Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 10/15 maq. 2-3
  • Pontšo—Na ke Bopaki ba Hore Lefatše le Lecha le Haufi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pontšo—Na ke Bopaki ba Hore Lefatše le Lecha le Haufi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Litaba tse Molemo’
  • Moloko oa 1914—Ke Hobane’ng ha o le Bohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Mehla ea Qetello
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • ’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 10/15 maq. 2-3

Pontšo—Na ke Bopaki ba Hore Lefatše le Lecha le Haufi?

“Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, le ’muso o mong o loantše ’muso o mong; le litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše libakeng [tse sa tšoaneng].”—Mattheu 24:7, King James Version.

NAKONG eo Ntoa ea I ea Lefatše e ntseng e hlanakoa, The Watch Tower ea ’Mesa 15, 1917, e ile ea qotsa mantsoe ana ’me ea bolela: “Joale re bona ho phethahala ha karolo ea polelo ena ea boprofeta, ka hore ka ho toba lichaba tsohle tsa lefatše li tšoarehile ntoeng e bolaeang. Phepelo ea lijo tse fumanehang hohle ea theoha ’me theko ea lintho tsa bophelo ea phahama.”

Hona joale, lilemo tse 71 hamorao, makasine ona o ntse o hlokomelisa babali ba oona ka boprofeta bona. Bo-rahistori ba bararo ba boholo-holo ba ile ba tlaleha boprofeta bona e le karolo ea “pontšo” e ileng ea fanoa ke Jesu Kreste.—Mattheu 24:3, 7; Mareka 13:4, 8; Luka 21:7, 10, 11.

Ho tloha ka 1914, batho ba limillione tse makholo ba ’nile ba bolaoa ke lintoa, litlala, mafu a akaretsang, le likoluoa tse ling. The New Encyclopædia Britannica (1987) e thathamisa “Litšisinyeho tse khōlō tsa Lefatše” tse tsebisahalang historing tse 63 tse bileng teng lilemong tse 1 700 tse fetileng. Kakaretsong ena, tse 27, kapa tse 43 lekholong, li qhomme ho tloha ka 1914. Buka Terra Non Firma, ea Litsebi Gere le Shah, e na le lethathama le koahelang nako e teletsana. Kakaretsong ea litšisinyeho tsa lefatše “tse bolelang ho hong” lethathameng leo, tsa karolo ea 54 lekholong li etsahetse ho tloha ka 1914.a Esita leha re ka bolela hore litlaleho tsa makholong a fetileng a lilemo ha lia fella, re ke ke ra balehela qeto ea hore nakong ea rōna batho ba ’nile ba angoa ka ho fetisisa ke litšisinyeho tsa lefatše.

Ntho e ’ngoe e tšosang haholoanyane e ileng ea nyarosa lipelo tsa batho ke ho phatloha ha libomo tsa atom metseng e ’meli e meholo ea Japane Hiroshima le Nagasaki. Hona joale mebuso e nang le libetsa tsa nuclear e na le lihlomo tse ngata tse ka etsang tšenyo e khōlō hoo ho nang le tšabo ea hore batho ba ka felisoa ka ho feletseng. Joalokaha ra-histori Luka a ile a tsoelapele ho tlaleha boprofeta ba Jesu: “Matšabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tsoang leholimong . . . le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo . . . Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”—Luka 21:11, 25, 26.

Le hoja linaha tse matla li ka ’na tsa lumellana ho fokotsa manane a libetsa tse polokelong ea tsona, litumellano tse joalo li ke ke tsa fokotsa tšabo ea batho ea pefo e etsoang ka mabifi, ho oa ha moruo, le botšosi. Pampiri e ’ngoe ea litaba ea Afrika e bolela tjena: “Se tšoenyang batho haholo kajeno, ke hore na ba tla bolokeha bona ka bobona . . . , TIōlo ea molao e se e feteletse . . . ; tšabo e tletse hohle.” E, le Jesu o ile a bolela e sa le pele hore “ngatafalo ea bokhopo” le eona ke ntlha e ’ngoe e nepahetseng ea pontšo.—Mattheu 24:12.

‘Litaba tse Molemo’

Leha ho le joalo, u tla imoloha ha u utloa hore lintho tse bohloko tse sa tsoa boleloa ho boletsoe e sa le pele hore li tla matahana le ‘litaba tse molemo tse boleloang lefatšeng lohle.’ (Mattheu 24:14, NW) ‘Litaba tse molemo’ li amana le ’Muso oa Molimo. Puso eo ea lefatše e phahametseng ea batho e se e bokeletse bafo ba eona ba tšepahalang ba limillione. Haufinyane e tla kena lipakeng litaba tsa batho ’me e khotsofatse tlhoko ea batho bakeng sa lefatše le lecha la ho loka.—Luka 21:28-32; 2 Petrose 3:13.

Ba bangata ka ho se lumele ba qhelela ka thōko ‘litaba tse molemo.’ Ba bang ba re baa li lumela, empa ba etsa ho fokolang ka tsona. Ba bang ba nka khato ka nakoana, ’me ba qale ho belaela. Na mehato e joalo e fosahetseng le eona e ile ea boleloa e sa le pele e le karolo ea pontšo? Ha bohlokoa haholoanyane, ke joang uena ka bouena u ka iphumantšang molemo pontšong ee?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The World Book Encyclopedia (1987) e thathamisa “Litšisinyeho tsa Lefatše tse Khōlō” tse 37, ho tloha ka 526 C.E. ho ea pele. Lethathameng lena, tse 65 lekholong li etsahetse ho tloha ka 1914.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Lifoto tse sekoahelong: Foto ea sebaka ea Polokelo sa Sechaba ea U.S. Foto ea WFP/FAO ka F. Mattioli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela