise le mehaho e meraro e ikhethang e nang le mekato e mengata.
Samaria le Jeriko
Augustase Cesare o ile a fa Heroda motse oa boholo-holo oa Samaria e le mpho, ’me Heroda a o reha Sebaste. O ile a ntlafatsa motse oo ka hore a hahe mehaho e metle, ho akarelletsa oo e ka ’nang eaba e ne e le lebala la lipapali le pota-potiloeng ke mathule. O ile a boela a haha mehaho e mengata e meholo e neng e khabisitsoe ka litšoantšo tse pentiloeng maboteng.
Jeriko e Phuleng ea Jordane, e limithara tse 250 ka tlaase ho bophahamo ba leoatle, ’me e na le tlelaemete e chesang le e mongobo. E boholo ba lihekthere tse ka bang 1 000 ’me e tšoana le serapa sa motse. Ke hona moo Heroda a ileng a haha paleise ea mariha teng. O ile a kopanya lipaleise tse tharo tseo a ileng a li etsa mohaho o le mong o moholo oa bolulo, ’me paleise ka ’ngoe e ne e e-na le liholo tseo baeti ba fihlelang ho tsona, libaka tsa ho hlapela, lirapa le matamo a ho sesa. Ha ho makatse hore ebe o ne a rata ho lula Jeriko nakong ea mariha!
Liqhobosheane Tse Ntle Tse Khōlō
Empa Heroda o ne a e-na le sebaka se seng seo a ka khethang ho lula ho sona mariha. O ne a hahile qhobosheane e ’ngoe sehlabeng se leralleng la Masada, le neng le phahametse Leoatle le Shoeleng ka limithara tse 400. Hona sehlabeng seo o ile a haha paleise e ntle e nang le mekato e meraro le matamo a ho sesa, hammoho le paleise e ’ngoe e neng e e-na le sebaka sa ho hlapela se tšoanang le sa Baroma, se nang le liphaephe tse futhumatsang maboteng le matloana a metsi!
Sebakeng seo se lehoatata, Heroda o ile a haha seo motho a neng a ka ’na a se bitsa sebaka seo morena a intšetsang ho sona ho ea phomola. O ile a haha liliba tse ngata tse ka bokellang metsi a lilithara tse ka bang 40 000 000. Kaha qhobosheaneng eo ho ne ho boetse ho e-na le tsamaiso e tsoetseng pele ea ho bokella metsi a pula, ho ne ho e-na le metsi a lekaneng ho noesetsa, a eang matamong a ho sesa le libakeng tsa ho hlapela.
Mohaho o mong o ikhethang oo Heroda a ileng a o haha ke qhobosheane e ntle e khōlō e bitsoang Herodiame, e neng e le leralleng le hlaheletseng, hoo e ka bang lik’hilomithara tse hlano ka boroa-bochabela ho Bethlehema. E ne e e-na le likarolo tse peli tse khōlō, e leng Herodiame e ka Holimo le Herodiame e ka Tlaase. Karolo e ka holimo e ne e akarelletsa qhobosheane e ntle e khōlō e nang le mekato e mehlano toreng e ka bochabela—eo hona joale e seng e le lithako—empa ka nako e ’ngoe e ne e kile ea e-ba e hlaheletseng haholo. Lilemong tse peli tse fetileng, mekhatlo ea litaba ea machaba e ile ea tlaleha hore ho sibolotsoe mesaletsa ea lebitla la Heroda holimo letsoapong la Herodiame, ’me ea bolela hore sena se tiisa tlaleho ea Josephus ea lekholong la pele la lilemo mabapi le mokoloko oa lepato la Heroda moo.
Herodiame e ka Tlaase e kile ea e-ba le paleise e khōlō e nang le mehaho e mengata le liofisi. Ntho e neng e ikhetha e ne e le serapa se entsoeng ka mokhoa o kang oa Baroma—se neng se khabisitsoe ka litšiea—’me se pota-potile letamo le leholo le nang le sehlekehleke se le khabisitseng se bohareng. Letamo leo le ne le ka kopola habeli letamo la kajeno la ho sesa la lipapali tsa Liolimpiki. Le ne le sebelisetsoa ho boloka metsi, ho sesa esita le ho sesisa liketsoana. Metsi a tsoang selibeng se bohōle ba lik’hilomithara tse hlano a ne a tlisoa moo ka kotopo.
Lilemong tse seng kae tse fetileng, moeti e mong o ile a bua tjena mabapi le sebaka seo: “Ha re sheba ka bochabela, re ne re bona ho ea fihla Leoatleng le Shoeleng. Ka pel’a rōna re ne re bona lehoatata la Judea moo Davida a ileng a atleha ho phema Saule ea neng a mo lelekisa. Ha re bona kamoo sebaka seo se leng matsutla-tsutla kateng, re ile ra utloisisa hore na o ile a etsa seo joang, haholo-holo kaha o ne a tseba sebaka seo ho tloha bocheng. Re ile ra boela ra nahana hore e tlameha ebe mohlomong Davida o ne a hloa letsoapong lena ha a ntse a lisitse linku tsa hae, e le hore a bone sebaka sena se setle seo re se shebileng.”
Ho ngotsoe libuka tse ngata tse buang ka mehaho eo Heroda a e hahileng. Ho na le maikutlo a sa tšoaneng mabapi le hore na ke hobane’ng ha a ile a qala ho haha mehaho ena e meholo. Batho ba bang ba re o ne a etsa sena e le hore a tume kapa a iketse ralipolotiki ea ratoang. Ho sa tsotellehe hore na sepheo sa hae e ne e le sefe, tlhahlobo ena e khutšoanyane e tiisa ’nete ea hore Heroda e Moholo e ne e le sehahi se hloahloa le hoja e ne e le mohatelli ea sehlōhō.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
CESAREA
Setšoantšo se toroiloeng
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
PALEISE E JERUSALEMA
Kamoo e neng e le kateng
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
TEMPELE EA HERODA
Kamoo e neng e le kateng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
MASADA
Lithako tsa lipaleise tse tharo tse kolohaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
HERODIAME
Setšoantšo se toroiloeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]
Caesarea: Hiram Henriquez/National Geographic Stock; Palace: Courtesy of Israel Museum, Jerusalem, and Todd Bolen/Bible Places.com