Ho Thusa Ngoana ho Hōlela Bohlaleng ba Bomolimo
BATHO ba nahanang ba lichaba le limelo tse ngata ba lumela hore Jesu e ne e le moruti ea tsotehang le motho oa boitšoaro. Empa na ke lintho tse itseng khōlisong ea hae tse koleketseng ho see? Batsoali ba kajeno ba ka ithuta eng bophelong ba lelapa labo le khōlisong ea hae?
Bibele e re bolella ho honyenyane haholo ka bongoana ba Jesu. Ha e le hantle, lilemo tsa hae tsa pele tse 12 li akarelitsoe ka litemana tse peli: “Eitse hobane ba [Josefa le Maria] phethe tsohle tse laetsoeng molaong oa Morena, ba khutlela Galilea, ba ea Nazaretha, motseng oa habo. Ha e le ngoana a ’na a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; ’me molemo oa Molimo oa ’na oa lula ho eena.” (Luka 2:39, 40) Empa ho na le hoo batsoali ba ka ithutang hona ho sena.
Ngoana e monyenyane “a ’na a hola, a ipha matla, a tlala bohlale.” Ka hona, batsoali ba hae ba ne ba mo hlokomela nameng. Hape, a ’na a tsoela pele “a tlala bohlale.”a E ne e le boikarabelo ba mang ho mo ruta tsebo le kutloisiso tseo e neng e tla ba motheo oa bohlale bo joalo?
Tlas’a Molao oa Moshe, batsoali ba hae ba ne ba e-na le boikarabelo boo. Molao o ne o re ho batsoali ba Baiseraele: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) ’Nete ea hore Jesu o ’nile “a tlala bohlale,” le hore “mohau oa Molimo o ’nile oa e-ba le eena,” e bontša hore Josefa le Maria ba ne ba utloa taelo ena.
Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore kaha Jesu e ne e le ngoana ea phethahetseng, khōliso ea hae ha e hlile ha e fane ka mohlala oa sebele bakeng sa ho hōlisa bana ba bang. Leha ho le joalo, Josefa le Maria ba ne ba sa phethahala. Empa ka ho hlakileng ba ile ba tsoela pele ho mo nea se hlokahalang nameng le moeeng, ’me ba entse joalo ho sa tsotellehe likhatello tsa lelapa le ntseng le eketseha. (Mattheu 13:55, 56) Jesu le eena, le hoja a ne a phethahetse, o ne a ntse a lokela ho hōla ho tloha boseeeng ho ea bongoaneng le bohlankaneng haesita le bothong bo boholo. Batsoali ba hae ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata oa ho mo kenya tseleng, ’me ho hlakile hore ba o entse hantle haholo.
Jesu ha a le Lilemo li 12
“Baholo ba hae ba ne ba e-ea [“ba tloaetse ho ea,” NW] Jerusalema ka lilemo tsohle, moketeng oa Paseka.” (Luka 2:41) Ho latela Molao oa Molimo, motho e mong le e mong e motona o ne a tlameha ho ea Jerusalema bakeng sa mekete ena. (Deuteronoma 16:16) Empa tlaleho e re “batsoali ba hae ba ne ba tloaetse ho ea.” Josefa o ne a e-ea le Maria, ’me ho bonahala hore o ne a e-ea le lelapa lohle, tseleng e bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 100 ho ea Jerusalema bakeng sa ketsahalo ena e thabisang. (Deuteronoma 16:6, 11) E ne e le tloaelo ea bona—karolo ea ka mehla ea bophelo ba bona. Hape, ba ne ba sa itlhahise feela tjee hore e be ba teng; ba ne ba hlola matsatsi ’ohle a mokete.—Luka 2:42, 43.
