Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/03 leq. 1
  • “Le Itokise”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Itokise”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Na re Lula re Falimehile—Re Qoba Litšitiso?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Le Itokisetse Letsatsi la Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Na U Nthata ho Feta Tsee?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 11/03 leq. 1

“Le Itokise”

1 Boprofeteng ba hae bo hlollang bo mabapi le qetello ea tsamaiso ena ea lintho, Jesu o ile a lemosa ka ho ngongoreha ka lintho tsa letsatsi le letsatsi tseo batho ba amehileng ka tsona bophelong. (Mat. 24:36-39; Luka 21:34, 35) Kaha matšoenyeho a maholo a ka ’na a qala leha e le neng, ho hlokahala hore re ele hloko keletso ea Jesu e reng: “Le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” (Mat. 24:44) Ke’ng se ka re thusang ntlheng ee?

2 Ho Loantša Matšoenyeho le Litšitiso: Leraba le leng la moea leo re lokelang ho itebela ho lona ke la “matšoenyeho a bophelo.” (Luka 21:34) Linaheng tse ling, bofutsana, ho hlokahala ha mesebetsi le theko e phahameng ea lintho li etsa hore ho be thata ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. Linaheng tse ling teng, ho bokella lintho tse bonahalang ho tloaelehile. Haeba ho ameha ka lintho tse bonahalang ho qala ho laola monahano oa rōna, re kotsing ea ho hlōleha ho tsepamisa likelello tsa rōna linthong tsa sebele tsa ’Muso. (Mat. 6:19-24, 31-33) Liboka tsa Bokreste li re thusa ho tsepamisa kelello ho seo. Na u ikemiselitse ho ba teng sebokeng se seng le se seng?—Baheb. 10:24, 25.

3 Kajeno lefatše le tletse litšitiso tseo habonolo feela li ka re amohang nako ea bohlokoa. Ho sebelisa k’homphieutha e ka ba leraba haeba motho a qeta nako e ngata a ntse a lekola Internet, a bala melaetsa ea E-mail le ho e romela, kapa a bapala lipapali tsa k’homphieutha. Re ka senya lihora tse ngata re shebeletse thelevishene, lifilimi, re etsa ho itseng ho itlosa bolutu, re bala libuka tsa lefatše re bile re le lipapaling, e leng ho ka re sieang re se na nako kapa matla bakeng sa lipakane tsa moea. Le hoja boikhathollo le phomolo li ka re khatholla ka nakoana, ho ba le thuto ea Bibele ea botho le ea lelapa ho tlisa melemo ea ka ho sa feleng. (1 Tim. 4:7, 8) Na u ipha nako ea ho thuisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi?—Baef. 5:15-17.

4 Re leboha hakaakang hore ebe mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o lokiselitse lenaneo la thupelo ea moea ho re thusa ho “atleha ho phonyoha lintho . . . tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho”! (Luka 21:36) E se eka re ka sebelisa litokisetso tsena ka ho feletseng ’me ‘ra itokisa’ e le hore tumelo ea rōna e ka ba “lebaka la thoriso le khanya le tlhompho tšenolong ea Jesu Kreste.”—1 Pet. 1:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela