Na u Tla Rua Molemo Moseng o sa Tšoanelang?
FRANK o itse: “Ha ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng ka litekanyetso tsa Molimo ka Bibeleng, ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe le ho feta bakeng sa mohau le tlhohonolofatso ea oona.” Thahasello ea hae Bibeleng e ile ea tsosoa ha a ne a le chankaneng ka baka la litlōlo tsa lithethefatsi. O ile a bala kopi ea buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng,a a ikutloa a kholisehile hore seo e se buang ke ’nete, ’me, ka mor’a hore a lokolloe chankaneng, a ikopanya le Lipaki tsa Jehova ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele.
Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele ho ile ha etsa hore a ikutloe a sa tšoanelehe? Hobane mokhoa oa hae oa bophelo nakong e fetileng o ne o le khahlanong le melao-motheo ea Molimo e mengata. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, tšebeliso e mpe ea tahi, le mekhoa e meng e fapa-fapaneng e tlotlollang e ne e mo entse ea tellehang hoo ka lekhetlo le leng lepolesa le ileng la re ho eena: “Na ka kōpo u ka mpolella aterese ea hao ea lapeng? Ke batla feela ho tseba moo nka romelang setopo sa hao teng!”
Empa ho ileng ha etsa hore hamorao a ikutloe a sa tšoanelehe ka ho fetisisa ke hore, ho sa tsotellehe hore na o ne a leka ka thata hakae, o ne a fumana ho le thata haholo ho hlōla mekhoa ena e litšila e metseng ka metso. Ka mohlala, bokhoba bo tlotlollang ba tahi bo ile ba batla bo mo hlōla. O itse: “Nako le nako ke ne ke hlōleha ka mokhoa o soabisang ’me ke ne ke tepelletse haholo. Ke ile ka batla ke itlohella ka ho felletseng, ke ikutloa hore boemong ba ka ha ho sa na tšepo.”
E ka ’na eaba bophelo ba nako e fetileng ba ba bang bo ne bo sa tšoane le ba Frank. Empa leha ho le joalo, ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a ho ikhella fatše. Sena se ka ’na sa bakoa ke hore ba ipehela litekanyetso tse phahameng ka tsela e sa utloahaleng ha ba ntse ba leka ho phelela seo ba ikutloang hore Molimo oa se batla. Ha ba hlōleha, ba ikutloa ba le molato. Bukeng ea hae Self-Help for Your Nerves, Dr. Claire Weekes oa hlalosa: “Boikutlo ba ho ba molato e ka ba ntho e sithabetsang, haholo-holo ho bao ba lekang ho ipehela tekanyetso e phahameng.” Mokreste a ka etsa joang haeba a angoa ke maikutlo a joalo a ho se tšoanelehe?
Ananela Mosa o sa Tšoanelang
Frank o itse: “Ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa haholo ke ho ananela seo Bibele e se bolelang ho Ba-Heberu 4:15, 16. (NW)” Mono moapostola Pauluse o re hopotsa hore Jesu ke mothusi ea re tsotellang ea ka ‘re utloelang bohloko mefokolong ea rōna’ le ea entseng hore re khone ho “fumana mohau ’me re fumane mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”
Na u ne u tla thabela thuso ea ho hlōla maikutlo a ho se tšoanelehe? Ke ena: Hopola hore Jehova Molimo le Jesu Kreste baa tseba hore rea fokola ka baka la bofokoli boo re bo futsitseng. Ba utloisisa hore re ke ke ra finyella ka mokhoa o phethahetseng litekanyetso tse lokileng. (Pesaleme ea 51:5; Ba-Roma 3:23; 5:12, 18; Jakobo 3:2) Ka hona ha baa lebella ho hongata ho rōna ho feta hoo re ka fanang ka hona. Ba talima lintlha tse ntle ho rōna, eseng mefokolo ea rōna. Mopesaleme o ile a botsa: “Haeba liphoso e ne e le tsona tseo u li talimang, Oho Jah, Oho Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3, NW) U ka ananela hore ha ho lea mong oa rōna ea neng a ka ema. Leha ho le joalo, ka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste, ka mohau Jehova a ka re fa boemo bo hloekileng ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna. (1 Johanne 2:2; 4:9, 10) Re ka fumana “tšoarelo ea litlōlo tsa rōna”—’me ka hona ra thusoa ho hlōla maikutlo leha e le afe a hore ha re tšoanelehe—“ho latela menono ea mosa oa hae o sa tšoanelang.”—Ba-Efese 1:7, NW.
Ho talime ka tsela ena. Batho ba ratang litšoantšo tsa litsebi ba ka etsa boitelo bo boholo ho tsosolosa litšoantšo tse ferefiloeng tse senyehileng hampe kapa litšoantšo tse ling tsa litsebi. Ka mohlala, Ntlong ea Sechaba ea Pontšo ea Litšoantšo e London, Engelane, ha motho e mong ea neng a tšoere sethunya se senyenyane a senya setšoantšo sa Leonardo da Vinci seo theko ea sona e neng e le liponto tse limillione tse 20 (hoo e ka bang liranta tse limillione tse 84) ha ho motho ea ileng a etsa tlhahiso ea hore kaha joale setšoantšo seo se ne se senyehile, se lokela ho lahloa. Mosebetsi oa ho tsosolosa setšoantšo seo se entsoeng ka botsebi se neng se le lilemo li 487 o ile oa qaloa hang-hang. Hobane’ng? Hobane e ne e le sa bohlokoahali mahlong a batho ba ratang litšoantšo.