Hona ho fa batsoali thuto ea bohlokoa kajeno. Mekete ena ea selemo le selemo Jerusalema e ne e le linako tsa mekete e mahlonoko hammoho le ea thabo. (Levitike 23:4, 36) E ne e fana ka phihlelo e hlasimollang bakeng sa Josefa, Maria le Jesu e monyenyane. Kajeno, ke hantle ha batsoali ba batla liketsahalo tse tšoanang bakeng sa bana ba bona hore ba be le phetoho e thabisang haesita le ho thabela ho haheha moeeng. Batsoali bao e leng Lipaki tsa Jehova ba etsa hona ka ho ea le bana ba bona likopanong tse nyenyane le tse khōlō tse tšoaroang ka mehla mahareng a selemo. Kahoo, bana ba ka ’na ba e-ba le phihlelo e thabisang ea ho tsamaea haesita le ho tsoakana le balumeli ba bang ba makholo kapa ba likete ka matsatsi a seng makae. Ntate ea atlehileng ho hōlisa bana ba leshome o re boholo ba katleho ea hae bo tsoetsoe ke ’nete ea hore ha e sa le a kolobetsoa e le Mokreste lilemong tse fetileng tse 45, ha ho mohla a kileng a fosoa ke karolo leha e le ’ngoe feela ea kopano efe kapa efe. ’Me o khothalelitse lelapa la hae hore le se fose kopano leha e le ’ngoe.
Phoso
Ha Jesu a le monyenyane, ha ho pelaelo hore o ne a le haufi-ufi le batsoali ba hae maetong ana a selemo le selemo ho ea motseng o moholo Jerusalema. Leha ho le joalo, ha a ntse a hōla mohlomong o ile a fuoa bolokolohi bo boholoanyane. Ha a le lilemo li 12, o ne a le lilemong tseo ho tsona Bajode ba li talimang e le bohato ba bohlokoa tseleng e isang bonneng. Mohlomong ka lebaka la phetoho ena e tloaelehileng le ea tlhaho, phoso e ile ea etsahala ha ho fihla nako ea hore lelapa la Josefa le tlohe Jerusalema ’me le khutlele hae. Tlaleho e re: “Ha ba se ba boela ha habo, ngoana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le ’m’ae ba sa tsebe. Empa, ka ho re, ekaba o letšoeleng, ba tsamaea letsatsi le le leng, ba ntoo ’matla har’a metsoalle ea bona le bao ba tsebanang le bona.”—Luka 2:43, 44.
Ho na le litšobotsi tsa ketsahalo ena tseo batsoali le bacha ba tla li hlokomela. Leha ho le joalo, ho na le phapang e le ’ngoe: Jesu o ne a phethahetse. Kaha ka boikokobetso o ne a utloa Josefa le Maria, re ke ke ra nahana hore o ile a sitoa ho ikokobeletsa tokisetso e ’ngoe e itseng eo ba mo etselitseng eona. (Luka 2:52) Ho bonolo haholo hore e be mohlomong ho bile le ho se buisane. Batsoali ba nka hore Jesu o har’a beng ka bona le bao ba tsebanang le bona. (Luka 2:44) Ho bonolo ho nahana hore, mofere-fereng oa ho tloha Jerusalema, ho ne ho ka ’na ha etsahala hore ba qale ka ho hlokomela bana ba bona ba banyenyane ’me ba nke hore mora oa bona e moholo, Jesu, le eena o ntse a e-tla.
Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jesu o ne a nahana hore batsoali ba hae ba ne ba tla tseba hore na o hokae. Ho fanang ka maikutlo ana ke karabelo ea hae hamorao: “Le ne le mpatlela’ng? Na le ne le sa tsebe hoba ke tšoanetse ho ba teng litabeng tsa Ntate na?” O ne a sa etsoe ke ho hloka tlhompho. Mantsoe a hae a mpa a senola ho makala ha hae ke ’nete ea hore batsoali ba hae ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo fumana hokae. E ne e le mohlala oa sebele oa ho se utloisise oo batsoali ba bangata ba bana ba hōlang ba ka o ananelang.—Luka 2:49.
Nahana ka kameho ea Josefa le Maria qetellong ea letsatsi leo la pele, ha ba fumana hore Jesu ha a eo. Hape nahana ka ho tšoenyeha ha bona ho ntseng ho eketseha ka matsatsi a mabeli ao ba ileng ba mo batla ka oona Jerusalema. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala hore thuto ea bona ho Jesu e ile ea ba tsoela molemo tlokotsing ena. Jesu o ne a sa ea le batho ba babe. O ne a sa tlontlolle batsoali ba hae. Ha ba fumana Jesu, o ne a le “tempeleng, a lutse har’a baruti, a ba mamela, a ba botsa. Bohle ba mo utloang ba ne ba tsota hlalefo ea hae le likarabo tsa hae.”—Luka 2:46, 47.
’Nete ea hore o ne a sebelisa nako ea hae le kutloisiso ea hae e ntle ea melao-metheo ea Mangolo ka tsela e joalo, le ho buella hantle thuto eo Josefa le Maria ba mo fileng eona ntlheng eo. Leha ho le joalo, boitšoaro ba Maria ho bonahala bo ile ba tšoana hantle le ba ’mè ea tšoenyehileng: pele, ho lopoloha ha a fumana mora oa hae a sireletsehile; joale a bolela boikutlo ba hae ba ho tšoenyeha le ho tsieleha: “Ngoan’a ka, u re etselitse’ng joalo? U ka bona, ntat’ao le ’na, re ne re u batla re tšohile haholo.” (Luka 2:48) Ke ho ka lebelloang hore Maria o buile pele ho Josefa ha a hlalosa kameho ea batsoali ka bobeli. Bacha ba bangata ba balang tlaleho ena ba ka ’na ba re: “’Mè o joalo hantle!”
Se Ithutoang
Re ka ithuta lintho life phihlelong ee? Bacha ba sekametse ho nkeng hore batsoali ba bona baa tseba hore na ba nahana eng. Hangata ba utluoa ba re: “Empa ke nahanne hore lea tseba.” Batsoali, haeba mocha oa lōna o kile a bua sena ha ho ne ho e-na le ho se utloisisane, ha le ba pele ho ba le bothata bona.
Ha bana ba fihla lilemong tsa bocha, ha ba sa itšetleha haholo ka batsoali ba bona. Phetoho ena ke ea tlhaho, ’me ho hlokahala hore batsoali ba etse litokisetso tsa ho e bulela monyetla. Empa le ka thuto e molemohali, ho se utloisisane ho tla hlaha, ’me batsoali ba tla ba le matšoenyeho a bona. Leha ho le joalo, haeba ba latela mohlala o motle oa Josefa le Maria, ha litlokotsi li hlaha, thuto eo ba e fileng bana ba bona e tla ba hlahisa hantle.
Ho hlakile hore batsoali ba Jesu ba ’nile ba tsoela pele ho sebetsa le eena lilemong tsa bocha ba hae. Kamorao ho ketsahalo eo ho tsoa buisanoa ka eona, ka boikokobetso a “theoha le bona” ho ea motseng oa habo, ’me ‘a ’na a ba utloa.’ Ka phello efe? “Jesu a ’na a hola hlalefong, le boemong, le molemong, pel’a Molimo le batho.” Ka hona ketsahalo ena e bile le phello e thabisang. (Luka 2:51, 52) Batsoali ba latelang mohlala oa Josefa le Maria, ba thusang bana ba bona hore ba hōlele bohlaleng ba Molimo, ba ba etsetsang moea o mofuthu oa lelapa ’me ba ba pepesetsa tšusumetso e ntle ea botsoalle ba molimo, ba hōlisa monyetla oa hore ho hong ho tšoanang ho tla etsahalla bana ba bona. Bana ba joalo ho bonolo haholoanyane hore ba ka thabela bophelo ha ba hōla hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo ba Bakreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona Segerike sa pele-pele se fana ka khopolo ea hore ho “tlala bohlale” ha Jesu e ne e le ho tsoelang pele, ho sa khaotseng.