Na uena ha u thepa ea bohlokoa ho feta setšoantšo sa mokoetla le pentšele? Ka sebele u thepa ea bohlokoa mahlong a Molimo—ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba boetsalibe bo futsitsoeng bo u sentse hakae. (Pesaleme ea 72:12-14, TLP; Mattheu 20:28) Jehova Molimo, ’Mōpi oa ho qala oa setsebi oa lelapa la batho, o tla etsa ho hlokahalang ho khutlisetsa phethehong litho tsa lelapa leo tse ikemiselitseng ho arabela tlhokomelong ea hae e lerato.—Bapisa le Liketso 3:21; Ba-Roma 8:20-22.
Arabela Moseng o sa Tšoanelang
Latela mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a ananela haholo mosa oa Molimo ka hore e be ka mohau o ile oa mo tšoarela liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng esita le ho mo tšehetsa ha oona ka mehla ntoeng ea hae ea ho hlōla mefokolo e hlahang khafetsa. (Ba-Roma 7:15-25; 1 Ba-Korinthe 15:9, 10) Pauluse o ile a lokisa tsela ea hae ea bophelo ’me hape a ‘laea ’mele oa hae ’me a o etsa lekhoba’ hore a lule tseleng e amoheloang ke Molimo. (1 Ba-Korinthe 9:27, NW) Ha aa ka a lumella ’mele oa hae, ka litšekamelo tsa oona tsa boetsalibe tsa nama le tsa maikutlo, hore o mo etse lekhoba.
Amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo, ’me u o lumelle ho u isa pakong. (Ba-Roma 2:4; 2 Ba-Korinthe 6:1, NW) Haeba liphoso tsa nako e fetileng li u tšoenya, li lokise e be joale u lumela tiisetso ea Jehova ea hore o u tšoaretse. (Esaia 1:16-18; Liketso 2:38) Haeba mefokolo e qophellang e u hlasela, tsoela pele ho e loantša. Rapella thuso ea Jehova ka tieo hore u e hlōle ha ka nako e tšoanang u ipeha mohaung oa hae. (Pesaleme ea 55:22) Ha a bua ka phihlelo ea hae ka boeena, Frank oa eletsa: “Ha ka linako tse ling motho a hlōleha ntoeng ea hae khahlanong le mokhoa o itseng o mobe, ha aa lokela ho ho talima e le ho hlōleha ka ho felletseng, hoa ho qetela, empa ho e-na le hoo e le tšitiso ea nakoana.” Haeba ba bang ba eketsa mathata a hao ka ho u imetsa ka lintho tseo u ke keng ua li khona, hopola hore ke Molimo oo u lekang ho o khahlisa, eseng batho.—Ba-Galata 1:10.
Ntoeng ea hao ea ho etsa se nepahetseng, itebele khahlanong le “liketso tsa bolotsana” tsa Satane, tse ka bitsoang “maqiti a khopo a Diabolose.” (Ba-Efese 6:11, New World Translation Reference Bible, mongolo o tlaase ho leqephe; Today’s English Version) Nahana ka “maqiti a khopo” a mabeli ao a tla a sebelisa ho leka ho u amoha melemo ea mosa o sa tšoanelang.
“Maqiti a Khopo” a Satane
Diabolose o sebelisa hampe maikutlo a hore ha u tšoanelehe e le ho leka ho u hulela thōko le Molimo. Satane ke mohloli oa sebe se ileng sa u senya ho tloha qalong. Joale a ka ’na a leka ho u khothalletsa boikutlo ba hore ha u tšoanelehe mahlong a Molimo, joalokaha Bildade a ile a leka ho khothalletsa Jobo boikutlo boo. (Jobo 25:4-6; Johanne 8:44) Ke lintoa tse ngata hakaakang tseo masole a ileng a hlōloa ho tsona ka baka la hore a ile a kena ntoeng a se a ntse a nyahame! Kahoo, u se ke ua lumella Satane ho u nyahamisa. (Ba-Efese 6:10-13) Ho hlokomela merero ea Satane ho lokela ho u susumelletsa ho loana ka matla a eketsehileng ho etsa se nepahetseng.—2 Ba-Korinthe 2:11.
Haeba ka linako tse ling u tepelletsoa ke ho hlōleha ho hong ho itseng, tiisa hore ha u ‘qetoe ke masoabi a tlōlisang.’ (2 Ba-Korinthe 2:7) Dr. Claire Weekes o ile a bua ka tšekamelo ea ba bang ea ho lumella liphoso tsa nako e fetileng ho ba sithabetsa: “Ho lumella molato o fetileng hore o fokolise ketso ea hona joale ke bophelo bo kotsi.”—Bona Liketso 3:19.
Haeba re ne re ka finyella ka mokhoa o phethahetseng sohle seo Molimo o se hlokang, e ne e tla ba mosa o tšoanelang ho oona ho re fa mahlohonolo ao o a tšepisitseng. Empa Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re bontša mosa “o sa tšoanelang.” A Greek-English Lexicon of the New Testament, ea J. H. Thayer, e hlalosa moelelo oa lentsoe le sebelisitsoeng ke moapostola Pauluse ho hlalosa tšobotsi ena ea Molimo: “Lentsoe [khaʹris] le na le khopolo ea mosa o tšollelang motho se sa mo tšoaneleng.” Ha ho mesebetsi leha e le efe ea rōna e ka putsoang ka tlhohonolofatso ea Molimo. Joalokaha Pauluse a bolela, ke mosa o sa tšoanelang. Haeba ka tieo u etsa sohle seo u ka se khonang ho phethahatsa litlamo tsa hao ho Molimo, thabela ho etsa joalo. Jehova ha a u kōpe ho fetang hoo.
Leha ho le joalo, hlokomela a mang a “maqiti a khopo” a Satane. O thetsa ba bang hore ba nahane hore ba ka nka monyetla ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, hore ba ka bapala ka mohau oa oona. Ka lerato Jehova o re tšoarela mefokolo ea rōna, empa hoo ha ho bolele hore re ka khaotsa ho loanela ho e hlōla. Pauluse o hlalositse ba bang ba neng ba “hataketse Mora oa Molimo ’me . . . ba halefisa moea oa mosa o sa tšoanelang ka nyeliso.” (Ba-Heberu 10:29, NW) Bana ba ne ba bontšitse ho hloka tlhompho bakeng sa melao-motheo e lokileng ’me ka nyeliso ba nyefola melao ea Molimo, ba iketsa ba ke keng ba hlola ba phahamisoa. Ngoan’abo Jesu, Juda, ea ileng a bona kotsi e hlahisoang ke lithetso tse joalo tsa Satane, o ngotse: “Batho ba itseng ba khukhunetse [ka liphuthehong], . . . batho ba se nang bomolimo, ba fetolang mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.”—Juda 4, NW.
Satane a ka ’na a thetsa ba joalo hore ba nahane hore ba ka kenella phosong ka boomo eaba joale ba kōpa hore Molimo o ba tšoarele sebe sa bona. Empa Jehova a ke ke a tšoarela batlōli ba joalo ba ka boomo ba melao ea hae. O ‘tletse mosa o sa tšoanelang’ ho ba loanelang ho mo sebeletsa ka hohle kamoo ba ka khonang ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona. “Empa ho hang a ke ke a tlohela ho fana ka kotlo” ha e loketse.—Exoda 34:6, 7, NW.
U ka Rua Molemo Moseng o sa Tšoanelang
Hoa tšelisa ho tseba hore Jehova ha a u talime feela boemong ba hao ba ho se phethahale, bo senyehileng. O tseba seo u ka bang sona ha matla a tsosolosang a sehlabelo sa topollo sa Jesu a sebelisoa ka botlalo. Ka hona, rapela Jehova ka kholiseho, joalokaha mopesaleme Davida a entse. Davida o itse: “Oho Molimo, nkhauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ea hao u hlakole litlōlo tsa ka! Ntlhatsoe, u be u ntlhatsoisise bokhopo ba ka, u mphekole sebe sa ka! Hobane ke tseba litlōlo tsa ka, sebe sa ka se pel’a ka ka mehla. U furalle libe tsa ka, u hlakole makhopo a ka kaofela! . . . Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.”—Pesaleme ea 51:1-3, 9, 17.
E ka ’na eaba litšito le liphoso tsa hao li ka pel’a hao ka mehla. Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa joaloka mora ea lehlasoa ea hlalositsoeng ke Jesu. Ha mohlankana enoa a khutlela hae ka mor’a hore ka ho hloka lihlong a hafotse lefa la hae libakeng tsa balichaba, o ile a re ho ntat’ae: “Ha ke sa tšoanela ho bitsoa mora oa hao”! (Luka 15:21) Leha ho le joalo, mohlankana enoa o ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng. Ha aa ka a hana mosa oa ntat’ae kapa hona ho leka ho bapala ka oona. Kahoo ka lerato ntat’ae o ile a mo amohela hore a khutlele ka lapeng. (Luka 15:20-24) Jehova o thabela ho etsa se tšoanang kajeno bakeng sa batho ba baetsalibe ba lekang ka tieo ho etsa thato ea hae.—Pesaleme ea 103:8-14; Esaia 55:7.
Frank ha aa ka a lumella maikutlo a hore ha a tšoanelehe ho mo sithabetsa. O ile a arabela moseng o sa tšoanelang oa Molimo, ’me hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. O re: “Hona joale ke tlōla ka thabo, ha ke nahana ka seo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re etselitseng sona le seo ba sa ntsaneng ba tla re etsetsa sona!”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.